Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kl khao. 18 maq. 170-180
  • Ho Etse Pakane ea Hao ho Sebeletsa Molimo ka ho sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etse Pakane ea Hao ho Sebeletsa Molimo ka ho sa Feleng
  • Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KAMOO JESU A ILENG A SEBELISA TSEBO EA MOLIMO
  • MEHATO E ISANG BOPHELONG BO SA FELENG
  • KOLOBETSO​—⁠SEO E SE BOLELANG HO UENA
  • NA U LOKETSE KOLOBETSO?
  • HO PHELELA BOINEHELO BA HAO LE KOLOBETSO
  • Kolobetso le Kamano ea Hao le Molimo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Se Boleloang ke Kolobetso ea Hao
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Kolobetsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
kl khao. 18 maq. 170-180

Khaolo ea 18

Ho Etse Pakane ea Hao ho Sebeletsa Molimo ka ho sa Feleng

1, 2. Ho hlokoa eng ka ntle le ho ba le tsebo ea Molimo?

NAHANA u eme ka pel’a monyako o notletsoeng o kenang ka kamoreng e nang le letlotlo le leholo. A re re motho ea filoeng tumello o u file senotlolo ’me o u bolelletse hore u ka itšebelisetsa lintho tsena tsa bohlokoa. Senotlolo seo se ke ke sa u tsoela molemo haeba u sa se sebelise. Ka ho tšoanang, u tlameha ho sebelisa tsebo hore e tle e u tsoele molemo.

2 Sena ke ’nete haholo-holo ka tsebo ea Molimo. Ka sebele, tsebo e nepahetseng ea Jehova Molimo le Jesu Kreste e bolela bophelo bo sa feleng. (Johanne 17:⁠3) Empa, tebello eo e ke ke ea phethahala ka ho ba le tsebo feela. Joalokaha u ne u tla sebelisa senotlolo seo u se nkang e le sa bohlokoa, ho hlokahala u sebelise tsebo ea Molimo bophelong ba hao. Jesu o ile a re ba etsang thato ea Molimo ba ne ba tla “kena ’musong.” Batho ba joalo ba ne ba tla ba le tokelo ea ho sebeletsa Molimo ka ho sa feleng!​—⁠Matheu 7:​21; 1 Johanne 2:⁠17.

3. Thato ea Molimo ke efe bakeng sa rōna?

3 Ka mor’a ho ithuta hore na thato ea Molimo ke eng, ke habohlokoa ho e etsa. U nahana hore thato ea Molimo ke eng bakeng sa hao? E ka akaretsoa hantle ka mantsoe ana: Etsisa Jesu. Petrose oa Pele 2:​21 e-⁠ea re bolella: “Le bitselitsoe tsela ena, hobane esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi.” Joale, hore u etse thato ea Molimo, ho hlokahala hore u latele mohlala oa Jesu haufi-ufi kamoo ho ka khonehang. Ke kamoo u sebelisang tsebo ea Molimo.

KAMOO JESU A ILENG A SEBELISA TSEBO EA MOLIMO

4. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a tseba hakaale ka Jehova, ’me o ile a sebelisa tsebo ee joang?

4 Jesu Kreste o na le tsebo e tebileng haholoanyane ka Molimo ho feta sebōpuoa leha e le sefe. O ile a phela le ho sebetsa le Jehova Molimo leholimong ka lilemo-lemo pele a e-⁠tla lefatšeng. (Bakolose 1:​15, 16) Joale Jesu o ile a etsa eng ka tsebo eo kaofela? O ne a sa khotsofalla feela ho ba le eona. Jesu o ne a phela ka eona. Ke ka lebaka leo a neng a le mosa, a e-⁠na le mamello, le lerato hakana litšebelisanong tsa hae le batho hammoho le eena. Kahoo Jesu o ne a etsisa Ntate oa hae oa leholimong ’me a nka bohato tumellanong le tsebo ea hae ka litsela tsa Jehova le botho ba hae.​—⁠Johanne 8:​23, 28, 29, 38; 1 Johanne 4:⁠8.

5. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a kolobetsoa, hona o ile a phelela se boleloang ke kolobetso ea hae joang?

5 Tsebo eo Jesu a neng a e-⁠na le eona e boetse ea mo susumelletsa ho nka bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa. O ne a e-⁠tsoa Galilea ha a e-⁠tla Nōkeng ea Jordane, moo Johanne a ileng a mo kolobetsa teng. (Matheu 3:​13-15) Kolobetso ea Jesu e ne e tšoantšetsa eng? E le Mojode, o ne a tsoaletsoe sechabeng se inehetseng ho Molimo. Ka hona, Jesu o ne a inehetse ho tloha tsoalong. (Exoda 19:​5, 6) Ka ho lumela hore a kolobetsoe, o ne a itlhahisa ho Jehova hore o tla etsa thato ea bomolimo ka nako eo. (Baheberu 10:​5, 7) ’Me Jesu o ile a phelela se boleloang ke kolobetso ea hae. O ile a ikitlaetsa tšebeletsong ea Jehova, a arolelana tsebo ea Molimo le batho ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Jesu o ile a thabela ho etsa thato ea Molimo, o bile a bolela hore ho tšoana le lijo ho eena.​—⁠Johanne 4:⁠34.

6. Jesu o ile a itela ka tsela efe?

6 Jesu o ile a hlokomela ka botlalo hore ho etsa thato ea Jehova ho ne ho tla etsoa ka boitelo bo boholo​—⁠ke hore ho ne ho tla bolela ho lahleheloa ke bophelo ba hae. Leha ho le joalo, Jesu o ile a itela, a beha litlhokahalo tsa hae tsa botho sebakeng sa bobeli. Kamehla ho etsa thato ea Molimo ho ne ho e-⁠tla pele. Ntlheng ee, re ka latela mohlala o phethahetseng oa Jesu joang?

MEHATO E ISANG BOPHELONG BO SA FELENG

7. Motho o lokela ho nka mehato efe hore a tšoanelehele kolobetso?

7 Ho fapana le Jesu, ha rea phethahala ’me re ka finyella bohato bo boholo ba kolobetso feela ka mor’a hore re nke mehato e meng ea bohlokoa haholo. Hona ho qala ka ho kenya tsebo e nepahetseng ea Jehova Molimo le Jesu Kreste lipelong tsa rōna. Ho etsa sena ho re etsa hore re be le tumelo le ho ba le lerato le tebileng ho Molimo. (Matheu 22:​37-40; Baroma 10:​17; Baheberu 11:⁠6) Ho lumellana le melao ea Molimo, melao-motheo ea hae, le litekanyetso tsa hae ho lokela ho re susumelletsa ho baka, re bontša ho soaba ha bomolimo ka libe tsa rōna tsa nako e fetileng. Sena se lebisa tšokolohong, ke hore, ho reteleha le ho lahla tsela leha e le efe e fosahetseng eo re ileng ra e latela ha re ne re sa tsebe Molimo. (Liketso 3:​19) Ke taba e utloahalang hore haeba re ntse re etsa sebe se itseng ka lekunutu ho e-⁠na le ho etsa se lokileng, ha re hlile ha re e-⁠s’o sokolohe, leha e le hore re thetsitse Molimo. Jehova o lemoha boikaketsi bohle.​—⁠Luka 12:​2, 3.

8. U lokela ho nka bohato bofe ha u lakatsa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso?

8 Joale, kaha u ’nile ua amohela tsebo ea Molimo, na hase ho loketseng ho nahana ka litaba tsa moea ka tsela ea botho? Mohlomong u laba-labela ho bolella beng ka uena, metsoalle, le ba bang seo u ithutang sona. Ha e le hantle, e ka ’na eaba u se u ntse u etsa joalo, feela joalokaha Jesu a ile a arolelana litaba tse molemo le ba bang maemong ao a sa a rerang. (Luka 10:​38, 39; Johanne 4:​6-15) Joale u ka ’na ua batla ho etsa ho eketsehileng. Baholo ba Bakreste ba tla thabela ho buisana le uena e le hore ba ka bona hore na ua tšoaneleha kapa che le hore na u ka khona ho kopanela tšebeletsong ea kamehla ea boboleli ba ’Muso ea Lipaki tsa Jehova. Haeba u tšoaneleha ’me u khona, baholo ba tla lokisetsa hore u tsamaee le Paki e ’ngoe tšebeletsong. Barutuoa ba Jesu ba ile ba latela litaelo tsa hae e le hore ba ka phetha tšebeletso ea bona ka tsela e laolehileng. (Mareka 6:​7, 30; Luka 10:⁠1) U tla rua molemo thusong e tšoanang ha u kopanela ho haseng molaetsa oa ’Muso ka ntlo le ntlo le ka litsela tse ling.​—⁠Liketso 20:​20, 21.

9. Motho o inehela ho Molimo joang, hona boinehelo bo ama bophelo ba motho joang?

9 Ho bolela litaba tse molemo ho batho ba mefuta eohle tšimong ea phutheho ke tsela e ’ngoe ea ho fumana ba sekametseng ho lokeng ’me ho har’a mesebetsi e metle e pakang hore u na le tumelo. (Liketso 10:​34, 35; Jakobo 2:​17, 18, 26) Ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho kopanela hantle mosebetsing oa ho bolela ke tse ling tsa litsela tsa ho bontša hore u bakile le hore u sokolohile ’me joale u ikemiselitse ho phela tumellanong le tsebo ea Molimo. Bohato bo latelang bo tšoanelang ke bofe? Ke ho inehela ho Jehova Molimo. Sena se bolela hore ka thapelo e tlohang botebong ba pelo, u bolella Molimo hore ka boithatelo le ka pelo eohle u nehelana ka bophelo ba hao ho eena ho etsa thato ea hae. Ena ke tsela ea ho inehela ho Jehova le ho amohela joko ea Jesu Kreste e mosa.​—⁠Matheu 11:​29, 30.

KOLOBETSO​—⁠SEO E SE BOLELANG HO UENA

10. Ke hobane’ng ha u lokela ho kolobetsoa ka mor’a hore u inehele ho Jehova?

10 Ho ea ka Jesu, bohle ba fetohang barutuoa ba hae ba tlameha ho kolobetsoa. (Matheu 28:​19, 20) Ke hobane’ng ha see se hlokahala ka mor’a ho inehela ho Molimo? Kaha u inehetse ho Jehova, o-⁠oa tseba hore u-ua mo rata. Empa ha ho pelaelo hore u tla rata ho nka bohato bo tsoelang pele e le hore u ka tsebisa ba bang ka lerato la hao ho Molimo. Ka hona, kolobetso e u fa monyetla oa hore boinehelo ba hao ho Jehova Molimo bo tsebahale phatlalatsa.​—⁠Baroma 10:​9, 10.

11. Kolobetso e bolela eng?

11 Kolobetso e enne ka kutloisiso ea tšoantšetso. Ha u qoetse, kapa u “patiloe,” ka tlas’a metsi, ho joalokaha eka u shoele tseleng ea hao ea pele ea bophelo. Ha u phahama u e-⁠tsoa ka metsing, ho joalokaha eka u hlahella bophelong bo bocha, bo busoang ke thato ea Molimo, eseng ea hao. Leha ho le joalo, hoo ha ho bolele hore u ke ke ua hlola u etsa liphoso, hobane kaofela ha rōna ha rea phethahala ’me ka hona re etsa sebe letsatsi le letsatsi. Leha ho le joalo, joaloka mohlanka oa Jehova ea inehetseng, a ba a kolobetsoa, u tla be u kene kamanong e khethehileng le eena. Ka lebaka la ho baka ha hao le hore ka boikokobetso u kolobetsoe, Jehova o ikemiselitse ho u tšoarela motheong oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu. Ka hona kolobetso e lebisa letsoalong le letle ka pel’a Molimo.​—⁠1 Petrose 3:⁠21.

12. Ho boleloa eng ho kolobetsoa (a) “ka lebitso la Ntate”? (b) ‘ka lebitso la Mora’? (c) ‘ka lebitso la moea o halalelang’?

12 Jesu o ile a laela balateli ba hae ho kolobetsa barutuoa ba bacha “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang.” (Matheu 28:​19) Jesu o ne a bolela eng? Kolobetso “ka lebitso la Ntate” e bontša hore motho ea kolobetsoang ka pelo eohle o amohela Jehova Molimo e le ’Mōpi le hore ke ’Musi ea loketseng oa bokahohle. (Pesaleme ea 36:⁠9; 83:​18; Moeklesia 12:⁠1) Ho kolobetsoa ‘ka lebitso la Mora’ ho bolela hore motho ka mong o lumela Jesu Kreste​—⁠haholo-holo sehlabelo sa Hae sa thekollo⁠—​e le oona feela mokhoa oa pholoho o fanoeng ke Molimo. (Liketso 4:​12) Kolobetso ‘ka lebitso la moea o halalelang’ e bontša hore ea kolobetsoang o hlokomela moea o halalelang oa Jehova, kapa matla a sebetsang, e le kofuto ea Molimo bakeng sa ho phetha merero ea Hae le ho fa bahlanka ba Hae matla a ho etsa thato ea Hae e lokileng kamanong le mokhatlo oa Hae o hlophisitsoeng o tsamaisoang ke moea.​—⁠Genese 1:⁠2; Pesaleme ea 104:​30; Johanne 14:​26; 2 Petrose 1:⁠21.

NA U LOKETSE KOLOBETSO?

13, 14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba ho khetha ho sebeletsa Jehova Molimo?

13 Kaha kolobetso e bolela ho hoholo haholo le hore ke bohato ba bohlokoa haholo bophelong ba motho, na ke bohato boo u lokelang ho bo tšaba? Le hanyenyane! Le hoja qeto ea ho kolobetsoa e sa lokela ho nkoa habobebe, ha ho pelaelo hore ke qeto e bohlale ka ho fetisisa eo u ka e etsang.

14 Kolobetso e fana ka bopaki ba khetho ea hao ea ho sebeletsa Jehova Molimo. Nahana ka batho bao u ba tsebang. Ka tsela e ’ngoe e itseng, na e mong le e mong oa bona ha a sebeletse monghali ea itseng? Ba bang ba sebeletsa maruo. (Matheu 6:​24) Ba bang ka mafolo-folo ba phehella mesebetsi ea bona kapa ka boithati ba itšebeletsa ka ho nka ho phethahatsoa ha litakatso tsa bona e le ntho e khōlō ka ho fetisisa bophelong. Ho ntse ho le joalo ba bang ba sebeletsa melimo ea bohata. Empa u khethile ho sebeletsa Molimo oa ’nete, Jehova. Ha ho e mong ea bontšang mosa, kutloelo-bohloko, le lerato tse kaalo. Molimo o hlompha batho ka ho ba fa mosebetsi o nang le morero o ba lebisang pholohong. O putsa bahlanka ba hae ka bophelo bo sa feleng. Ka sebele, ho latela mohlala oa Jesu le ho fa Jehova bophelo ba hao hase tsela e ka tšajoang. Ha e le hantle, ke eona feela e thabisang Molimo le e utloahalang ka ho feletseng.​—⁠1 Marena 18:⁠21.

15. Litšitiso tse tloaelehileng ke life bakeng sa ho kolobetsoa?

15 Empa leha ho le joalo, kolobetso hase bohato bo ka nkoang ka lebaka la khatello. Ke taba ea botho pakeng tsa hao le Jehova. (Bagalata 6:⁠4) Kaha u tsoetse pele moeeng, e ka ’na eaba u ile ua ipotsa: “Ke eng e nthibelang ho kolobetsoa?” (Liketso 8:​35, 36) U ka ’na ua ipotsa, ‘Na ke khanyetso ea lelapa e nthibelang? Na ke sa ntse ke ameha boemong bo bong boo eseng ba Mangolo kapa tloaelong ea boetsalibe? Na ebe ke ho tšaba ho hlouoa ke batho ba motse?’ Tsena ke tse ling tsa lintlha tseo u lokelang ho li nahana, empa u li hlahlobe ka botšepehi.

16. U tla rua molemo joang ka ho sebeletsa Jehova?

16 Hase ho etsa ntho ka botšepehi ho hlahloba likhoreletso empa u sa nahane ka melemo ea ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, nahana ka taba ea khanyetso ea lelapa. Jesu o ile a tšepisa hore le haeba barutuoa ba hae ba ka lahleheloa ke beng ka bona ka lebaka la ho mo latela, ba ne ba tla fumana lelapa le leholoanyane la moea. (Mareka 10:​29, 30) Balumeli-’moho bana ba tla u bontša lerato la barab’abo motho, ba u thuse ho mamella mahloriso, ’me ba u tšehetse tseleng e isang bophelong. (1 Petrose 5:⁠9) Ka ho khethehileng baholo ba phutheho ba ka u thusa ho sebetsana ka katleho le mathata le ho kopana le liphephetso tse ling ka katleho. (Jakobo 5:​14-16) Mabapi le ho lahleheloa ke botsoalle lefatšeng lena, u ka ’na ua ipotsa, ‘Ke eng e ka bapisoang le ho amoheloa ke ’Mōpi oa bokahohle, ho etsa hore a thabe ka tsela eo ke e khethileng ea bophelo?’​—⁠Liproverbia 27:⁠11.

HO PHELELA BOINEHELO BA HAO LE KOLOBETSO

17. Ke hobane’ng ha u lokela ho talima kolobetso e le qalo ho e-⁠na le qetello?

17 Ke habohlokoa ho hopola hore kolobetso hase qetello ea tsoelo-pele ea hao ea moea. E tšoaea qalo ea tšebeletso ea bophelo bohle ho Molimo u le mosebeletsi ea khethiloeng le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Le hoja kolobetso e le ea bohlokoahali, hase tiisetso ea ho pholoha. Jesu ha aa ka a re: ‘E mong le e mong ea kolobetsoang o tla pholosoa.’ Ho e-⁠na le hoo, o ile a re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:​13) Ka hona, ke habohlokoa hore u batle ’Muso oa Molimo pele ka ho o etsa ntho e khōlō ka ho fetisisa eo u amehileng ka eona bophelong ba hao.​—⁠Matheu 6:​25-⁠34.

18. Ka mor’a kolobetso, ke lipakane life tse ling tse ka hahamalloang?

18 E le hore u mamelle tšebeletsong ea hao ho Jehova, u tla rata ho ipehela lipakane tsa moea. Pakane e ’ngoe ea bohlokoa ke ho eketsa tsebo ea hao ka Molimo ka ho ithuta ha hao Lentsoe la hae kamehla. Etsa tokisetso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. (Pesaleme ea 1:​1, 2) E-⁠ba teng libokeng tsa Bokreste kamehla, hobane botsoalle boo u bo fumanang moo bo tla thusa ho u fa matla a moea. Ke hobane’ng ha uena ka bouena u sa iketsetse pakane ea ho fana ka tlhaloso libokeng tsa phutheho ’me kahoo u rorise Jehova le ho batla ho haha ba bang? (Baroma 1:​11, 12) Pakane e ’ngoe e ka ba ho ntlafatsa boleng ba lithapelo tsa hao.​—⁠Luka 11:​2-⁠4.

19. Moea o halalelang o ka u thusa ho bonahatsa litšoaneleho life?

19 Hore u tle u phelele se boleloang ke kolobetso ea hao, ho hlokahala hore kamehla u ele hloko seo u se etsang, u lumella moea o halalelang oa Molimo hore o hlahise litšoaneleho tse kang lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, le boitšoaro. (Bagalata 5:​22, 23; 2 Petrose 3:​11) Hopola, Jehova o fana ka moea oa hae o halalelang ho bohle ba o rapellang le ba mo mamelang e le bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Luka 11:​13; Liketso 5:​32) Kahoo rapela Molimo bakeng sa moea oa hae ’me u mo kōpe thuso mabapi le ho bonahatsa litšoaneleho tse mo thabisang. Litšoaneleho tse joalo li tla totobala haholoanyane puong ea hao le boitšoarong ha u arabela tšusumetsong ea moea oa Molimo. Ha e le hantle, motho e mong le e mong ka phuthehong ea Bokreste o loanela ho hōlisa “botho bo bocha” e le hore a ka tšoana le Kreste haholoanyane. (Bakolose 3:​9-14) E mong le e mong o tobane le liphephetso tse fapaneng ka ho etsa sena hobane kaofela re maemong a sa tšoaneng a tsoelo-pele ea moea. Kaha ha ua phethahala, u tlameha ho sebetsa ka thata hore u be le botho bo kang ba Kreste. Empa le ka mohla u se ke ua nyahama tabeng ena, hobane ka thuso ea Molimo ho ka khoneha.

20. U ka etsisa Jesu ka litsela life tšebeletsong?

20 Har’a lipakane tsa hao tsa moea e ’ngoe e lokela ho ba ho etsisa mohlala o thabisang oa Jesu haufi-ufi. (Baheberu 12:​1-⁠3) O ne a rata tšebeletso. Haeba u na le tokelo ea ho kopanela tšebeletsong ea boboleli ba ’Muso, joale, u se ke ua e lumella hore e be ntho feela tjee e tloaelehileng. Ikemisetse ho fumana khotsofalo ka ho ruta ba bang ka ’Muso oa Molimo joalokaha Jesu a ile a etsa. Sebelisa taeo eo phutheho e fanang ka eona ho u thusa ho ntlafatsa joaloka tichere. ’Me u kholisehe hore Jehova a ka u fa matla a ho phetha tšebeletso ea hao.​—⁠1 Bakorinthe 9:​19-⁠23.

21. (a) Re tseba joang hore Jehova o talima batho ba tšepahalang ba kolobelitsoeng e le letlotlo? (b) Ke eng e bontšang hore kolobetso ke ea bohlokoa ho pholoheng ha rōna ho lihuoa ha kahlolo ea Molimo holim’a tsamaiso ee e khopo ea lintho?

21 Motho ea inehetseng, a ba a kolobetsoa eo ka botšepehi a ikemiselitseng ho latela Jesu ke oa bohlokoa ho Molimo. Jehova o hlahloba lipelo tsa batho bohle ba limilione tse likete-kete ’me oa tseba hore na batho ba joalo ke ba bohlokoa hakae. O ba nka e le letlotlo, “tse lakatsehang.” (Haggai 2:⁠7) Boprofeta ba Bibele le bona bo bontša hore Molimo o talima batho ba joalo e le ba tšoaetsoeng ho pholoha ho lihuoa ha kahlolo ea hae e tla tloha e oela tsamaiso ena e khopo ea lintho. (Ezekiele 9:​1-6; Malakia 3:​16, 18) Na u na le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng”? (Liketso 13:​48) Na ke takatso ea hao e tiileng hore u tšoauoe u le ea sebeletsang Molimo? Boinehelo le kolobetso ke karolo ea letšoao leo, ’me ke tsa bohlokoa bakeng sa pholoho.

22. “Bongata bo boholo” bo ka lebella liketsahalo life?

22 Ka mor’a Moroallo oa lefatše lohle, Noe le lelapa la hae ba ile ba tsoa arekeng ba kena lefatšeng le hloekisitsoeng. Ka ho tšoanang kajeno, “bongata bo boholo” bo sebelisang tsebo ea Molimo bophelong ba bona ’me bo amoheloa ke Jehova bo na le tebello ea ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho le ho thabela bophelo ka ho sa feleng lefatšeng le hloekisitsoeng ka ho sa feleng. (Tšenolo 7:​9, 14) Bophelo boo bo tla ba joang?

LEKA TSEBO EA HAO

Jehova o batla hore u sebelise ho mo tseba ha hao joang?

Ke mehato efe e meng e lebisang kolobetsong?

Ke hobane’ng ha kolobetso e se qetello empa qalo?

Re ka phelela boinehelo ba rōna le kolobetso joang?

[Setšoantšo se leqepheng la 172]

Na u se u inehetse ho Molimo ka thapelo?

[Setšoantšo se leqepheng la 174]

U thibeloa ke eng hore u kolobetsoe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela