Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 11/1 maq. 28-31
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho fa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho fa Jehova?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea Bohlokoa ea Borapeli ba ’Nete
  • Mabaka a Hore re Fane
  • Ho Bontša Moea oa ho Fana ho Fella ka Tlhohonolofatso
  • Kamoo ba Bang ba Etsang Menehelo ea Mosebetsi oa Boboleli oa ’Muso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Tlotla Jehova ka Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa”—Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Mofani oa “Mpho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • “Chelete e Tsoa Hokae?”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 11/1 maq. 28-31

Ke Hobane’ng ha re Lokela ho fa Jehova?

HA LETSATSI le bataola Sidone, motsaneng oa Zarefathe, mohlolohali e mong o ile a inama ho roalla lithupa. O ne a batla ho besa mollo e le hore a ka pheha bohashana ba lijo—kamoo ho bonahalang kateng e ne e le lijo tsa ho qetela tseo eena le mora e monyenyane oa hae ba neng ba tla li ja. O ne a ile a loana ka thata hore eena le mora oa hae ba ’ne ba phele nakong ea komello le tlala ea sekoboto tse neng li bile teng ka nako e telele, ’me tsohle li ne li fihlile qetellong ena e hlomolang pelo. Ba ne ba bolaoa ke tlala.

Ho ile ha hlaha monna e mong. Lebitso la hae e ne e le Elija, ’me ka potlako mohlolohali o ile a elelloa hore e ne e le moprofeta oa Jehova. Ho bonahala eka o ne a kile a utloela ka Molimo enoa. Jehova o ne a fapane le Baale, eo borapeli ba hae bo khopo, bo tsoileng tseleng bo neng bo atile naheng ea Sidone. Kahoo, ha Elija a mo kōpa metsi, o ile a thahasella ho mo thusa. Mohlomong o ile a nahana hore ka ho etsa joalo o ne a tla fumana kamohelo ea Jehova. (Matheu 10:41, 42) Empa joale Elija o ile a kōpa ho fetang hoo—lijonyana tse fokolang. O ile a mo hlalosetsa hore o ne a e-na le lijo tse tla phehoa hang ebe ke phetho. Leha ho le joalo, Elija o ile a mo phehella, a mo tiisetsa hore Jehova o tla mo fa lijo ka mohlolo ho fihlela komello e feta. O ile a etsa joang? Bibele e re: ‘A ea, a etsa ka polelo ea Elija.’ (1 Marena 17:10-15) Mantsoe ana a bonolo a hlalosa ketso e matla ea tumelo—e matla hoo ha e le hantle Jesu Kreste a ileng a rorisa mohlolohali eo lilemo tse ka bang sekete hamorao!—Luka 4:25, 26.

Leha ho le joalo, ho ka ’na ha bonahala ho makatsa hore ebe Jehova o ne a ka kōpa ho hongata hakaalo ho mosali ea neng a futsanehile hakaalo. Ho joalo haholo-holo ha re nahana ka thapelo e kileng ea etsoa ke monna e mong ea neng a hlile a hlaheletse. Ho bokella ha Morena Davida menehelo bakeng sa mora oa hae Solomone hore a e’o e sebelisa ho haheng tempele ho ile ha susumetsa ho fana ka seatla se bulehileng. Ka sejoale-joale, limpho tse ileng tsa nehelanoa li ne li lekana le limilione tse likete tsa liranta! Leha ho le joalo, Davida o ile a re ho Jehova thapelong: “’Na ke’ng, ’me sechaba sa ka ke’ng, hore re tle re tsebe ho u ntšetsa ntho tsa rōna joalo ka ho rata? Athe tsohle li tsoa ho uena, ’me ke letsoho la hao le re fileng seo re u neang sona.” (1 Likronike 29:14) Joalokaha Davida a boletse, ntho e ’ngoe le e ’ngoe ke ea Jehova. Kahoo, neng le neng ha re fana bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng, re mpa feela re neha Jehova seo e seng e ntse e le sa hae. (Pesaleme ea 50:10) Ka hona, potso ea phahama, Tabeng ea pele, ke hobane’ng ha Jehova a batla hore re mo fe?

Karolo ea Bohlokoa ea Borapeli ba ’Nete

Karabo e bonolo ke ea hore ho tloha mehleng ea pele, Jehova o entse ho fana karolo ea bohlokoa ea borapeli bo hloekileng. Monna ea tšepahalang Abele o ile a etsa sehlabelo ho Jehova ka tse ling tsa liphoofolo tsa hae tsa bohlokoa. Bapatriareka Noe, Abrahama, Isaka, Jakobo le Jobo ba ile ba etsa linyehelo tse tšoanang.—Genese 4:4; 8:20; 12:7; 26:25; 31:54; Jobo 1:5.

Molao oa Moshe o ne o fana ka taelo o bile o laola ho fana ka menehelo ho Jehova. Ka mohlala, Baiseraele bohle ba ne ba laetsoe ho nehelana ka karolo ea leshome ea se hlahang masimong le ea keketseho ea liphoofolo tsa bona. (Numere 18:25-28) Menehelo e meng e ne e sa laoloe ka ho tobileng hakaalo. Ka mohlala, ho ne ho hlokahala hore Moiseraele e mong le e mong a fe Jehova litholoana tsa pele tsa liphoofolo tsa hae le tsa se behiloeng ke tšimo ea hae. (Exoda 22:29, 30; 23:19) Leha ho le joalo, Molao o ne o ho tloheletse ho motho ka mong ho lekanya hore na o tla fana ka litholoana tsa hae tsa pele tse kae, hafeela a ne a fana ka se molemohali. Molao o ne o boetse o lokiselitse ho fana ka liteboho le linyehelo, tseo e neng e le tsa boithaopo ka ho feletseng. (Levitike 7:15, 16) Jehova o ile a khothalletsa batho ba hae ho fana ho latela tekanyo eo a neng a ba hlohonolofatsa ka eona. (Deuteronoma 16:17) Joalokaha ho ne ho etsahetse ha ho hahoa tabernakele ’me hamorao ha ho hahoa tempele, e mong le e mong o ile a fana ka seo pelo ea hae e neng e mo susumelletsa ho fana ka sona. (Exoda 35:21; 1 Likronike 29:9) Ka sebele, menehelo e joalo ea boithaopo e ne e thabisa Jehova haholo!

Tlas’a “molao oa Kreste,” ho fana hohle ho ne ho lokela ho etsoa ka boithaopo. (Bagalata 6:2; 2 Bakorinthe 9:7) Hoo ho ne ho sa bolele hore balateli ba Kreste ba ile ba khaotsa ho fana kapa hore ba ne ba fana ka ho fokolang. Ha ho joalo! Ha Jesu le baapostola ba hae ba ne ba ruta Iseraele, sehlopha sa basali se ne se ba latela ’me se ba sebeletsa ka lintho tsa sona. (Luka 8:1-3) Ka ho tšoanang, moapostola Pauluse o ile a fumana limpho tse neng li tšehetsa mosebetsi oa hae oa boromuoa ’me ka lehlakoreng le leng, le eena a khothatsa tse ling tsa liphutheho hore li fane ka lithuso ho ba bang maemong a bohloki. (2 Bakorinthe 8:14; Bafilippi 1:3-5) Jerusalema, sehlopha se busang se ile sa abela banna ba ikarabellang ho tiisa hore matlotlo a nehelanoeng a ne a abeloa ba hlokang. (Liketso 6:2-4) Ka ho hlakileng, Bakreste ba pele ba ile ba ho talima e le tokelo ho tšehetsa borapeli bo hloekileng ka litsela tse joalo.

Ho ntse ho le joalo, re ka ’na ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jehova a etsa ho fana karolo ea borapeli ba hae. Nahana ka mabaka a mane.

Mabaka a Hore re Fane

La pele, Jehova o etsa ho fana karolo ea borapeli ba ’nete hobane ho etsa joalo ho molemong oa rōna. Ho hatisa kananelo ea rōna bakeng sa molemo oa Molimo. Ka mohlala, haeba ngoana a reka kapa a etsetsa motsoali mpho, ke hobane’ng ha motsoali a bososela ke thabo? Na mpho eo e khahlametsa tlhoko e itseng e tebileng eo ha e ne e se ka eona motsoali a neng a ke ke a e finyella? Mohlomong ha ho joalo. Ho e-na le hoo, motsoali o thabela ho bona ha ngoana a hlaolela moea oa ho ananela le oa ho fana. Ka mabaka a tšoanang, Jehova o re khothalletsa ho fana ’me oa thaba ha re etsa joalo. Ke ka tsela eo re mo bontšang hore ka sebele re ananela mosa oohle oa hae o se nang meeli le ho re fa ha hae ka seatla se bulehileng. Ke mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng,” kahoo ha ho mohla re tla hloka lebaka la ho mo leboha. (Jakobo 1:17) Ka holimo ho tsohle, Jehova o fane ka Mora oa hae ea ratoang, a lumela hore a shoe e le hore re ka phela ka ho sa feleng. (Johanne 3:16) Na ho na le mohla re ka mo lebohang ka ho lekaneng?

La bobeli, haeba re etsa ho fana tloaelo, ka mokhoa o joalo re ithuta ho etsisa Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, tabeng ea bohlokoa ka ho fetisisa. Jehova o fana ka phehello, o seatla se bulehileng kamehla. Joalokaha Bibele e bolela, o re fa “bophelo le phefumoloho le lintho tsohle.” (Liketso 17:25) Re ka mo leboha ka ho nepahetseng ka ho phefumoloha ho hong le ho hong hoo re ho etsang, mothamo o mong le o mong oa lijo oo re o thabelang, motsotso o mong le o mong oa thabo le oa ho finyella se itseng bophelong. (Liketso 14:17) Jesu o ile a bonahatsa moea oa ho fana joaloka Ntate oa hae. O fane ka eena ka boeena ntle ho bokhonatha. Na u ne u tseba hore ha Jesu a ne a etsa mehlolo, o ne a etsa joalo tlas’a ho lahleheloa ho itseng? Ka makhetlo a fetang le le leng Mangolo a re bolella hore ha a folisa batho ba kulang, matla ‘a ne a tsoa ho eena.’ (Luka 6:19; 8:45, 46) Jesu o ne a fana ka seatla se bulehileng hoo a bileng a nehelana ka moea oa hae, bophelo ba hae, lefung.—Esaia 53:12.

Kahoo ha re fana, ebang ke ka nako ea rōna, matla a rōna kapa matlotlo a rōna, re etsisa Jehova ’me re thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11; Baefese 5:1) Re boetse re latela mohlala o phethahetseng oa boitšoaro ba motho, oo Jesu Kreste a ileng a re siela oona.—1 Petrose 2:21.

La boraro, ho fana ho khotsofatsa litlhoko tsa sebele le tsa bohlokoa. Ka sebele, Jehova a ka khotsofatsa habonolo litlhoko tsa lithahasello tsa ’Muso ntle le thuso ea rōna, joalo feela kaha a ka lokisetsa hore majoe a hoeletse ho e-na le ho sebelisa rōna bakeng sa ho ruta lentsoe. (Luka 19:40) Empa o khethile ho re hlompha ka litokelo tsena. Kahoo ha re fana ka matlotlo a rōna bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso, re ba le khotsofalo e khōlō ea ho tseba hore re phetha karolo ea sebele mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa o tsoelang pele lefatšeng lena.—Matheu 24:14.

Ha ho hlokahale le hore ho boleloe hore chelete ea hlokahala bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Selemong sa tšebeletso sa 1995, Mokhatlo o ile oa sebelisa limilione tse batlileng ho ba 260 tsa liranta bakeng sa ho hlokomela feela bo-pula-maliboho ba khethehileng, baromuoa le balebeli ba tsamaeang likabelong tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo. Leha ho le joalo, eo ke tšenyehelo e nyenyane haholo ha e bapisoa le kaho le tsamaiso ea liofisi tsa makala le lisebelisoa tsa ho hatisa lefatšeng ho pota. Empa, tsohle li finyelloa ka lebaka la menehelo ea boithaopo!

Batho ba Jehova ha ba nke feela tjee hore haeba ba sa ema hantle moruong, ba ka tlohellela ba bang habobebe hore ba jare boikarabelo. Boikutlo bo joalo bo ka re etsa hore re lahleheloe tšobotsing ena ea borapeli ba rōna. Ho latela moapostola Pauluse, Bakreste ba Macedonia ba ne ba le maqakabetsing a “bofutsana bo tebileng.” Ho ntse ho le joalo, ba ile ba kōpa ka phehello tokelo ea ho fana. ’Me seo ba ileng ba fana ka sona, Pauluse o ile a paka hore se bile ‘ka ’nģane ho bokhoni ba bona ba sebele’!—2 Bakorinthe 8:1-4.

La bone, Jehova o entse ho fana karolo ea borapeli ba ’nete hobane ho fana ho tla re thusa hore re be ba thabileng. Jesu ka boeena o ile a re: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.” (Liketso 20:35) Ke kamoo Jehova a re entseng kateng. E boetse ke lebaka le leng leo ka lona re ka ikutloang hore ho sa tsotellehe hore na re mo fa ho hokae, ha ho mohla re ka ho lekanyang le ho mo ananela hoo re ikutloang re e-na le hona ka lipelong tsa rōna. Leha ho le joalo, ho thabisang ke hore Jehova ha aa lebella ho rōna ho hongata ho feta hoo re ka ho fanang. Re ka kholiseha hore oa thaba ha ka thabo re fana ka seo re ka se khonang!—2 Bakorinthe 8:12; 9:7.

Ho Bontša Moea oa ho Fana ho Fella ka Tlhohonolofatso

Ha re khutlela mohlaleng oa rōna oa pejana, nahana feela haeba mohlolohali eane oa Zarefathe a ne a ile a ipehela lebaka la hore e mong osele o ne a ka hlokomela litlhoko tsa Elija tsa lijo. Joale a ka be a fositsoe ke tlhohonolofatso e kaakang!

Ha ho na pelaelo ea hore Jehova o hlohonolofatsa ba bontšang moea oa ho fana. (Liproverbia 11:25) Ha hoa ka ha hlokahala hore mohlolohali oa Zarefathe a be bothateng ka lebaka la ho fana ka seo a neng a nahana hore ke lijo tsa hae tsa ho qetela. Jehova o ile a mo putsa ka mohlolo. Joalokaha Elija a ne a tšepisitse, linkho tsa hae tsa phofo le oli ha lia ka tsa fokotseha ho fihlela ha komello e fetile. Empa o ile a fumana moputso o moholoanyane ho feta oo. Ha mora oa hae a kula ’me a e-shoa, Elija, monna oa Molimo oa ’nete o ile a mo tsosetsa eena. Hoo e tlameha ebe ho ile ha haha bomoea ba hae hakaakang!—1 Marena 17:16-24.

Kajeno ha rea lebella ho hlohonolofatsoa ka mehlolo. (1 Bakorinthe 13:8) Empa Jehova oa re tiisetsa hore o tla hlokomela ba mo sebeletsang ka moea oohle. (Matheu 6:33) Kahoo, re ka tšoana le mohlolohali eo oa Zarefathe tabeng eo, ra fana ka seatla se bulehileng, re kholisehile hore Jehova o tla re hlokomela. Ka ho tšoanang, re ka thabela meputso e meholo ea moea. Haeba ho fana ha rōna e le karolo ea kemiso ea kamehla, ho e-na le ho ba ntho ea seoelo, taba e itlelang feela e sa reroa, hoo ho tla re thusa ho boloka mahlo a rōna a talimile ’nģa e le ’ngoe ’me re lebise tlhokomelo lithahasellong tsa ’Muso, joalokaha Jesu a ile a ho buella. (Luka 11:34; bapisa le 1 Bakorinthe 16:1, 2.) Ho tla boela ho re thuse hore re ikutloe re le haufi-ufi le Jehova le Jesu, joaloka basebetsi-’moho le bona. (1 Bakorinthe 3:9) ’Me seo se tla tlatsetsa moeeng oa ho fana ka seatla se bulehileng o seng o ntse o tšoaea barapeli ba Jehova lefatšeng ka bophara.

[Lebokose le leqepheng la 31]

LITSELA TSEO BA BANG BA KHETHANG HO FANA KA TSONA

MENEHELO Bakeng Sa Mosebetsi Oa LEFATŠE Ka Bophara

Ba bangata ba behella ka thōko kapa ba lekanyetse esale pele chelete eo ba e kenyang mabokoseng a monehelo a Holong ea ’Muso. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe liphutheho li fetisetsa lichelete tsena ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York, kapa ofising ea lekala e haufi.

Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea boela ea romeloa ka ho toba ho Treasurer’s Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201-2483, kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka neheloa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.

TOKISETSO Ea Menehelo E Fanoang Tlas’A Maemo A Itseng

Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke ho fihlela ha mong’a eona a e-shoa, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha tlhoko ea botho, e tla khutlisetsoa ho ea faneng ka eona.

HO Fana Ho Reriloeng

Ho phaella ho limpho tse tobileng tsa chelete le menehelo e fanoang tlas’a maemo a itseng, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka tsoelang mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara molemo. Ena e akarelletsa:

Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/penshene. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka tokisetso leha e le efe e joalo.

Li-Stock le Li-Bond: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng kapa ka ho etsa tokisetso ea hore chelete eo li e kenyang e ’ne e lefshoe mong’a tsona.

Litša le Mehaho: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng kapa ho li boloka ho mong’a tsona, ea ka tsoelang pele a lula ho tsona nakong ea ha a sa phela. Motho ea fanang ka setša le mohaho o lokela ho tsebisa Mokhatlo pele a ngolisa setša sefe kapa sefe ka lebitso la Mokhatlo.

Likabo Tsa Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao. Kopi ea lengolo la kabo ea lefa e lokela ho romeloa ho Mokhatlo.

Ba nang le thahasello ho e ’ngoe ea litokisetso tsena tsa ho fana ho reriloeng ba lokela ho ikopanya le Treasurer’s Office atereseng e ngotsoeng ka tlaase kapa ofisi ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Treasurer’s Office e lokela ho fumana kopi ea bopaki bo ngotsoeng bo mabapi le leha e le efe ea litokisetso tsena.

TREASURER’S OFFICE

Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania

Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740

Thelefono: (011) 761-1000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela