Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 11/1 maq. 26-29
  • “Tlotla Jehova ka Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa”—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Tlotla Jehova ka Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa”—Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tlotla Jehova”
  • “Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa” ke Eng?
  • Mehlala ea Nakong e Fetileng
  • ‘Ho Ntša ka ho Rata’ Mehleng ea Rōna
  • Jehova o Hlohonolofatsa ba mo Tlotlang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho fa Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Chelete e Tsoa Hokae?”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Kamoo ba Bang ba Etsang Menehelo ea Mosebetsi oa Boboleli oa ’Muso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Mofani oa “Mpho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 11/1 maq. 26-29

“Tlotla Jehova ka Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa”—Joang?

“TLOTLA Jehova ka lintho tsa hao tsa bohlokoa le ka lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng.” Mantsoe ana a bululetsoeng a bohlale a ngotsoeng lilemong tse ka bang 2600 tse fetileng, a fupere senotlolo sa ho fumana litlhohonolofatso tsa Jehova ka bongata bo boholo, kaha mongoli o tsoela pele ho re: “’Me meliko ea hao e tla tlala tsoete; ’me mafiso a hao a tšolohe veine e ncha.”—Liproverbia 3:9, 10, NW.

Empa ho tlotla Molimo ho bolela’ng? Ke lintho life tsa bohlokoa tseo re lokelang ho tlotla Jehova ka tsona? ’Me see re ka se etsa joang?

“Tlotla Jehova”

Ka Mangolong, lentsoe le ka sehloohong la Seheberu bakeng sa ho tlotla, ka·vohdhʹ, ha e le hantle le bolela “ho ba tōma.” Kahoo, ho tlotla motho ho bolela ho mo nka e le ea boima, ea tsotehang kapa oa bohlokoa. Lentsoe le leng la Seheberu bakeng sa ho tlotla, yeqarʹ, le boetse le fetoleloa e le “bohlokoa” le “lintho tsa bohlokoa.” Ka ho tšoanang, lentsoe la Segerike, ti·meʹ, le fetoletsoeng e le ho “tlotla” ka Bibeleng, le fetisa mohopolo oa tlhompho, molemo le bohlokoa. Kahoo, motho e mong o tlotla e mong ka ho mo bontša tlhompho e tebileng le kananelo.

Ho tlotla ho boetse ho na le tšobotsi e ’ngoe hape. Nahana ka tlaleho e mabapi le Mojuda ea neng a tšepahala, Mordekai, eo ka nako e ’ngoe a ileng a senola morero o mobe o neng o reriloe khahlanong le Morena Assueruse oa Persia ea boholo-holo. Hamorao ha morena a tseba hore ha ho se ileng sa etsoa ho tlotla Mordekai ka ketso eo ea hae, o ile a botsa tona-khōlō ea hae Hamane hore na tsela e molemohali ea ho tlotla motho ea thabisang morena ke efe. Hamane o ile a nahana hore tlotla e joalo e tla lebisoa ho eena, empa o ne a fositse hakaakang! Leha ho le joalo, Hamane o ile a re motho ea joalo o lokela ho apesoa “seaparo sa borena” ’me a palame “pere e palangoang ke morena.” O ile a phetha ka ho re: “A tsamaisoe ka pere mapatlelong a motse, ’me ho hooeletsoe ka pele ho eena, ho thoe: Ho etsoa joalo motho eo morena a ratang ho mo hlonepha!” (Esthere 6:1-9) Ketsahalong ena, ho tlotla motho ho ile ha akarelletsa ho mo phahamisa pontšeng e le hore batho bohle ba ka mo hlompha haholo.

Ka ho tšoanang, ho tlotla Jehova ho na le litšobotsi tse peli: ho mo hlompha ha rōna le ho mo phahamisa pontšeng ka ho nka karolo mosebetsing oa phatlalatsa oa ho tsebahatsa lebitso la hae le ho o tšehetsa.

“Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa” ke Eng?

Ka sebele, lintho tsa rōna tsa bohlokoa li kopanyelletsa bophelo ba rōna, nako ea rōna, tsebo ea rōna le matla a rōna. Ho thoe’ng ka lintho tsa rōna tse bonahalang? Nahana ka mantsoe a Jesu ha a bona mohlolohali ea hlokang a lahlela licheletana tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane ka letloleng la polokelo ea matlotlo a tempele. O ile a re: “Mohlolohali enoa, le hoja e le mofutsana, o akhetse ho hoholoanyane ho feta hoo bohle ba ho akhetseng. Etsoe bana bohle [ba bang ba ntšang monehelo] ba akhetse limpho ho tsoa botlallong ba bona, empa mosali enoa ho tsoa bohloking ba hae o akhetse mokhoa oohle oa ho iphelisa oo a neng a e-na le oona.” (Luka 21:1-4) Jesu o ile a rorisa mohlolohali enoa ka ho sebelisa letlotlo la hae ho tlatsetsa borapeling ba Jehova.

Joale, ho hlakile hore lintho tsa bohlokoa tse boletsoeng ke Solomone li boetse li akarelletsa lintho leha e le life tse bonahalang tseo e ka ’nang eaba re na le tsona. ’Me polelo “lilopotsiea tsa tsohle tse u atetseng” e na le moelelo oa ho fa Jehova se molemohali linthong tsa rōna tsa bohlokoa.

Leha ho le joalo, ke joang ho fana ka lintho tse bonahalang ho tlotlang Molimo? Na lintho tsohle e se e ntse e se tsa hae? (Pesaleme ea 50:10; 95:3-5) Thapelong ea Morena Davida e tlohang botebong ba pelo e eang ho Jehova, o ile a lumela hore “tsohle li tsoa ho uena.” ’Me mabapi le monehelo o moholo oo eena le sechaba sa hae ba ileng ba o etsetsa ho hahuoa ha tempele, Davida o ile a re: “Ke letsoho la hao le re fileng seo re u neang sona.” (1 Likronike 29:14) Kahoo, ha re fa Jehova limpho, re mpa feela re khutlisetsa ho eena seo a ileng a re fa sona ka pelo ea hae e ntle. (1 Bakorinthe 4:7) Empa joalokaha re bone pejana, ho tlotla Jehova ho kopanyelletsa ho mo phahamisa mahlong a ba bang. ’Me limpho tsa lintho tse bonahalang tse sebelisoang bakeng sa ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete li tlotla Molimo. Bibele e na le mehlala e babatsehang ea tsela ena ea ho tlotla Jehova.

Mehlala ea Nakong e Fetileng

Lilemong tse ka bang 3500 tse fetileng, ha nako e fihla ea hore Jehova a lokisetse tabernakele lefeelleng e le sebaka sa ho rapela sa Baiseraele, ho ile ha hlokahala lintho tsa bohlokoa tse neng li hlokeloa morero oo oa bomolimo. Jehova o ile a laela Moshe hore a lumelle ‘e mong le e mong ea pelo e ithatelang hore a etsetse Jehova monehelo.’ (Exoda 35:5, NW) Tlaleho e tsoela pele: “Motho ka mong ea elelitsoeng ke pelo ea hae le bohle ba pelo li ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova likabelo ho sebetsa tente ea pōkano, le tsohle tsa tšebeletso ea eona, le liaparo tse khethehileng.” (Exoda 35:21) Ha e le hantle, limpho tsa bona tsa boithatelo li ile tsa ba ngata haholo ho feta se neng se hlokoa bakeng sa mosebetsi hoo batho ba ileng ba tlameha ho ‘thibeloa ho ’na ba tlisa’!—Exoda 36:5, 6.

Nahana ka mohlala o mong. Ha tabernakele e phethile morero oa eona ’me ho etsoa litokisetso tsa ho haha tempele, Davida o ile a etsa monehelo o moholo bakeng sa tempele eo mora oa hae Solomone a neng a tla e haha. O ile a boela a bolella ba bang hore ba kenye letsoho, ’me batho ba ile ba arabela ka ho etsetsa Jehova limpho ka lintho tsa bohlokoa. Silevera le khauta feela li ne li ka etsa liranta tse limilione tse likete tse 222 ka chelete ea hona joale. “Sechaba sa thabela tseo bao ba li ntšitseng ka ho rata.”—1 Likronike 29:3-9; 2 Likronike 5:1.

‘Ho Ntša ka ho Rata’ Mehleng ea Rōna

Re ka kopanela thabong ea ho ntša ka ho rata joang mehleng ea rōna? Mosebetsi oa bohlokoahali o tsoelang pele hona joale lefatšeng ke oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20; Liketso 1:8) ’Me Jehova o bone ho tšoaneleha hore a behe lithahasello tsa ’Muso tse lefatšeng tlhokomelong ea Lipaki tsa hae.—Esaia 43:10.

Ho totobetse hore ho hlokahala chelete bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oo Lipaki tsa Jehova li o etsang kajeno. Ho haha le ho hlokomela Liholo tsa ’Muso, Liholo tsa Kopano, liofisi tsa makala, lifektheri le mahae a Bethele ho akarelletsa chelete. Ho hatisa le ho aba Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse sa tšoaneng ho boetse ho baka litšenyehelo. Litšenyehelo tseo tsa mokhatlo li koaheloa joang? Ka menehelo eo e leng ea boithaopo feela!

Boholo ba menehelo e tsoa ho batho bao—joaloka mohlolohali eane ea ileng a bonoa ke Jesu—ba kollang ntsi hanong. Ba sa batle ho fetoa ke karolo ena ea ho tlotla Jehova, ba nehelana ka se lekaneng ‘bokhoni ba bona ba sebele,’ ’me ka linako tse ling le ka se ‘ka ’nģane ho bokhoni ba bona ba sebele.’—2 Bakorinthe 8:3, 4.

Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste ba Korinthe: “E mong le e mong a a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata mofani ea nyakaletseng.” (2 Bakorinthe 9:7) Ho fana ka nyakallo ho hloka ho rera hantle. Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Letsatsi le leng le le leng la pele la beke e mong le e mong oa lōna tlung ea hae a a behelle ka thōko ho hong ho bolokiloeng kamoo ebang o atleha kateng, e le hore ha ke fihla likoleke li tle li se ke tsa etsoa ka nako eo.” (1 Bakorinthe 16:2) Ka ho tšoanang, ba ratang ho etsa menehelo ka boithatelo kajeno bakeng sa ho tlatsetsa mosebetsing oa ’Muso ba ka behella ka thōko boinotšing chelete e itseng bakeng sa morero oo.

Jehova o Hlohonolofatsa ba mo Tlotlang

Le hoja katleho ea lintho tse bonahalang ka boeona e sa lebise katlehong ea moea, ho sebelisa lintho tsa rōna tsa bohlokoa ka ho fana ka tsona ka seatla se bulehileng—nako ea rōna, matla a rōna le matlotlo a rōna—ho tlotla Jehova, ho hlahisa litlhohonolofatso tse enneng. Sena se etsahala hobane Molimo, eo tsohle e leng tsa hae oa re tiisetsa: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”—Liproverbia 11:25.

Ka mor’a lefu la Morena Davida, mora oa hae Solomone o ile a sebelisa menehelo ea boithaopo eo ntate oa hae a neng a e bokeletse ho haha tempele e khanyang joalokaha Jehova a ne a laetse. ’Me ha Solomone a ntse a tšepahetse borapeling ba hae ho Molimo, ‘Ba-Juda le ba-Iseraele, ho tloha Dane ho isa Beerseba, ba ne ba lutse ba iketlile ka matsatsi ’ohle a Solomone.’ (1 Marena 4:25) Matlo a polokelo a ne a tletse, makuka a veine a tšoloha—hafeela Baiseraele ba ne ba ntse ba ‘tlotla Jehova ka moruo oa bona.’

Hamorao, Jehova o ile a re ka moprofeta Malakia: “Le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang!” (Malakia 3:10) Katleho ea moea e fumanoang ke bahlanka ba Jehova kajeno ke bopaki ba hore Molimo o phethahalitse tšepiso ea hae.

Ka sebele Jehova oa thaba ha re phetha karolo ea rōna ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele. (Baheberu 13:15, 16) ’Me o re tšepisa hore o tla re matlafatsa haeba re ‘tsoela pele ho batla ’muso pele le ho loka ha hae.’ (Matheu 6:33) E se eka ka lipelo tse nyakaletseng re ka ‘tlotla Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’

[Lebokose le leqepheng la 29]

Litsela Tseo ka Tsona ba Bang ba Ithaopelang ho Nehela Bakeng sa Mosebetsi oa Lefatše ka Bophara

Ba bangata ba behella ka thōko kapa ba lekanyetse esale pele chelete eo ba e kenyang mabokoseng a monehelo. Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe liphutheho li fetisetsa lichelete tsena ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York, kapa ofising ea lekala e haufi.

Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea boela ea romeloa ka ho toba ho Treasurer’s Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201-2483, kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka neheloa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho e tobileng le lokela ho tsamaea le menehelo ena.

Tokisetso ea Menehelo e Fanoang Tlas’a Maemo a Itseng

Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke ho fihlela ha mong’a eona a e-shoa, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha se etsang hore ea faneng ka eona a e hloke, e tla khutlisetsoa ho eena. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, ka kōpo ikopanye le Treasurer’s Office atereseng e bontšitsoeng mona tlaase.

Ho Fana ho Reriloeng

Ho phaella limphong tse tobileng tsa chelete le menehelo ea chelete e fanoang tlas’a maemo a itseng, ho na le mekhoa e meng ea ho fana e ka tsoelang mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara molemo. Ena e akarelletsa:

Inshorense: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/penshene. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka tokisetso leha e le efe e joalo.

Li-Stock le Li-Bond: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho e tobileng kapa ka ho etsa tokisetso ea hore chelete eo li e kenyang e ’ne e lefshoe mofani.

Litša le Mehaho: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower ebang ke ka ho li etsa mpho e tobileng kapa ho li boloka ho mong’a tsona, ea ka tsoelang pele a lula ho tsona nakong ea ha a sa phela. Motho ea fanang ka setša le mohaho o lokela ho tsebisa Mokhatlo pele a ngolisa setša sefe kapa sefe ka lebitso la Mokhatlo.

Likabo Tsa Lefa: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao. Kopi ea lengolo la kabo ea lefa e lokela ho romeloa ho Mokhatlo. Ba nang le thahasello ho e ’ngoe ea litokisetso tsena tsa ho fana ho reriloeng ba lokela ho ikopanya le Treasurer’s Office atereseng e ngotsoeng mona tlaase kapa ofisi ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Treasurer’s Office e lokela ho fumana kopi ea bopaki bo ngotsoeng bo mabapi le leha e le efe ea litokisetso tsena.

[Lebokose le leqepheng la 29]

TREASURER’S OFFICE

Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740 Thelefono: (011) 761-1000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela