Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 9/15 maq. 22-24
  • Na ho Hlile ho Hlokahala Hore U Kōpe Tšoarelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Hlile ho Hlokahala Hore U Kōpe Tšoarelo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato le re Tlama ho Kōpa Tšoarelo
  • “Itlameng ka ho Ikokobetsa Kelellong”
  • Ho Kōpa Tšoarelo ho Bolela ho Hoholo Lenyalong
  • Itloaetse ho ba ea Tsebang ho Kōpa Tšoarelo
  • Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Kopa Tšoarelo
    Se ka Thusang Lelapa
  • U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang?
    Tsoha!—2015
  • Ho Kōpa Tšoarelo ke Tsela e Atlehang ea ho Bōpa Khotso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata Hakaale ho Kōpa Tšoarelo?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 9/15 maq. 22-24

Na ho Hlile ho Hlokahala Hore U Kōpe Tšoarelo?

‘HA HO mohla ke kōpang tšoarelo,’ ho ngotse joalo George Bernard Shaw. ‘Se etsahetseng se etsahetse,’ ba bang ba ka ’na ba rialo.

Mohlomong rōna ka borōna re leqe ho lumela phoso hobane re tšaba ho lahleheloa ke botumo bo botle. Mohlomong re ikemela ka hore bothata bo ho motho e mong. Kapa re ka ’na ra rera ho kōpa tšoarelo empa re ho chechise ho fihlela re nahana hore taba eo e qeteletse e hlokomolohiloe.

Ka hona, na joale ho kōpa tšoarelo hoa hlokahala? Na ho ka hla ha finyella letho?

Lerato le re Tlama ho Kōpa Tšoarelo

Lerato la bara ba motho ke letšoao le khethollang la balateli ba Jesu Kreste ba ’nete. O itse: “Ka sena bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Mangolo a phehella Bakreste ho ‘ratana ka matla haholo ho tloha pelong.’ (1 Petrose 1:22) Lerato le matla le re tlama ho kōpa tšoarelo. Hobane’ng? Hobane ho se phethahale ha botho joang kapa joang ho baka maikutlo a bohloko a sitisang lerato haeba a sa phekoloe.

Ka mohlala, ka lebaka la liphapang tsa botho le motho e mong ka phuthehong ea Bokreste, re ka ’na ra khetha ho se buisane le eena. Haeba re le molato, kamano e lerato e ka tsosolosoa joang? Maemong a mangata, ka ho kōpa tšoarelo ebe u etsa boiteko ba hore le buisane ka tsela e mofuthu. Re kolota balumeli-’moho le rōna lerato, ’me ha re bolela hore re soabetse ho baka khopiso, re tlosa karolo e ’ngoe ea molato oo.—Baroma 13:8.

Ka mohlala: Mari Carmen le Paqui ke basali ba babeli ba Bakreste bao e bileng metsoalle ka nako e telele. Leha ho le joalo, kaha Mari Carmen o ile a lumela tšebo e ’ngoe e kotsi, setsoalle sa hae le Paqui se ile sa qepha. A sa hlalose, o ile a koekoetla Paqui ka ho feletseng. Hoo e ka bang selemo hamorao, Mari Carmen o ile a hlokomela hore tšebo eo e ne e se ’nete. O ile a itšoara joang? Lerato le ile la mo susumelletsa ho ea ho Paqui ’me a bontša ho ikoahlaea ha hae ho tebileng bakeng sa ho itšoara hampe hakaalo. Ka bobeli ba ile ba lla haholo, ’me e bile metsoalle ea hlooho ea khomo ho tloha ka nako eo.

Le hoja e ka ’na eaba ha re ikutloe re entse letho le phoso, ho kōpa tšoarelo ho ka ’na ha rarolla ho se utloane ho itseng. Manuel oa hopola: “Lilemong tse ngata tse fetileng ’na le mosali oa ka re ne re lula lapeng la e mong oa baralib’abo rōna ba moea ha a ntse a kene sepetlele. Re ile ra etsa sohle se matleng a rōna ho mo thusa hammoho le bana ba hae nakong ea bokuli ba hae. Empa ka mor’a hore a khutlele hae, o ile a belaela ho motsoalle e mong ka hore re ne re sa hlokomela litšenyehelo tsa lelapa ka ho loketseng.

“Re ile ra eta ’me ra hlalosa hore mohlomong ka lebaka la bocha ba rōna le ho hloka phihlelo, ha rea ka ra hlokomela lintho kamoo a ka beng a ile a li hlokomela kateng. O ile a arabela hang-hang ka ho re ke eena ea re kolotang le hore ka sebele o lebohile bakeng sa sohle seo re mo etselitseng sona. Bothata bo ile ba raroloha. Phihlelo eo e ile ea nthuta bohlokoa ba ho kōpa tšoarelo ka boikokobetso ha ho se utloane ho hlaha.”

Jehova o ile a hlohonolofatsa banyalani bana bakeng sa ho bontša lerato le ho ‘phehella lintho tse tlisang khotso.’ (Baroma 14:19) Lerato le boetse le akarelletsa le ho hlokomela maikutlo a ba bang. Petrose o re eletsa hore re ‘utloelane bohloko.’ (1 Petrose 3:8) Haeba re utloelana bohloko, ho ka etsahala hore re lemohe bohloko boo re bo bakileng ka puo kapa ketso e sa nahaneleng ’me re tla susumelletseha ho kōpa tšoarelo.

“Itlameng ka ho Ikokobetsa Kelellong”

Esita le baholo ba Bakreste ba tšepahalang ka linako tse ling ba ka ’na ba halefelana. (Bapisa le Liketso 15:37-39.) Tsena ke liketsahalo tseo ho tsona ho kōpa tšoarelo ho ka bang molemo haholo. Empa moholo kapa Mokreste ofe kapa ofe ea fumanang ho le thata ho kōpa tšoarelo o tla thusoa ke’ng?

Boikokobetso ke senotlolo. Moapostola Petrose o ile a eletsa: “Itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong.” (1 Petrose 5:5) Le hoja e le ’nete hore liphehisanong tse ngata mahlakore ka bobeli a kopanela molato, Mokreste ea ikokobetsang o ameha ka liphoso tsa hae ’me o ikemisetsa ho li lumela.—Liproverbia 6:1-5.

Ea kōpuoang tšoarelo o lokela ho amohela kōpo eo ka boikokobetso. Ka mohlala, a re nkeng hore banna ba babeli bao ho hlokahalang hore ba buisane ba eme litlhōrōng tsa lithaba tse peli tse sa tšoaneng. Puisano e tšelang lekhalo le ba arotseng e ipaka e ke ke ea atleha. Leha ho le joalo, ha e mong oa bona a theohela phuleng e ka tlaase ’me e mong a latela mohlala oa hae, ba ka buisana habonolo. Ka ho tšoanang, haeba ho hlokahala hore Bakreste ba babeli ba rarolle phapang pakeng tsa bona, e mong ka boikokobetso a ke a kopane le e mong phuleng, ka puo ea tšoantšetso, ’me a kōpe tšoarelo ka ho loketseng.—1 Petrose 5:6.

Ho Kōpa Tšoarelo ho Bolela ho Hoholo Lenyalong

Lenyalo la batho ba babeli ba sa phethahalang joang kapa joang le fana ka menyetla ea ho kōpa tšoarelo. ’Me haeba monna le mosali ka bobeli ba utloelana bohloko, hoo ho tla ba susumelletsa hore e mong a kōpe tšoarelo ho e mong haeba ho ka etsahala hore ba bue kapa ba itšoare ka tsela e sa nahaneleng. Liproverbia 12:18 (NW) e re: “Ho na le ea buang ka ho se nahane joalokaha eka ke ka maqeba a sabole, empa leleme la ba bohlale lea folisa.” ‘Maqeba a ho se nahane’ a ke ke a etsolloa, empa a ka folisoa ka ho kōpa tšoarelo ka tieo. Ho hlakile hore sena se hloka ho ba seli le boiteko tse sa khaotseng.

Ha a bua ka lenyalo la hae, Susana o re: “’Na le Jack* re bile lenyalong ka lilemo tse 24, empa re sa ntse re ithuta lintho tse ncha e mong ka e mong. Ka masoabi, nakong e itseng e fetileng, re ile ra khaotsa ho lula hammoho joaloka monna le mosali ’me ra lula re arohane ka libeke tse seng kae. Leha ho le joalo, re ile ra mamela keletso ea Mangolo e tsoang ho baholo ’me ra boela ra lula hammoho. Hona joale rea hlokomela hore kaha re na le botho bo fapaneng haholo, ho ka etsahala hore ho hlahe likhohlano. Ha sena se etsahala, e mong o kōpa tšoarelo ho e mong kapele ’me re hlile re leka ka thata hore e mong a utloisise pono ea e mong. Ke thabela ho bolela hore lenyalo la rōna le ntlafetse haholo.” Jack oa phaella: “Hape re ithutile ho elelloa linako tseo ka tsona ho ka etsahalang hore re khopehe. Ka linako tse joalo re tšoarana ka ho nahanelana ho eketsehileng.”—Liproverbia 16:23.

Na u lokela ho kōpa tšoarelo haeba u nahana hore ha u na molato? Ha ho ameha maikutlo a tebileng, ho thata ho tiisa hore na molato o ho mang. Empa ntho ea bohlokoa ke khotso lenyalong. Nahana ka Abigaile, mosali oa Moiseraele eo monna oa hae a ileng a tšoara Davida hampe. Le hoja a ne a ke ke a behoa molato bakeng sa booatla ba monna oa hae, o ile a kōpa tšoarelo. O ile a kōpa ka tieo: “U nteballe molato, ke le lekhabunyane la hao.” Davida o ile a arabela ka ho mo tšoara ka ho mo nahanela, ka boikokobetso a lumela hore hoja e se be ka eena, a ka be a tšolotse mali a se nang molato.—1 Samuele 25:24-28, 32-35.

Ka ho tšoanang, mosali oa Mokreste ea bitsoang June, ea bileng lenyalong ka lilemo tse 45, o ikutloa hore lenyalo le atlehileng le hloka ho ikemisetsa ho ba oa pele oa ho kōpa tšoarelo. O re: “Ke ipolella hore lenyalo la rōna ke la bohlokoa ho feta maikutlo a ka. Ka hona ha ke kōpa tšoarelo, ke ikutloa hore ke tlatsetsa lenyalong.” Monna ea hōlileng ea bitsoang Jim oa bolela: “Ke kōpa tšoarelo ho mosali oa ka esita le bakeng sa lintho tse sa reng letho. Haesale a buuoa ka ho tebileng, o utloa bohloko habonolo. Ka hona ke atisa ho mo haka ebe ke re, ‘Ntšoarele, Moratuoa. Ke ne ke sa rera ho u khopisa.’ Joaloka semela se noselitsoeng, o hlasimoloha hang-hang.”

Haeba re khopisitse motho eo re mo ratang haholo, ho kōpa tšoarelo hang-hang ho molemo haholo. Milagros o lumela ka mofuthu, o re: “Ke utloisoa bohloko ke ho se itšepe, ’me lentsoe le hlabang le tsoang ho monna oa ka lea nkhalefisa. Empa ha a kōpa tšoarelo, hang-hang ke ikutloa hamolemonyana.” Ka ho loketseng Mangolo aa re bolella: “Puo tse ntle ke lekheha la linotši, li monate moeeng oa motho, li matlafatsa masapo a hae.”—Liproverbia 16:24.

Itloaetse ho ba ea Tsebang ho Kōpa Tšoarelo

Haeba re tloaela ho kōpa tšoarelo ha ho hlokahala, ho ka etsahala hore re fumane hore batho ba tla arabela hamolemo. ’Me mohlomong ba ka ba ba kōpa tšoarelo le bona. Ha re belaela hore re khopisitse motho e mong, ke hobane’ng ha re sa ho etse mokhoa oa rōna hore re kōpe tšoarelo ho e-na le ho nka nako e ngata le ho etsa boiteko bo bongata ba ho qoba ho lumela phoso leha e le efe? Lefatše le ka ’na la ikutloa hore ho kōpa tšoarelo ke letšoao la bofokoli, empa ha e le hantle ho fana ka bopaki ba ho hōla moeeng ha Bokreste. Ho hlakile hore re ke ke ra rata ho tšoana le ba lumelang phoso e itseng empa ba nyenyefatsa boikarabelo ba bona. Ka mohlala, na re kile ra re re kōpa tšoarelo empa re sa tiea? Haeba re fihla ka mor’a nako ’me re kōpa tšoarelo ka ho tlōlisang, na re ikemisetsa ho ntlafatsa tabeng ea ho fihla ka nako?

Ka hona, he, na ehlile ho hlokahala hore re kōpe tšoarelo? E, hoa hlokahala. Ke seo re ikolotang sona le seo re se kolotang ba bang. Ho kōpa tšoarelo ho ka thusa ho fokotsa bohloko bo bakoang ke ho se phethahale, ’me ho ka lokisa likamano tse senyehileng. Lekhetlo ka leng leo ka lona re kōpang tšoarelo ke thuto ea boikokobetso ’me hoo ho re koetlisetsa ho ameha haholoanyane ka maikutlo a ba bang. Ka lebaka leo, balumeli-’moho le rōna, balekane ba rōna ba lenyalo le ba bang ba tla re talima joaloka ba tšoaneloang ke boikutlo ba bona bo mofuthu le bao ba ka ba tšepang. Re tla ba le khotso ea kelello, ’me Jehova Molimo o tla re hlohonolofatsa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hase mabitso a bona a sebele.

[Litšoantšo tse leqepheng la 23]

Ho kōpa tšoarelo ka tieo ho hōlisa lerato la Bokreste

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela