Liboka Tsa Tšebeletso Tsa November
Beke e Qalang ka la 4 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka tlaleho ea phutheho ea tšebeletso ea tšimo bakeng sa August. Khothalletsa ba e-song ho tlise litlaleho tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo ho etsa joalo kapele.
15 mets: “Na U Tšoara Lentsoe la Molimo ka Nepo?” Lipotso le likarabo. Kopanyelletsa le litlhaloso tse tsoang ho “Mabaka a ho hlahloba Bibele,” bukeng ea Ho Bea Mabaka, leqepheng la 54-5.
20 mets: “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng.” (Serapa sa 1-5) Ka mor’a litlhaloso tse khutšoanyane tsa selelekela serapeng sa 1, e re bahoeletsi ba babeli ba nang le bokhoni ba etse lipontšo tsa linehelano tse serapeng sa 2-5. Hatella pakane ea ho qalisa thuto ea Bibele.
Pina 128 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
20 mets: Ke Hobane’ng ha re Lokela ho fa Jehova? Puisano mahareng a baholo ba babeli, ba totobatsa lintlha tse khōlō sehloohong se leqepheng la 28-31 ho Molula-Qhooa oa November 1, 1996. Kapa moholo a ka nehelana ka boitsebiso boo e le puo.
15 mets: “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng.” (Serapa sa 6-8) Bua ka melemo ea ho sebelisa katamelo e tobileng bakeng sa ho qalisa lithuto. E re bahoeletsi ba nang le phihlelo ba etse lipontšo tsa linehelano tse serapeng sa 6-7. Kōpa bamameli hore ba bolele maemo ao ho ’ona thuto e ileng ea qalisoa ketelong ea pele. Monna e mong ha a kōptjoa ka ho tobileng hore na ho ka ithutoa le eena, o ile a araba: “E. Kenang. Nka thabela ho tšoareloa thuto.” Ho ile ha qalisoa thuto le eena, lelapa la hae kaofela la e-ba teng thutong bekeng e latelang, ’me kapele kaofela ba ne ba e-ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa ho paka. Khothalletsa bohle ho tla le likopi tsa bona tsa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996 Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang.
Pina 129 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 November
10 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Re na le Thōmo.” Lipotso le likarabo. Bua hakhutšoanyane ka serapa sa 13-16 ho Molula-Qhooa oa January 1, 1988, leqepheng la 28-9.
20 mets: Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Hatelang Pele. Puo ka molebeli oa tšebeletso. Re ’nile ra sebelisa buka ea Tsebo mosebetsing oa thuto ea Bibele ka nako e ka etsang selemo. Mohlomong liithuti tse ling li se li e qetile, ha tse ling li se li ile haholo le eona. Re ile ra khothalletsoa ho tsepamisa mohopolo tabeng ea ho khanna lithuto tse reretsoeng ho thusa ba bacha ho ithuta ’nete kapele, ho e sebelisa bophelong ba bona le ho ba karolo ea phutheho. Kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996 e nehelane ka litlhahiso tse babatsehang ho re thusa ho ba matichere a atlehang. Ka bokhutšoanyane hlahloba tse ling tsa lintho tseo re ka li etsang ho ruta liithuti ka bohlale, joalokaha li akarelitsoe serapeng sa 3-13 ho kenyelletso eo. Ho latelang, tsepamisa mohopolo ho seo ho hlokahalang hore se etsoe ho li thusa ho nka bohato bo tiileng, joalokaha ho bontšitsoe serapeng sa 14-22. Bala serapa sa 15, 17, 20-1. Hlahloba tse ling tsa litlaleho tse ntle tse bontšang kamoo bahoeletsi ba phutheho ba ileng ba finyella liphello tse molemo. Khothalletsa ba eketsehileng ho kopanela mosebetsing oa thuto ea Bibele.
Pina 85 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 November
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Na U Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha?” Puo ka moholo. Khothalletsa phutheho ho sebelisa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka lipuo tsa sebakeng seo. Mokhatlo o rata ho fetisetsa likopi tsohle tsa phetolelo ena matsohong a batho pele ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha e feletseng.
10 mets: Lebokose la Lipotso. Puisano le bamameli.
15 mets: Hlahloba Lingoliloeng Tseo ho Tla Nehelanoa ka Tsona ka December. Nehelana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha le buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? U sebelisa leqephe la 327-31 bukeng ea “Lengolo Lohle,” bontša bophahamo ba Phetolelo ea Lefatše le Lecha. E phahamisa le ho hōlisa lebitso la Molimo (serapeng sa 1-2), phetolelo ea eona e ntlafalitsoeng e etsa hore taba e ngotsoeng e utloahale haholoanyane (serapeng sa 6), ’me ke kofuto e matla e ka sebelisoang tšebeletsong (serapeng sa 22-3). Hlalosa le ho etsa pontšo ea nehelano e khutšoanyane, u sebelisa lintlha tse leng leqepheng la 189 la Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Haeba Phetolelo ea Lefatše le Lecha e sa fumanehe ka puo ea bona, bahoeletsi ba ka tsepamisa mohopolo ho nehelaneng ka buka ea Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? Hohle moo ho bontšoang thahasello, ho lokela hore ho etsoe litokisetso tse tiileng tsa leeto la ho boela.
Pina 180 le thapelo e koalang.