Buka ea Bibele ea 28—Hosea
Mongoli: Hosea
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Samaria (Setereke)
Ho Ngoloa ho Phethiloe: Ka mor’a 745 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Pele ho 804–ka mor’a 745 B.C.E.
1, 2. (a) Ka linako tse ling libuka tsa ho qetela tse 12 tsa Mangolo a Seheberu li bitsoa eng? (b) Ke eng se tsejoang ka Hosea, hona boprofeta ba hae bo ama bo-mang?
KA HO tloaelehileng libuka tsa ho qetella tse 12 tsa Mangolo a Seheberu li bitsoa tsa “baprofeta ba seng bohlokoa haholo.” Polelo e tloaelehileng Sejeremaneng, “baprofeta ba banyenyane,” ho bonahala e nepahetse haholoanyane, kahobane libuka tsena ha se tse seng bohlokoa, le hoja bolelele ba tsona bo kopaneng bo le ka tlaase ho ba Esaia kapa Jeremia. Bibeleng ea Seheberu, li ne li nkoa e le moqolo o le mong ’me o bitsoa “Ba Leshome le Metso e ’Meli.” Ho bokelloa ha tsona ka mokhoa ona mohlomong e ne e le ka morero oa ho li boloka, kaha ho ne ho ka ba bonolo hore buka e le ’ngoe e nyenyane e mennoeng e lahlehe. Joaloka buka ka ’ngoe ea tse 12, ea pele e rehelletsoe ka mongoli oa eona, Hosea, eo lebitso la hae e leng khutsufatso ea Hoshaiah, le bolelang “Ea Pholositsoeng ke Jah; Jah O Pholositse.”
2 Bukeng e nang le lebitso la hae, ho senoloa ho fokolang haholo mabapi le Hosea haese feela hore e ne e le mora Beeri. Boprofeta ba hae bo ama Iseraele ka ho khethehileng, ho buuoa hanyenyane ka Juda; le hoja Hosea a sa bue ka Jerusalema, moloko o moholo oa Iseraele, Efraime, ho buuoa ka oona ka makhetlo a 37 le motse-moholo oa Iseraele, Samaria, ka makhetlo a 6.
3. Hosea o ile a profeta ka nako e kae, ’me baprofeta ba bang ba mehleng ea hae ke bo-mang?
3 Temana ea pele ea buka ena e re bolella hore Hosea o ile a sebeletsa e le moprofeta oa Jehova ka nako e telele ka ho sa tloaelehang, ho tloha hoo e ka bang qetellong ea puso ea Morena oa Iseraele Jeroboame II ho fetela pusong ea Ezekiase oa Juda. E ka ba ka 804 B.C.E. ho fihlela ka mor’a 745 B.C.E., lilemo tse ka holimo ho 59. Ha ho pelaelo hore lilemo tsa hae tsa ho sebeletsa e le moprofeta li ile tsa kenella pusong ea Jeroboame II le Ezekiase. Nakong ena Amose, Esaia, Mikea, le Odede e ne e le baprofeta ba tšepahalang ba Jehova.—Amose 1:1; Esa. 1:1; Mik. 1:1; 2 Likron. 28:9.
4. Ke lipolelo life tse qotsitsoeng le ho phethahala ha boprofeta tse pakang bonnete ba buka ea Hosea?
4 Bonnete ba boprofeta bo tiisoa ka hore bo qotsoe ka makhetlo Mangolong a Segerike a Bokreste. Jesu ka boeena o ile a qotsa Hosea 10:8 ha a bolela kahlolo holim’a Jerusalema: “Mohlang oo, ba tla qala ho re ho lithaba: Le re oele holimo; le ho maralla: Le re pupetse.” (Luka 23:30) Karolo eona ena e qotsoa ho Tšenolo 6:16. Mattheu e qotsa Hosea 11:1 ha e bontša ho phethahala ha boprofeta bona: “Ke latile mora oa ka Egepeta.” (Matt. 2:15) Boprofeta ba Hosea ba tsosoloso ea Iseraele kaofela bo ile ba phethahala kahobane ba bangata ho tsoa ’musong oa meloko e leshome ba ile ba kopana le Juda pele ho botšoaruoa ba eona ’me bana ba eona ba bile har’a ba ileng ba khutla ka mor’a botšoaruoa. (Hos. 1:11; 2 Likron. 11:13-17; 30:6-12, 18, 25; Esdr. 2:70) Ho tloha nakong ea Esdrase, buka ena e ile ea nka sebaka sa eona se e loketseng mangolong a amoheloang a halalela a Seheberu e le “lentsoe la Jehova ka Hosea.”—Hos. 1:2, NW.
