Khatholla Beng ka Uena ka Metsi a ’Nete
SALOMONE o itse: “Taba tse monate tse tsoang naheng e hole, li joale ka metsi a pholileng ho motho ea nyoriloeng.” (Liproverbia 25:25) Ke phihlelo e matlafatsang hakaakang bakeng sa moea o khathetseng ho mamela tlaleho ea hao e ntle ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng e tlang! Ka tsela ena, molomo oa hao o fetoha “seliba sa bophelo.”—Liproverbia 10:11; Esaia 52:7.
Metsi a ngobela mobung ’me a etsa hore limela li hōle, empa moroallo o ka tlisa koluoa. Hape, metsi a tlang e le seno se pholileng aa khatholla, empa ke mang ea ratang ho khaoletsoa ke sefefo se tsamaeang le tšeole kapa sefako? Kaha se kollang molomong se ’nile sa bapisoa le metsi, ho hlokahala hore re ele thuto ea rōna hloko haholo. (1 Timothea 4:16) Re tlameha ho falimehela ka ho khetheha liphello tse fapaneng tsa “metsi” ana ha re bolella beng ka rōna.
“Ho Nosetsa” Beng ka Rōna
Mehleng ea boholo-holo, Rahaba o ile a bulela lelapa labo tsela ea ho pholoha, ’me Kornele o ile a fana ka bopaki ka pel’a beng ka eena. (Joshua 2:13; 6:23; Liketso 10:24, 30-33) Andriase, ngoan’abo Petrose, o ile a mo thusa ho fetoha morutuoa oa Jesu. (Johanne 1:40-42) ’Me kajeno ba bangata ba Lipaki tsa Jehova ba lumella ’nete ea Bibele hore e kolle ho leba ho beng ka bona. Liproverbia 11:25 ea tšepisa: “Ea nosetsang o tla nosetsoa le eena.”
Mosali e mong Europe o ne a lakatsa ho arolelana tumelo ea hae e ncha le batsoali ba hae, likhaitseli tsa hae le banab’abo ba basetsana ba phelang Philippines. Oa tlaleha: “Ke ile ka etsa joalo lengolong le leng le le leng leo ke neng ke ba ngolla lona. Pele ke kolobetsoa, ke ile ka boela ka ba romella libuka ’me ka ba botsa hore na ba lakatsa ho eteloa ke Lipaki tsa Jehova.” O ile a thaba haholo ha ba lumela hore ba eteloe, ’me hona joale ba robeli ho bona ba rapela Jehova. Lipaki tse ling li bone litholoana tse ntle ka ho romella beng ka tsona limpho tsa lipeeletso tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Empa ho thoe’ng haeba litho tsa lelapa li sa bontše thahasello? Jesu o ile a talimana le boemo bona, hobane ka nako e ’ngoe “le bona banab’abo ba ne ba sa lumele ho eena.” Leha ho le joalo, hamorao, “ka pelo e le ’ngoe” ba ile ba phehella thapelong, hammoho le baapostola. (Johanne 7:5; Liketso 1:14) Ke hobane’ng ha lipelo tsa bona li ile tsa fetoha? Ka ho hlakileng Jesu o ile a thusa beng ka eena pele a nyolohela leholimong. Joang? O ile a ba thusa ho ba le tumelo ka ho itlhahisa ho Jakobo, ngoan’abo. (1 Ba-Korinthe 15:7) Ka hona, u se ke ua khaotsa ho leka ho thusa beng ka uena. Lipaki tse ngata li khonne ho buisana le beng ka tsona ba sa lumelang ka ’nete ea Bibele ka mor’a hore ka mamello li letele motsotso o nepahetseng.
Leha ho le joalo, “ho nosetsa” beng ka motho ha ho bolele ho tšollela mantsoe holim’a bona. Banyalani ba bang ba Yugoslavia baa hlalosa: “Ka mehla ho na le kotsi ea ho ba bolella ho hongata haholo.” Molebeli e mong ea tsamaeang oa hlokomela: “Hangata baena baa fetelletsa, ba bontša cheseho e fosahetseng.” Ludwig o hopola nako ea ha a qala ho ithuta Bibele: “Ke ne ke tšollela litlhaloso tsa hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ithutileng eona Bibeleng holim’a ’mè ka lihora ke sa khaotse, ’me hangata sena se ne se tlisa likhang, haholo-holo pakeng tsa ka le ntate.”
E-ba “Seliba sa Bohlale”
Re bala hore “molomo oa ea bohlale o hlahisa tsebo hamonate, empa molomo oa maoatla o kolla bohlanya,” ’me “pelo ea motho ea lokileng e nahana karabo.” (Liproverbia 15:2, 28) Ka hona, kelello e hlaphohileng, bohlale, le temoho lia hlokahala bakeng sa ho fa mantsoe a rōna tatso e khathollang le e hahang. Ke habohlokoa hore na re bua eng, neng, ’me e le ka tekanyo e kae.
Ka mohlala, letsatsing le chesang, kopi ea metsi a batang e khatholla hakaakang ho ea nyoriloeng! (Mattheu 10:42) Empa ha ho motho ea neng a ka lora ho tšollela nkho e tletseng metsi holim’a hlooho ea hae! Molebeli oa potoloho ea qotsitsoeng ka holimo oa hlalosa: “Litholoana tse molemohali li finyelloa ke ba tsosang thahasello ea beng ka bona ka ho ba pakela hanyane ka hanyane.” Ha mong ka uena ea hanyetsang a nyoroa, kamoo re ka bolelang ka teng, ’me a qala ho botsa lipotso, hangata lipuisano tsa Bibele tse behang litholoana lia latela.
Huriye, mosali e mong oa Paki oa Turkey, o ile a finyella sena lapeng ka ho siea likhatiso tsa Bibele li phetliloe boitsebisong bo ka ’nang ba hapa thahasello ea monna oa hae ea sa lumelang. O ne a balla bana lipale tsa Bibele ’me—haeba monna a mametse—a fana ka litlhaloso tse neng li mo tsoela molemo. Ka linako tse ling o ne a ee a botse feela: “Ke ithutile ho itseng thutong ea ka kajeno. U nahana joang ka hona?” O boetse o bolela melao ea boitšoaro eo a neng a lula a e hopotse: “Boloka botsitso, ’me u se ke ua halefa kapa ua khopeha. U se ke ua iketsa ea tsebang tsohle. E-ba le boikokobetso feela ’me u lule setulong se ka morao.” Qetellong monna oa hae o ile a amohela ’nete ea ’Muso ’me hona joale o sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng.
Marijan o ile a thusa beng ka eena ba ’maloa ho amohela tumelo ea hae. Oa eletsa: “U se ke ua qobella lintho empa u letele motsotso o nepahetseng. Re tšoanela ho ba le tlhompho ha ba re bolella hore re se ke ra bua le bona ka ’nete. Re tlameha ho mamella le ho ba le lerato.” Ka ho khetheha Moeklesia 3:7 ea sebetsa ha beng ka motho ba hanyetsa. E bolela hore “nako e teng ea ho khutsa, e teng nako le ea ho bua.” Hoo ho fana ka maikutlo a ho ithaopela ho mamela ka mamello, ho se kene motho hanong, le ho hlompha likhopolo tse ling. Petar, eo pele a neng a hanyetsa haholo empa a fetola boemo ba hae, o re: “Ha ho thuse letho ho halefa ha u buisana le beng ka uena.”
Tlohella Boitšoaro bo Botle bo Bolele
Ka lilemo-lemo monna e mong ea sa lumelang o ne a bakela mosali oa hae oa Mokreste likhathatso, ka linako tse ling a bile a mo notlella ka ntle. Ka lekhetlo le leng o ile a halefa hoo a ileng a tabola buka eo mosali a ileng a lebala ho e hleka. Ke eng e ileng ea fetola boikutlo ba hae? Oa hlalosa: “Ke ne ke lula ke ipotsa hore na ke hobane’ng ha mosali oa ka a ne a tiile hakana ’me a lula a itšetlehile ka Jehova. Ke ne ke sitoa ho fumana phoso ho eena, kaha o ne a hlokomela ntlo hantle, ’me e ne e le mosali le ’mè ea molemo ho bana ba rōna.” Ka letsatsi le leng monna o ne a batla boitsebiso bo molemo boo a ka fanang ka bona sebokeng sa metsotso e mehlano, kahoo mosali oa hae o ile a mo fa litokollo tse peli tsa Tsoha! Ka lesisitheho o ile a li qekotsa ka hare, ’me o ile a makala ha a fumana sehlooho se molemo se buang ka ho etsoa ha lipentšele. Ka tsela ena thahasello ea hae e ile ea tsosoa limakasineng tsena. Kajeno, lelapa lena le kopane borapeling ba Jehova.
Keletso ea moapostola Petrose ea hore mosali a ka ’na a hapa monna ea sa lumelang ‘eseng ka lentsoe empa ka motsamao o hloekileng o nang le hlompho’ e sebetsa ka ho tšoanang ho litho tse ling tsa lelapa. (1 Petrose 3:1, 2) Ha banyalani ba bang ba tlohela neano ea boholo-holo eo e seng ea Bibele hammoho le bolumeli ba batsoali ba bona ba Maromania, malapa a habo bona a ile a fetoha bahanyetsi ba mabifi. Mosali o bile a hlaseloa ke ’m’ae matsale, ea ileng a leka ho ’molaea. Nikolic oa tlaleha: “Ha rea ka ra lumella sena ho re nyahamisa kapa ho re halefisa. Re ile ra lahlela pelaelo eohle ea rōna ho Jehova.” Lilemo tse leshome le motso o le mong hamorao, batsoali ba monna, likhaitseli tsa hae tse peli, le banna ba likhaitseli tsa hae ke Lipaki tse kolobelitsoeng. Ke eng e ileng ea thuha leqhoa lee? “Mohlala o motle le boitšoaro ba Bokreste. Ka mantsoe a mang, re ne re sa qete nako e ngata re bua le bona ka ’nete. Ho fapana le hoo, re ile ra leka ho e sebelisa.”
U se ke ua Lahla Tšepo!
Le hoja ho tlisa thabo e khōlō ho bona beng ka uena ba qala ho rapela Molimo oa ’nete, ho thoe’ng haeba ba bang ba tsoela pele ho hanyetsa? U lokela ho itšoara joang? Jesu o hlile a bona esale pele hore ka linako tse ling borapeli ba ’nete bo ne bo tla tlisa likarohano tse khōlō ka har’a batho ba amanang. (Mattheu 10:34-37) Marica o ile a lahloa ke litho tsohle tsa lelapa ha a fetoha e mong oa Lipaki tsa Jehova. Le hoja a sa ka a sekisetsa borapeling ba hae, ho ntse ho le joalo o ile a hlokomela “hore esita le beng ka motho ba na le tokelo ea ho ba le maikutlo le likhopolo tsa bona.” Boikutlo ba hae bo ile ba ba susumelletsa ho mo hlompha joalokaha ba ne ba etsa pele.
Ludwig o ile a hlokomela hore o ne a tlameha ho rata batsoali ba hae esita le hoja ba ne ba ka ’na ba khetha tsela e fapaneng ea bophelo. Khafetsa o ile a hopola likarolo tsa Bibele tse amehang, tse kang: “Hlonepha ntat’ao le ’m’ao”; “polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai”; “le itokisetse . . . ho ikarabela, ka mosa le ka hlompho”; le, “mohlanka oa Morena ha a tšoanela ho loana.” (Ba-Efese 6:2; Ba-Kolosse 4:6; 1 Petrose 3:15; 2 Timothea 2:24) Oa tlaleha: “Neng le neng ha ke letsetsa batsoali ba ka kapa ke ba etela, ke ne ke rapella bohlale ho Jehova, ’me butle-butle kamano ea rōna e ile ea e-ba e nang le ho phutholoha ho hoholoanyane, e nang le botsoalle bo boholoanyane.”
U se ke ua felloa ke tšepo ea hore qetellong lipeō tsa ’nete li tla mela ka lipelong tsa beng ka uena. Monna e mong ea kolobelitsoeng ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova lilemo tse 31 ka morao ho mosali oa hae, oa hlalosa: “Ha ke hetla morao, ke tlameha ho lumela hore mosali oa ka o ile a ba le mamello e khōlō ka ’na. Ke ne ke hlokomela hantle hore o ne a nthapella ho Jehova hangata.”
E se eka mantsoe a kollang molomong oa hao ka mehla e ka ba a phelisang le a timang lenyora joaloka metsi a macha! E, arolelana “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo o thabileng” le batho bohle, ho akarelletsa le beng ka uena. (1 Timothea 1:11, NW; Tšenolo 22:17) Joale mantsoe a Jesu a tla sebetsa: “Ea lumelang ho ’na, linōka tsa metsi a kollang li tla kolla mpeng ea hae, joale ka ha Lengolo le boletse.”—Johanne 7:38.