Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gm khao. 14 maq. 184-189
  • Bibele le Uena

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele le Uena
  • Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Amohela Thuso
  • Sebelisa Keletso ea Bibele
  • Amohela Matla a Eona a ho Laela
  • Ha ho Motho ea Phethahetseng
  • Phela ka Lentsoe la Molimo
  • Lentsoe la Molimo ke ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Tšoara Lentsoe la Molimo ka Tieo
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Mohloli o Phahameng oa Bohlale
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
Bala Tse Ling
Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
gm khao. 14 maq. 184-189

Khaolo 14

Bibele le Uena

Bahlahlobisisi ba kajeno ba bolela hore Bibele ha e lumellane le mahlale e bile e-ea ikhanyetsa, le hore ke pokello ea litšōmo feela. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o itse: “Lentsoe la hao [Molimo] ke ’nete.” (Johanne 17:17) Bopaki bo tšehetsa Jesu ho fapana le bahlahlobisisi. Linnete li bontša hore Bibele e na le histori ea ’nete. Ho feta moo, tumellano ea eona e tsotehang, boprofeta ba eona ba ’nete, bohlale ba eona bo tebileng, matla a eona a nang le tšusumetso e molemo bophelong ba batho kaofela li bontša hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le ngotsoeng. Joalokaha moapostola Pauluse a ngotse: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”—2 Timothea 3:16, “NW.”

1. (Akarelletsa kenyelletso.) (a) Linnete li paka eng ka Bibele? (b) ’Nete ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo le bululetsoeng e na le moelelo ofe?

’NETE ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, eseng la motho, e na le moelelo o tebileng. E bolela hore kannete Molimo o butse mocha oa ho tsebisa batho litaba. O arabetse lipotso tsa rōna tse ngata ’me o bontšitse tharollo ea mathata a rōna a mangata. Hape e bolela hore litebello tsa bokamoso bo hlalositsoeng ka Bibeleng ke tsa ’nete. Kannete ’Muso oa Molimo oa busa ’me ka mor’a nako o tla nka khato ea ho tlosa ho hloka toka, khatello, le mahlomola ’ohle lefatšeng lena.

2. Tsebo ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo e lokela ho u susumelletsa ho etsa joang?

2 Joale, potso ke ena: U tla etsa eng ka boitsebiso bona? Bonyane, tsebo ea hore Bibele ke Lentsoe la Molimo e lokela ho u khothalletsa ho e hlahloba. Mopesaleme o tšepisitse ba etsang joalo thabo ha a ngola: “Ho thabile motho ea sa kang a tsamaea keletsong ea ba khopo . . . empa thabo ea hae e molaong oa Jehova, ’me o bala molaong oa hae ka lentsoe le tlaase motšehare le bosiu.”—Pesaleme ea 1:1, 2, NW.

Amohela Thuso

3, 4. (a) Joalokaha Bibele ka boeona e bontša, re lokela ho etsa joang ha re fumana lintho tseo re sa li utloisiseng ka Bibeleng? (b) Ke bo-mang bao ka mehla ba ikemiselitseng ho thusa batho ho utloisisa Bibele hamolemonyana?

3 Mohlomong ha u ntse u bala Bibele, u tla fumana lintho tseo u sa li utloisiseng. (2 Petrose 3:16) Ketsahalo e tlalehiloeng bukeng ea Bibele ea Liketso e bontša hore sena se lokela ho lebelloa. Kapele ka mor’a lefu la Jesu, Moethiopia e mong o ne a ntse a bala boprofeta ba buka ea Bibele ea Esaia. Moevangeli oa Mokreste Filippi o ile a kopana le monna enoa ’me a botsa: “Na u utloisisa seo u se balang na?” Moethiopia eo o ne a sa se utloisise, kahoo o ile a mema Filippi hore a mo thuse ho se utloisisa.—Liketso 8:30, 31.

4 ’Mè e mong oa United States o ne a le boemong bo tšoanang. O ne a bala Bibele ka mehla, empa ho ne ho e-na le lithuto tsa bohlokoa tsa Bibele tse ngata tseo a neng a sitoa ho li utloisisa ’malong oa hae a le mong. E bile feela ha a buisana le Lipaki tsa Jehova a ileng a ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele, ho akarelletsa bohlokoa ba ’Muso oa Molimo le mahlohonolo a mangata ao ’Muso o tla a tlisetsa batho. Haeba u li mema, Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ka ho tšoanang e le hore u ka utloisisa hamolemonyana seo u se balang ka Bibeleng.

Sebelisa Keletso ea Bibele

5. Ho latela Bibele, tsela e tlisang thabo ke efe?

5 Ha re khothalletsoe ho bala Bibele feela empa hape le ho nka khato ka seo re se balang. (Pesaleme ea 119:2) Ho phaella moo, Bibele e-ea khothatsa: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo! Ho lehlohonolo motho ea tšabelang ho eena!” (Pesaleme ea 34:8) Ha e le hantle, e re memela hore re leke Molimo. Leka ho phela ka melao-motheo ea Molimo, u bontše hore u tšepa hore Molimo o tseba se molemohali bakeng sa hao. Ke feela ha u etsa joalo u tlang ho bona hore ruri ena ke tsela e nepahetseng. Ba tšepang Molimo joalo kannete ba thabile.

6. Na ho leka ho phela ka litekanyetso tsa Bibele hoa sebetsa kajeno? Hlalosa.

6 Ba bang ba bolela hore ha ho motho ea ka phelang ka melao-motheo ea Bibele lefatšeng lena le se nang botšepehi, le boitšoaro bo bobe, le mabifi. Empa, ’nete ke hore ba bangata ba phela ka eona. Ke bo-mang? Mohlankana e mong Afrika o ile a fumana sehlopha sa batho ba joalo. O ngotse: “Ka lilemo tse seng kae tse fetileng ke ’nile ka hlokomela hore mona Zimbabwe ke lōna, Lipaki tsa Jehova, bao kannete le lekang ho latela mohlala oa Kreste ka boeena . . . Ho fihlela joale, ke lōna feela sehlopha se atlehileng ho nkholisa ka lerato la Molimo le matla a evangeli ea Oona, ka bophelo ba lōna eseng ka lipuo le mengolo feela. Le phela ka evangeli e bile lea e bolela ha batho ba bangata-ngata, ba bolela evangeli feela empa ba sa phele ka eona.”

Amohela Matla a Eona a ho Laela

7. Ke mekhoa efe e tloaelehileng kajeno e khahlanong le seo Bibele e se bolelang?

7 Moapostola Pauluse o boletse hore Bibele e “molemo bakeng sa ho ruta, bakeng sa ho laea, bakeng sa ho otlolla lintho.” (2 Timothea 3:16, NW) Leha ho le joalo, ka linako tse ling seo Bibele e se buang ha se ratoe. Ka mohlala, Bibele e nyatsa liketso tsa bosodoma, empa bosodoma bo talingoa ka ho pharalletseng e le mokhoa oa bophelo o amohelehang. (Ba-Roma 1:24-27; 1 Ba-Korinthe 6:9-11; 1 Timothea 1:9-11) Hape Bibele e bolela hore bophelo ba lesea le e-s’o tsoaloe ke ba bohlokoa ’me ha boa lokela ho timetsoa ka boomo, empa lefatšeng ka bophara ho ntšoa limpa tse ka bang limillione tse 50 selemo se seng le se seng. (Exoda 21:22, 23, NW; Pesaleme ea 36:9; 139:14-16; Jeremia 1:5) Ho thoe’ng haeba rōna ka bomong re ho fumana ho le thata ho amohela seo Bibele e se bolelang litabeng tse joalo?

8, 9. Ha qalong re ho fumana ho le thata ho amohela ntlha e itseng ka Bibeleng, re lokela ho hopola eng, ’me ke litekanyetso tsa mang tseo re lokelang ho li amohela ka mehla?

8 Koana, Bakreste ba ithutile hore ka mehla ho bohlale ho latela Lentsoe la Molimo. Hobane’ng? Hobane qetellong, ho latela seo Bibele e se bolelang ka mehla ho tlisetsa e mong le e mong se molemohali. (Liproverbia 2:1-11) ’Nete ke hore batho ba fokola haholo ntlheng ea bohlale. Ke ka seoelo ba ka bonang esale pele liphello tsa ho qetela tsa liketso tsa bona. Moprofeta Jeremia o ile a lumela: “Oho! Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”—Jeremia 10:23.

9 Sohle seo re lokelang ho se etsa ke ho talima se re pota-potileng ho bona hore qeto ena e nepahetse. Boholo ba mathata a hlaselang lefatše ke liphello tse tobileng tsa ho se latele ha batho keletso ea Lentsoe la Molimo. Histori e telele, e tletseng likhathatso ea batho e bontšitse hore batho ba ke ke ba iketsetsa liqeto ka katleho litabeng tsa boitšoaro. Molimo o na le bohlale bo fetang ba rōna ka tsela e ke keng ea lekanngoa. Ke hobane’ng ha re ke ke ra amohela seo o se bolelang, ho e-na le ho itšetleha ka bohlale ba rōna?—Liproverbia 28:26; Jeremia 17:9.

Ha ho Motho ea Phethahetseng

10, 11. (a) Ke linnete life tse mabapi le tsela eo re entsoeng ka eona le lefatše leo re phelang ho lona tse hlahisang mathata ha re leka ho phela ka litekanyetso tsa Bibele? (b) Bibele e re khothalletsa ho batla ho kopana hammoho le batho ba mofuta ofe, ’me ke hokae moo re ka kopanang le batho ba joalo?

10 Bibele e re hlokomelisa karolo e ’ngoe eo re hlokang thuso ho eona. Kaofela re futsitse tšekamelo ea sebe. “Mehopolo ea motho e . . . mebe le bocheng ba hae.” (Genese 8:21; Ba-Roma 7:21) Bothata bona bo eketsoa ke ’nete ea hore re phela lefatšeng le sa lateleng melao-motheo ea Bibele. Kahoo, ha re hloke thuso ea ho utloisisa Bibele feela empa hape le ea ho sebelisa lintho tseo re ithutang tsona. Ke ka hona Bibele e re khothalletsang ho kopana hammoho le ba bang ba lakatsang ho phela ka litekanyetso tsa Molimo. Mopesaleme o ngotse: “Ke hloile mokhatlo oa ba bolotsana, ha ke lulisane le batho ba babe. . . . Ke tla roka Jehova liphuthehong.” ’Me pesaleme e ’ngoe e re: “Ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!”—Pesaleme ea 26:5, 12; 133:1.

11 Ho kopana hammoho ke karolo ea bohlokoahali ea borapeli bakeng sa Lipaki tsa Jehova. Li na le liboka tse ’maloa beke e ’ngoe le e ’ngoe, hammoho le likopano tse tšoaroang nako le nako, moo li ithutang Bibele teng hammoho ’me li buisana kamoo melao-motheo ea eona e sebetsang kateng bophelong ba tsona. Li etsa “mokhatlo oa baena” oa lefatše ka bophara oo ho oona e mong le e mong a khothalletsoang a bileng a thusoang ho boloka litekanyetso tsena tse phahameng tsa Bibele. (1 Petrose 2:17, NW) Ke hobane’ng ha u sa ee ho se seng sa liboka tsa tsona ’me u bone hore na le uena mokhatlo o joalo oa batho o ka u thusa joang?—Ba-Heberu 10:24, 25.

Phela ka Lentsoe la Molimo

12. Ke mahlohonolo afe a tlisoang ke ho tseba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

12 Kahoo, ho tseba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo ho tlisa mahlohonolo le boikarabelo. Re hlohonolofalitsoe hobane re fumana tataiso e ke keng ea fumaneha sebakeng se seng bakeng sa boitšoaro ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ho feta moo, re ithuta ka lerato la Molimo ha o fana ka Mora oa oona ho re lopolla e le hore re ka ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16) Rea hlokomela hore joale Jesu o busa e le Morena le hore haufinyane o tla nka khato ea ho tlosa bokhopo lefatšeng. ’Me ka kholiseho re ka letela “maholimo a macha le lefatše le lecha” tse lokileng tseo Molimo ka booona o li tšepisitseng.—2 Petrose 3:13.

13. Ke boikarabelo bofe bo oelang holim’a rōna ha re amohela Bibele e le Lentsoe la Molimo?

13 Empa, hopola hore re na le boikarabelo ba ho ithuta Bibele le ho tebisa seo e se bolelang pelong. Molimo ka booona oa phehella: “Mora oa ka, u se ke ua lebala thuto tsa ka, pelo ea hao e ke e boloke likeletso tsa me.” (Liproverbia 3:1) Esita le haeba ba bangata ba talima Bibele e le lentsoe la motho feela, ka sebete re lokela ho etsa hore “’nete e be ea Molimo, ’me batho bohle ba be leshano.” (Ba-Roma 3:4) Lumella bohlale ba Molimo ho tataisa bophelo ba hao. “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle . . . U mo kenye mererong ea hao eohle.” (Liproverbia 3:5, 6) Ho utloa Lentsoe la Molimo ka bohlale ka tsela ena ho tla ama bophelo ba hao ka tšusumetso e molemo hona joale esita le ka ho sa feleng.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 187]

Ha rea lokela ho bala Bibele feela empa hape re lokela ho nka khato ka seo re se balang

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 188]

Ho latela seo Bibele e se bolelang ka mehla ho tlisa se molemohali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela