142
Tšepo ea Pōpo ea Topollo
1. Ho teng tsieleho ’me ha ho tšepo
Bathong ba phelang lefatšeng.
Ba furalletse Molim’oa ’nete,
Ba kene maqakabetsing.
2. Ho lokoloha, kaofel’a rōna
Re hloka thuso’a Jehova.
O’a khotsofatsa, le ho baballa
Bohle ba lebang ho eena.
3. Ho sa tla nako ea ha ka thabo
Re tla ntšoa khobeng ba sebe.
Jes’o tlotsitsoe, ’me o khethiloe
A tle a re sireletse.
4. Ka ho kopana le mohlatsoana
Re tla ba le mahl’onolo.
Re lebelletse, ’me re letetse
Puso ea Jah e lerato.