5. Ebile ka baka la ho se tšepahale hofe Jehova a ileng a otla Iseraele?
5 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a roma Hosea e le moprofeta oa hae ho Iseraele? Ke ka baka la ho hloka botšepehi ha Iseraele le ho silafatsoa ke borapeli ba Baale, e roba selekane sa Jehova. Naheng e Tšepisitsoeng, Baiseraele ba ne ba fetohile batho ba temo, empa ha ba etsa joalo ha baa ka ba etsisa feela tsela ea bophelo ea Bakanana empa hape le bolumeli ba bona ba ho rapela Baale, molimo o neng o tšoantšetsa matla a tlhaho a ho beha. Mehleng ea Hosea Baiseraele ba ne ba fapohile ka ho felletseng borapeling ba Jehova ho retelehela litšebeletsong tse mofere-fere, tsa botahoa tse neng li kopanyelletsa likamano tsa boitšoaro bo litšila le matekatse a tempele. Baiseraele ba ne ba leboha Baale bakeng sa katleho ea bona. Ba ne ba sa tšepahale ho Jehova, ba sa mo tšoanelehele, ’me ka hona ha hlokahala hore ba khalemeloe. Jehova o ne a tla ba bontša hore matlotlo a bona a bonahalang a ne a sa tsoe ho Baale, ka hona a romela Hosea Iseraeleng ho ba lemosa ka se neng se tla ba hlahela ha ba hlōleha ho baka. Ka mor’a hore Jeroboame II a shoe, Iseraele e ile ea talimana le nako e bohloko haholo. Puso e neng e sebelisa tšabo, eo ho eona babusi ba bang ba ileng ba fenethoa, e ile ea tsoela pele ho fihlela Baassyria ba ba thopa ka 740 B.C.E. Nakong ena, lihlopha tse peli li ne li loantšana, se seng se batla ho etsa selekane le Egepeta, ha se seng se ne se batla ho se etsa le Assyria. Ha ho sehlopha se neng se tšepa Jehova.
6. Ke eng se senoloang ke mokhoa oa ho ngola oa Hosea?
6 Mokhoa oa Hosea oa ho ngola o senola haholo. Ka mehla ke motho ea bonolo le ea qaqileng mantsoeng a hae ’me ka makhetlo o hatisa mosa oa Jehova le mohau. O bua haholo ka pontšo ka ’ngoe e nyenyane ea pako eo a e bonang. Ka linako tse ling puo ea hae ke e potlakileng le e susumetsang. Moo lipuo tsa hae li haelloang ke ho nyallana ho monate ha taba o tlatsetsa ka ho sebelisa sefutho le matla. O bolela maikutlo a matla haholo, ’me o fetola khopolo kapele-pele.
7. Ke eng se tšoantšetsoang ka ho se tšepahale ha Gomere le ho khutla ha hae hamorao?
7 Tšimolohong ea mosebetsi oa hae oa boprofeta, Hosea o ile a laeloa hore a “inkele mosali oa mofebi.” (1:2) Ka sebele e tlameha e be Jehova o ne a e-na le morero ka sena. Ho Jehova Iseraele e tšoana le mosali ea sa tšepahaleng, ea etsang bofebe ho Jehova. Empa leha ho le joalo o ne a tla mo bontša lerato le ho leka ho mo khutlisa. Gomere, mosali oa Hosea, o ne a ka tšoantšetsa sena hantle. Ho bonahala hore ka mor’a ho beleha ngoana oa pele, o ile a fetoha ea sa tšepahaleng ’me bana ba bang a ba beleha bofebeng. (2:5-7) Sena se bontšoa ke tlaleho ha e bolela hore a “mo [Hosea] tsoalla moshanyana” empa ha e akarelletse moprofeta kamanong le ho tsoaloa ha bana ba bang ba babeli. (1:3, 6, 8) Khaolo 3, litemana 1-3, ho bonahala li bua ka hore Hosea o ile a amohela Gomere hape, a mo reka joalokaha eka ke lekhoba, ’me sena se hokahana le ho amohela ha Jehova batho ba hae ka mor’a hore ba bakele tsela ea bona ea bofebe.
8. Ke mabitso afe a sebelisoang ka ho fapanyetsana bukeng ena?
8 ’Muso oa meloko e leshome o ka leboea oa Iseraele, oo mantsoe a boprofeta ba Hosea a neng a lebisitsoe ho oona ka ho khethehileng, hape o ne o tsejoa e le Efraime, o rehelletsoe ka moloko o neng o hlahelletse ’musong. Mabitso ana, Iseraele le Efraime, a sebelisoa ka ho fapanyetsana bukeng ena.
LITABA TSE KA HARE TSA HOSEA
9. Mabitso a bana ba Gomere a bontša eng mabapi le kamoo Jehova a neng a tla sebetsana le Iseraele?
9 Tsela ea bofebe ea Iseraele e tšoantšelitsoe (1:1–3:5). “Mosali oa mofebi” oa Hosea o tsoalla moprofeta moshanyana, Jizreele. Hamorao o ba le bana ba bang ba babeli, ngoanana, Lo-Ruhama, lebitso le bolelang “Ea sa Hauheloang,” le moshanyana, Lo-Ammi, le bolelang “Seo e Seng Sechaba sa Ka.” Jehova o fane ka mabitso ana a mabeli ho bontša hore o ne ‘a ke ke a hlola a hauhela ntlo ea Iseraele ka ho e tšoarela’ le ho hatisa ho ba lahla e le sechaba kaofela. (1:2, 6, 9) Empa leha ho le joalo, bara ba Juda le ba Iseraele, joaloka “bara ba Molimo o utloang [“phelang,” NW],” ba lokela ho bokelloa bonngoeng tlas’a hlooho e le ’ngoe, “hobane le leholo, tsatsi la Jizreele.” (1:10, 11) Batho ba Molimo ba hloekisitsoeng borapeling ba bohlola ba Baale, ba ne ba tla khutlela ho Jehova le ho mo amohela e le monna oa bona. (2:16) Jehova o tla sireletsa Iseraele ’me o ne a tla etsa tebeletso le eena ka ho sa feleng ka ho loka, toka, mosa, mehauhelo, le ho tšepahala. Ho lumellana le lebitso Jizreele (le bolelang “Molimo o Tla Jala Peō”), Jehova oa tšepisa: Ke tla itjalla eena lefatšeng, . . . ke tla re . . . U sechaba sa ka; ’me eena o tla re ho ’na: U Molimo oa ka.” (2:23) Joaloka mosali ea bakileng bofebeng ba hae, “bana ba Iseraele ba tla khutla, ba batle Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona.”—3:5.
10. Ha sechaba se lahla tsebo se ne se tla hlaheloa ke eng?
10 Likahlolo tsa boprofeta khahlanong le Efraime (le Juda) (4:1–14:9). Temana ea pele ea khaolo 4 e rala motheo oa litemoso tsa boprofeta tse latelang: “Hobane Jehova o ea tsekisa [“o na le nyeoe ea molao le,” NW] baahi ba lefatše, hobane ha ho ’nete le mohau lefatšeng, ’me Molimo ha o tsejoe teng.” Boemo bona bo tla hlahisa eng? “Kahobane u nyelisitse tsebo, ke tla u nyelisa, u se hlole u e-ba moprista oa ka; kahobane u lebetse molao oa Molimo oa hao, le ’na ke tla lebala bara ba hao,” ho bolela Jehova. (4:1, 6) Moea oa bohlola ke oona o baketseng Iseraele ho tsamaela hōle. Iseraele le Juda tse kang seotsoa li lokela ho ikarabella, empa li tla batla Jehova ha li iphumana li le “tlokotsing.”—5:15.
11. Ke joang Hosea a etsang boipiletso ho batho, empa ke hobane’ng e le bomalimabe ho bona?
11 Hosea o etsa boipiletso ho batho: “Tlong, a re khutleleng ho Jehova, . . . o tla re folisa.” Jehova o thabela mosa le tsebo ea Molimo ho e-na le mahlabelo le linyehelo tsa licheso, empa mosa oa Efraime le Juda o “joalo ka phoka e tlohang kapele.” (6:1, 4) Efraime e “joalo ka leeba le sethoto; ha a na kelello.” Batho ba ea Egepeta le Assyria bakeng sa thuso ho e-na le ho ea ho Jehova. (7:11) Ke bomalimabe bakeng sa bona. Hobane’ng? Ba botsoa, ba rera bobe, ba furalla selekane sa Jehova, le ho tlōla molao oa hae. “Ba jala moea, ’me ba tla kotula sefefo.” (8:7) Jehova o tla hopola phoso ea bona le ho elelloa libe tsa bona. “E tla ba basepeli har’a lichaba.” (9:17) Iseraele ke sefate sa morara se bolang ’me pelo ea bona e fetohile e boikaketsi. Ho e-na le hore Baiseraele ba jale lipeō tsa ho loka le ho kotula mosa, ba jalile bokhopo le ho kotula bokhopo. Jehova o ba hopotsa hore: “Ke bitsitse mora oa ka Egepeta.” (11:1) E, O ratile Iseraele ho tloha nakong ea boshanyana ba eona, empa Iseraele o Mo pota-potile ka leshano le ka thetso. Jehova oa e eletsa: “Ha e le uena, u khutlele ho Jehova, u boloke mohau le ho loka, u itšepele Molimo oa hao ka mehla.”—12:6.
12. (a) Khaolong ea 13 Hosea o akaretsa eng? (b) Ke tsosoloso efe e tšepisoang?
12 Khaolong ea bo13, Hosea o akaretsa sohle se etsahetseng pele mabapi le tšepiso ea pele ea Iseraele le tlhokomelo e bonolo ea Jehova, hammoho le ho lebala ha Iseraele le kamoo sechaba se ileng sa furalla Jehova qetellong. Jehova oa phatlalatsa: “Ke u neile morena bohaleng ba ka, ke tla mo tlosa khalefong ea ka.” (13:11) Empa, ho tla ba le tsosoloso: “Na ke tla ba lopolla matleng a nģalo ea bafu, ke ba namolele lefung? Uena lefu, mahloko a hao a kae? Uena nģalo ea bafu, tšenyo ea hao e kae?” (13:14) Leha ho le joalo, borabele ba Samaria bo tla qetella habohloko hakaakang.
13. Ke boipiletso bofe bo phethang buka ea Hosea, hona ke bo-mang ba tlang ho tsamaea litseleng tsa Jehova?
13 Buka e phetha ka boipiletso bo amang pelo: ‘Iseraele, khutlela ho Jehova, Molimo oa hao, hobane u khopiloe ke phoso ea hao. Batla tšoarelo, ’me u lefe ka nyehelo ea manamane a melomo ea hao. Jehova o tla le bontša mohau le lerato. O tla le khatholla joaloka phoka, le tla thunya joaloka lipalesa le sefate sa mohloare.’ Ba bohlale le ba masene ba tla utloisisa lintho tsena: “Hobane litsela tsa Jehova li lokile; ba lokileng ba tla tsamaea ho tsona, empa batlōli ke bona ba tla khoptjoa ho tsona.”—14:1-6, 9, NW.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
14. Ke ho phethahala hofe ho nepahetseng ha boprofeta ba Hosea ho lokelang ho hlokomeloa?
14 Buka ea Hosea e matlafatsa tumelo boprofeteng bo bululetsoeng ba Jehova. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Hosea a ileng a e profetela Iseraele le Juda e ile ea phethahala. Iseraele e ile ea lahloa ke baratuoa ba eona ba bonyatsi ba lichaba tse ahisaneng le eona tse rapelang litšoantšo, ’me ea kotula sefefo sa timetso matsohong a Assyria ka 740 B.C.E. (Hosea 8:7-10; 2 Mar. 15:20; 17:3-6, 18) Leha ho le joalo, Hosea o ile a profeta hore Jehova o ne a tla bontša mohau ho Juda le ho e boloka, empa e se ka matla a sesole. Hona ho ile ha phethahala ha lengeloi la Jehova le bolaea Baassyria ba 185 000 ba neng ba sokela Jerusalema. (Hos. 1:7; 2 Mar. 19:34, 35) Empa leha ho le joalo, Juda e ile ea akarelletsoa kahlolong ea Hosea 8:14: “Ke tla romela mollo metseng ea bona, o chese matlo a bona a borena,” ponelo-pele e ileng ea phethahala habohloko ha Nebukadnezare a etsa Juda le Jerusalema lesupi, 609-607 B.C.E. (Jer. 34:6, 7; 2 Likron. 36:19) Boprofeta bo bongata ba Hosea mabapi le tsosoloso bo ile ba phethahala ha Jehova a bokella hammoho Juda le Iseraele, ’me ka 537 B.C.E. ba ‘khutla lefatšeng’ leo ba neng ba isitsoe botšoaruoa ho lona.—Hos. 1:10, 11; 2:14-23; 3:5; 11:8-11; 13:14; 14:1-9; Esdr. 2:1; 3:1-3.
15. Ke joang bangoli ba Mangolo a Segerike a Bokreste ba sebelisang lipolelo tse qotsitsoeng ho tsoa bukeng ea Hosea?
15 Litšupiso tse entsoeng ke bangoli ba Mangolo a Segerike a Bokreste boprofeteng ba Hosea li molemo bakeng sa hore re li ele hloko kajeno. Ka mohlala, Pauluse o sebelisa ka matla Hosea 13:14 ha a bolela ka tsoho: “Na lefu, tsenene ea hao e kae na? Uena lebitla, ho hlōla ha hao ho kae na?” (1 Ba-Kor. 15:55) Ha Pauluse a hatisa mosa o sa tšoanelang oa Jehova o bontšoang lipitsa tsa khauhelo, o qotsa Hosea 1:10 le 2:23: “Joalo ka ha o boletse le ka Hosea, ha o re: Sechaba seo e seng sa ka, ke tla se bitsa sechaba sa ka; le mosali ea neng a sa ratoe, ke tla ’mitsa ea ratoang. ’Me bakeng seo, ba neng ba boleletsoe, ha thoe: Lōna, ha le sechaba sa ka, hona teng ba tla bitsoa bana ba Molimo o phelang.” (Ba-Roma 9:25, 26) Petrose o khutsufatsa litemana tse tšoanang tsa Hosea ha a re: “Lōna bao le neng le se sechaba pele, empa joale le sechaba sa Molimo; lōna bao le neng le sa hauheloa, empa joale le hauhetsoe.”—1 Pet. 2:10.
16. Ke mantsoe afe a Hosea ao Jesu a ileng a a pheta ha a bontša seo Jehova a se hlokang borapeling?
16 Ka hona, ho bonahala hore boprofeta ba Hosea ha boa ka ba phethahala feela ho khutleng ha masala mehleng ea Zorobabele empa hape le ka hore ka mohau Jehova a bokelle masala a moea a fetohang ‘bara ba ratoang ba Molimo o phelang.’ Ka pululelo Hosea o ile a bona se hlokahalang ho bana. Ho ne ho sa hlokahale ponahalo ea borapeli bo nang le litšebeletso tsa molao, empa ho ea ka mantsoe a Hosea 6:6 (ao Jesu a a phetileng ho Mattheu 9:13 le 12:7): “Ke thabela lerato haholo ho sehlabelo, ho tseba Molimo ke ho rata ho fetisa mahlabelo a licheso.”
17. (a) Ho hlokahala eng bakeng sa motho leha e le ofe ea oelang bofebeng ba moea? (b) Ke tšepiso efe ea ’Muso e thabisang e ka bukeng ea Hosea?
17 Tšoantšiso ea mosali oa sehlola e ileng ea tšoantšetsoa ka ho hlakileng hakana bophelong ba Hosea e bontša hore Jehova o nyonya ba mo furallang ’me ba khelohela litseleng tsa borapeli ba litšoantšo le borapeli ba bohata, ka baka leo ba etsa bofebe ba moea. Motho leha e le ofe ea oetseng phosong o lokela ho khutlela ho Jehova ka pako ea ’nete ’me ‘a lefe ka nyehelo ea manamane a melomo ea hae.’ (Hos. 14:2, NW; Ba-Heb. 13:15) Bana ba tla thaba hammoho le bara ba moea ba masala a Iseraele ho phethahatsoeng ha tšepiso ea ’Muso ho Hosea 3:5: “Empa hamorao, bana ba Iseraele ba tla khutla, ba batle Jehova, Molimo oa bona, le Davida, morena oa bona; mehleng ea morao [“karolong e qetellang ea mehla,” NW], ba tla itlhahanela ho Jehova le ho molemo oa hae.”