Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 11/96 leq. 2
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose La Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ho Buisana ka Mangolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lengolo la Mohlala
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni Ba Rona Boboleling Ka Ho Ngola Mangolo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
km 11/96 leq. 2

Lebokose la Lipotso

◼ Ke eng seo re lokelang ho se hopola ha re ngolla beng ba matlo bao re sa khonang ho ba fumana ba le teng malapeng mangolo?

Ka mabaka a fapaneng, re ntse re thatafalloa ka ho eketsehileng ho fumana batho ha re etela malapeng a bona. Bahoeletsi ba bang ba fumane hore ho ngola mangolo ke tsela e sebetsang ea ho ba finyella. Le hoja sena se ka hlahisa liphello tse molemo, ho na le tlhokahalo ea ho nahana ka likhopotso tse itseng tse ka re thusang ho qoba mathata a itseng:

U se ke ua ngola aterese ea Mokhatlo e le eo lengolo le lokelang ho khutlela ho eona. Sena ka ho sa nepahalang se ka bontša hore lengolo leo le rometsoe ho tsoa liofising tsa rōna, ’me sa baka mathata a sa hlokahaleng ’me ka linako tse ling le litšenyehelo tse eketsehileng.

Tiisa hore u ngola aterese e nepahetseng ea mong’a ntlo le ho maneha setempe sa chelete e lekaneng.

Atereseng u se ngole “Ho Mong’a Ntlo”; sebelisa lebitso la hae le tobileng.

U se ke ua siea mangolo monyako ha ho se motho lapeng.

Mangolo a makhutšoanyane a molemo haholo. Kenya pampitšana kapa makasine ho e-na le ho leka ho ngola molaetsa o molelele.

Mangolo a thaepiloeng a baleha habonolo ’me a fana ka maikutlo a matle.

Mangolo ana ha aa lokela ho baloa joaloka maeto a ho boela ntle le haeba uena ka seqo u ile ua pakela motho eo nakong e fetileng.

Haeba u ngolla motho ea ileng a bontša thahasello nakong e fetileng, u lokela ho ngola aterese ea hao kapa nomoro ea thelefono e le hore a ka iteanya le uena. Hlalosa lenaneo la rōna la thuto ea Bibele.

Mo memele libokeng tsa phutheho ea sebakeng sa heno. Fana ka aterese le linako tsa liboka.

U se tsoele pele ho romella mangolo ho beng ba matlo ba sieo malapeng ka mor’a hore u khutlise tšimo; mohoeletsi ea tšoereng tšimo eo nakong eo ke eena ea ikarabellang ho e sebetsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela