Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/96 leq. 1
  • Re na le Thōmo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re na le Thōmo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “E-eang ’me le Etse . . . Barutuoa”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • ‘Bolelang Lentsoe’!
    Binelang Jehova Lithoriso
  • Jehova o re Thusa Joang hore re Etse Mosebetsi oa Boboleli?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Bolela ka Ntlo le Ntlo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 11/96 leq. 1

Re na le Thōmo

1 Jesu o ile a laela balateli ba hae ‘ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Mat. 28:19) Linaheng tse 232 le lihlopheng tsa lihleke-hleke ho potoloha lefatše, barorisi ba Jehova Molimo ba fetang limilione tse hlano ba fana ka bopaki ba sebele ba ho phethahala ha taelo ena ea Jesu. Empa ho thoe’ng ka rōna ka bomong? Na re nka thōmo ea ho bolela ka botebo?

2 Tlamo e Amang Letsoalo: Thōmo ke “taelo ea ho etsa liketso tse laetsoeng.” Re laetsoe ke Kreste ho bolela. (Lik. 10:42) Moapostola Pauluse o ile a hlokomela hore sena se mo beha tlas’a tlamo e amang letsoalo ea ho bolela litaba tse molemo. (1 Bakor. 9:16) Ka mohlala: Ak’u inahane u le mosebetsi sekepeng se tebang. Motsamaisi o ntša taelo ea hore u hlokomelise bapalami le ho ba lebisa liketsoaneng tsa pholoso. Na u ne u tla hlokomoloha taelo eo le ho tsitsisa mohopolo tabeng ea ho ipholosa u le mong feela? Le hanyenyane. Ba bang ba itšetlehile ka uena. Bophelo ba bona bo kotsing. U na le tlamo e amang letsoalo ea hore u phethahatse thōmo ea hao ea ho ba thusa.

3 Molimo o re file thōmo ea ho hlaba mokhosi. Kapele Jehova o tla timetsa tsamaiso ena eohle e khopo ea lintho. Bophelo ba batho ba limilione bo kotsing. Na e tla ba ho nepahetseng hore re hlokomolohe kotsi e tla hlahela ba bang ’me re amehe ka ho pholosa rōna ka borōna feela? Le hanyenyane. Re na le tlamo e amang letsoalo ea ho thusa ho pholosa bophelo ba ba bang.—1 Tim. 4:16.

4 Mehlala e Tšepahalang e ka Lateloang: Moprofeta Ezekiele o ile a ikutloa a e-na le boikarabelo ba ho fana ka molaetsa oa temoso ho Baiseraele ba sa tšepahaleng. Ka matla Jehova o ile a mo lemosa ka seo e neng e tla ba phello haeba a hlōleha ho phetha kabelo ea hae: “Ha nka re ho molotsana: Ka ’nete u tla shoa! . . . ha u sa mo tšose, . . . molotsana eo o tla shoa ka bokhopo ba hae, empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao.” (Ezek. 3:18) Ezekiele o ile a phethahatsa thōmo ea hae ka botšepehi esita leha a ne a talimane le khanyetso e matla. Ka lebaka leo, o ne a ka thaba ha likahlolo tsa Jehova li phethahatsoa.

5 Makholo a lilemo hamorao, moapostola Pauluse o ile a ngola ka boikarabelo ba hae ba ho bolela. O ile a re: “Ke hloekile maling a batho bohle, kaha ha kea ithiba ho le bolelleng morero oohle oa Molimo.” Pauluse o ile a bolela phatlalatsa le ka ntlo le ntlo hobane o ile a hlokomela hore ho hlōleha ho etsa joalo ho ne ho tla etsa hore a be molato oa mali ho Molimo.—Lik. 20:20, 26, 27.

6 Na re na le cheseho e tšoanang le ea Ezekiele? Na re ikutloa re susumelletseha ho bolela joaloka Pauluse? Thōmo ea rōna e tšoana le ea bona. Re tlameha ho tsoela pele ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ba ho hlokomelisa batho ba bang ho sa tsotellehe ho se thahaselle ha bona, boiphapanyo kapa khanyetso. Ba bang ba likete ba sa ntse ba ka arabela molaetseng oa ’Muso ’me ba re: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.” (Zak. 8:23) E se eka lerato la rōna ho Molimo le ho batho ba bang le ka re susumelletsa hore re se ke ra tela. Re na le thōmo ea ho bolela!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela