Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/1 maq. 28-31
  • “Chelete e Tsoa Hokae?”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Chelete e Tsoa Hokae?”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala o Behiloeng ke Iseraele ea Boholo-holo
  • Tlhokahalo Kajeno
  • Chelete e ea Hokae?
  • Jehova o Tla U Putsa
  • Kamoo ba Bang ba Etsang Menehelo ea Mosebetsi oa Boboleli oa ’Muso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • “Tlotla Jehova ka Lintho Tsa Hao Tsa Bohlokoa”—Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Mofani oa “Mpho e ’Ngoe le e ’Ngoe e Ntle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho fa Jehova?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/1 maq. 28-31

“Chelete e Tsoa Hokae?”

BASHEBELLI ba video ea Mokhatlo oa Watch Tower ea “Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name” baa hlolloa. Ba bona banna le basali ba batle ba tsoang merabeng le limelong tse sa tšoaneng, ba bososelang le ba sebetsang hammoho ka kutloano. Hase feela hore tlhokomelo ea bona e haptjoa ke basebetsi ba likete ba thabileng empa le ke mehaho e meholohali ea ntlo-khōlō ea Mokhatlo e Brooklyn le e mapolasing a eona a Wallkill, New York. Video eo e bontša hore ka hare ho mehaho ena ho ka fumanoa theknoloji ea morao-rao—lisebelisoa tse hatisang le tse tlamang libuka ka lebelo le phahameng haholo tse hlahisang likhatiso tse limilione tse ngata khoeli le khoeli, thepa e sa tšoaneng ea lik’homputha le mafapha a mangata a tšehetsang khatiso.

Sena se bontša hore ho bile le litšenyehelo tse khōlō tsa chelete. Kahoo ba bang baa botsa, “Chelete e tsoa hokae?”

Baeti ba eang ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo ba hlolloa ka tsela e tšoanang. Ba thamola melala ea bona ho sheba mohaho o mocha oa bolulo o mekato e 30, e leng o mong oa e mengata e sebelisetsoang ho fana ka bolulo ho basebeletsi ba baithaopi ba fetang 3 000 ba sebetsang moo. Baeti ba bangata ba etelang Setsing sa Thuto sa Watchtower se secha se ka bang lik’hilomithara tse 110 ka leboea ho Brooklyn ba khahloa haholo. Le hoja e le hona se ntseng se hahuoa, ho lula basebetsi ba ka bang 1 200 ho sona. Litlelase tse peli tsa baromuoa li tla koetlisetsoa moo selemo le selemo ’me ba romeloe linaheng lisele likabelong tsa bona. E boetse ke sebakeng sena moo ho tsamaisoang liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 10 000 United States. Ka ho tšoanang makala a mangata lefatšeng ka bophara a sa tsoa atolosa mehaho ea ’ona kapa a tšebetsong ea ho etsa joalo. Ho phethahatsa mesebetsi ena eohle ho hloka chelete e ngata haholo. Batho baa botsa, “Chelete e tsoa hokae?”

Karabo ke hore e tsoa ho batho ba tloaelehileng joaloka mang kapa mang ho rōna. Ke batho, bao lefatšeng ka bophara, ba lakatsang ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho ntšetsa pele mosebetsi oa Bokreste oa boboleli le ho ruta. Moea o joalo oa boithatelo ha o qale ho ba teng.

Mohlala o Behiloeng ke Iseraele ea Boholo-holo

Lilemong tse fetang 3 500 tse fetileng, ho ile ha hlaha tlhokahalo ea hore ho etsoe menehelo ka seatla se bulehileng. Jehova o ne a ile a laela Moshe hore ho hahuoe tabernakele, kapa “tente ea pokano,” e neng e hahetsoe hore e sebelisoe borapeling ba Hae. Polane e neng e fanoe ke Molimo e ne e hloka lintho tsa bohlokoa tse sa tšoaneng. Jehova o ile a laela: “Ntšang ho tsa lōna seo le se abelang Jehova. Motho ka mong eo pelo ea hae e ratang, a ke a tlise se abetsoeng Jehova.” (Exoda 35:4-9) Batho ba ile ba arabela joang? Tlaleho e re bolella hore “motho ka mong ea elelitsoeng ke pelo ea hae le bohle ba pelo li ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova likabelo ho sebetsa tente ea pōkano, le tsohle tsa tšebeletso ea eona, le liaparo tse khethehileng.” Hanyane ka hanyane ‘likabelo tsena tsa boithatelo’ li ile tsa e-ba ngata hoo li neng li “fetisa ho lekaneng mesebetsi eo Jehova a e laetseng hore e etsoe.” (Exoda 35:21-29; 36:3-5) Batho ba ile ba bontša moea o se nang boithati le oa ho fana ka seatla se bulehileng hakaakang!

Lilemo tse ka tlaase ho 500 hamorao, ho ile ha etsoa pitso hape ea hore Baiseraele ba fane ka monehelo ka seatla se bulehileng. Takatso ea Morena Davida ea ho hahela Jehova ntlo e tšoarellang Jerusalema e ne e le mothating oa ho phethahatsoa ka mor’a hae Salomone. Davida ka boeena o ile a bokella le ho fana ka karolo e khōlō ea monehelo oa se neng se tla hlokahala. Ba bang ba ile ba kenya letsoho ha Davida a ne a etsa pitso ea ho tlisetsa ‘Jehova mpho.’ Phello? “Sechaba sa thabela tseo bao ba li ntšitseng ka ho rata; hobane efela e ne e le ka pelo eohle ba neng ba neela Jehova limpho tsa bona tsa ho rata; le eena morena Davida a li thabela ka thabo e kholo.” (1 Likronike 22:14; 29:3-9) Silefera le khauta li ne li ka lekana le liranta tse limilione tse likete tse 180 ho ea ka litekanyetso tsa hona joale tsa chelete!—2 Likronike 5:1.

Mehlaleng ena rea hlokomela hore ha ho le ea mong ea ileng a qobelloa ho fana. E ne e le ka “boithatelo” ka ho feletseng ’me ho fanoa ‘ka pelo e feletseng.’ Jehova o ne a ke ke a thabisoa ke ho ka tlaase ho moo. Ka ho tšoanang, ha ho ne ho hlaha monyetla oa ho fana ka monehelo oa chelete bakeng sa ho thusa Bakreste ba hlokang, moapostola Pauluse o ile a ngola hore e ne e sa lokela ho ba “ntho e etsoang ka bokhonatha.” O ile a phaella: “E mong le e mong a ntše kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ea hae; e seng ka ho soaba, leha e le ka ho khannoa; hobane Molimo o rata ea fanang a thabile.”—2 Ba-Korinthe 9:5, 7.

Tlhokahalo Kajeno

Na kajeno menehelo e-ea hlokahala? Ka sebele e-ea hlokahala, ’me ho tla ba joalo haholoanyane ha nako e ntse e tsamaea. Hobane’ng?

Bakreste ba fuoe litaelo tse khethehileng bakeng sa nako ena ea bofelo. Jesu o laetse barutuoa ba hae: ‘E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.’—Mattheu 28:19, 20.

Ho phethahatsa mosebetsi ona o moholo oa ho ruta le ho bolela ha re ntse re atamela haholoanyane “bofelong ba lefatše” ho hloka nako e ngata le chelete. Hobane’ng? Ka lebaka la sohle se amehang ho iseng molaetsa oa ’Muso oa Molimo “le ho isa pheletsong ea lefatše.” (Liketso 1:8) Batho ba bangata ha ba tsebe Mangolo hantle joaloka Bajode ba lekholong la pele la lilemo. Ha e le hantle, palo e khōlō ea baahi ba lefatše ha e bile ha e-ea tloaelana le Bibele ’me ha e e nke e le Lentsoe la Molimo. Baboleli ba tlameha ho koetlisoa le ho romeloa linaheng tse hōle. (Ba-Roma 10:13-15) ’Me nahana ka palo ea lipuo tse amehang! Ho hlokahala hore ba bolelloang ba be le Bibele le libuka tse thehiloeng Bibeleng tseo ba ka li balang le ho ithuta tsona ka puo ea bona. Ho finyella bohle ka mokhoa o phethahetseng le hore ba fihle khōlong ea moea ka ho tsoelang pele e le hore ba ka khona ho thusa ba bang, ho hloka tlhophiso e khōlō.—2 Timothea 2:2.

Jesu o boletse hore pele, “evangeli ena ea ’muso” e tlameha ho “boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Kahoo hona joale ke nako ea ho nehelana ka sohle seo re ka se khonang ho etsa hore mosebetsi oo oa bohlokoahali o phethoe. Lichelete tsa rōna li tla sebelisoa ka tsela e molemo ka ho fetisisa pele maruo a lintho tse bonahalang a khaotsa ho ba le bohlokoa leha e le bofe bo sebetsang.—Ezekiele 7:19; Luka 16:9.

Chelete e ea Hokae?

Mokhatlo oa Watch Tower o hatisa lingoliloeng tsa Bibele ka lipuo tse fetang 230, hammoho le ka Braille bakeng sa lifofu le livideo ka puo ea matsoho bakeng sa bo-tsebe-tutu. Seo se hloka lihlopha tsa bafetoleli le ba hlahlobang liphoso ka ho bala bakeng sa puo e ’ngoe le e ’ngoe. Ho nahana feela ka ho etsa mosebetsi ona oohle, haholo-holo bakeng sa makasine ea Molula-Qhooa, e hatisoang khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka lipuo tse 121 ’me tse 101 tsa tsona e le ka nako e le ’ngoe, ke ho makatsang. Leha ho le joalo hoa hlokahala e le hore lefatšeng ka bophara batho ba ka bala le ho ba le boitsebiso bo tšoanang. Selemo se seng le se seng ho ba le ho phahama ha litheko tsa pampiri le thepa e ’ngoe e sebelisoang ha ho hlahisoa molaetsa oa ’Muso ka sebōpeho sa libuka kapa ho rekota lik’hasete kapa livideo. Litheko tse joalo li tlameha ho lefelloa ka ho sebelisa menehelo e tsoang ho baena.

Mosebetsi oa boboleli le ho ruta o etsoa libakeng tse akaretsoang ke liphutheho tse fetang 75 000 tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara. E le ho li kopanya le ho li khothatsa, balebeli ba tsamaeang ba koetlisitsoeng ba etela phutheho ka ’ngoe ka makhetlo a ka bang mabeli ka selemo. Likopano le tsona li phetha karolo ea bohlokoa bakeng sa ho fana ka thuto. Mehaho e meholo e lokela ho hiroa bakeng sa likopano tse khōlō tse matlafatsang tumelo haholo. Menehelo ea hao e boetse e sebelisetsoa merero ena.

Le hoja ka kakaretso likopano li tšoaroa hararo feela ka selemo, liphutheho tsa sebaka ka seng li kopana hammoho bakeng sa liboka tse hlano tsa beke le beke. (Bapisa le Exoda 34:23, 24.) Tšubuhlellano ea ba bacha ba arabelang litabeng tse molemo e entse hore ho eketsoe liphutheho tse ncha tse likete selemo ka seng. Ka thuso ea liranta tse limilione e le likalimo tse ajoang ka Mokhatlo, selemo le selemo ho hahuoa Liholo tsa ’Muso tse makholo, ’me tse ling tse ngata lia nchafatsoa le ho atolosoa. Le hoja sena e le letlōle le potolohang le ntseng le sebelisoa nako le nako, tlhokahalo e lula e ntse e eketseha.

Sebaka se seng seo ho sona ho bileng le khōlō eo ho seng e tšoanang le eona ke lichabeng tsa Europe Bochabela tseo pele li neng li le tlas’a Soviet Union. E ile ea e-ba ho thabisang hakaakang ka litaba tse tsoelang pele tsa hore mosebetsi o butsoe libakeng tsee! Hona joale baromuoa ba romeloa linaheng tse ngata tsa tsena. Linaheng tse ling ho hlonngoe makala a macha, e leng ho ekelitseng palo ea basebeletsi ba baithaopi ba sebetsang lelapeng la Bethele hore e fete 15 000 lefatšeng ka bophara. Ka ho hlakileng, mehaho ea lekala eo ba ka lulang ho eona e tlameha ho rekoa kapa ho hahuoa. Menehelo ea hao e thusa ho tlatsa tlhoko eo.

Satane le bademona ba hae ba ntse ba bona mosebetsi ona oohle. Ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho senya boiteko ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova kapa ho ba bakela mathata. (Tšenolo 12:17) Sena se bolela boikarabelo bo eketsehileng ba ho sireletsa litokelo tsa batho ba Molimo tsa ho bolela le ho phela tumellanong le melao ea hae e lokileng. Ho phaella moo, tšenyo e bakoang ke ntoa tsamaisong ea lintho ea Satane, haesita le likoluoa tsa tlhaho, li bolela hore hangata liphallelo lia hlokahala bakeng sa baena le bo-khaitseli ba rōna ba hlasetsoeng hammoho le ba bang ba nang le bona. Menehelo ea hao e thusa bakeng sa ho fana ka thuso ena ea bohlokoahali.

Jehova o Tla U Putsa

Ho sebelisa nako le chelete ea rōna ka seatla se bulehileng bakeng sa ho ntšetsa pele mosebetsi oa Morena ho tlisa litlhohonolofatso tse khōlō. Joang? Hobane Molimo, eo lintho tsohle e leng tsa hae ka ho feletseng, o tla re putsa. Liproverbia 11:25 e re: “Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.” Ka sebele Jehova o-oa thaba ha re phetha karolo ea rōna bakeng sa ho ntšetsa borapeli ba hae pele. (Ba-Heberu 13:15, 16) O ile a tšepisa Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba tla tlisa menehelo e neng e hlokoa tlas’a selekane sa Molao: “Le nteke ka hoo, ho bolela Jehova oa makhotla, ’me le bone ha nke ke ka le thibollela liphororo tsa leholimo, ke be ke le tšollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang!” (Malakia 3:10) Katleho ea moea eo bahlanka ba Jehova ba e thabelang kajeno ke bopaki ba hore Molimo o boloka tšepiso ea hae.

Mosebetsi ona o moholo oa ho phatlalatsa letsatsi la pholoho ho bohle le ho thusa ba lipelo li tšepahalang ba tseleng e isang bophelong o ke ke oa tsoela pele ka ho sa feleng. (Mattheu 7:14; 2 Ba-Korinthe 6:2) Empa bohle ba “linku tse ling” tsa Morena ba tlameha ho bokelloa. (Johanne 10:16) Ke habohlokoa hakaakang ho finyella phephetso eo kajeno! ’Me e mong le e mong oa rōna o tla thaba hakaakang, ha a hetla morao a le lefatšeng leo le lecha la ho loka, a re, ‘Ke ile ka kopanela ka botlalo mosebetsing oo oa ho qetela oa ho bokella’!—2 Petrose 3:13.

[Lebokose le leqepheng la 30, 31]

Kamoo ba Bang ba Etsang Menehelo ea Mosebetsi oa Boboleli oa ’Muso

MENEHELO BAKENG SA MOSEBETSI OA LEFATŠE KA BOPHARA: Ba bangata baa rera kapa ba behella ka thōko chelete eo ba e kenyang mabokoseng a monehelo a leng Holong ea ’Muso. Khoeli le khoeli liphutheho li fetisetsa lichelete tsena ntlo-khōlō ea lefatše e Brooklyn, New York, kapa lekaleng le haufi-ufi.

LIMPHO: Menehelo ea boithatelo ea chelete e ka ’na ea romeloa ka ho toba ho Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 25 Columbia Heights, Brooklyn, New York 11201-2483, kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno. Mabenyane kapa lintho tse ling tsa bohlokoa le tsona li ka neheloa. Lengolo le lekhutšoanyane le bolelang hore lintho tse joalo ke mpho ea boithatelo le lokela ho tsamaea le menehelo ena.

TOKISETSO EA MENEHELO E FANOANG TLAS’A MAEMO A ITSENG: Chelete e ka fuoa Mokhatlo oa Watch Tower hore o e boloke ho fihlela ha mong’a eona a e-shoa, ka tokisetso ea hore haeba ho hlaha tlhoko ea botho, e tla khutlisetsoa ho ea faneng ka eona.

INSHORENSE: Mokhatlo oa Watch Tower o ka ngolisoa e le mojalefa oa inshorense ea bophelo kapa oa tokisetso ea ho tlohela mosebetsi/penshene. Mokhatlo o lokela ho tsebisoa ka tokisetso leha e le efe e joalo.

LI-STOCK LE LI-BOND: Li-stock le li-bond li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho ea boithatelo kapa ka ho etsa tokisetso ea hore chelete eo li e kenyang e ’ne e lefshoe mong’a tsona.

LITŠA LE MEHAHO: Litša le mehaho tse ka rekisoang li ka ’na tsa fuoa Mokhatlo oa Watch Tower e le mpho ea boithatelo kapa tokisetso ea hore mong’a setša a lule ho sona nakong ea ha a sa phela. Motho ea fang Mokhatlo setša kapa mohaho o lokela ho tsebisa Mokhatlo pele a etsa joalo.

LIKABO TSA LEFA: Thepa kapa chelete e ka ’na ea fuoa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania e le lefa ka lengolo la kabo ea lefa le entsoeng ka molao. Kopi ea lengolo la tumellano ea kabo ea lefa e lokela ho romeloa ho Mokhatlo.

Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le litaba tse joalo, ngolla ho Treasurer’s Office, Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa ofising ea Mokhatlo e sebeletsang naha ea heno.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela