Pina ea 223
Ba Tšepahalang ho Uena Ba Tla U Boka
1. Ba tšepehang ba tla’u roka,
Jehov’a re ratang.
Ba bolela tseo u li’entseng,
Tse khōlō, tse hlollang.
U holimo-limo,
U phahame haholo.
Mehopolo ea hao
E phahametse ea batho.
Ba tšepehang ba tla bina
Ke thabo ea pelo.
Ba ea bathong ho ba ruta
Ntho tsena tse khōlō.
2. Molim’o ile oa khetha
Molok’o sa leng teng
Ho ba oona o tsebisang
Ka tseo o li entseng.
Sehlopha sa oona
Se sa fepa ‘nku tse ling’
Tseo Molis’a tsona
Kreste a li hlokometseng.
E le tse tšepehang tsa hao,
Li u roka hohle.
Li nyakaletse haholo,
Lia u boka ’Mōpi.
3. Molimo Jah o molemo,
Eo ke ’nete feela.
Ka Mor’a hae ea re shoetseng
O tla re pholosa.
O’a lieha khalefong.
Batšepehi baa tseba.
Re thabela hore
O rata ho ba le rōna.
O’a re thusa ha re khopjoa,
’Me o’a re kholisa.
Rea u leboha Jehova
Hobane u mosa.