Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 163-166
  • Buka ea Bibele ea 36—Sofonia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 36—Sofonia
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA SOFONIA
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • “Ntebelleng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • “Matsoho a Hao a se ke a Tepella”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Sofonia
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 163-166

Buka ea Bibele ea 36​—Sofonia

Mongoli: Sofonia

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Juda

Ho Ngoloa ho Phethiloe: Pele ho 648 B.C.E.

1. (a) Ke hobane’ng ha molaetsa oa Sofonia o ne o loketse mehleng ea hae? (b) Moelelo oa lebitso la hae o ile oa tšoanela boemo joang?

QALONG ea puso ea Morena Josiase oa Juda (659-629 B.C.E.), nakong eo borapeli ba Baale bo neng bo ata haholo ’me “baprista ba molimo osele” ba ne ba etella pele borapeling bona bo sa hloekang, batho ba Jerusalema e tlameha e be ba ile ba makatsoa ke molaetsa o phatlalatsoang ke moprofeta Sofonia. Le hoja e ka ’na eaba e ne e le setloholo sa Morena Ezekiase oa ntlo ea borena ea Juda, Sofonia o ne a nyatsa ka thata haholo maemo sechabeng. (Sof. 1:1, 4, NW) Molaetsa oa hae e ne e le oa kahlolo. Batho ba Molimo ba ne ba fetohile ba sa utloeng, ’me ke Jehova feela ea neng a ka ba khutlisetsa borapeling bo hloekileng le ho ba hlohonolofatsa e le hore ba ka mo sebeletsa e le ba “tumileng le ba rorisoang har’a lichaba tsohle tsa lefatše.” (3:20) Sofonia o ile a totobatsa hore ke feela ka ho kenella ha bomolimo motho a ka ‘patoang tsatsing la bohale ba Jehova.’ (2:3) Lebitso la hae ke le tšoanelehang hakaakang Tsephan·yahʹ (Seheberu), le bolelang “Jehova O Patile (Ipoloketse)”!

2. Boiteko ba Sofonia bo ile ba hlahisa litholoana joang, empa ke hobane’ng ha e ne e le tsa nakoana feela?

2 Boiteko ba Sofonia bo hlahisitse litholoana. Morena Josiase, ea ileng a hloella teroneng a le lilemo li robeli, o ile a qala ho “hloekisa Juda le Jerusalema” ka selemo sa bo12 sa puso ea hae. O ile a ntša borapeli ba bohata ka metso, a lokisa “ntlo ea Jehova,” ’me a boela a hloma mokete oa Paseka. (2 Likron., likhao. 34, 35) Leha ho le joalo, liphetoho tsa Morena Josiase e ne e le tsa nakoana feela, hobane o ile a hlahlangoa ke bara ba hae ba bararo le e mong oa litloholo tsa hae, bao kaofela ba ileng ba “etsa ho leng hobe mahlong a Jehova.” (2 Likron. 36:1-12) Sena kaofela e ne e le phethahatso ea mantsoe a Sofonia: “Ke tla khalemela mahosana le bara ba morena le . . . ba tlatsang ntlo ea morena oa bona ka tse hapiloeng ka bohoroso le ka thetso.”—Sof. 1:8, 9.

3. Sofonia o ile a profeta neng hona e le hokae, hona buka ee e na le molaetsa ofe o habeli?

3 Ho latela se ka holimo ho bonahala hore ‘lentsoe la Jehova le ile la tlela Sofonia’ nakoana pele ho 648 B.C.E., selemo sa bo12 sa Josiase. Hase feela hore temana ea pele e mo khetholla e le ea buang a le Juda empa tsebo e qaqileng eo a e bontšang ea lintho tsa moo le litloaelo tsa Jerusalema li buella hore o ne a lula Juda. Molaetsa o fuperoeng ke buka ena o habeli, oa tšosa hape oa tšelisa. Boholo ba oona o likoloha letsatsing la Jehova, letsatsi le tšosang le haufi, empa ka nako e tšoanang, o bolela esale pele hore Jehova o tla tsosolosa batho ba ikokobetsang bao “ha e le hantle ba tšabelang lebitsong la Jehova.”—1:1, 7-18; 3:12, NW.

4. Ke eng e pakang hore buka ea Sofonia ke ea ’nete le hore e bululetsoe ke Molimo?

4 Bonnete ba buka ena ea boprofeta bo ke ke ba hanyetsoa ka katleho. Jerusalema e ile ea timetsoa ka 607 B.C.E., lilemo tse fetang 40 ka mor’a hore Sofonia a ho bolele esale pele. Hase feela hore ho na le polelo ea histori ea lefatše bakeng sa sena empa Bibele ka boeona e fupere bopaki bo ka hare ba hore sena se etsahetse hantle joalokaha Sofonia a profetile. Hang ka mor’a hore Jerusalema e timetsoe, Jeremia o ile a ngola buka ea Lillo, a hlalosa masisa-pelo ao a a boneng, a sa ntsane a hlakile kelellong ea hae. Ha ho bapisoa, lirapa tse ’maloa li paka hore molaetsa oa Sofonia ka sebele o “bululetsoe ke Molimo.” Sofonia o lemosa ka hore ho hlokahala pako “ha ho e-so ho tle holim’a lōna ho tuka ha bohale ba Jehova,” athe Jeremia o bua ka ho hong ho seng ho etsahetse ha a re, “Jehova . . . o tšolotse bohale bo chesang ba hae.” (Sof. 2:2; Lillo 4:11) Sofonia o bolela esale pele hore Jehova o “tla bea batho tlokotsing ’me ba tla tsamaea joale ka lifofu . . . mali a bona a tla tšolloa joale ka lerōle.” (Sof. 1:17) Jeremia o bua ka sena e le taba e finyelletsoeng: “Ba ’nile ba lika-lika joale ka lifofu mapatlelong, ba itšilafalitse ka mali.”—Lillo 4:14; bapisa le Sofonia 1:13—Lillo tsa Jeremia 5:2; Sofonia 2:8, 10—Lillo tsa Jeremia 1:9, 16 le 3:61.

5. Histori e bontša joang hore boprofeta ba Sofonia bo ile ba phethahatsoa ka nepo?

5 Ka ho tšoanang histori e tlaleha ka ho timetsoa ha lichaba tsa bohetene, Moabe le Ammone hammoho le Assyria, ho akarelletsa le motse-moholo oa eona Ninive, feela joalokaha Sofonia a ile a bolela esale pele ka taelo ea Molimo. Joalokaha moprofeta Nahume a boletse esale pele ho ho timetsoa ha Ninive (Nah. 1:1; 2:10), Sofonia le eena o ile a phatlalatsa hore Jehova o tla ‘fetola Ninive nahathothe le sebataolo se joale ka lefeella.’ (Sof. 2:13) Timetso ena e ne e le e feletseng hoo lilemo tse ka bang 200 hamorao, rahistori Herodotus a ileng a ngola ka Tigris e le “nōka eo motse oa Ninive o neng o lutse holim’a eona pele.”a Hoo e ka bang ka 150 C.E. mongoli oa Mogerike Lucian o ile a ngola hore “ha ho na le moneketsela oa eona o setseng hona joale.”b The New Westminster Dictionary of the Bible (1970), leqephe 669, e bolela hore mabotho a futuhang “a ile a thusoa haholo ke ho tlala ha tšohanyetso ha Tigris, e ileng ea tlosa karolo e khōlō ea lerako la motse ’me ea etsa hore sebaka seo e be se sa sireletsehang. . . . Thipitlo eo e ne e feletse hoo mehleng ea Greece le Roma Ninive e ileng ea batla e tšoana le tšōmo. Ha karolo e khōlō ea motse oo e ne e ntse e tsetelehile tlas’a litutulu tsa lithōle.” Leqepheng la 627 moqolo o tšoanang o bontša hore Moabe le eona e ile ea timetsoa joalokaha ho ne ho profetiloe: “Nebukadnezare o ile a hlōla Bamoabe.” Josephus le eena o tlaleha ka ho hlōloa ha Ammone.c Bamoabe le Baammone qetellong ba ile ba khaotsa ho ba teng e le sechaba.

6. Joale ke hobane’ng ha Sofonia e fumana sebaka se loketseng libukeng tsa Bibele?

6 Ka mehla Bajode ba ’nile ba fa Sofonia sebaka sa eona se e loketseng libukeng tsa molao tsa Mangolo a bululetsoeng. Liphatlalatso tsa eona tse boletsoeng ka lebitso la Jehova li phethahalitsoe ka ho hlokomelehang, thorisong ea Jehova.

LITABA TSE KA HARE TSA SOFONIA

7. Letsatsi le leholo la Jehova le tla bolela eng ho lira tsa hae?

7 Letsatsi la Jehova le haufi (1:1-18). Buka ena e qala ka ho hlokomelisa ka timetso. “Ke ea tlosa, ke tlosetse ruri tsohle tse holim’a lefatše, ho bolela Jehova.” (1:2) Ha ho letho le tla pholoha, motho kapa phoofolo. Barapeli ba Baale, baprista ba molimo osele, barapeli ba rapellang ka holim’a marulelo ba maholimo, ba kopanyang borapeli ba Jehova le ba Malkome, ba ikhulang ho Jehova, le ba sa thahaselleng ho mo batla—kaofela ba tlameha ho fela. Moprofeta oa laela: “Thōlang pel’a Morena Jehova! hobane letsatsi la Jehova le atametse.” (1:7) Jehova ka boeena o lokisitse sehlabelo. Mahosana, ba mabifi, bathetsi, le ba qea-qeang lipelong—kaofela ho tla sebetsanoa le bona. Leruo la bona le matlotlo a bona li tla etsoa lefeela. Letsatsi le leholo la Jehova le haufi! “Ke tsatsi la khalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la matsoalo, ke tsatsi la tšenyo le la tšenyeho, ke tsatsi la lefifi le la botšo, ke tsatsi la maru le la lefifi le letšo!” Mali a ba etsetsang Jehova sebe a tla tšolloa joaloka lerōle. “Leha e le silevera ea bona, leha e le gauda ea bona, li ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la khalefo ea Jehova.” Mollo oa cheseho ea hae o tla qeta lefatše kaofela.—1:15, 18.

8. (a) Tšireletso e ka fumanoa joang? (b) Ke bomalimabe bofe bo phatlalletsoang lichaba?

8 Batla Jehova; lichaba tse tla timetsoa (2:1-15). Pele letsatsi leo le feta joale ka mooko, ba bonolo a ba ke ba ‘batle Jehova, ba batle ho loka, ba batle le boikokobetso,’ ’me mohlomong ekaba le ka tšoha le “patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” (2:3) Polelo ea Jehova e tsoela pele, e phatlalatsa bomalimabe naheng ea Bafilista, eo hamorao e tlang ho ba “naha ea masala a ntlo ea Juda.” Moabe le Ammone tse ikhohomosang li tla ripitloa joaloka Sodoma le Gomorrha “hobane ba nyefotse, ’me ba ikhohomositse holim’a sechaba sa Jehova oa makhotla.” Melimo ea bona e tla fela le bona. (2:7, 10) “Sabole” ea Jehova e tla boetse e bolaee Baethiopia. Ho thoe’ng ka Assyria, le motse-moholo oa eona Ninive, e ka leboea? E tla fetoha lefeella le nyopileng le letsaba la liphoofolo tse hlaha, e, ‘ntho e makalloang,’ hoo ‘Bo-mofeta-ka-tsela ba tla letsa mololi’ ka ho makala.—2:12, 15, BPN.

9. (a) Ke hobane’ng ha le ho Jerusalema e le malimabe, hona qeto ea boahloli ea Jehova ke efe holim’a lichaba? (b) Boprofeta bo qetella ka tlhaloso efe e thabisang?

9 Jerusalema ea lerabele e biletsoa ho tla ikarabella; masala a ikokobelitseng a hlohonolofatsoa (3:1-20). Jerusalema, motse oa borabele le o hatellang, le ho eona ke malimabe! Mahosana a eona, “tau tse purumang,” le baprofeta ba oona, “banna ba tletseng bolotsana,” ha ba ka ba tšepa Molimo oa oona, Jehova. O tla ba biletsa hore ba ikarabelle ka ho felletseng. Na baahi ba eona ba tla tšaba Jehova ’me ba amohele taeo ea hae? Che, hobane “ba hahamala ho ea pele, ba eketsa ketso tse bolileng tsa bona.” (3:3, 4, 7, BPN) Ke qeto ea Jehova ea boahloli ho bokella lichaba le ho tšollela khalefo ea hae e tukang holim’a tsona, ’me lefatše lohle le tla qetoa ke mollo oa cheseho ea hae. Empa, ho na le tšepiso e babatsehang! Jehova o tla “fa lichaba ho fetohela puong e hloekileng, e le hore kaofela ba ka bitsa lebitso la Jehova, e le hore li ka mo sebeletsa lehetla le bapile le lehetla.” (3:9, NW) Ba iphahamisang ka boikhohomoso ba tla tlosoa, ’me masala a ikokobelitseng a etsang ho loka a tla fumana setšabelo lebitsong la Jehova. Meluluetso, litlatse, thabo le nyakallo li utloahala Sione, hobane Jehova Morena oa Iseraele o har’a bona. Ena hase nako ea ho tšaba kapa ea ho tepella, hobane Jehova o tla pholosa le ho ba nyakallela ka lerato la hae le ka thabo ea hae. “Hobane ke tla le etsa ba tumileng le ba rorisoang har’a lichaba tsohle tsa lefatše, mohla ke khutlisang baholehuoa ba lōna pel’a mahlo a lōna, ho bolela Jehova.”—3:20.

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

10. Boprofeta ba Sofonia bo bile le molemo ofe mehleng ea Morena Josiase?

10 Ha e le Morena Josiase, o ile a ela hloko molaetsa o lemosang oa Sofonia ’me a rua molemo o moholo ho oona. O ile a kena phutuhong e khōlō ea phetoho ea bolumeli. Hona ho ile ha boela ha hlahisa buka ea Molao leseling, e neng e lahlehile ha ntlo ea Jehova e oela ho se lokisoeng. Josiase o ile a soaba haholo ha a utloa a balloa buka ena ka litholoana tsa ho se utloe, e neng e tiisa ka molomo oa paki e ’ngoe, Moshe, seo Sofonia a ’nileng a se profeta nako ena kaofela. Joale Josiase a ikokobetsa ka pel’a Molimo, ka phello ea hore Jehova a mo tšepise hore timetso e boletsoeng esale pele e ne e ke ke ea tla mehleng ea hae. (Deut., likhao. 28-30; 2 Mar. 22:8-20) Naha eo e ile ea bolokoa tlokotsing! Empa e seng halelele, hobane bara ba Josiase ba ile ba hlōleha ho latela mohlala o motle oo a o beileng. Leha ho le joalo, ha e le Josiase le batho ba hae, ho ela ha bona hloko “lentsoe la Jehova le neng le tlele Sofonia” ho ile ha ipaka ho le molemo haholo ka sebele.—Sof. 1:1.

11. (a) Sofonia e amana joang le Thuto ea Thabeng le lengolo la Pauluse le eang ho Baheberu ha ho fanoa ka keletso e utloahalang? (b) Ke hobane’ng ha Sofonia a re “ekaba le ka tšoha le patoa”?

11 Thutong ea hae e tummeng ea Thabeng, Kreste Jesu, moprofeta e moholohali oa Molimo, o ile a tšehetsa Sofonia e le moprofeta oa ’nete oa Molimo ka ho bua mantsoe a batlang a tšoana haholo le a keletso ea Sofonia khaolong ea 2, temana ea 3: “Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše . . . batlang ho lōka, le batle boikokobetso.” Keletso ea Jesu e ne e le hore: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele.” (Matt. 6:33) Ba batlang ’Muso oa Molimo pele ba tlameha ho itebela khahlanong le ho qea-qea hoo Sofonia a lemositseng ka hona ha a ne a bua ka “ba furallang ho latela Jehova le ba sa kang ba batla Jehova le ba sa kang ba botsisisa ka eena” le “ba reng lipelong tsa bona, ‘Jehova a ke ke a etsa botle, ’me a ke ke a etsa bobe.’” (Sof. 1:6, 12, NW) Lengolong la hae le eang ho Baheberu, Pauluse ka ho tšoanang o bolela ka ho tla ha letsatsi la kahlolo ’me o lemosa khahlanong le ho khutlela morao. Oa eketsa: “Ha e le rōna, ha re ba ka ikhulang, ’me ra ea timelong, empa re ba lumelang, hore re tle re ee pholohong.” (Ba-Heb. 10:30, 37-39, BPN) Hase ho ba nyahlatsang kapa ba sa ananeleng empa ke ho bao ka boikokobetso le ka tieo ba batlang Jehova ka tumelo moprofeta a reng ka bona: “Ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.” Ke hobane’ng ha e le “ekaba”? Hobane pholoho ea ho qetela e itšetlehile ka tsela ea motho ka mong. (Matt. 24:13) Hape ke khopotso ea hore re ke ke ra nka mohau oa Molimo e le lefeela. Boprofeta ba Sofonia ha bo siee khoao mabapi le hore na letsatsi leo le tla tla ka tšohanyetso e kae ho ba sa le lebellang.—Sof. 2:3; 1:14, 15; 3:8.

12. Sofonia o fana ka motheo ofe bakeng sa sebete ho ba “batlang Jehova”?

12 Joale molaetsa o bolelang esale pele timetso ea ba siteloang Jehova ke ona empa o fana ka ponelo-pele ea mahlohonolo bakeng sa ba “batlang Jehova” ka ho baka. Bana ba bakileng ba ka ba sebete, hobane Sofonia o re, “morena oa Iseraele, Jehova, o ka hare ho uena.” Hase nako ea hore Sione e tšabe kapa e tepelle ka ho se etse letho. Ke nako ea ho tšepa Jehova. “Ke mohale ea pholosang. O tla u thabela ka thabo e kholo, a be a khutse ka baka la lerato la hae; o tla u nyakallela ka meluluetsa.” Hape ho thabile ba ‘batlang ’muso oa hae pele,’ ba lebelletse tšireletso ea hae e lerato le tlhohonolofatso ea ka ho sa feleng!—3:15-17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Cyclopedia ea McClintock le Strong, Khatiso ea 1981, Moq. VII, leqephe 112.

b Lucian, e fetoletsoeng ke A. M. Harmon, 1968, Moq. II, leq. 443.

c Jewish Antiquities,X, 181, 182 (ix, 7).

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela