Pina ea 85
Jehova Qhobosheane ea Rōna
1. Jehova ke tširelo,
Re tšepile eena.
Moriti oa Molimo
Oa re sireletsa.
Re tšoasolla k’eena kotsing,
Lefung la seoa le sefing.
Jehova setšabelo
Sa ba lakatsang ho loka.
2. Likete li ka shoela
Haufi le uena,
U ke ke ua bolaoa;
Le kotsi ua’e phema.
Ha ho bobe bo ka’u hlōlang
Le kotsi e ka’u hlaselang.
Hobane u tla lula
Moriting oa mapheo a Jah.
3. Ha ho na seoa se tla
U oela holimo
Hobane u lebetsoe
Ke ’Mōpi ka tieo.
U tla hatella taoana,
U hatakele le noha.
U ke ke ua lahleha
Ha u tšepile Molimo.
4. Rorisa Jah Molimo
Oa rōn’a lokileng.
Re joetse batho ntho tseo
A li tšepisitseng.
Re tla ineela ka pelo;
Re pholosoa ke Molimo.
Jehova ke tširelo,
E, le qhoboshean’e tiileng.