Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
“Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—MATTHEU 24:14.
1, 2. (a) Mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo ke ofe, ’me o etsoa ho isa boholeng bofe? (b) Ho na le bopaki bofe ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oo?
BOBOLELI ba evangeli ea ’Muso oa Molimo ke mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa lekholong lena la lilemo. Ke seo Molimo o Matla ’Ohle o batlang hore se etsoe hona joale, ’me sea phethoa ho phethahatsa Lentsoe la hae la boprofeta. Karabelo ea hao ho oona e tla ama bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng ka mokhoa o ke keng oa fetoloa.—1 Ba-Korinthe 9:16, 23.
2 Hoa hlasimolla ho bona hore lenane la ba kopanelang mosebetsing ona oa boboleli le ntse le tsoela pele ho eketseha, hona joale ho se ho e-na le ba kaholimo ho limillone tse tharo ba kopanelang ho oona. Manane a phahameng ho feta leha e le neng pele joale a kenela tšebeletso ea nako e tletseng. Hape batho ba bang ba bangata ba thahasellang ba amohela thuto ea Bibele ’me ba etsa boiteko ba ho ithuta ho etsa thato ea Molimo.
3. Ba bang ba ka ’na ba re’ng ka tlhokahalo ea ho tsoela pele ka boboleli ba evangeli?
3 Leha ho le joalo, ka linako tse ling ba bang ba ka ’na ba “khathala ke ho etsa hantle” ’me ba “khathala” ha ho lebanoe le mosebetsi oa boboleli. (Ba-Galata 6:9; Ba-Heberu 12:3, NW) Ba ka ’na ba re litaba tse molemo li se li boletsoe ka ho pharaletseng tšimong ea bona le hore batho ba se ba khethile boemo ba bona ’me joale ba se ba khopeha ha re e-tla malapeng a bona. Ba etsang mosebetsi oa boboleli moo ba fumana litholoana tse fokolang kapa ha ba fumane letho ho hang. Kahoo, ba ikutloa hore mohlomong mosebetsi o se o entsoe kamoo ho neng ho hlokahala kateng, ’me ha ho sa hlokahala hore ho tsoeloe pele. Ke eng e phoso ka ho nahana ka tsela ee?
Re Qophelle Hobane’ng?
4. Ke eng e lokelang ho re susumetsa ho tsoela pele ka boboleli esita le tšimong eo ho eona ho nang le karabelo e fokolang?
4 Pele, ho mamella ha rōna ka botšepehi mosebetsing oa boboleli ha hoa lokela ho itšetleha ka hore na batho baa mamela kapa che. Jeremia o ile a bolela ka lilemo tse 40 Jerusalema le hoja e ne e le ba fokolang feela ba mamelang ’me ba bangata ba mo hanyetsa ka mabifi. Ke hobane’ng ha a ile a qophella? Hobane o ne a etsa mosebetsi o laetsoeng ke Jehova. Hape, hobane tsebo ea hae ea boprofeta ba se neng se tla hlahela Jerusalema e ne e mo qobella ho tsoela pele a ntse a bua. (Jeremia 1:17-19) O itse: “Ho na le ho kang mollo o chesang pelong ea ka, o kentsoeng masapong a ka. Ke khathala ke ho o boloka, kea sitoa.” (Jeremia 20:7-10) Re boemong bo tšoanang. Ke Jehova, ka Jesu Kreste, ea laetseng hore “Evangeli” e lokela ho boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Mattheu 24:14) Ha batho ba hana ho mamela, hona ho re nea monyetla oa ho bontša botebo ba lerato la rōna le boineelo ba rōna ho Jehova ka ho qophella ho etsa se nepahetseng. (1 Johanne 5:3) Ntle le moo, ha re thuisa ka seo bokamoso bo haufi bo se tšoaretseng moloko oa batho, re ka tlohela joang ho leka ho lemosa baahelani ba rōna?—2 Timothea 4:2.
5. (a) Re lokela ho mamella mosebetsing oa boboleli ka lebaka lefe le leng? (b) Mosebetsi oa boboleli ke motheo oa kahlōlo joang?
5 Ho feta moo, boboleli ba Jeremia e ne e hlile e le mosebetsi oa kahlōlo. Ka 607 B.C.E., ho ba ileng ba shoa kapa ba ea botlamuoeng ha Jerusalema e e-oa ho ne ho se ba ka bolelang hore ba ne ba sa tsebe hore na ke hobane’ng ha sena se ba hlahela. Hobane ka lilemo tse 40 pejana, Jeremia o ne a ’nile a ba lemosa hantle feela ka phello e joalo haeba ba ne ba tsoela pele e le marabele khahlanong le Jehova. (Bapisa Ezekiele 2:5.) Ka ho tšoanang kajeno ho boleloa ha litaba tse molemo e le “bopaki ho lichaba tsohle” ke motheo bakeng sa kahlōlo. Moapostola Pauluse o hlakisa sena ha a bolela hore Kreste Jesu o tla tlisa phetetso ho “ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (2 Ba-Thessalonika 1:8, 9) Batho ba tla ahlōloa ka karabelo ea bona litabeng tse molemo. Kahoo, mosebetsi oa ho bolela o tlameha ho tsoela pele phatlalatsa le ka ho hlaka ho fihlela qetellong. (Tšenolo 14:6, 7) Ha ho letho le lokelang ho thibela molaetsa ona oa bohlokoa hore o tlisoe bathong hangata kamoo ho ka khonehang. Hona ho bea boikarabelo bo boholo holim’a bahlanka bohle ba inehetseng ba Jehova.
6. Le hoja e ka ’na eaba molaetsa oa rōna o se o tsebjoa ka mokhoa o pharaletseng, ke hobane’ng ha re lokela ho tsoela pele ho bolela?
6 Ke ’nete hore e ka ’na eaba re se re boletse litaba tse molemo ka mokhoa o pharaletseng sebakeng sa habo rōna. Empa ho na le lintho tse ngata haholo tse etsahalang lefatšeng hoo le hoja e le batho ba bangata ba utloileng molaetsa oa rōna, ba neng ba tla tloha ba o lebala ka potlako haeba re khaotsa ho bolela. Nahana ka ho fetohela mebuso, liketso tsa bokhukhuni, literaeke, liketso tse hlabisang lihlong, le liketsahalo tse ling tse phatlalatsoang ka mokhoa o pharaletseng. Hape ho na le mefuta e mengata ea boithabiso bo ratoang le lintho tse ling tse ferekanyang. Re tlameha ho tsoela pele ka boboleli e le hore re ka boloka molaetsa oa rōna o le kapele ho batho ho sa tsotellehe lintho tsena tse ling kaofela tse hapang tlhokomelo ea bona.
7. Boitšoaro ba ba bangata kajeno bo tšoana le ba Baiseraele boprofeteng ba Esaia joang, empa ke hobane’ng ha see se sa lokela ho re thiba boboleling?
7 Ha ba bangata ba leka ho iphapanyetsa rōna, re lokela ho hopola hore na batho bao moprofeta Esaia a neng a lokela ho ba bolella e ne e le ba mofuta ofe. Jehova o ile a mo bolella: “Hobane ke sechaba se ikhantšang, ke bana ba leshano, bana ba hanang ho utloa molao oa Jehova; ba reng ho liboni: Le se ke la bona! le ho baprofeta: Le se ke la re profetela ’nete, re bolelleng litaba tse khahlisang, le re bonele tse thetsang! Khelohang tsela, e-eang kathōko, lesang ho bea Mohalaleli oa Iseraele pel’a mahlo a rōna!” Leha ho le joalo, ka botšepehi Esaia o ile a bolella batho hore: “Jehova ke Molimo oa kahlōlo. Ho thaba bohle ba lutseng ba mo lebelletse.” (Esaia 30:9-11; Esaia 30:18, NW) Re lokela ho etsa ho tšoanang. Hafeela re ntse re qophella, molaetsa oa rōna o tla phunyelletsa ho isa botebong bo itseng. Ba bang ba tla utloa, ’me ba bang ba ke ke ba utloa. Empa bohle ba tla ba le monyetla oa ho utloa.
‘Ba Tla Utloa Joang?’
8. Le hoja batho ba ka ’na ba bonahala ba khethile boemo ba bona khahlanong le ’nete, ke lintho life tse ka ’nang tsa fetola menahano ea bona?
8 Mohlomong re ikutloa hore batho ba tšimong e itseng ba se ba khethile boemo bo tiileng le hore ba ikemiselitse ho hana molaetsa oa rōna esita le ho o hanyetsa. Empa hopola, maemo a ntse a fetoha nako le nako bophelong ba batho. Ba ka ’na ba talimana le mathata a macha, kapa maemo a macha ka la hosasane, ka beke e hlahlamang, kapa ka khoeli e latelang, a tla etsa hore e be ba amohelang ’nete. Ba ka ’na ba utloa ka liketsahalo tse ferekanyang lefatšeng kapa mohlomong ba hlokofatsoa ke ho oa ha moruo, ho kula, kapa lefu ka lapeng. Lintho tse joalo li ka ’na tsa ba etsa hore ba falimehe ’me ba batle ho ithuta ka lebaka la mahlomola a bona. Haeba re tsoela pele ho bolela, ba tla tseba moo ba ka retelehelang teng.
9. Mosebetsi oa rōna oa boboleli o ka ’na oa bapisoa joang le oa bapholosi sebakeng sa koluoa?
9 Boemo ba rōna bo ka ’na ba bapisoa le ba bapholosi ba sebetsang sebakeng se oetsoeng ke koluoa, joaloka kamor’a tšisinyeho ea lefatše. Mohlomog ba bang ba ka ’na ba sebetsa sebakeng se nang le mahlatsipa a seng makae feela a fumanehang, empa ’nete e ne e sa tl’o ba etsa hore ba khoehlise ’me ba tlohele hobane feela ba sebetsang ’moho le bona ba fumana mahlatsipa a mangata sebakeng se seng. Ho fapana le hoo, bapholosi bohle ba mamella ba sa khaotse esita leha ba utloa hore e ka ’na eaba ha ho sa na mahlatsipa a mang karolong eo ba e abetsoeng. ’Me, ka linako tse ling ba fumana lehlatsipa le leng hape. Ho laeloa hore ho batla batho ho emise feela haeba nako e seng e fetile e senola hore ha ho sa na tšepo. Koana, ho batla batho ha rōna ha ho e-s’o laeloe hore ho khaotse, ’me re ntse re fumana likete tse ling holim’a likete tsa ba batlang ho pholosoa lefatšeng lena la khale le ho pholoha “mahlomoleng a maholo.” (Tšenolo 7:9, 14) Esita le libakeng tse sebelitsoeng ka ho felletseng le tseo ho tsona boholo ba batho bo sa arabeleng, ho ntse ho e-na le litholoana tse itseng. Hape ho na le mabaka a eketsehileng a ho tsoela pele re bolela.
10. Ke ka tsela efe feela batho ba ka tsebang moo ba ka retelehelang teng haeba ba batla ’nete, ho latela Ba-Roma 10:13, 14?
10 Batho ba hloka ho hopotsoa joalo-joalo hore “e mong le e mong ea rapelang lebitso la Jehova o tla bolokeha.” Leha ho le joalo, joalokaha Pauluse a tsoela pele lengolong la hae le eang ho Baroma, “ba tla rapela joang eo ba sa kang ba lumela ho eena? ’Me ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae? ’Me ba tla utloa joang, ha ’moleli a le sieo?” (Ba-Roma 10:13, NW; Ba-Roma 10:14) Mantsoe ana a lokela ho hatisa ka ho e mong le e mong oa rōna tlhokahalo ea ho qophella ho bolela Evangeli ea ’Muso oa Molimo.
11. Ke boikarabelo bofe boo re nang le bona mabapi le bacha ba hōlang hoba batho ba baholo?
11 Ha mehla ea bofelo e ntse e tsoela pele, ho tsoetsoe bana ’me ba hōla ho ba batho ba baholo kapa ho ba lilemong tsa boikarabelo. Hangata bacha bana ha ba e-s’o ele ’nete hloko. E ka ’na eaba batsoali ba bona ba ’nile ba hana molaetsa ’me ba ba ba bua hampe ka oona. Empa joale bacha bana ba hōlile ka ho lekaneng ho nahana ka ho teba ka maemo a lefatše, ka bokamoso, le ka morero oa bona bophelong. Le bona ba hloka ho rapela lebitso la Jehova haeba ba tla bolokeha. Empa “ba tla lumela joang ho eo ba sa kang ba utloa litaba tsa hae?” (Ba-Roma 10:14) Mabakeng a mangata bacha bana le batho ba seng ba tiile baa arabela ’neteng, kahoo ho hlokahala hore re ba batle ’me re ba bolelle.
12. Ho tsoela pele ha rōna mosebetsing oa boboleli ke pontšo ea mohau oa Jehova joang?
12 ’Nete ea hore tsela e sa ntsane e bulehile bakeng sa ho bolela ke pontšo ea mohau oa Jehova. Moapostola Petrose oa ngola: “Morena ha a liehise lipallo tsa hae, joale ka ha ba bang ba lekanya hobane tieho e teng; empa o sa mameletse ka baka la rōna; hobane ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong. ’Me le lemohe hobane mamello ea Morena oa rōna, ke poloko.” (2 Petrose 3:9, 15) Takatso ea Jehova ea hore batho ba mefuta eohle ba bolokehe ha ea bontšoa feela ka hore ka mamello a fane ka nako pele a liha kahlōlo empa le ka ho tsoela pele a ipiletsa ho batho hore ba retelehele ho eena ’me ba bolokehe. (1 Timothea 2:4) Ha re tsoela pele ho bolela litaba tse molemo, re phahamisa mohau oa Molimo, ’me ka tsela ena rea mo rorisa.
Ho Qoba Molato oa Mali
13, 14. (a) Mosebetsi oa rōna oa boboleli o ka bapisoa le mosebetsi oa seboholi joang, joalokaha ho boletsoe boprofeteng ba Ezekiele? (b) Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka re o ne a ‘se na molato maling a batho bohle,’ ’me Lipaki tsa Jehova li ka bolela see ha ho le joang feela kajeno?
13 Boikarabelo ba Lipaki tse ineetseng tsa Jehova ba ho lemosa batho ka kahlōlo e tlang ea Molimo bo ka bapisoa le ba Ezekiele mehleng ea hae. O ne a khethetsoe ho ba seboholi sa ntlo ea Iseraele. Kabelo ea hae e ne e le ho lemosa Baiseraele hore ba ne ba tleloa ke kahlōlo haeba ba ne ba ke ke ba furalla litsela tsa bona tse mpe. Haeba eena joaloka seboholi a ne a hlōleha ho hoeletsa temoso, kahlōlo e ne e ntse e tla tlela batho ba khopo, empa mali a bona a ne a tla ba hloohong ea seboholi se bohlasoa. Ka tsela ena Jehova o bontša boikutlo ba hae mabapi le ho liha kahlōlo: “Ha ke khahloe ke lefu la molotsana, ke khahloa ke molotsana ha a baka mokhoeng oa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekhoeng e mebe ea lōna! Le rata ho shoa ka baka la’ng, lōna ntlo ea Iseraele?”—Ezekiele 33:1-11.
14 Moapostola Pauluse o ile a lumela boikarabelo ba hae joaloka seboholi, a bolella baholo ba tsoang Efese: “Ka baka leo, ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato maling a lōna bohle.” O ne a ka rialo hobane’ng? O tsoela pele: “Hobane ha kea ka ka tsoafa ho le bolella morero oohle oa Molimo.” (Liketso 20:26, 27) Hoa tšoana le ka sehlopha sa seboholi kajeno, masala a balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste. Bana kaofela, ’moho le metsoalle ea bona e kaholimo ho limillone tse tharo e nang le tšepo ea ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho le ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng, ba tlameha hore le ka mohla ba se khoehlise boboleling ba evangeli ea ’Muso oa Molimo le ho lemoseng ka ho lihoa ho tlang ha kahlōlo ea hae. Ka tsela ena ba qoba molato oa mali.
15. Ho latela Ezekiele khaolo ea 9, ke bo-mang ba neng ba tšoauoa, ’me ke bo-mang ba neng ba tšoaea?
15 Mosebetsi oa boboleli kajeno o ile oa hlalosoa ka mokhoa oa boprofeta ho Ezekiele khaolo ea 9. Mona Jehova o ne a rerile ho fana ka kotlo holim’a motse oa Jerusalema. Pele ho lihoa kahlōlo eo, monna ea apereng line ea nang le lenaka la mongoli lethekeng la hae o bolelloa hore a pholletse ka motse le ho bea letšoao liphatleng tsa bohle ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang moo. Ha mosebetsi ona oa ho tšoaea o phethiloe, bohle ba ne ba tla timetsoa motseng ha e se ba tšoaetsoeng pholoho. Ha a phethile mosebetsi oa hae oa ho tšoaea ka katleho, monna eo a tlaleha: “Ke entse kamoo u ntaetseng kateng.” (Ezekiele 9:11) O ile a phetha kabelo ea hae ka botšepehi ho isa qetellong.
16. (a) Monna ea apereng line o tšoantšetsa bo-mang kajeno? (b) Tseko ea ho phahamisoa ha bobusi ba Jehova e re susumetsa joang ho tsoela pele re bolela?
16 Monna ea apereng line o tšoantšetsa masala a tlotsitsoeng a balateli ba Kreste, ’me a kopane le “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling.” Tseko e khōlō kajeno, joaloka mehleng ea Ezekiele, ke ho phahamisoa ha bobusi ba Jehova. Mabapi le bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho ea hona joale ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle, Jehova o re: “’Me lichaba li tla tseba hoba ke ’na Jehova.” (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; Ezekiele 39:7) Hore lichaba li tsebe sena, ke tlamo hore bahlanka bohle ba Jehova ba lefatšeng ba tsoele pele ho bolela lebitso la hae le morero oa hae e le bopaki ho lichaba tsohle.
17, 18. (a) Ho tsoela pele ha rōna re bolela ho re thusa joang ho re boloka re falimehile? (b) Ke tlaleho efe eo bohle kaofela re batlang ho e etsa ho Jehova ha a tlisa mosebetsi oa boboleli sephethong sa oona, ’me re ka etsa sena feela ka tsela efe?
17 Ka ho tsoela pele boboleling ba Evangeli ea ’Muso, rōna ka borōna re ipoloka re falimehile. Re lula re le seli ka bohlokoa ba lebitso la Jehova le morero oa hae. Haeba re khoehlisa, re ka lahleheloa ke tšepo ea rōna ea ’Muso e tla fokola, ’me re ka hoholoa ke “lipelaelo le maruo le menyaka ea bophelo bona . . . eaba ha ho letho leo re le etsang le phethehileng.” (Luka 8:14, NW) Ka ho mamella ka cheseho ho phatlalatseng “evangeli,” re latela ka botšepehi litaelo tsa Morena oa rōna, Jesu Kreste: “Iponeleng, le falimehe, ’me le rapele, hobane ha le tsebe mohla e tla ba nako. Seo ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!”—Mareka 13:10, 33, 37.
18 Joale, kaofela ha rōna a re ke re qophelleng ho batla ‘ba bobolang’ hafeela Jehova a ntse a fana ka nako bakeng sa hoo. E se eka kaofela ha rōna, e bang re masala a tlotsitsoeng, kapa “linku tse ling,” re ka tšepahala ho phetheng kabelo ea rōna ea ho bolela Evangeli ea ’Muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle. (Mattheu 24:14) Ha Jehova ka boeena a tlisa mosebetsi ona sephethong sa oona ka ho qala “mahlomola a maholo,” e se eka e mong le e mong oa rōna a ka khona hore a re ho Jehova, ‘Re entse kamoo u re laetseng kateng.’—Bapisa Ezekiele 9:11.
Na u sa Hopola?
◻ Litholoana li bontša eng ka boboleli ba rōna?
◻ Mabaka a mang ao ka ’ona re lokelang ho tsoela pele re bolela ke afe?
◻ Boboleli ba rōna ke pontšo ea mohau oa Jehova joang?
◻ Re ka ipoloka re se na molato maling a batho bohle joang?
◻ Boboleli ba rōna bo re thusa joang ho ipoloka re falimehile?
[Chate e leqepheng la 28]
LITHOLOANA TSA BOBOLELI KAMOR’A LILEMO TSE SUPILENG
Lenane la Ba Ba Bileng Teng Lenane la Lithuto
Kolobelitsoeng Sehopotsong tsa Bibele
1981 119 836 5 987 893 1 475 177
1982 138 540 6 252 787 1 586 293
1983 161 896 6 767 707 1 797 112
1984 179 421 7 416 974 2 047 113
1985 189 800 7 792 109 2 379 146
1986 225 868 8 160 597 2 726 252
1987 230 843 8 965 221 3 005 048