Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 12/1 maq. 10-15
  • Batsoali, Nyakalatsoang ke Bana ba Lōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali, Nyakalatsoang ke Bana ba Lōna
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khatiso Lentsoeng la Jehova
  • Ho Koetlisa ho Tloha Bonyenyaneng
  • Ho ‘Nosetsa’ Kamehla
  • Ho Sireletsa Bana ba Banyenyane
  • Ho Laea ka Lerato
  • Moputso o Tšoaneloang ke Boiteko
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Bana ba Rōna ke Lefa la Bohlokoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 12/1 maq. 10-15

Batsoali, Nyakalatsoang ke Bana ba Lōna

“A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao.”—LIPROVERBIA 23:25.

1. Ke’ng se tla etsa hore batsoali ba nyakalatsoe ke bana ba bona?

HO HOTLE hakaakang ho bona sefate se senyenyane se hōla ’me e e-ba sefate se seholo se setle se moriti o monate—haholo-holo haeba u ile ua se lema le ho se hlokomela! Ka ho tšoanang, batsoali ba hlokomelang bana ba hōlelang ho ba bahlanka ba Molimo ba hōlileng tsebong ba nyakalla haholo ka lebaka la bona, joalokaha maele a Bibele a re: “Ntat’a ea lokileng o tla nyakalla haholo; ea tsoetseng ngoana ea bohlale o tla thaba ka eena. A a ke a thabe, ntat’ao, le eena ’m’ao; a nyakalle, ea u belehileng.”—Liproverbia 23:24, 25.

2, 3. (a) Batsoali ba ka qoba masoabi le bohloko joang? (b) Lifate tse nyenyane le bana li hloka eng e le hore e ka ba mohloli oa nyakallo?

2 Empa ha ho itlele feela hore ngoana e be ea “lokileng” le ea “bohlale.” Ho hlokahala boiteko bo matla ho thibela bana ba banyenyane ho ba mohloli oa “masoabi” le “bohloko,” joalokaha e ka ba mosebetsi ho etsa hore sefate se senyenyane e be sefate se seholo. (Liproverbia 17:21, 25, bapisa le NW.) Ka mohlala, lithupa tse tšehetsang li ka koetlisa sefate se senyenyane hore se hōle se otlolohile se bile se tiile. Ho nosetsa kamehla ke habohlokoa haholo, ’me sefate se senyenyane se ka ’na sa hloka ho sireletsoa likokoanyaneng. Qetellong, ho tlosa makala a sa hlokahaleng ho thusa ho hlahisa sefate se setle.

3 Lentsoe la Molimo le senola hore bana ba hloka lintho tse joaloka koetliso ea bomolimo, ho nosetsoa ka ho feletseng ka metsi a ’nete ea Bibele, ho sireletsoa ho hlekefetsoeng boitšoarong, le taeo e lerato ho tlosa mekhoa leha e le efe e sa rateheng. Ho khotsofatsa litlhoko tsena, bo-ntate ka ho khetheha ba phehelloa ho hōlisa bana ba bona “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) See se akarelletsa eng?

Khatiso Lentsoeng la Jehova

4. Batsoali ba na le boikarabelo bofe mabapi le bana ba bona, hona ho hlokahala eng pele ba ka bo phethahatsa?

4 ‘Ho laola kelello ha Jehova’ ho bolela hore monahano oa rōna o lumellane le thato ea Jehova. Joale, batsoali ba tlameha ho kenya monahano oa Jehova likelellong tsa bana ba bona ba banyenyane litabeng tse itseng. ’Me ba tlameha hore ba boele ba etsise mohlala oa Molimo oa ho laea ka qenehelo kapa ho koetlisa ka morero oa ho lokisa. (Pesaleme ea 103:10, 11; Liproverbia 3:11, 12) Empa pele batsoali ba ka etsa sena, bona ka bobona ba tlameha ho utloisisa litaelo tsa Jehova ka ho feletseng, joalokaha moprofeta oa Molimo Moshe a ile a eletsa Baiseraele ba boholo-holo: “Litaelo [tse tsoang ho Jehova] tseo ke u laelang tsona kajeno, li be pelong ea hao.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Deuteronoma 6:6.

5. Batsoali ba Baiseraele ba ne ba lokela ho ruta bana ba bona neng hona e le ka tsela efe, ’me ho “kenya ka ho teba” ho bolela’ng?

5 Thuto ea kamehla ea Bibele, ho thuisa le thapelo li hlomella batsoali ho etsa seo Moshe a ileng a se laela ka mor’a moo: “[Litaelo tsa Jehova] u tlameha ho li kenya ka ho teba ka ho mora oa hao ’me u bue ka tsona ha u lutse ka tlung ea hao leha u tsamaea tseleng leha u robala leha u tsoha.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho “kenya ka ho teba” le bolela “ho pheta,” “ho pheta-pheta,” “ho hatisa ka ho hlaka.” Hlokomela kamoo Moshe a tsoelang pele ho hatisa tlhokahalo ea ho nka litaelo tsa Jehova e le tsa bohlokoa: “U li tlame matsohong a hao hore e be lipontšo ho uena, ’me li be joalo ka moqhaka phatleng pakeng tsa mahlo a hao. U li ngole lifateng tsa menyako ea ntlo ea hao, le mamating a eona.” Ho hlakile hore Jehova o batla hore batsoali ba hlokomele bana ba bona kamehla, ka lerato!—Deuteronoma 6:7-9, bapisa le NW.

6. Batsoali ba ne ba lokela ho kenya eng ka ho teba ka ho bana ba bona, hona e le ka molemo ofe?

6 “Litaelo tseo” tsa Jehova ke life tseo batsoali ba neng ba lokela ho li kenya ka ho teba baneng ba bona? Moshe o ne a sa tsoa pheta-pheta seo ka tloaelo se bitsoang Melao e Leshome, ho akarelletsa le litaelo tsa ho se bolaee, ho se febe, ho se utsoe, ho se behe bopaki ba bohata le ho se lakatse tsa ba bang. Litlhokahalo tse joalo tsa boitšoaro, esita le taelo ea ho “rata Jehova, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao oohle, le ka matla a hao ’ohle,” e ne e le seo ka ho khetheha batsoali ba Baiseraele ba neng ba lokela ho se kenya ka ho teba ka ho bana ba bona ba banyenyane. (Deuteronoma 5:6-21; 6:1-5) Na u ne u ke ke ua lumela hore bana ba hloka thuto ea mofuta oo kajeno?

7. (a) Ka Bibeleng bana ba ne ba bapisoa le eng? (b) Hona joale re tla hlahloba eng?

7 Ntate oa Moiseraele o ile a bolelloa: “Mosali oa hao, ka hare ho ntlo ea hao, o joalo ka morara o behang haholo; bara ba hao ba teela tafole ea hao hare, joalo ka mehloaare e mecha.” (Pesaleme ea 128:3) Empa, hore batsoali ba nyakalatsoe ke “lifate tse nyenyane” tsa bona ho e-na le ho latsoa masoabi, ba tlameha ho bontša bana ba bona thahasello ea botho le ea kamehla. (Liproverbia 10:1; 13:24; 29:15, 17) A re hlahlobeng kamoo batsoali ba ka koetlisang bana ba bona, ba ka ba nosetsang moeeng, ba ka ba sireletsang le ho ba laea ka lerato ka tsela eo ba tla ba nyakalatsa e le kannete.

Ho Koetlisa ho Tloha Bonyenyaneng

8. (a) Ke bo-mang ba neng ba sebeletsa e le lithupa tse koetlisang bakeng sa Timothea? (b) Koetliso e ile ea qala neng, hona ka phello efe?

8 Nahana ka Timothea, eo ka tsela ea tšoantšetso a ileng a fumana tšehetso lithupeng tse koetlisang tse peli tse tiileng—e leng ’mè oa hae le nkhono oa hae. Kaha ntate oa Timothea e ne e le Mogerike ’me ho hlakile hore o ne a sa lumela, e ne e le ’mè oa hae oa Mojuda, Eunise le nkhono oa hae, Loise ba ileng ba koetlisa moshemane enoa ‘ho tloha boseeng ka lingoliloeng tse halalelang.’ (2 Timothea 1:5; 3:15; Liketso 16:1) Ho khothalla ho ruta Timothea ha bona—esita le ha e ne e sa le lesea—“mehlolo e entsoeng ke [Jehova]” ho ile ha putsoa ka ho enneng. (Pesaleme ea 78:1, 3, 4) Timothea e ile ea e-ba moromuoa linaheng tse hōle, mohlomong e sa ntse e le mocha, ’me o ne a e-na le mosebetsi o hlaheletseng oa ho matlafatsa liphutheho tsa pele tsa Bokreste.—Liketso 16:2-5; 1 Bakorinthe 4:17; Bafilippi 2:19-23.

9. Bana ba banyenyane ba ka ithuta ho qoba maraba a lintho tse bonahalang joang?

9 Batsoali, le lithupa tse koetlisang tsa mofuta ofe? Ka mohlala, na le batla hore bana ba lōna ba be le pono e leka-lekaneng ka lintho tse bonahalang? Joale le tlameha ho beha mohlala o nepahetseng ka ho se phehelle ho fumana thepa eohle ea morao-rao kapa lintho tse ling tseo le hlileng le sa li hlokeng. Haeba le khetha ho phehella ho atleha linthong tse bonahalang, le se ke la makala ha bana ba lōna ba le etsisa. (Matheu 6:24; 1 Timothea 6:9, 10) Ka sebele, haeba lithupa tse koetlisang li sa otloloha, sefate se senyenyane se tla hōla se otlolohile joang?

10. Batsoali ba lokela hore kamehla ba batle tataiso ea mang, hona ba lokela ho ba le boikutlo bofe?

10 Batsoali ba nyakalatsoang ke bana ba bona ba tla batla thuso ea Molimo ba sa khaotse bakeng sa ho ba koetlisa, kamehla ba nahana ka se molemohali bomoeeng ba bana ba bona. ’Mè e mong oa bana ba bane o ile a pheta: “Esita le pele bana ba rōna ba hlaha, re ne re rapela Jehova kamehla hore a re thuse re be batsoali ba molemo, ba tataisoang ke Lentsoe la hae le ba le sebelisang bophelong ba bona.” O ile a phaella: “‘Jehova o tla pele’ e ne e se feela polelo e tloaelehileng empa e ne e le tsela eo re neng re phela bophelo ba rōna ka eona.”—Baahloli 13:8.

Ho ‘Nosetsa’ Kamehla

11. Lifate tse nyenyane le bana ka bobeli li hloka eng ho hōla?

11 Lifate tse nyenyane ka ho khetheha li hloka ho nosetsoa kamehla, joalokaha ho bontšoa ke kamoo lifate li hōlang hantle kateng ka thōko ho nōka. (Bapisa le Tšenolo 22:1, 2.) Bana le bona ba tla hōla moeeng haeba ba nosetsoa ka metsi a ’nete ea Bibele kamehla. Empa ho hlokahala hore batsoali ba hlokomele bolelele ba nako eo ngoana a ka tsepamisang mohopolo tabeng ka eona. Mohlomong thuto e khutsufalitsoeng e khannoang khafetsa e ka atleha ho feta ha e khannoa ka nako e telele ka makhetlo a seng makae. Le se ke la nyenyefatsa bohlokoa ba lithuto tse joalo tse khutsufalitsoeng. Ho nka nako le le hammoho ke habohlokoa haholo tabeng ea ho haha kamano e haufi-ufi pakeng tsa batsoali le ngoana, katamelano e khothalletsoang khafetsa ka Mangolong.—Deuteronoma 6:6-9; 11:18-21; Liproverbia 22:6.

12. Ho rapela le bana ba banyenyane ke habohlokoa bofe?

12 E ’ngoe ea lithuto tseo bana ba banyenyane ba li khanneloang e ka khannoa qetellong ea letsatsi. Mocha e mong oa hopola: “Batsoali ba ka ba ne ba ee ba lule qetellong ea bethe ea rōna bosiu bo bong le bo bong ebe baa re mamela ha re rapela.” Mabapi le molemo oa ho etsa sena, e mong o itse: “Seo se ile sa etsa hore ke tloaele ho rapela Jehova bosiu bo bong le bo bong pele ke robala.” Ha kamehla bana ba utloa batsoali ba bona ba bua ka Jehova le ho mo rapela, o fetoha motho oa sebele ho bona. Mohlankana e mong o itse: “Ke ne ke ee ke tutubale ha ke rapela Jehova ’me ke bone motho oa sebele ea nang le botho bo kang ba ntate-moholo. Batsoali ba ka ba ile ba nthusa ho bona hore Jehova o phetha karolo e itseng linthong tsohle tseo re li etsang le tseo re li buang.”

13. Linako tsa thuto ea kamehla li ka akarelletsa eng?

13 Bakeng sa ho thusa bana ba banyenyane ho noa metsi a ’nete ea Bibele, batsoali ba ka akarelletsa lintho tse ngata tsa sebele linakong tsa thuto ea ka mehla. Batsoali ba bana ba babeli ba e-song ho fihle lilemong tsa bocha ba itse: “Bana bana ka bobeli ba ile ba qala ho fumana koetliso ea ho lula ba khutsitse ka Holong ea ’Muso ho tloha libekeng tse seng kae tsa pele ba hlahile.” Ntate e mong o ile a hlalosa seo lelapa la hae le neng le se etsa: “Re ne re ngola libuka tsa Bibele tsohle likareteng tse nyenyane ’me re ithuta ho li beha ka tatellano, kaofela ha rōna re chenchana. Kamehla bana ba ne ba lebella sena.” Malapa a mangata a kenyelletsa thuto e khutsufalitsoeng pele ho lijo kapa ka mor’a tsona. Ntate e mong o itse: “Lijo tsa mantsiboea e ’nile ea e-ba nako e monate bakeng sa hore re buisane ka temana ea letsatsi ea Bibele.”

14. (a) Ke mesebetsi efe e putsang moeeng eo ho ka kopaneloang ho eona le bana ba banyenyane? (b) Bana ba na le matla afe a ho ithuta?

14 Bana ba banyenyane le bona ba thabela ho mamela litlaleho tsa Bibele tse hlakileng tse ho Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.a Banyalani ba bang ba ile ba hlokomela: “Ha bana ba ne ba sa le banyenyane, ho ne ho akaretsoa thuto e itseng bukeng ea Lipale tsa Bibele, ebe bana ba apara liaparo tse tšoanang le tsa batho ba nakong eo ebe ba tšoantša likarolo tseo ka sebōpeho sa tšoantšiso e nyenyane. Ba ne ba rata sena ’me hangata ba tsitlallela hore ba etse lipale tse fetang e le ’ngoe thutong ka ’ngoe.” U se ke ua halala matla a ngoana oa hao a ho ithuta! Bana ba lilemo li ’nè ba ’nile ba tšoara ka hlooho likhaolo tse feletseng tsa buka ea Lipale tsa Bibele ’me ba ithutile esita le ho bala Bibele! Mocha e mong o hopola hore ha a ne a le lilemo li ka bang tharo le halofo, o ne a ee a bitse “liqeto tsa boahloli” hampe khafetsa-khafetsa, empa ntate oa hae o ne a mo khothalletsa ho tsoela pele ho ithuta.

15. Ke litaba life tse ka kenyelletsoang ha ho buisanoa le bana, hona ho na le bopaki bofe ba hore lipuisano tse joalo ke tsa bohlokoa?

15 Linako tsa ho ithuta le bana ba hao ba banyenyane li ka boela tsa sebelisetsoa ho ba lokisetsa ho kopanela metsi a ’nete le ba bang, ka mekhoa e kang ho etsa litlhaloso libokeng. (Baheberu 10:24, 25) Mocha e mong oa hopola: “Ha re ne re ithuta, ke ne ke tlameha ho hlalosa ka mantsoe a ka. Ke ne ke sa lumelloe ho bala feela ke sa utloisise.” Ho phaella moo, bana ba ka koetlisoa hore ba be le karolo e nang le morero tšebeletsong ea tšimo. Mosali e mong ea hōlisitsoeng ke batsoali ba tšabang Molimo oa hlalosa: “Le ka mohla re ne re sa hulane feela ka mor’a batsoali ba rōna mosebetsing oa bona. Re ne re tseba hore re na le karolo, esita le haeba e ne e le feela ho letsa tšepe e monyako le ho siea sememo. Ka ho lokisetsa ka hloko pele ho mesebetsi ea mafelo-beke a mang le a mang, re ne re tseba hore na re tla re’ng. Moqebelo hoseng ho ne ho se mohla re tsohang re botsa hore na re ea tšebeletsong. Re ne re tseba hore rea ea.”

16. Ke hobane’ng ha ho khannela bana thuto ea lelapa kamehla e le habohlokoa?

16 Tlhokahalo ea hore kamehla re nosetse bana ba banyenyane ka metsi a ’nete ea Bibele e ke ke ea hatisoa ho feta tekano, e leng se bolelang hore thuto ea Bibele ea beke le beke ea hlokahala. Ntate ea nang le bana ba babeli o bolela hore “ntho e ka sehloohong e halefisang bana ke ho se tsitse.” (Baefese 6:4) O itse: “’Na le mosali oa ka re ile ra khetha letsatsi le nako ’me ka botšepehi ra khanna thuto ea lelapa re itšetlehile ka kemiso eo. Ha hoa ka ha nka nako e telele pele bana ba e lebella ka nako eo.” Koetliso eohle e joalo e etsoang ho tloha boseeng ke ea bohlokoa, tabeng ea ho sebetsa tumellanong le ’nete ena e totobetseng, ‘Sefate se oela moo se sekametseng teng.’

17. Ke eng eo e leng ea bohlokoa bo tšoanang le ba ho ruta bana ba banyenyane linnete tsa Bibele?

17 Ho fa bana ba banyenyane linnete tsa Bibele ke habohlokoa, empa mohlala oa batsoali ke oa bohlokoa ka ho tšoanang. Na bana ba hao ba bona u ithuta, u kopanela libokeng kamehla, u kopanela tšebeletsong ea tšimo, e, u thabela ho etsa thato ea Jehova? (Pesaleme ea 40:8) Ke habohlokoa hore ba bone seo. Ka ho hlokomelehang, morali e mong o ile a re ka ’mè oa hae, ea neng a ile a mamella khanyetso ea monna oa hae ’me a hōlisitse bana ba tšeletseng hore e be Lipaki tse tšepahalang: “Se neng se re khahla ka ho fetisisa ke mohlala oa ’Mè—o ne o bua haholo ho feta lipolelo.”

Ho Sireletsa Bana ba Banyenyane

18. (a) Batsoali ba ka fa bana tšireletso eo ba e hlokang joang? (b) Ke thuto ea mofuta ofe eo bana ba banyenyane Iseraeleng ba neng ba e fumana mabapi le litho tsa ho hlahisa bana?

18 Joalokaha lifate tse nyenyane hangata li hloka ho sireletsoa likokoanyaneng tse kotsi, tsamaisong ena e khopo ea lintho, ho hlokahala hore bana ba banyenyane ba sireletsoe ‘bathong ba khopo.’ (2 Timothea 3:1-5, 13) Batsoali ba ka fana ka tšireletso ee joang? Ka ho ba thusa ho fumana bohlale ba bomolimo! (Moeklesia 7:12) Jehova o ile a laela Baiseraele—ho akarelletsa le “bana” ba bona—ho mamela ha Molao oa hae o baloa, e leng se neng se akarelletsa ho khetholla boitšoaro ba botona le botšehali bo loketseng le bo sa lokelang. (Deuteronoma 31:12; Levitike 18:6-24, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ho buuoa khafetsa ka litho tsa ’mele tsa ho hlahisa bana, ho akarelletsa le “makoalata” le “setho sa botona kapa sa botšehali.” (Levitike 15:1-3, 16; 21:20; 22:24; Numere 25:8; Deuteronoma 23:10, bapisa le NW.) Ka lebaka la tšenyeho e feteletseng ea lefatše la kajeno, ho hlokahala hore bana ba banyenyane ba tsebe tšebeliso e loketseng le e sa lokelang ea litho tse joalo tsa ’mele tse akarelletsoang pōpong eo Molimo a itseng e “molemo haholo.”—Genese 1:31; 1 Bakorinthe 12:21-24.

19. Thuto e loketseng eo bana ba banyenyane ba lokelang ho e fuoa mabapi le litho tsa bona tsa ’mele tsa botona kapa tsa botšehali ke efe?

19 Ha e le hantle, batsoali ka bobeli kapa mohōlisi ka mong oa bana eo e leng motho e moholo, ba lokela ho tsebisa ngoana litho tsa ’mele tsa botona kapa tsa botšehali. Joale ba lokela ho ba hlalosetsa hore ha ho motho e mong ea lokelang ho lumelloa ho tšoara litho tsena. Kaha batho ba hlekefetsang bana ka likamano tsa botona le botšehali hangata ba leka ho bona kamoo bana ba banyenyane ba arabelang kateng ha ba ba fereha ka mano, ngoana o lokela ho rutoa ho hana ka tieo ’me a re, “Ke tla bolela!” Ruta bana ba hao ba banyenyane hore kamehla ba lokela ho bolela ha mang kapa mang a leka ho ba tšoara ka tsela e etsang hore ba ikutloe ba sa phutholoha, ho sa tsotellehe hore na ho etsoa litšoso life.

Ho Laea ka Lerato

20. (a) Taeo e tšoana le ho tlosa makala a sa hlokahaleng joang? (b) Qalong taeo e ka ’na ea hlahisa eng, empa phello ke efe?

20 Bana ba banyenyane ba rua molemo taeong e lerato, joalokaha sefate se rua molemo ha se tlosoa makala a sa hlokahaleng. (Liproverbia 1:8, 9; 4:13; 13:1) Ha makala a mabe a pongoa, khōlo ea a mang e ntšetsoa pele. Ka hona haeba bana ba hao ba lebisitse tlhokomelo ka ho khetheha linthong tse bonahalang kapa ba e-na le tšekamelo ea litloaelano tse mpe kapa ea boithabiso bo seng molemo, litšekamelo tsena tse fosahetseng li tšoana le makala a hlokang ho pongoa. Haeba a tlosoa, bana ba hao ba tla thusoa ho hōla ba e-na le tšekamelo ea moea. Qalong taeo e joalo e ka ’na ea bonahala e sa thabise, hantle feela joalokaha ho tlosa makala a sa hlokahaleng ho ka ’na ha baka tšitiso e itseng sefateng. Empa phello e molemo ea taeo ke khōlo e nchafalitsoeng tseleng eo u batlang hore ngoana oa hao a hōlele ho eona.—Baheberu 12:5-11.

21, 22. (a) Ke’ng se bontšang hore ha ho monate ho fana ka taeo leha e le hona ho e amohela? (b) Ke hobane’ng ha batsoali ba sa lokela ho timana ka taeo?

21 Ho bonolo ho lumela hore taeo ha e thabise ebang ke ho ea fanang ka eona kapa ea e amohelang. Ntate e mong o ile a hlokomela: “Mora oa ka o ne a qeta nako e ngata le mocha eo baholo ba ileng ba ntlhokomelisa hore hase motsoalle e motle. Ke ne ke lokela ho nka bohato kapele ho feta kamoo ke ileng ka etsa. Le hoja mora oa ka a sa ka a ameha phosong leha e le efe e totobetseng, ho ile ha nka nako ho lokisa monahano oa hae.” Mora enoa o ile a hlokomela: “Ha ke ne ke khaohanngoa le motsoalle oa ka oa hlooho ea khomo, ke ile ka sithabela.” Empa o ile a phaella: “Ena e ne e le qeto e molemo, kaha kapele ka mor’a moo o ile a khaoloa.”

22 Lentsoe la Molimo le re: “Likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo.” Ka hona ho sa tsotellehe hore na ho ka ba thata hakae ho fana ka taeo, u se ke ua e tima bana ba hao. (Liproverbia 6:23; 23:13; 29:17) Ha nako e ntse e feta, ba tla leboha hore ebe u ile ua ba khalemela. Mocha e mong oa hopola: “Ke hopola ke halefetse batsoali ba ka haholo ha ba ne ba ntaea. Joale ke ne ke tla halefa le ho feta haeba batsoali ba ka ba ne ba ntimme taeo eo.”

Moputso o Tšoaneloang ke Boiteko

23. Ke hobane’ng ha tlhokomelo eohle e lerato e lebisoang ho bana ba banyenyane e tšoaneloa ke boiteko?

23 Ha ho pelaelo hore bana ba nyakalatsang batsoali ba bona, esita le ba bang ke tholoana ea tlhokomelo e lerato e ngata ea letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, boiteko bohle boo ba bo etsetsoang—ebang ke bana ba nama kapa ba moea—bo tšoaneloa hantle ke moputso o ka thabeloang. Moapostola Johanne ea hōlileng o bontšitse sena ha a ne a ngola: “Ha ke na lebaka le leholoanyane la ho leboha ho feta lintho tsena, hore ebe ke utloa hore bana ba ka ba tsoela pele ho tsamaea ’neteng.”—3 Johanne 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Na U sa Hopola?

◻ Lifate tse nyenyane le bana li hloka eng e le hore e ka ba tse ratehang?

◻ Ha e le hantle, batsoali ba ka sebeletsa joang e le lithupa tse koetlisang tse atlehang?

◻ Ho ka kenyelletsoa eng thutong ea bana ba banyenyane, ’me ba lokela ho rutoa ho hana eng?

◻ Taeo ke ea bohlokoa joang bakeng sa ngoana, joalokaha ho tlosa makala a sa hlokahaleng ho le molemo bakeng sa sefate?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Courtesy of Green Chimney’s Farm

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela