Kamoo ba Bang ba Etsang Menehelo ea Mosebetsi oa Boboleli oa ’Muso
◻ LIMPHO: Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201-2483, kapa ofising ea lekala ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka neheloa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho ea boithatelo le lokela ho tsamaea le menehelo ena.
◻ TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLAS’A MAEMO A ITSENG: Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke ho fihlela ha mong’a eona a e-shoa, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha tlhoko ea botho, e tla khutlisetsoa ho ea faneng ka eona.
◻ INSHORENSE: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/penshene. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka tokisetso leha e le efe e joalo.
◻ LI-STOCK LE LI-BOND: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho ea boithatelo kapa ka ho etsa tokisetso ea hore chelete eo li e kenyang e ’ne e lefshoe mong’a tsona.
◻ LITŠA LE MEHAHO: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho ea boithatelo kapa ka tokisetso ea hore mong’a setša a lule ho sona nakong ea ha a sa phela. Motho ea fang Mokhatlo setša kapa mohaho o lokela ho tsebisa Mokhatlo pele a etsa joalo.
◻ LIKABO TSA LEFA: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao. Kopi ea lengolo la tumellano ea kabo ea lefa e lokela ho romeloa ho Mokhatlo.
Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le litaba tse joalo, ngolla Treasurer’s Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno.