Pina 1
“Boka Jehova, Moea oa Ka”
1. Moea oa ka o thabela
Ho boka Jah ea matla ’ohle,
Ea tlosang masoabi ’ohle,
Ea tšoarelang makhopo joale.
O mohau, o bontša lereko,
O ruile mehauhelo.
Bohle ba tšabang Jehova,
Ba tla ne ba fumane thabo
2. Jah ke Ntate ea bonolo,
O tseba hore re lerōle.
’Me re ka shoa hona joale
Joaloka joang le motalane.
Empa Jah o bontša lereko
Ho ba elelloang litaelo.
Re tla bona mosa oa hae
Ha re boloka litemoso.
3. Hoba Jah o beile t’rone
E tlotlisoang ea hae holimong.
’Me o busa lintho tsohle;
Matla a hae a bonoa pōpong.
Lōna mangeloi bokang
’Mopi; Le bokeng Jehova ka matla.
Bokang Jah, makhotla ’ohle.
Boka Jehova, moea oa ka.