Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 187-193
  • Buka ea Bibele ea 42—Luka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 42—Luka
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA LUKA
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • Buka ea Bibele ea 40—Mattheu
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Luka
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Buka ea Bibele ea 43—Johanne
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Luka—Mosebetsi-’moho ea Ratehang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 187-193

Buka ea Bibele ea 42​—Luka

Mongoli: Luka

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Cesarea

Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 56–58 C.E.

Nako e Akarelitsoeng: 3 B.C.E.–33 C.E.

1. Luka o ngotse Kosepele ea mofuta ofe?

KOSEPELE ea Luka e ngotsoe ke monna ea neng a e-na le kelello e thahasellang lintho le pelo e mosa, ’me ho tsoakana hona ho hotle ha litšoaneleho, le tataiso ea moea oa Molimo, ho felletse ka tlaleho e nepahetseng le e tletseng ka mofuthu le boikutlo. Litemaneng tse qalang, o re, “Le ’na ke entse qeto, hobane ke setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala, hore ke u ngolle tsona ka lenaneo la tsona.” Nehelano ea hae e qaqileng, e hlokolosi e tšehetsa ka botlalo phatlalatso ena.—Luka 1:3, NW.

2, 3. Ke bopaki bofe ba Mangolo le ba ka ntle le ka hare bo supang ngaka Luka e le mongoli oa Kosepele ee?

2 Le hoja Luka a sa boleloe kae kapa kae tlalehong ena, litsebi tsa boholo-holo li lumetse hore e ne e le mongoli. Kosepele ena ho thoe ke ea Luka ho Muratorian Fragment (hoo e ka bang ka 170 C.E.) ’me e ile ea amoheloa ke bangoli ba lekholong la bobeli la lilemo ba kang Irenaeus le Clement oa Alexandria. Bopaki ba Mangolo le bona bo supa ho Luka ka matla. Pauluse o bua ka eena ho Ba-Kolosse 4:14 e le “Luka, ngaka e ratoang,” ’me buka eo a e ngotseng ke ea boemo bo bontšang thuto e phahameng boo motho a neng a ka bo lebella ho motho ea rutehileng, ea tšoanang le ngaka. Khetho ea hae e ntle ea puo le khetho ea hae e batsi ea mantsoe, e batsi ho feta ea bangoli ba bang ba bararo ba Kosepele ba kopane, e hlahisa kakaretso e hlokolosi le e qaqileng ka ho fetisisa ea taba ea hae ea bohlokoa. Tlaleho ea hae ka mora ea lehlasoa ba bang ba e nka e le pale e khutšoaane e molemohali e kileng ea ngoloa.

3 Luka o sebelisa mantsoe a fetang 300 a bongaka kapa mantsoe ao a fanang ka moelelo oa bongaka a sa sebelisoeng ka tsela e tšoanang (haeba le teng a sebelisoa) ke bangoli ba bang ba Mangolo a Bokreste a Segerike.a Ka mohlala, ha a bua ka lepera, Luka ha a sebelise lentsoe le tšoanang ka mehla joaloka ba bang. Ho bona lepera ke lepera, empa ho ngaka, ho na le mehato e sa tšoaneng ea lepera, joalokaha Luka a bua ka “monna ea tletseng lepera.” O re, Lazaro o ne a “tletse libebe.” Ha ho mongoli e mong oa Kosepele ea reng mohoehali oa Petrose o ne a “tšoeroe ke febere e kholo.” (5:12; 16:20; 4:38) Le hoja ba bang ba bararo ba re bolella ka hore Petrose o ile a poma tsebe ea mohlanka oa moprista e moholo, ke Luka feela ea bolelang hore Jesu o ile a mo folisa. (22:51) Ho tšoanela ngaka ho bua ka mosali e mong ea bileng le ‘moea o mo kulisitseng ka lilemo tse leshome le metso e robileng meno e le ’meli; ea neng a futahane, a sitoa ho inamoloha le hanyenyane.’ Ekaba mang haese “Luka, ngaka e ratoang” ea neng a ka tlaleha ka ho qaqa ho hokaalo thuso ea pele e etselitsoeng monna e mong ke Mosamaria ea ileng a “tlamella maqeba a hae, a a tšela ka oli le ka veine”?—13:11; 10:34.

4. Luka e ka ’na eaba e ngotsoe neng, ’me ke maemo afe a tšehetsang pono ee?

4 Luka o ngotse Kosepele ea hae neng? Liketso 1:1 e bontša hore mongoli oa Liketso (eo e neng e ntse e le Luka) pejana o ne a bokelletse “tlaleho ea pele,” Kosepele eo. Liketso mohlomong e phethiloe hoo e ka bang ka 61 C.E. ha Luka a ne a le Roma le Pauluse, ea neng a emetse boipiletso ba hae ho Cesare. Kahoo tlaleho ea Kosepele ena mohlomong e ne e ngotsoe ke Luka Cesarea hoo e ka bang ka 56-58 C.E., hoba a khutle le Pauluse Filippi qetellong ea leeto la boraro la boromuoa la Pauluse le ha Pauluse a ntse a letile lilemo tse peli chankaneng Cesarea pele a isoa Roma ka boipiletso ba hae. Kaha Luka o ne a le moo Palestina, nakong ena o ne a le sebakeng se setle hore a ka ‘sala lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala’ mabapi le bophelo le tšebeletso tsa Jesu. Kahoo, tlaleho ea Luka e bonahala e ngotsoe pele ho Kosepele ea Mareka.

5. Ke ho tloha mehloling efe moo e ka ’nang eaba Luka o ‘setse morao ka ho nepahala’ liketsahalo tsa bophelo ba Jesu?

5 Ha e le hantle, Luka e ne e se paki e boneng ea liketsahalo tsohle tse tlalehiloeng Kosepeleng ea hae, kaha e ne e se e mong oa ba 12 ’me mohlomong e ne e bile e se molumeli ho fihlela ka mor’a lefu la Jesu. Leha ho le joalo, o ne a tloaelane haufi-ufi le Pauluse karolong ea boromuoa. (2 Tim. 4:11; Filemone 24) Kahoo, joalokaha ho ka lebelloa, seo a se ngotseng se bontša tšusumetso ea Pauluse, joalokaha ho ka bonoa ha ho bapisoa litlaleho tsa bona tse peli tsa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, ho Luka 22:19, 20 le 1 Ba-Kor. 11:23-25. E le mohloli o tsoelang pele oa taba, Luka o ne a ka ’na a nka taba Kosepeleng ea Mattheu. Ha a ‘sala lintho tsohle morao ka ho nepahala,’ ka boeena o ne a tla khona ho batla litaba ho lipaki tse ngata tse boneng liketsahalo tsa bophelo ba Jesu, joaloka barutuoa ba ntseng ba phela ’me mohlomong ’mè oa Jesu, Maria. Re ka kholiseha hore o ile a phenya-phenya ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho bokella lintlha tse tšepahalang.

6. Ke karolo e kae ea Kosepele ea Luka e ikhethang ka eena, hona o ne a ngolla bo-mang? Ke hobane’ng ha u arabela joalo?

6 Hoa hlaka ka ho hlahloba litlaleho tsa Likosepele tse ’nè hore bangoli ha ba phete e mong litlhaloso tsa e mong, leha e le hore ba ngola feela ho fana ka bopaki bo bongata bakeng sa tlaleho ena ea bohlokoahali ea Bibele. Tlaleho ea Luka tsela eo e tšoeroeng ka eona ke ea hae a le mong. Ka kakaretso, karolo ea 59 lekholong ea Kosepele ea hae e ikhetha ka eena. Bonyane o tlaleha mehlolo e tšeletseng e tobileng le palo e menang eo habeli ea lipapiso tse sa boleloeng litlalehong tse ling tsa Kosepele, a nehelana ka karolo e le ’ngoe ho tse tharo ea Kosepele ea hae tlhalosong ’me tse peli ho tse tharo mantsoeng a buuoang; Kosepele ea hae ke e telele ho li feta bone ba tsona. Mattheu o ne a ngolla Bajode haholo-holo, ’me Mareka babali bao e seng Bajode, haholo-holo Baroma. Kosepele ea Luka e ne e tobisitsoe ho “Theofile ea khabane” ’me ka eena ea fetela ho batho ba bang, Bajode le bao e seng Bajode. (Luka 1:3, 4) Ha a fa tlaleho ea hae boipiletso bo akaretsang, o sala leloko la Jesu morao ho ea ho “Adama, mora oa Molimo,” e seng feela ho Abrahama, joaloka Mattheu ea neng a ngolla Bajode ka ho khetheha. Ka ho khetheha o hlokometse mantsoe a boprofeta a Simeone a hore Jesu e ne e tla ba mokhoa oa ho “bonesa lichaba,” le ho bolela hore “nama eohle e bone poloko ea Molimo.”—3:38, NW; 2:29-32; 3:6.

7. Ke eng e pakang ka matla bonnete ba Kosepele ea Luka?

7 Lengolong la hae lohle, Luka o ipaka e le mohlalosi ea ikhethang, litlaleho tsa hae li hlophisitsoe hantle ’me li nepahetse. Litšoaneleho tsena tsa ho nepahala le ho tšepahala ha mangolo a Luka ke bopaki bo matla ba bonnete ba ’ona. Mongoli e mong oa molao o kile a hlokomela: “Le hoja lipale tsa lerato, litšōmo le bopaki ba bohata li le hlokolosi ho bea liketsahalo tse amanang sebakeng se seng se hōle le nakong e ke keng ea lekanngoa, kahoo li tlōla melao ea pele eo rōna babuelli ba molao re ithutang eona ka ho bua nyeoe hantle, ea hore ‘phatlalatso e tlameha ho fana ka nako le sebaka,’ litlhaloso tsa Bibele li re fa letsatsi le sebaka sa lintho tse phetoang ka ho nepahala ho fetisisang.”b E le bopaki o qotsa Luka 3:1, 2: “Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare, ha Ponse Pilato e le ’musisi oa Judea, Heroda eena e le moteterareke oa Galilea, Filippi, ngoan’abo, e le moteterareke oa Iturea le oa naha ea Trakonita, Lysaniase e le moteterareke oa Abilene; ha Anna le Kaiafa e le baprista ba baholo, lentsoe la Molimo la tla ho Johanne, mora oa Zakaria, feelleng.” Mona ho boletsoe libaka le nako ka ho toba, empa Luka o bolela ba boholong sechabeng ba supileng e le hore re ka tseba nako ea ho qala ha tšebeletso ea Johanne le ea Jesu.

8. Luka o bontša nako ea ho tsoaloa ha Jesu “ka ho nepahala” joang?

8 Luka o boetse o re fa lintho tse peli tseo re ka supang ka tsona bakeng sa ho beha nako ea ho tsoaloa ha Jesu ha a re, ho Luka 2:1, 2; “Mehleng eo, ha hlaha taelo ea Cesare Augusto, e reng, ho ngoloe palo ea baahi ba lefatše lohle. Palo eo ke ea pele, ea etsoa Kuirine e le ’musisi oa Syria.” E ne e le ha Josefa le Maria ba ea Bethlehema ho ea ngolisoa, ’me Jesu o ile a hlaha ha ba le moo.c Ha ho letho leo re ka le buang haese ho lumellana le mohlalosi ea reng: “Ke e ’ngoe ea liteko tse nonyang maikutlo ka ho fetisisa tsa ho utloisisa ha Luka pale hore ka mehla o khona ho finyella ho nepahala ho phethahetseng.”d Re tlameha ho lumela boipolelo ba Luka e le ’nete ba hore “o setse lintho tsohle morao ho tloha qalong ka ho nepahala.”

9. Ke boprofeta bofe ba Jesu, bo tlalehiloeng ke Luka, bo phethahetseng ka ho tsotehang ka 70 C.E.?

9 Luka o boetse o supa kamoo boprofeta ba Mangolo a Seheberu bo ileng ba phethahala ka ho nepahala ka teng ho Jesu Kreste. O qotsa bopaki bo bululetsoeng ba Jesu ho sena. (24:27, 44) Ho feta moo, ka nepo o tlaleha boprofeta ba Jesu mabapi le liketsahalo tsa ka moso, ’me bongata ba tsona bo se bo phethahetse ka mokhoa o babatsehang ka ho qaqa ha tsona hohle ho boletsoeng esale pele. Ka mohlala, Jerusalema e ne e potapotiloe ka lekhoakhoa le metsu e nchocho ’me e ile ea fela ka koluoa e tšosang ka 70 C.E., feela joalokaha Jesu a boletse esale pele. (Luka 19:43, 44; 21:20-24; Matt. 24:2) Rahistori oa lefatše Flavius Josephus, eo e neng e le paki e boneng e neng e e-na le lebotho la Roma, o paka hore mathōko a naha a ile a hlobolisoa lifate sebaka se ka bang lik’hilomithara tse 16 bakeng sa hore ho fumanoe lithupa, hore lerako le neng le sirelelitse le ne le le bolelele ba lik’hilomithara tse 7,2, hore basali ba bangata le bana ba ile ba bolaoa ke tlala, le hore Bajode ba fetang 1 000 000 ba ile ba lahleheloa ke bophelo ’me ba 97 000 ba isoa botlamuoeng. Ho tla fihlela kajeno, Heke ea Tite Roma e bontša mokoloko oa tlhōlo ea Roma le thepa e hapiloeng ntoeng tempeleng ea Jerusalema.e Re ka tiisa hore boprofeta bo bong bo bululetsoeng bo tlalehiloeng ke Luka bo tla phethahala ka ho nepahala ho tšoanang.

LITABA TSE KA HARE TSA LUKA

10. Luka o ile a ikemisetsa ho etsa eng?

10 Kenyelletso ea Luka (1:1-4). Luka o tlaleha hore o setse morao lintho tsohle ho tloha qalong ka nepo le hore o ikemiselitse ho li ngola ka ho latellana e le hore “Theofile ea khabane, . . . [a] tsebe ho tiea” ha lintho tsena.—1:3, 4.

11. Ke liketsahalo life tse thabisang tse phetiloeng khaolong ea pele ea Luka?

11 Lilemo tsa pele tsa bophelo ba Jesu (1:5–2:52). Lengeloi le hlaha ho moprista Zakaria ea tsofetseng ka litaba tse thabisang tsa hore o tla ba le mora eo a tla mo rea Johanne. Empa ho fihlela moshemane a hlaha, Zakaria a ke ke a khona ho bua. Joalokaha ho tšepisitsoe, mosali oa hae, Elizabetha, oa ima, le hoja le eena ‘a ne a se a hōlile.’ Hoo e ka bang likhoeli tse tšeletseng hamorao, lengeloi Gabriele le hlaha ho Maria ’me le ’molella hore o tla imisoa ke “matla a Ea holimo-limo” ’me a tsoale mora ea tla bitsoa Jesu. Maria o etela Elizabetha ’me, ka mor’a ho mo lumelisa ka thabo, o phatlalatsa ka ho nyakalla: “Moea oa ka o rorisa Morena [Jehova, NW]; moea oa ka o inyakalletse ho Molimo, ’Moloki oa me.” O bua ka lebitso le halalelang la Jehova le ka mohau oa hae o moholo ho ba mo tšabang. Ho tsoaloeng ha Johanne, leleme la Zakaria lea raroloha bakeng sa ho phatlalatsa mohau oa Molimo le hore Johanne e tla ba moprofeta ea tla lokisa tsela ea Jehova.—1:7, 35, 46, 47.

12. Ke eng se boletsoeng ka tsoalo ea Jesu le bongoana ba hae?

12 Ka nako ea teng, Jesu o tsoalloa Bethlehema, ’me lengeloi le tsebahatsa ‘litaba tsena tse molemo tsa thabo e khōlō’ ho balisa ba lebetseng mehlape ea bona bosiu. Oa bolotsoa ho latela Molao, ’me joale, ha batsoali ba Jesu ba mo “hlahisa pel’a Jehova” tempeleng, Simeone ea hōlileng le moprofeta oa mosali Anna ba bua ka ngoana enoa. Koana Nazaretha, ‘a ’na a hōla ’me a ipha matla, a tletse bohlale, ’me mohau oa Molimo o tsoela pele o e-na le eena.’ (2:10, 22, 40, NW) Ha a le lilemo li 12, a le leetong ho tloha Nazaretha ho ea Jerusalema, Jesu o makatsa baruti ka kutloisiso ea hae le likarabelo tsa hae.

13. Johanne o bolela eng, ’me ho etsahala eng kolobetsong ea Jesu le kapele ka mor’a moo?

13 Tokisetso bakeng sa tšebeletso (3:1–4:13). Ka selemo sa bo15 sa puso ea Tibere Cesare, phatlalatso ea Molimo e tla ho Johanne mora oa Zakaria, ’me o tsoa ho ea “bolela kolobetso ea pako, ea ho tšoareloa libe,” hore nama eohle e ka ‘bona poloko ea Molimo.’ (3:3, 6) Ha batho bohle ba kolobelitsoe Jordane, Jesu le eena oa kolobetsoa, ’me ha a rapela, moea o halalelang o theohela ho eena, ’me Ntate oa hae o bontša kananelo a le leholimong. Joale Jesu Kreste o batla a le lilemo li 30. (Luka o fana ka leloko la hae.) Ka mor’a hore a kolobetsoe, moea o etella Jesu pele lefeelleng ka matsatsi a 40. Mona Diabolose o mo leka ntle ho katleho ’me joale oa mo tlohela “nako e ’ngoe e tle be e fihle.”—4:13.

14. Jesu o hlakisa thōmo ea hae hokae, ke efe, ’me bamameli ba hae ba arabela joang?

14 Tšebeletso ea pele ea Jesu, haholo-holo Galilea (4:14–9:62). Synagogeng ea motseng oa habo oa Nazaretha, Jesu o hlakisa thōmo ea hae, a bala le ho sebelisa ho eena boprofeta ba Esaia 61:1, 2: “Moea oa Jehova o holim’a ka o ntlotsitse hore ke phatlalletse mafutsana litaba tse molemo, o nthomile hore ke bolele tokoloho ho ba botlamuoeng le hore lifofu li bone, le ho lokolla ba hatelletsoeng, ho bolela selemo se amohelehang ho Jehova.” (4:18, 19, NW) Thabo ea pele ea batho mantsoeng a hae e fetohela bohaleng ha a ntse a tsoela pele le puo ea hae, ’me ba leka ho mo bolaea. Kahoo o theohela Kapernauma, moo a phekolang batho ba bangata. Matšoele aa mo latela ’me a leka ho mo tšoara, empa oa a bolella: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (4:43) O tsoela pele ho bolela masynagogeng a Judea.

15. Hlalosa ho bitsoa ha Petrose, Jakobo, le Johanne, hammoho le ha Mattheu.

15 Galilea, Jesu o fa Simone (ea boetseng a bitsoa Petrose), Jakobo le Johanne ho tšoasa litlhapi ka mohlolo. O bolella Simone: “Ho tloha joale, u tla ba motšoasi oa batho.” Kahoo ba lahla ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me baa mo latela. Jesu o tsoela pele ka thapelo le ka ho ruta, ’me ‘matla a Jehova a teng hore a folise.’ (5:10, 17, NW) O bitsa Levi (Mattheu), ’mokelli oa lekhetho ea khesehang, ea hlomphang Jesu ka mokete o moholo, oo ho oona ho neng ho le teng “sehlopha se seholo sa ba-lekhetho.” (5:29) Hona ha fella ka ho qaleha ha likhohlano tse ngata le Bafarisi tse ba sieang ba halefile ’me ba rera ho mo ntša kotsi.

16. (a) Jesu o khetha baapostola ba 12 ka mor’a eng? (b) Ke lintlha life tse totobatsoang ke Luka ka ho fana ka pono e tšoanang ea Thuto ea Thabeng?

16 Hoba a rapele Molimo bosiu bohle, Jesu o khetha baapostola ba 12 har’a barutuoa ba hae. Ho latela mesebetsi e mengata ea ho folisa. Joale o fana ka thuto e tlalehiloeng ho Luka 6:20-49, ka mokhoa o khutsufalitsoeng e tšoana le Thuto ea Thabeng ho Mattheu likhaolo 5 ho ea ho 7. Jesu oa bapisa: “Ho lehlohonolo lōna bafumanehi, hobane ’muso oa Molimo ke oa lōna. Empa ho malimabe lōna barui, hobane le se le bone tšeliso ea lōna.” (6:20, 24) O eletsa bamameli ba hae ho rata lira tsa bona, ba be mohau, ba itloaetse ho fana, le ho ntša se molemo letlotlong le molemo la pelo.

17. (a) Jesu o boetse o etsa mehlolo efe? (b) Jesu o arabela manģosa a Johanne Mokolobetsi joang mabapi le hore na Jesu ke Messia?

17 Ha a khutlela Kapernauma, Jesu o amohela kōpo e tsoang ho molaoli oa sesole hore a phekole mohlanka ea kulang. O ikutloa a sa tšoanelehe hore Jesu a ka kena tlas’a marulelo a hae ’me o kōpa Jesu hore a “bue polelo” ho tloha moo a leng teng. Ho latela seo mohlanka a fola, ’me Jesu o susumelletseha ho bua: “Kea le bolella, ke re: Ha ke e-so ho bone tumelo e kalo, le Iseraeleng.” (7:7, 9) Ka lekhetlo la pele, Jesu o tsosa motho ea shoeleng, mora ea mong oa mohlolohali oa Naine, hobane o ile a mo “utloela bohloko.” (7:13) Ha litaba tse mabapi le Jesu li nama Judea, Johanne Mokolobetsi o romela a le chankaneng ho botsa, “Na ke uena ea boletsoeng, ho thoe, u tla tla?” Ha a arabela Jesu o bolella manģosa: “E-eang, le tsebise Johanne tseo le li boneng, le tseo le li utloileng: lifofu lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera ba ntlafala, ba thibaneng litsebe ba utloa, bafu ba tsoha, ’me Evangeli e bolelloa mafutsana. ’Me ho lehlohonolo ea sa tl’o ka a khopjoa ho ’na.”—7:19, 22, 23.

18. Ke ka lipapiso, mesebetsi le mantsoe afe a keletso boboleli ba ’Muso bo tsoelang pele?

18 A tsamaea le ba 12, Jesu o “ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo.” O fana ka setšoantšo sa mojali, ’me o phethela puisano ka ho re: “Ka baka leo, bonang kamoo le utloang kateng; hobane ho tla neoa ea setseng a e-na le ntho; empa ea se nang letho o tla amohuoa le seo a lekanyang hoba o na le sona.” (8:1, 18) Jesu o tsoela pele ho etsa mesebetsi le mehlolo e babatsehang. O boetse o fa ba 12 matla holim’a bademona le matla a ho folisa ba kulang ’me o ba romela ho ea “bolela ’muso oa Molimo, le ho folisa.” Ho feptjoa ba likete tse hlano ka mohlolo. Jesu o fetoha ka khanya thabeng ’me letsatsi le latelang o folisa moshemane ea nang le modemona eo barutuoa ba sitiloeng ho mo phekola. O lemosa ba batlang ho mo latela: “Liphokojoe li na le mesima, le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa Mor’a motho ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng.” E le ho tšoanela ’Muso oa Molimo, motho o tlameha ho bea letsoho la hae mohomeng ’me a se ke a hetla.—9:2, 58.

19. Jesu o bontša lerato la ’nete la moahelani joang?

19 Tšebeletso ea Jesu ea morao Judea (10:1–13:21). Jesu o romela ba bang ba 70 “kotulong,” ’me ba tletse thabo ke ho atleha tšebeletsong ea bona. Ha a ntse a bolela, monna e mong, ea batlang ho ipaka a lokile, o botsa Jesu: “Hantle-ntle moahelani oa ka ke mang?” Ha a arabela, Jesu o etsa papiso ea Mosamaria ea mosa. Monna e mong, ea rapaletseng ka thōko ho tsela a le makhatheng a lefu ka lebaka la ho otloa ke linokoane, o hlokomolohuoa ke moprista ea fetang le Molevi. Ke Mosamaria ea nyatsehang ea emang, o hlokomela maqeba a hae ka bonolo, o mo palamisa pelesa ea hae, o mo isa tlung ea phapohelo ea baeti, ’me oa mo lefella hore a hlokomeloe. E, “ke ea mo etselitseng mohau” ea ikentseng moahelani.—10:2, 29, 37, NW.

20. (a) Jesu o hlakisa eng ho Maretha le Maria? (b) Ke khatiso efe eo a e behang thapelong?

20 Ka tlung ha Maretha, Jesu ka bonolo o mo khalemella ho tšoareha ho tlōla ka mesebetsi ea hae ea ntlo, ’me o babatsa Maria bakeng sa ho khetha karolo e molemo, ho lula fatše le ho mamela lentsoe la hae. O ruta barutuoa ba hae thapelo ea mohlala le hore hoa hlokahala ho phehella thapelong, a re: “Kōpang, ’me le tla fuoa; batlang, ’me le tla fumana.” Hamorao o leleka bademona ’me o bolela hore “ho lehlohonolo ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.” Ha a le lijong, o hohlana le Bafarisi ka Molao ’me o ba phatlalletsa bomalimabe ka lebaka la ho nka “senotlolo sa tsebo.”—11:9, 28, 52.

21. Jesu o fana ka temoso efe khahlanong le takatso, ’me o khothalletsa barutuoa ba hae ho etsa eng?

21 Kaha o boetse o na le matšoele, motho e mong ea itseng o phehella Jesu: “Bolella ngoan’eso hore a arolelane lefa le ’na.” Jesu o ea botebong ba bothata bona ha a arabela: “Iponeleng le ipoloke bakeng sa takatso ea leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng.” Joale o etsa papiso ea monna ea ruileng ea ileng a heletsa meliko ea hae hore a hahe e meholoanyane, empa a shoa hona bosiung boo ’me a siela ba bang leruo la hae. Jesu ka bokhutšoaane o hlahisa ntlha ena: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.” Hoba a khothaletse barutuoa ba hae ho batla ’Muso oa Molimo pele, Jesu oa ba bolella: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.” Ho folisa ha hae ka Sabbatha mosali ea kutseng lilemo tse 18 ho isa khohlanong e tsoelang pele le bahanyetsi ba hae, ba hlabisoang lihlong.—12:13, 15, 21, 32.

22. Ke ka lipapiso life tse tobileng Jesu a ileng a laea ka ’Muso?

22 Tšebeletso ea morao ea Jesu, haholo-holo Perea (13:22–19:27). Jesu o sebelisa lipapiso tse mantsoe a monate ha a supisa bamameli ba hae ’Musong oa Molimo. O bontša hore ba batlang bophahamo le tlotla ba tla kokobetsoa. Motho ha a etsa mokete a ke a meme bafumanehi, ba ke keng ba lefa; o tla thaba ’me a ‘buseletsoe tsohong ea ba lokileng.’ Hape, ho na le papiso ea motho ea etsang mokete oa mantsiboea oa lijo tse ngata. Ba mengoeng ka ho latellana ba ipehela mabaka: E mong o rekile tšimo, e mong o rekile lipholo, ’me e mong o sa tsoa nyala mosali. Ka bohale mong’a ntlo o romela ho ea lata “mafutsana, le lihole, le lihlotsa, le lifofu,” ’me o phatlalatsa hore ha ho lea mong oa ba neng ba menngoe pele ea tlang ho “latsoa” lijo tsa hae. (14:14, 21, 24) O etsa papiso ea nku e lahlehileng ’me e fumanoe, a re: “Kea le bolella, ka mokhoa o joalo thabo e tla ba teng leholimong ka baka la moetsalibe a le mong ea bakang, e fetisang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robileng mono o le mong a metso e robileng mono o le mong ba sa hlokeng pako.” (15:7) Papiso ea mosali ea fielang ntlo ea hae hore a fumane hape drakema e le ’ngoe e bontša ntlha e tšoanang.f

23. Ho tšoantšetsoa eng ka tlaleho ea mora ea lehlasoa?

23 Joale Jesu o pheta tsa mora ea lehlasoa ea ileng a kōpa ntat’ae karolo ea hae thepeng ’me eaba o e hafotsa ka ho “phela ka bohlola.” Eitse hoba a qakoe ke bophelo, mora eo a hlaphoheloa ’me a khutlela habo ho ea itihela mohaung oa ntat’ae. Ntat’ae, a etsoa ke kutloelo-bohloko, “a titima, a itihela molaleng oa hae, a mo aka.” O ile a fuoa liaparo tse ntle, ha lokisetsoa mokete o moholo, “’me ba qala ho nyakalla.” Empa moholoane oa hae a hanyetsa. Ka mosa ntate oa hae o mo kenya tseleng: “Ngoan’a ka, u ho ’na ka mehla, ’me tsohle tsa ka ke tsa hao. Empa re ne re tšoanetse ho nyakalla le ho thaba, hobane enoa, ngoan’eno, o na be a shoele, ’me o bile o pholohile; o na be a lahlehile, ’me o bile o fumanoe.”—15:13, 20, 24, 31, 32.

24. Ke linnete life tseo Jesu a li hatisang ka lipapiso tsa monna ea ruileng le Lazaro hammoho le Mofarisi le ’mokelli oa lekhetho?

24 Ha ba utloa papiso ea mohlanka ea sa lokang, Bafarisi ba ratang chelete ba nyefola thuto ea Jesu, empa oa ba bolella: “Ha e le lōna, le ipea ba lokileng pel’a batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lōna; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pel’a Molimo.” (16:15) Ka papiso ea monna ea ruileng le Lazaro, o bontša kamoo lekhalo le leng leholo ka teng pakeng tsa ba hauhetsoeng le ba sa amoheloeng ke Molimo. Jesu o lemosa barutuoa ba hae hore ho tla ba le sesosa sa ho khoptjoa, “empa ho malimabe eo [li] tlang ka eena.” O bua ka mathata a tla hlaha ha ‘Mor’a Motho a iponahatsa.’ Oa ba bolella: “Hopolang mosali oa Lota.” (17:1, 30, 32, BPN) Ka papiso, o fana ka tiiso ea hore ka sebele Molimo o tla nka bohato molemong oa ba “bitsang ho oona motšehare le bosiu.” (18:7) Joale, ka papiso e ’ngoe, o khalemela ba inkang ba lokile: Mofarisi, a rapela tempeleng, o leboha Molimo hore ha a tšoane le batho ba bang. ’Mokelli e mong oa lekhetho, a eme hojana ’me a sa batle le ho lelaletsa mahlo a hae leholimong, oa rapela: “Molimo, nkhauhele, ’na ke leng moetsalibe.” Jesu o nka see joang? O phatlalatsa ’mokelli oa lekhetho a lokile ho feta Mofarisi, “hobane e mong le e mong ea ikhōlisang o tla kokobetsoa; empa ea ikokobetsang o tla hōlisoa.” (18:13, 14) Jesu o etsetsoa moketjana Jeriko ke ’mokelli oa lekhetho Zakea ’me o etsa papiso ea limina tse leshome, a bapisa phello ea ho sebelisa ka botšepehi lithahasello tse a li tšepetsoeng le ea ho li pata.

25. Jesu o kena boemong ba ho qetela ba tšebeletso ea hae joang, hona o fana ka litemoso life tsa boprofeta?

25 Tšebeletso ea ho qetela ea phatlalatsa ka hare le ho pota Jerusalema (19:28–23:25). Ha Jesu a kena a palame petsana Jerusalema ’me a thoholetsoa ke matšoele a barutuoa e le “Ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova,” Bafarisi baa mo hoeletsa hore a khalemele barutuoa ba hae. Jesu oa arabela: “Haeba bana ba ka lula ba khutsitse, majoe a ne a ka hoeletsa.” (19:38, 40, NW) O fana ka boprofeta ba hae ba bohlokoa ba ho timetsoa ha Jerusalema, a re e tla likaliketsoa ka lithupa tse nchocho, e hatelloe, ’me e pshatlanngoe fatše le bana ba eona le hore ha ho lejoe le tla lesoa holim’a le leng. Jesu o ruta batho ba ka tempeleng, a phatlalatsa litaba tse molemo le ho arabela lipotso tse potelletseng tsa baprista ba baholo, bangoli le Basadduci ka lipapiso le mabaka tse bohlale. Jesu o fana ka setšoantšo se matla se emelang pontšo e khōlō ea bofelo, a boetse a bolela ho likaliketsoa ha Jerusalema ke makhotla a hlometseng. Batho ba tla neela moea ke tšabo ke lintho tse tlang ho etsahala, empa ha lintho tsena li hlaha, balateli ba hae ba lokela ho ‘emisa lihlooho, ’me ba lelale holimo, hobane topollo ea bona e tla be e atametse.’ Ba lokela ho lula ba falimehile hore ba tle ba atlehe ho pholoha se reretsoeng ho etsahala.—21:28.

26. (a) Jesu o hlahisa lilekane life, hona o li amahanya le eng? (b) Jesu o matlafatsoa joang tlas’a teko, hona o fana ka khalemelo efe nakong ea ho tšoaroa ha hae?

26 Joale ke la 14 Nisane, 33 C.E. Jesu o tšoara Paseka ’me joale o hlahisa “selekane se secha” ho baapostola ba hae ba tšepahalang, a se amahanya le sejo sa tšoantšetso seo a ba laelang hore ba se boloke hore ba tle ba mo hopole. O boetse oa ba bolella: “Ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso.” (22:20, 29, NW) Hona bosiung boo, ha Jesu a rapela Thabeng ea Mehloare, ‘lengeloi le tsoang leholimong le hlaha ho eena ’me lea mo matlafatsa. Ha a kenoa ke matsoalo a maholo, o tsoela pele ho rapela ka matla; ’me likhororo tsa hae li ba joale ka marotholi a mali a rothelang fatše.’ Moea e ba oa tsitsipano ha Judase moeki a etella mahoo-hoo pele hore a tšoare Jesu. Barutuoa ba hoa: “Morena, a re tla hlatha ka sabole na?” E mong oa bona o hlatha tsebe ea mohlanka oa moprista e moholo a e poma, empa Jesu oa ba khalemela ’me o folisa monna ea ntšitsoeng kotsi.—22:43, 44, 49.

27. (a) Petrose o hlōleha ho eng? (b) Ke liqoso life tse tlisoang khahlanong le Jesu, hona o qosoa le ho ahloloa tlas’a maemo afe?

27 Jesu o khahlapeletsoa ntlong ea moprista e moholo ho ea botsoa lipotso, ’me bosiung bo pholileng, Petrose o itsoakanya le letšoele le orileng mollo. Ka makhetlo a mararo o qosoa ka hore ke molateli oa Jesu, ’me o ho latola ka makhetlo a mararo. Joale mokōkō oa lla. Morena oa reteleha ’me o sheba Petrose, ’me Petrose, a hopola kamoo Jesu a boletseng hona esale pele, o tsoela ka ntle ’me o lla habohloko. Ka mor’a ho isoa holong ea Sanhedrin, joale Jesu o isoa ka pel’a Pilato ’me o qosoa ka ho khelosa sechaba, ho thibela ho lefshoa ha makhetho, le hore “o ipitsa Kreste, morena.” Hoba a tsebe hore Jesu ke Mogalilea, Pilato o mo romela ho Heroda, eo ho etsahalang hore e be o Jerusalema ka nako eo. Heroda le balebeli ba hae ba bapala ka Jesu ’me ba mo khutlisetsa ho ea qosoa ka pel’a mahoo-hoo a ferekaneng. Pilato o “ba neela Jesu hore a etsoe kamoo ba ratang kateng.”—23:2, 25.

28. (a) Jesu o tšepisa lesholu le bontšang tumelo ho eena eng? (b) Luka o tlaleha eng mabapi le lefu, lepato le tsoho tsa Jesu?

28 Lefu la Jesu, tsoho ea hae, le ho nyoloha ha hae (23:26–24:53). Jesu o khokhotheloa pakeng tsa linokoane tse peli. Se seng sea mo rohaka, empa se seng se bontša tumelo ’me se kōpa ho hopoloa ’Musong oa Jesu. Jesu oa tšepisa: “Ka ’nete kea u bolella kajeno, u tla ba le ’na Paradeiseng.” (23:43, NW) Joale ho ba le lefifi le sa tloaelehang, lesela la sehalalelisiso le hahoha ka lehare, ’me Jesu oa hoeletsa: “Ntate, ke neela moea oa ka matsohong a hao!” Eaba oa shoa, ’me setopo sa hae sea theoloa ’me se beoa lebitleng le fatiloeng lefikeng. Letsatsing la pele la beke, basali ba tlileng le eena ho tsoa Galilea ba ea lebitleng empa ha ba fumane setopo sa Jesu. Feela joalokaha a boletse esale pele, o tsohile ka letsatsi la boraro!—23:46.

29. Kosepele ea Luka e phetha ka tlaleho efe e thabisang?

29 Ha a hlaha a sa tsejoe ho barutuoa ba hae ba babeli tseleng e eang Emmause, Jesu o bua ka ho utloa ha hae bohloko ’me o ba hlalosetsa Mangolo. Hang baa mo hlokomela, empa oa nyamela. Joale baa hlalosa: “Ana lipelo tsa rōna li ne li sa chese ka hare ho rōna, ha a ntse a bua le rōna tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?” Ba potlakela Jerusalema ho ea bolella barutuoa ba bang. Ha ba ntse ba bua lintho tsena, Jesu o itlhahisa har’a bona. Ha ba kholoe ba bile ba maketse ke thabo. Eaba ‘o bula kutloisiso ea bona hore ba utloisise’ ka Mangolo se boleloang ke sohle se etsahetseng. Luka o phetha tlaleho ea Kosepele ea hae ka tlhaloso ea ho nyolohela ha Jesu leholimong.—24:32, 45.

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

30, 31. (a) Luka o haha tšepo joang hore Mangolo a Seheberu a bululetsoe ke Molimo? (b) Ke mantsoe afe a Jesu a qotsoang ke Luka ho tšehetsa see?

30 Litaba tse molemo “ho latela Luka” li haha tšepo ea motho Lentsoeng la Molimo ’me li matlafatsa tumelo ea hae e le hore a ka mamella ho tetekoa ke lefatše le ka ntle. Luka o fana ka mehlala e mengata ea ho phethahala ho nepahetseng ha Mangolo a Seheberu. Jesu o bontšoa a etsa thōmo ea hae ka mantsoe a tobileng a tsoang bukeng ea Esaia, ’me ho bonahala Luka a sebelisa sena e le sehlooho bukeng eohle. (Luka 4:17-19; Esa. 61:1, 2) Lena ke le leng la makhetlo ao ka oona Jesu a qotsitseng ho Baprofeta. O boetse a qotsa Molaong, joaloka nakong ea ha a ne a qhela liteko tse tharo tsa Diabolose, le Lipesalemeng, joaloka nakong ea ha a ne a botsa lira tsa hae, “Ho thoe, Kreste ke mora oa Davida joang?” Tlaleho ea Luka e na le lirapa tse ngata tse qotsitsoeng Mangolong a Seheberu.—Luka 4:4, 8, 12; 20:41-44; Deut. 8:3; 6:13, 16; Pes. 110:1.

31 Ha Jesu a ne a kena Jerusalema a palame petsana joalokaha ho boletsoe esale pele ho Zakaria 9:9, matšoele a ile a mo thoholetsa ka thabo, a sebelisa ho eena lengolo le ho Pesaleme ea 118:26. (Luka 19:35-38) Sebakeng se seng litemana tse peli tsa Luka li lekane ho akaretsa lintlha tse tšeletseng tseo Mangolo a Seheberu a li profetileng mabapi le lefu le nyatsehang la Jesu le tsoho ea hae. (Luka 18:32, 33, Pes. 22:7; Esa. 50:6; 53:5-7; Jonase 1:17) Qetellong, ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a hatella ka matla hore barutuoa ba hae ba utloisise bohlokoa ba Mangolo ’ohle a Seheberu. “A ntoo re ho bona: Ke tsona litaba tseo nkileng ka le bolella tsona, ha ke sa na le lōna, ka re: Tsohle tseo ke ngoliloeng ka tsona molaong oa Moshe le baprofeteng le lipesalemeng, e ka khona li etsahale. Ea e-ba hona a bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo.” (Luka 24:44, 45) Ho tšoana le barutuoa bao ba pele ba Jesu Kreste, le rōna re ka beoa leseling ’me ra fumana tumelo e matla ka ho ela hloko ho phethahala ha Mangolo a Seheberu, ho hlalositsoeng ka nepo hakana ke Luka le bangoli ba bang ba Mangolo a Bokreste a Segerike.

32. Tlaleho ea Luka e totobatsa ’Muso joang hona boikutlo ba rōna e lokela ho ba bofe ka ’Muso oo?

32 Tlalehong ea hae kaofela, Luka ha a phetse ho supisa ’mali oa hae ’Musong oa Molimo. Ho tloha qalong ea buka ena, moo lengeloi le tšepisang Maria hore ngoana ea tla mo beleha “o tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo,” ho ea likhaolong tsa ho qetela, moo Jesu a buang ka ho kenya baapostola selekaneng bakeng sa ’Muso, Luka o totobatsa tšepo ea ’Muso. (1:33; 22:28, 29) O bontša Jesu a etella boboleli ba ’Muso pele leha a roma baapostola ba 12, ’me hamorao ba 70, ho ea etsa oona mosebetsi ona. (4:43; 9:1, 2; 10:1, 8, 9) Hore ho inehela ka khopolo e le ’ngoe hoa hlokahala hore motho a kene ’Musong ho totobalitsoe ke mantsoe a tobileng a Jesu: “Lesa bafu ba epele bafu ba bona; ha e le uena, ea bolela ’muso oa Molimo,” le hore “Ea beang letsoho la hae mohomeng, ’me a boela a hetla, ha a tšoanele ’muso oa Molimo.”—9:60, 62.

33. Fana ka mehlala ea khatiso ea Luka holim’a thapelo. Ke thuto efe eo re ka e fumanang ho see?

33 Luka o hatisa taba ea thapelo. Kosepele ea hae ke e ikhethang ho sena. E bolela ka letšoele le neng le rapela ha Zakaria a ntse a le ka tempeleng, ka ho tsoaloa ha Johanne Mokolobetsi e le karabelo ea lithapelo bakeng sa ho ba le ngoana, le ka moprofeta oa mosali Anna ha a rapela bosiu le motšehare. E hlalosa ha Jesu a rapela nakong eo a kolobetsoang ka eona, ha a qeta bosiu bohle a rapela pele a khetha ba 12, le ha a rapela nakong ea ho fetoha ka khanya. Jesu o eletsa barutuoa ba hae hore “ba rapele ka mehla ’me ba se ke ba khathala,” a bontša sena ka mohlolohali ea phehellang eo a sa kang a phetsa ho etsa thapeli ho moahloli ho fihlela a mo ahloletse ka toka. Ke Luka feela ea phetang ka kōpo ea barutuoa ea hore Jesu a ba rute ho rapela le ka ho matlafatsoa ha Jesu ke lengeloi ha a ntse a rapela Thabeng ea Mehloare; ’me ke eena feela ea tlalehang mantsoe a thapelo ea ho qetela ea Jesu: “Ntate, ke neela moea oa ka matsohong a hao!” (1:10, 13; 2:37; 3:21; 6:12; 9:28, 29; 18:1-8; 11:1; 22:39-46; 23:46) Joaloka letsatsing leo Luka a ileng a tlaleha Kosepele ea hae ka lona, le kajeno thapelo ke tokisetso ea bohlokoa bakeng sa ho matlafatsa bohle ba etsang thato ea bomolimo.

34. Ke litšoaneleho life tsa Jesu tseo Luka a li hatisang e le mehlala e metle bakeng sa Bakreste?

34 Ka kelello ea hae e hlokolosi le ho ngola ha hae ka mokhoa o phollatsi o hlalosang, Luka o kenya mofuthu le bophelo bo mafolo-folo thutong ea Jesu. Lerato, mosa, mohau, le kutloelo-bohloko tsa Jesu ho ba fokolang, ba hatelletsoeng, le ba nyahameng lipelo li bontša phapano e khōlō ho bolumeli bo batang, bo hlomamisitsoeng, bo se nang bolokolohi ba boikaketsi ba bangoli le Bafarisi. (4:18; 18:9) Jesu o fana ka khothatso nako le nako ’me o thusa mafutsana, batlamuoa, lifofu, le ba tšoenyehileng, kahoo a fana ka mohlala o babatsehang ho ba batlang ho ‘hata moo a hatileng teng.’—1 Pet. 2:21.

35. Ke hobane’ng ha re ka leboha Jehova kannete bakeng sa tokisetso ea hae ea Kosepele ea Luka?

35 Feela joalokaha Jesu, Mora oa Molimo ea phethahetseng, ea etsang mehlolo, a bontšitse kameho e lerato ho barutuoa ba hae le ho batho bohle ba pelo li tšepahalang, le rōna re lokela ho loanela ho phetha tšebeletso ea rōna ka lerato, e, ‘ka baka la pelo e mohau ea Molimo oa rōna.’ (Luka 1:78) Ho tla fihlela mothating ona litaba tse molemo “ho latela Luka” ka sebele li molemohali e bile lia thusa. Ka sebele re ka leboha Jehova ka ho bululela Luka, “ngaka e ratoang,” ho ngola tlaleho ena e nepahetseng, e hahang le e khothatsang, e supang pholohong ka ’Muso oa Jesu Kreste, “mokhoa oa ho pholosa oa Molimo.”—Ba-Kol. 4:14; Luka 3:6, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a The Medical Language of Luke, 1954, W. K. Hobart, maqephe xi-xxviii.

b A Lawyer Examines the Bible, 1943, I. H. Linton, leqephe 38.

c Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 766-7.

d Modern Discovery and the Bible, 1955, A. Rendle Short, leqephe 211.

e The Jewish War, V, 491-515, 523 (xii, 1-4); VI, 420 (ix, 3); bona le Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 751-2.

f Drakema e ne e le chelete ea silevera ea Greece e boima ba ligrama tse 3,4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela