Bacha ba Hopolang ’Mōpi oa Bona
“Hopola ’Mōpi oa hao u sa le mocha.”—MOEKLESIA 12:1, BPN.
1. Ke lipolelo life tsa moshemane ea lilemo li 11 tse bontšang hore ’Mōpi oa rōna ke oa sebele ho eena?
HO HOTLE hakaakang ha bana ba banyenyane ba bua le ho etsa lintho ka tsela e bontšang hore ba talima Jehova Molimo e le motho oa sebele eo ba khahloang ke eena le eo ba batlang ho mo thabisa! Moshemane ea lilemo li 11 o itse: “Ha ke le mong ’me ke hloelisa ka fensetere, ke bona kamoo pōpo ea Jehova e hlollang kateng. Ebe ke nahana kamoo Paradeise e tla ba ntle kateng nakong e tlang le kamoo nka tšoarang liphoofolo kateng ka nako eo.” (Esaia 11:6-9) O ile a phaella: “Ha ke le mong, ke rapela Jehova. Kea tseba hore a ke ke a nkhalefela ha ke bua le eena ka linako tsohle. Kea tseba hore o teng ’me o nchebile ka linako tsohle.” Na ’Mōpi oa rōna ke motho oa sebele ho uena joalokaha e le oa sebele ho moshemane eo?
Molimo ke oa Sebele Hakae ho Uena?
2. (a) ’Mōpi oa hao e ka ba oa sebele joang ho uena? (b) Batsoali ba ka phetha karolo efe ho thuseng bana ba bona ho utloisisa hore Molimo ke motho oa sebele?
2 E le hore Jehova e be oa sebele le litšepiso tsa hae e be tsa sebele ho uena, u tlameha hore pele u ithute ka eena le bokamoso bo hlollang boo a u tšepisang bona lefatšeng le lecha la ho loka leo Bibele e le hlalosang. (Tšenolo 21:3, 4) Haeba batsoali ba hao ba u rutile ka lintho tsena, u na le lebaka la ho ananela hobane sena se u nolofalletsa ho ela hloko taelo e bululetsoeng: “Hopola ’Mōpi oa hao.” (Moeklesia 12:1, BPN, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Mocha e mong o ile a re mabapi le koetliso eo a ileng a e fuoa ke batsoali ha a sa le monyenyane: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe bophelong kamehla e ne e lebisoa ho Jehova. Sena e ne e le senotlolo sa hore ke hopole ’Mōpi oa ka.” Mosali e mong e mocha o ile a hlokomela: “Ke tla leboha batsoali ba ka ka ho sa feleng ka ho nthuta hore Jehova ke motho oa sebele. Ba ile ba mpontša kamoo nka mo ratang kateng ’me ba mpolella ka thabo ea ho mo sebeletsa ka nako e tletseng.”
3, 4. U ka thusoa ke’ng ho nahana ka Jehova e le motho oa sebele?
3 Empa, ba bangata ba ho fumana ho le thata ho nahana ka Molimo e le motho oa sebele ea ba thahasellang. Na le uena u ho fumana ho le thata? Mocha e mong o ile a thusoa ho nahana ka Molimo ka tsela ea botho ke polelo ena ho Molula-Qhooa: “Hore na Jehova Molimo o moholo hakae mabapi le ’mele oa hae, ha re tsebe.” Ho hlakile hore bophahamo ba Molimo ha boa itšetleha ka boholo ba hae kapa sebōpeho, joalokaha polelo e latelang ho Molula-Qhooa oo e itse: “Boholo ba hae ba ’nete bo itšetlehile ka hore na ke Molimo oa mofuta ofe,” ka sebele, ke Molimo ea tšepahalang, ea qenehelang, ea lerato le ea tšoarelang.a (Exoda 34:6; Deuteronoma 32:4; Pesaleme ea 86:5; Jakobo 5:11) Na u talima Jehova e le motho ea joalo, motsoalle ea tšepahalang eo u ka bang le kamano ea bohlokoa le eena?—Esaia 41:8; Jakobo 2:23.
4 Jesu o ile a thusa balateli ba hae ba pele ho thabela kamano ea botho le Molimo. Kahoo, ha moapostola Johanne a ngola ka tsoho eo a e lebeletseng ea ho tsohela bophelong ba leholimo, o ile a hlokomela: “Re tla ba joaloka [Molimo], hobane re tla mo bona feela joalokaha a le joalo.” (1 Johanne 3:2; 1 Bakorinthe 15:44) Kajeno bacha ba ka boela ba thusoa ho talima Molimo e le motho oa sebele, eo ba ka mo tsebang hantle le hoja ba ke ke ba mo bona. Mohlankana e mong o ile a hlokomela: “Batsoali ba ka ba ile ba nthusa ho hopola Jehova ka ho botsa lipotso tse ngata, tse kang, ‘Jehova o ne a tla re’ng? U ne u ka ho hlalosa joang ka mantsoe a hao? Seo se bolela’ng?’” Na lipotso tse kang tsee ha li etse hore re nahane ka kamano ea rōna ea botho le Molimo?
Seo ho Hopola ho se Bolelang
5. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore ho hopola motho ho akarelletsa ho fetang ho hopola lebitso la hae?
5 Ho ela hloko taelo ea ho “Hopola ’Mōpi oa hao,” ho bolela ho fetang ho nahana ka Jehova feela. Ho akarelletsa ketso, ho etsa se mo thabisang. Ha senokoane se ne se kōpa Jesu ka tieo, “U nkhopole ha u kena ’musong oa hao,” se ne se batla hore Jesu a etse ho fetang ho hopola lebitso la sona. Se ne se batla hore Jesu a nke bohato, a se tsose. (Luka 23:42) Ka ho tšoanang, Josefa ea neng a kentsoe teronkong o ne a lebeletse ketso e itseng molemong oa hae ha a ne a kōpa moqhatsetsi oa Faro hore a mo hopole ho Faro. ’Me ha Jobo a ne a kōpa Molimo ka matla, ‘U nkhopole,’ o ne a kōpa hore nakong e itseng e tlang, Molimo a tle a nke bohato ba ho mo tsosa.—Jobo 14:13, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; Genese 40:14, 23.
6. Ke joang lentsoe la Seheberu bakeng sa “hopola” le fanang ka mohopolo oa boikutlo bo mofuthu bakeng sa ntho kapa motho ea hopoloang?
6 Mohloli o mong oa boitsebiso o re lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “hopola” hangata le fana ka mohopolo oa “boikutlo bo mofuthu ba kelello le ketso e tsamaeang le ho hopola.” Moelelo oa “boikutlo bo mofuthu” lentsoeng “hopola” o ka bonoa mohoong oa ‘balichaba’ lefeelleng: “Re sa hopotse lihlapi tsee re neng re li ja Egepeta.” Hantle feela joalokaha Jobo a ile a etsa kōpo e matla ea ho hopoloa hamolemo ke Molimo, ka hona Hezekia, Nehemia, Davida le mopesaleme ea sa boleloang ka lebitso le bona ba ile ba kōpa ka tieo hore Jehova a ba hopole ka boikutlo bo mofuthu ha a lemoha botšepehi ba bona.—Numere 11:4, 5, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna; 2 Marena 20:3; Nehemia 5:19; 13:31; Pesaleme ea 25:7; 106:4.
7. Haeba re hopola Molimo ka boikutlo bo mofuthu, see se tla ama boitšoaro ba rōna joang?
7 Kahoo re ka ’na ra botsa, ‘Na re hopola ’Mōpi oa rōna ka boikutlo bo mofuthu ’me re qoba ho etsa ntho leha e le efe e ka etsang hore a ikutloe a khopehile kapa a utloile bohloko?’ Mocha e mong o ile a hlokomela: “’Mè o ile a nthusa ho hlokomela hore Jehova o na le maikutlo, ’me ke sa le monyenyane, ke ile ka hlokomela hore liketso tsa ka li ne li e-na le phello e itseng ho eena.” (Pesaleme ea 78:40-42) E mong o ile a hlalosa: “Ke ne ke tseba hore liketso tsa ka li ne li ka thusa kapa tsa sitisa ho arabeleng phephetso eo Satane a ileng a e etsetsa Jehova. Ke ne ke batla ho thabisa pelo ea Jehova, ka hona seo se ile sa nthusa ’me se tsoela pele ho nthusa kajeno.”—Liproverbia 27:11.
8. (a) Ke ho phehella pakane efe ho tla bontša hore re hopola Jehova ka boikutlo bo mofuthu? (b) Ke lipotso life tseo e leng bohlale hore bacha ba li nahane?
8 Ho ke ke ha latoloa hore lefatšeng lena le khopo, hase kamehla ho leng bonolo ho hopola Jehova ka ho kopanela ka ho feletseng tšebetsong e mo khahlisang. Empa ho ne ho tla ba hotle hakaakang haeba u ne u ka etsisa Timothea e monyenyane oa lekholong la pele la lilemo—ho se ho sa thoe letho ka bacha ba likete ba tšabang Molimo kajeno—ka ho phehella tšebeletso ea Bokreste ka nako e tletseng u le mosebeletsi oa pula-maliboho! (Liketso 16:1-3; 1 Bathesalonika 3:2) Leha ho le joalo, ho ka ’na ha botsoa, Na u ne u ka khona ho iphelisa ha u le tšebeletsong ea bopula-maliboho? ’Me haeba u ne u ka kena lenyalong, na u ne u tla ba le tsebo ea mesebetsi bakeng sa ho phelisa litho tsa lelapa la hao? (1 Timothea 5:8) Tsena ke lipotso tsa bohlokoa, ’me ke habohlokoa hore u li nahane ka ho teba.
Thuto e Nang le Morero
9. Ke qeto efe eo bacha ba tobaneng le eona mabapi le thuto ea lefatše?
9 Mokhoa oa ho phela o ntse o rarahana haholoanyane, ho ruteha haholoanyane ho ka ’na ha hlokahala bakeng sa ho fumana mosebetsi o loketseng oa ho iphelisa ha u le mosebetsing oa bopula-maliboho. Mohlomong u ile ua hlokomela hore esita le ba bang ba nang le thuto ea univesithi ba ile ba tlameha ho ntlafatsa thuto ea bona ho fumana tsebo ea mesebetsi e mecha eo bahiri ba e nkang e le ea bohlokoa kajeno. Ka hona lōna bana ba banyenyane ba ratang ho thabisa Molimo le tla phehella thuto ho fella kae? Qeto e lokela ho etsoa hantle ho nahannoe ka taelo ena e bululetsoeng: “Hopola ’Mōpi oa hao.”
10. Ke thuto efe e molemohali eo re ka e fumanang?
10 Ho hlakile hore u tla batla ho phehella seo esita le litsebi tsa lefatše li se nkang e le thuto e molemohali—e finyelloang ka ho ithuta Lentsoe la Molimo ka hloko. Mongoli oa Lejeremane Johann Wolfgang von Goethe o ile a hlokomela: “Ha [sechaba leha e le sefe] se ntse se e-ba le tsebo e eketsehileng, ho tla ba bonolo ho sebelisa Bibele ka ho feletseng haholoanyane e le motheo oa thuto ebile e le kofuto ea eona.” E, thuto ea Bibele e tla u hlomella hamolemo bakeng sa bophelo ho feta thuto leha e le efe!—Liproverbia 2:6-17; 2 Timothea 3:14-17.
11. (a) Mosebetsi oa bohlokoahali oo re ka o etsang ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha mocha e mong a ile a khetha ho fumana thuto ka tekanyo e itseng?
11 Kaha tsebo ea Molimo e fana ka bophelo, mosebetsi o bohlokoa ka ho fetisisa oo u ka o etsang kajeno ke oa ho kopanela tsebo eo le ba bang. (Liproverbia 3:13-18; Johanne 4:34; 17:3) Leha ho le joalo, hore u etse sena ka tsela e atlehileng, ho hlokahala hore u rutehe litseleng tsa motheo. Ho hlokahala hore u khone ho nahana hantle, u bue lintho tse nang le mabaka, le ho bala le ho ngola hantle—e leng tsebo ea mesebetsi e rutoang sekolong. Ka hona nka lithuto tsa hao tsa sekolo ka ho teba, joalokaha ho ile ha etsa Tracy, mocha oa Florida, U.S.A., ea ileng a qeta sekolong se phahameng ka letšoao la thuto le phahameng. O ile a bolela tšepo ea hae: “Kamehla ke ’nile ka ba le pakane ea ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng oa Molimo oa ka Jehova, ’me ke tšepa hore thuto ea ka e tla nthusa ho finyella pakane ena.”
12. Haeba thuto ea lefatše e eketsehileng e khethoa, ho ka etsahala hore e thuse ho phetha morero ofe?
12 Na u kile ua nahana hore na ke hobane’ng ha u e-ea sekolong? Na ka ho khetheha ke ka morero oa ho itlhomella ho ba mosebeletsi oa Jehova ea atlehileng? Haeba ho joalo, u tla batla ho nahana ka ho teba mabapi le hore na thuto ea hao e finyella morero ona joang. Ka mor’a ho rerisana le batsoali ba hao, ho ka ’na ha etsoa qeto ea hore u lokela ho phehella thuto e fetang e hlokoang ke molao. Thuto e joalo e eketsehileng e ka ’na ea u thusa ho fumana mosebetsi oa boipheliso ’me ua ba ua salloa ke nako le matla a ho kopanela ka ho feletseng mosebetsing oa ’Muso.—Matheu 6:33.
13. Bakreste ba Russia ba babeli ba ileng ba hahamalla thuto e tlatselletsang ba ile ba bontša morero oa bona joang bophelong?
13 Ba bang ba phehellang thuto e tlatselletsang ba kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng le hoja ba ntse ba ntšetsa thuto ea bona pele. Nahana ka Nadia le Marina, banana ba bacha ba Moscow, Russia. Ka bobeli ba ile ba kolobetsoa ka April 1994 ’me ba qala ho sebeletsa e le basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba thusang. Kapele ka mor’a moo ba ile ba qeta sekolong se phahameng ’me ba ngolisa lenaneong la poloko ea libuka tsa khoebo. Ka May 1995 ba ile ba qala ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla, empa ba ile ba ’na ba fumana letšoao la A ka karolelano litlelaseng tsa poloko ea libuka tsa khoebo. Ho feta moo, ba ne ba khona ho khanna lithuto tsa Bibele tseo ka karolelano, bobeling ba bona li neng li le 14 beke le beke, le hoja ba ntse ba ea sekolong. Banana bana ba tšepa hore thuto ea bona ea poloko ea libuka tsa khoebo e tla etsa hore ba khone ho fumana mosebetsi o loketseng, e le hore ba ka khona ho iphelisa ha ba le tšebeletsong ea nako e tletseng.
14. Ho sa tsotellehe tekanyo ea thuto ea lefatše eo re e khethang, ntho ea bohlokoahali bophelong ba rōna e lokela ho ba efe?
14 Haeba u hahamalla thuto ea lefatše e fetang e hlokoang ke molao, ka bohlale hlahloba lebaka la hao la ho etsa seo. Na ke ka morero oa ho iketsetsa lebitso le ho fumana matlotlo a bonahalang? (Jeremia 45:5; 1 Timothea 6:17) Kapa na pakane ea hao ke ho sebelisa thuto e tlatselletsang bakeng sa ho kopanela ka ho feletseng haholoanyane tšebeletsong ea Jehova? Lydia, mocha ea ileng a khetha ho hahamalla thuto e eketsehileng, o ile a bontša hore o hlile o tsepamisitse mohopolo linthong tsa moea, ha a hlalosa: “Ba bang ba hahamalla thuto e phahameng ebe ba lumella lerato la lintho tse bonahalang ho ba sitisa, ’me ba lahlile Molimo. Ho ’na kamano ea ka le Molimo ke ea bohlokoa ka ho fetisisa.” Ke boikutlo bo babatsehang hakaakang bakeng sa rōna kaofela!
15. Ke limelo life tse sa tšoaneng tsa thuto tse neng li le teng har’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo?
15 Hoa hlokomeleha hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le limelo tse ngata tse sa tšoaneng tsa thuto. Ka mohlala, moapostola Petrose le Johanne ba ne ba nkoa e le “ba sa rutehang le ba tloaelehileng” hobane ba ne ba sa ka ba koetlisoa likolong tsa bo-rabi. (Liketso 4:13) Moapostola Pauluse, ka lehlakoreng le leng, o ile a fumana seo kajeno se neng se ka bapisoa le thuto ea univesithi. Empa, Pauluse ha aa ka a sebelisa thuto eo ho ikhulela tlhokomelo; ho e-na le hoo, e ne e le letlotlo ha a ne a bolela ho batho ba maemo a bophelo a sa tšoaneng. (Liketso 22:3; 1 Bakorinthe 9:19-23; Bafilippi 1:7) Ka ho tšoanang, Manaene, ea neng a “rutiloe hammoho le Heroda ’musi oa setereke,” o ne a le har’a ba neng ba etella pele phuthehong ea Antioke.—Liketso 13:1.
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Sebelisa Chelete ea Hao ka Bohlale?
16. (a) Ke hobane’ng ha ho ka etsahala hore ho be thata ho hopola ’Mōpi oa rōna haeba re le likolotong? (b) E ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu e senola bohlokoa ba ho nahana pele re sebelisa chelete joang?
16 Haeba u hlōleha ho sebelisa chelete ea hao ka bohlale, ho ka ’na ha e-ba thata haholoanyane ho hopola ’Mōpi oa hao ka ho etsa se mo khahlisang. Hobane haeba u oela sekolotong, ho ka boleloa hore u na le monghali e mong. Bibele ea hlalosa: “Moalimuoa o fetoha khoba la moalimi.” (Liproverbia 22:7, BPN) E ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu e hatisa bohlokoa ba ho nahana pele re sebelisa chelete. Jesu o itse: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha? Ho seng joalo, a ka ’na a beha motheo oa eona empa a se ke a khona ho e qeta, ’me bashebelli bohle ba ka qala ho mo soma.”—Luka 14:28, 29.
17. Ke hobane’ng ha hangata ho le thata hore motho a laole tšebeliso ea hae ea chelete?
17 Ka lebaka leo, ka bohlale u tla leka ho phela ka molao-motheo oa Mangolo oa ‘ho se kolote mang kapa mang ntho leha e le ’ngoe, haese ho ratana.’ (Baroma 13:8) Empa ho thata ho etsa sena, haholo-holo ha re tobane le keketseho e sa khaotseng ea thepa e ncha eo baphatlalatsi ba bolelang hore re hlile rea e hloka. Motsoali e mong ea ’nileng a leka ho thusa bana ba hae ho sebelisa temoho, o ile a re: “Re nkile nako e ngata re buisana ka seo e leng tlhoko le seo e leng takatso.” Likolo ka kakaretso li hlōlehile ho ruta lintho tse joalo, li fana ka thuto e nyenyane, haeba li fana ka eona, mabapi le kamoo chelete e ka sebelisoang ka tsela e bontšang boikarabelo. Mosebeletsi e mong oa sechaba o ile a hlokomela: “Re qeta sekolong se phahameng re tseba ho eketsehileng ka isosceles triangle ho feta kamoo re ka bolokang chelete kateng.” U ka thusoa ke eng he, ho sebelisa chelete ka bohlale?
18. Senotlolo sa tšebeliso e bohlale ea chelete ke sefe, hona hobane’ng?
18 Ho ela hloko khothatso ea ho “Hopola ’Mōpi oa hao,” ke senotlolo sa tšebeliso e bohlale ea chelete ea hao. Ho joalo hobane ha u mamela taelo eo, se tlang pele ho uena ke ho khahlisa Jehova, ’me boikutlo ba hao bo mofuthu bakeng sa hae bo susumetsa tsela eo u sebelisang chelete ea hao ka eona. Ka ho loketseng, u tla leka ho se lumelle litakatso tsa botho ho kena-kenana le ho inehela ho Molimo ka moea oohle. (Matheu 16:24-26) U tla loanela ho boloka leihlo la hao “e le le talimang ’nģa e le ’ngoe,” ke hore, le lebisitse tlhokomelo ka ho hlakileng ’Musong oa Molimo le ho etsoeng ha thato ea hae. (Matheu 6:22-24) Ka tsela eo u tla talima keletso ea bomolimo ea ho “tlotlisa Jehova ka moruo oa hao” e le tokelo e thabisang.—Liproverbia 3:9.
Bacha ba Tšoaneloang ke ho Etsisoa
19. Bacha ba ’nile ba hopola ’Mōpi oa bona joang nakong e fetileng?
19 Hoa thabisa hore ebe bacha ba bangata ba nakong e fetileng le ba kajeno ba ’nile ba hopola ’Mōpi oa bona. Samuele e monyenyane o ile a lula a tiile tšebeletsong ea tabernakele ho sa tsotellehe tšusumetso ea boitšoaro bo bobe ea bao a neng a sebeletsa le bona. (1 Samuele 2:12-26) Mosali ea lekang, oa Potifaro, o ne a ke ke a khona ho tšoasa Josefa e monyenyane hore a etse bohlola. (Genese 39:1-12) Le hoja Jeremia e ne e “sa le ngoana,” o ile a bolela ka sebete ha a talimane le khanyetso e matla. (Jeremia 1:6-8) Ngoanana e monyenyane oa Moiseraele ntle ho tšabo o ile a tataisa molaoli ea matla oa lekhotla la Syria ho batla thuso Iseraeleng, moo a neng a ka ithuta ka Jehova. (2 Marena 5:1-4) Daniele e mocha le balekane ba hae ba ile ba boloka tumelo ea bona ha ba ne ba lekoa tabeng ea melao ea Molimo e mabapi le lijo. ’Me Shadrake, Meshake le Abede-Nego ba bacha, ba ile ba khetha ho akheloa ka seboping sa mollo ho e-na le hore ba sekisetse botšepehi ba bona ho Molimo ka ho rapela ka pel’a setšoantšo.—Daniele 1:8, 17; 3:16-18; Exoda 20:5.
20. Bacha ba bangata ba ’nile ba hopola ’Mōpi oa bona joang kajeno?
20 Kajeno bacha ba ka holimo ho 2 000 ba lilemo li 19 ho ea ho 25 ba sebeletsa ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova New York State, U.S.A. Ke karolo e nyenyane feela ea bacha ba likete tse mashome ba hopolang ’Mōpi oa bona lefatšeng ka bophara. Joaloka Josefa oa boholo-holo, ba hanne ho sekisetsa boitšoaro ba bona bo hloekileng. Ba bangata ba mametse Molimo ho e-na le batho ha ba qobelloa ho khetha eo ba neng ba tla mo sebeletsa. (Liketso 5:29) Ka 1946 Poland, Henryka Zur ea lilemo li 15 o ile a hlokofatsoa ha a ne a hana ho etsa ketso ea bolumeli ea borapeli ba litšoantšo. E mong oa bahlokofatsi ba hae o ile a etsa tlhahiso: “U ka lumela eng kapa eng eo u batlang ho e lumela, etsa feela pontšo ea sefapano ea K’hatholike.” Kaha o ile a hana, o ile a huleloa morung ’me a thunngoa, tšepo ea hae e tiileng ea bophelo bo sa feleng e sa senngoa!b
21. Ho ne ho tla ba bohlale ho amohela memo efe, ka phello efe?
21 E tlameha ebe bacha ba ileng ba hopola Jehova ho theosa le makholo a lilemo ba ile ba thabisa pelo ea hae hakaakang! Na u tla arabela memong ea hae ea ho “Hopola ’Mōpi oa hao”? Ruri o tšoaneloa ke hore u mo hopole! Kamehla nahana ka sohle seo a u etselitseng sona le seo a sa ntseng a tla u etsetsa sona, ’me u amohele memo ea hae: “Mora oa ka, hlalefa, u nthabise pelo, ’me ke tla ba le puo ho fetola ba nkomanyang.”—Liproverbia 27:11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Molula-Qhooa oa April, 1954 leqepheng la 69.
b Bona 1994 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, maqepheng a 217-18, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
Na U sa Hopola?
◻ Bacha ba ka thusoa joang ho talima Molimo e le motho oa sebele?
◻ Ho hopola ’Mōpi oa hao ho bolela’ng?
◻ Thuto ea rōna e lokela ho sebeletsa morero ofe?
◻ Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho sebelisa chelete ea rōna ka bohlale?
◻ Ke bacha bafe bao ho leng molemo hore u ba etsise?
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Na u kile ua nahana hore na ke hobane’ng ha u e-ea sekolong?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Na u ithuta ho sebelisa chelete ka bohlale?