Khaolo ea 16
Lokisetsa Lelapa la Hao Bokamoso bo Tšoarellang
1. Morero oa Jehova e ne e le ofe ka tokisetso ea lelapa?
HA Jehova a kopanya Adama le Eva ka lenyalo, Adama o ile a bontša thabo ea hae ka ho etsa thothokiso ea pele e tlalehiloeng ea Seheberu. (Genese 2:22, 23) Leha ho le joalo, ’Mōpi o ne a hopotse ho hoholo ho feta feela hore a thabise bana ba hae ba batho. O ne a batla hore banyalani le malapa ba etse thato ea hae. O ile a bolella batho ba babeli ba pele hore: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Eo e ne e le kabelo e putsang hakaakang! Adama, Eva le bana ba bona ba kamoso ba ka be ba ile ba thaba hakaakang hoja ba ile ba etsa thato ea Jehova ka ho mamela ka ho feletseng!
2, 3. Malapa a ka fumana thabo e khōlōhali joang kajeno?
2 Le kajeno, malapa e ba a thabileng ka ho fetisisa ha a sebetsa hammoho ho etsa thato ea Molimo. Moapostola Pauluse a ile a ngola: “Boinehelo ba bomolimo bo molemo bakeng sa lintho tsohle, kaha bo e-na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.” (1 Timothea 4:8) Lelapa le phelang ka boinehelo ba bomolimo le le latelang tataiso ea Jehova joalokaha e fumanoa ka Bibeleng le tla fumana thabo ‘bophelong ba hona joale.’ (Pesaleme ea 1:1-3; 119:105; 2 Timothea 3:16) Esita le haeba setho se le seng sa lelapa se sebelisa melao-motheo ea Bibele, ho molemo ho feta ha ho se ea etsang joalo.
3 Buka ena e tšohlile melao-motheo e mengata ea Bibele e tlatsetsang thabong ea lelapa. Mohlomong u hlokometse hore e meng ea eona e hlaha khafetsa ho pholletsa le buka ena. Hobane’ng? Hobane e emela linnete tse matla tse sebeletsang molemong oa bohle litšobotsing tse sa tšoaneng tsa bophelo ba lelapa. Lelapa le loanelang ho sebelisa melao-motheo ena ea Bibele le fumana hore boinehelo ba bomolimo bo hlile bo ‘na le tšepiso ea bophelo ba hona joale.’ A re shebeng hape e mene ea melao-motheo eo ea bohlokoa.
BOHLOKOA BA BOITŠOARO
4. Ke hobane’ng ha boitšoaro e le ba bohlokoa lenyalong?
4 Morena Solomone o ile a re: “Motho ea hlōloang ke ho busa pelo ea hae, ke motse o kenoeng ke lira, o se nang lerako.” (Liproverbia 25:28; 29:11) ‘Ho busa pelo ha motho,’ ho sebelisa boitšoaro, ke habohlokoa ho ba batlang lenyalo le thabileng. Ho inehela maikutlong a senyang, a kang khalefo kapa takatso e feteletseng ea boitšoaro bo bobe, ho tla baka tšenyo e tlang ho nka lilemo hore e lokisoe—le teng e le haeba e ka lokisoa.
5. Motho ea sa phethahalang a ka hlaolela boitšoaro joang, hona e le ka melemo efe?
5 Ho hlakile hore ha ho ngoana oa Adama ea ka laolang nama ea hae e sa phethahalang ka botlalo. (Baroma 7:21, 22) Ho ntse ho le joalo, boitšoaro ke tholoana ea moea. (Bagalata 5:22, 23) Kahoo, moea oa Molimo o tla hlahisa boitšoaro ka ho rōna haeba re rapella tšobotsi ena, haeba re sebelisa keletso e loketseng e fumanoang ka Mangolong, hape haeba re kopanela le ba bang ba e bonahatsang le ho qoba ba sa e bonahatseng. (Pesaleme ea 119:100, 101, 130; Liproverbia 13:20; 1 Petrose 4:7) Tsela e joalo e tla re thusa ho ‘balehela bohlola,’ esita leha re lekoa. (1 Bakorinthe 6:18) Re tla hanela pefo ’me re tla qoba kapa re tla hlōla bokhoba ba tahi. Hape re tla sebetsana ka bonolo haholoanyane le leqhoko le maemo a thata. E se eka bohle—ho akarelletsa le bana—re ka ithuta ho hlaolela tholoana ena ea bohlokoa ea moea.—Pesaleme ea 119:1, 2.
PONO E LOKETSENG KA BOHLOOHO
6. (a) Tokisetso e thehiloeng ke Molimo ea bohlooho ke efe? (b) Monna o tlameha ho hopola eng hore bohlooho ba hae bo tle bo tlisetse lelapa la hae thabo?
6 Molao-motheo oa bobeli oa bohlokoa ke ho hlokomela bohlooho. Pauluse o ile a hlalosa tlhahlamano e loketseng ea lintho ha a ne a re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” (1 Bakorinthe 11:3) Hona ho bolela hore monna ke eena ea etellang pele ka lapeng, mosali oa hae o mo tšehetsa ka botšepehi, ’me bana ba mamela batsoali ba bona. (Baefese 5:22-25, 28-33; 6:1-4) Leha ho le joalo, hlokomela hore bohlooho bo isa thabong hafeela bo sebetsoa ka tsela e loketseng. Banna ba phelang ka boinehelo ba bomolimo baa tseba hore bohlooho hase bompoli. Ba etsisa Jesu, Hlooho ea bona. Le hoja Jesu a ne a lokela ho ba “hlooho holim’a lintho tsohle,” o “ile a tla, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa.” (Baefese 1:22; Matheu 20:28) Ka tsela e tšoanang, monna oa Mokreste o sebelisa bohlooho, e seng ho ithuisa molemo, empa ho hlokomela lithahasello tsa mosali oa hae le bana.—1 Bakorinthe 13:4, 5.
7. Ke melao-motheo efe ea Mangolo e tla thusa mosali ho phethahatsa karolo ea hae eo a e khethetsoeng ke Molimo ka lapeng?
7 Ka lehlakoreng la hae, mosali ea phelang ka boinehelo ba bomolimo ha a hlōlisane le monna oa hae kapa ho batla ho mo busa. O thabela ho mo tšehetsa le ho sebetsa le eena. Ka linako tse ling Bibele e bua ka mosali e le ‘ea ruiloeng’ ke monna oa hae, e leng ho tlosang pelaelo ea hore monna ke hlooho ea hae. (Genese 20:3, NW) Ka lenyalo mosali o tla tlas’a ‘molao oa monna oa hae.’ (Baroma 7:2) Ka nako e tšoanang, Bibele e mo bitsa “mothusi” le “motlatsi.” (Genese 2:20, NW) O fana ka litšobotsi le bokhoni tseo monna oa hae a haelloang ke tsona, ’me o mo fa tšehetso e hlokahalang. (Liproverbia 31:10-31) Bibele e boetse e re mosali ke “molekane,” ea sebetsang a ipapisitse le eo a nyalaneng le eena. (Malakia 2:14) Melao-motheo ena ea Mangolo e thusa monna le mosali hore ba ananele boemo ba e mong le hore ba tšoarane ka tlhompho le ka seriti.
“POTLAKA MABAPI LE HO UTLOA”
8, 9. Hlalosa melao-motheo e meng e tla thusa bohle ka lapeng hore ba ntlafatse mekhoa ea bona ea puisano.
8 Bukeng ena ho totobalitsoe ka makhetlo a mangata hore puisano ea hlokahala. Hobane’ng? Hobane lintho li rarolleha habonolo ha batho ba buisana ’me ba hlile ba mamelana. Ho ile ha hatisoa ka makhetlo hore puisano ke ho fapanyetsana maikutlo ha mahlakore a mabeli. Morutuoa Jakobo o ile a hlalosa ka tsela ena: “Motho e mong le e mong o lokela ho potlaka mabapi le ho utloa, e be ea liehang mabapi le ho bua.”—Jakobo 1:19.
9 Hape ke habohlokoa hore re ele hloko mokhoa oa rōna oa ho bua. Mantsoe a peteketsoang, a bakang khang, kapa a nyatsang hampe ha a thehe puisano e atlehileng. (Liproverbia 15:1; 21:9; 29:11, 20) Esita leha seo re se buang se nepahetse, haeba se buuoa ka mokhoa o utloisang bohloko, oa boikhohomoso, kapa oa ho se nahanele, se ka baka tšenyo e fetang ho e-na le ho lokisa. Puo ea rōna e lokela ho ba e latsoehang, e “nōkiloeng ka letsoai.” (Bakolose 4:6) Mantsoe a rōna a lokela ho tšoana le “liapole tsa khauta pitsaneng ea silefera.” (Liproverbia 25:11) Malapa a ithutang ho buisana hantle a nkile mohato o moholo oa ho finyella thabo.
KAROLO EA BOHLOKOA EA LERATO
10. Ke mofuta ofe oa lerato oo e leng oa bohlokoa lenyalong?
10 Lentsoe lena “lerato” le hlaha ka makhetlo a mangata ho pholletsa le buka ena. Na u hopola mofuta oa lerato oo ho builoeng ka oona haholo? Ke ’nete hore lerato la maikutlo (eʹros, ka Segerike) le phetha karolo ea bohlokoa lenyalong, ’me manyalong a atlehileng, kameho e tebileng le botsoalle (phi·liʹa, ka Segerike) lia hōla pakeng tsa monna le mosali. Empa habohlokoa le ho feta ke lerato le emeloang ke lentsoe la Segerike a·gaʹpe. Lena ke lerato leo re le hlaolelang bakeng sa Jehova, bakeng sa Jesu, le bakeng sa baahelani ba rōna. (Matheu 22:37-39) Jehova o bontša lerato lena ho moloko oa motho. (Johanne 3:16) Ke ntho e babatsehang hakaakang hore ebe ho molekane oa rōna oa lenyalo le ho bana re ka bontša mofuta oa lerato le tšoanang!—1 Johanne 4:19.
11. Lerato le sebeletsa molemo oa lenyalo joang?
11 Lenyalong lerato lena le phahamisitsoeng ruri “ke tlamo e phethahetseng ea kopano.” (Bakolose 3:14) Le tlamahanya banyalani hammoho ’me le ba etsa hore ba rate ho etsetsana lintho tse molemohali le ho li etsetsa bana ba bona. Ha malapa a tobana le maemo a thata, lerato lea thusa ho rarolla lintho a kopane. Ha banyalani ba ntse ba hōla, lerato le ba thusa ho tšehetsana le ho tsoela pele ba ananelana. “Lerato . . . ha le batle lithahasello tsa lona. . . . Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”—1 Bakorinthe 13:4-8.
12. Ke hobane’ng ha ho rata Molimo ha banyalani ho matlafatsa lenyalo la bona?
12 Kopano ea lenyalo e matla haholo-holo ha e sa tiisoa feela ka lerato le pakeng tsa balekane ba lenyalo empa le tiisitsoe haholo-holo ke lerato ho Jehova. (Moeklesia 4:9-12) Hobane’ng? Moapostola Johanne o ile a ngola: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3) Kahoo, banyalani ba lokela ho koetlisa bana ba bona ka boinehelo ba bomolimo e seng feela hobane ba rata bana ba bona ka ho teba empa hobane hona ke taelo ea Jehova. (Deuteronoma 6:6, 7) Ba lokela ho qoba boitšoaro bo bobe e seng feela hobane ba ratana empa haholo-holo hobane ba rata Jehova, ea ‘tlang ho ahlola lihlola le bafebi.’ (Baheberu 13:4) Esita le haeba molekane e mong a baka mathata a tebileng lenyalong, lerato ho Jehova le tla susumetsa e mong hore a tsoele pele ho latela melao-motheo ea Bibele. Ka sebele, malapa a thabileng ke ao ho ’ona ho ratana ho tiisoang ke lerato ho Jehova!
LELAPA LE ETSANG THATO EA MOLIMO
13. Boikemisetso ba ho etsa thato ea Molimo bo thusa batho ka bomong joang hore ba tsepamise mahlo a bona linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa?
13 Bophelo bohle ba Mokreste bo likoloha ho etseng thato ea Molimo. (Pesaleme ea 143:10) Sena ke sona se hlileng se boleloang ke boinehelo ba bomolimo. Ho etsa thato ea Molimo ho tla thusa malapa ho tsepamisa mahlo linthong tseo e hlileng e leng tsa bohlokoa. (Bafilippi 1:9, 10) Ka mohlala, Jesu o ile a lemosa: “Ke tlile ho baka karohano, ho motho khahlanong le ntate oa hae, le morali khahlanong le ’mè oa hae, le mosali e mocha khahlanong le ’mè matsale oa hae. Ka sebele, lira tsa motho e tla ba batho ba ntlo ea hae.” (Matheu 10:35, 36) Ke ’nete ho latela temoso ea Jesu, balateli ba hae ba bangata ba ’nile ba hlorisoa ke litho tsa malapa. A boemo bo soabisang le bo utloisang bohloko! Ho ntse ho le joalo, litlamo tsa lelapa ha lia lokela ho feta lerato la rōna ho Jehova Molimo le ho Jesu Kreste. (Matheu 10:37-39) Haeba motho a mamella ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa, bahanyetsi ba ka ’na ba fetoha ha ba bona liphello tse ntle tsa boinehelo ba bomolimo. (1 Bakorinthe 7:12-16; 1 Petrose 3:1, 2) Esita le haeba hoo ho sa etsahale, ha ho molemo o fumanoang ka ho khaotsa ho sebeletsa Molimo ka lebaka la khanyetso.
14. Takatso ea ho etsa thato ea Molimo e tla thusa batsoali hore ba nke bohato molemong oa bana ba bona joang?
14 Ho etsa thato ea Molimo ho thusa batsoali hore ba etse liqeto tse nepahetseng. Ka mohlala, metseng e meng batsoali ba na le tšekamelo ea ho talima bana e le letsete, ’me ba itšetleha ka bana ba bona hore ba ba hlokomele botsofaling ba bona. Le hoja ho nepahetse ebile ho loketse hore bana ba hōlileng ba hlokomele batsoali ba bona ba tsofalang, monahano o joalo ha oa lokela ho etsa hore batsoali ba lebise bana ba bona tseleng ea bophelo ea ho rata lintho tse bonahalang. Batsoali ha ba etsetse bana ba bona mohau haeba ba ba hōlisetsa ho nka lintho tse bonahalang e le tsa bohlokoa ho feta lintho tsa moea.—1 Timothea 6:9.
15. ’Mè oa Timothea, Eunise, e ne e le mohlala o babatsehang oa motsoali ea ileng a etsa thato ea Molimo joang?
15 Mohlala o motle tabeng ena ke Eunise, ’mè oa motsoalle e monyenyane oa Pauluse Timothea. (2 Timothea 1:5) Le hoja a ne a nyetsoe ke motho ea sa lumelang, Eunise hammoho le nkhono oa Timothea, Loise, ba ile ba atleha ho hōlisa Timothea hore a phehelle boinehelo ba bomolimo. (2 Timothea 3:14, 15) Ha Timothea a se a hōlile ka ho lekaneng, Eunise o ile a mo lumella hore a tlohe lapeng ’me a kenele mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso e le molekane oa Pauluse boromuoeng. (Liketso 16:1-5) E tlameha ebe o ile a hlolloa hakaakang ha mora oa hae a fetoha moromuoa ea hlahelletseng! Boinehelo ba hae ba bomolimo e le motho e moholo bo ile ba bonahatsa hantle koetliso eo a bileng le eona bonyenyaneng. Ka sebele, Eunise o ile a fumana khotsofalo le thabo ha a utloa ka litlaleho tsa tšebeletso e tšepahalang ea Timothea, le hoja mohlomong e ka ’na eaba o ne a hloloheloa ho ba le eena.—Bafilippi 2:19, 20.
LELAPA LE BOKAMOSO BA HAO
16. Joaloka mora, Jesu o ile a bontša ho ameha ka ho loketseng joang, empa sepheo sa hae se ka sehloohong e ne e le sefe?
16 Jesu o hōliselitsoe lelapeng le tšabang Molimo, ’me ha e se e le motho e moholo, o ile a bontša ho ameha ho loketseng ha mora ka ’mè oa hae. (Luka 2:51, 52; Johanne 19:26) Leha ho le joalo, sepheo se ka sehloohong sa Jesu e ne e le ho phethahatsa thato ea Molimo, ’me ho eena sena se ne se akarelletsa ho bula tsela hore batho ba tle ba thabele bophelo bo sa feleng. Sena o se entse ha a nyehela bophelo ba hae ba botho bo phethahetseng e le thekollo bakeng sa moloko oa motho oa baetsalibe.—Mareka 10:45; Johanne 5:28, 29.
17. Ke litebello life tse khanyang tsa tsela ea Jesu ea botšepehi tse ileng tsa bulehela ba etsang thato ea Molimo?
17 Ka mor’a lefu la Jesu, Jehova o ile a mo tsosetsa bophelong ba leholimo ’me a mo fa matla a ho laela a maholo, a qetella a mo hlomamisitse e le Morena ’Musong oa leholimo. (Matheu 28:18; Baroma 14:9; Tšenolo 11:15) Sehlabelo sa Jesu se ile sa nolofaletsa batho ba bang hore ba khetheloe ho ea busa le eena ’Musong oo. Se ile sa boela sa bulela moloko oohle oa motho o pelo li lokileng tsela ea hore o thabele bophelo bo phethahetseng lefatšeng le tsosoloselitsoeng maemong a paradeise. (Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 4; 21:3-5; 22:1-4) E ’ngoe ea litokelo tse khōlōhali eo re nang le eona kajeno ke ho bolella baahelani ba rōna litaba tsena tse molemo tse khanyang.—Matheu 24:14.
18. Ke khopotso efe le khothatso tse fanoeng ho malapa le ho batho ka bomong?
18 Joalokaha moapostola Pauluse a bontšitse, ho phela bophelo ba boinehelo ba bomolimo ho na le tšepiso ea hore batho ba ka rua mahlohonolo ao bophelong “boo e leng hona bo tlang.” Ka sebele, ena ke eona tsela e molemohali ea ho fumana thabo! Hopola, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) Kahoo, ebang u ngoana kapa u motsoali, monna kapa mosali, kapa motho e moholo oa lesoha ea nang le bana kapa ea se nang bona, loanela ho etsa thato ea Molimo. Esita leha u le tlas’a khatello kapa u tobane le mathata a feteletseng, le ka mohla u se ke ua lebala hore u mohlanka oa Molimo ea phelang. Kahoo, e se eka liketso tsa hao li ka tlisetsa Jehova thabo. (Liproverbia 27:11) Hape e se eka boitšoaro ba hao bo ka u tlisetsa thabo hona joale le bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha le tlang!
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . LELAPA LA HAO HORE E BE LE THABILENG JOANG?
Boitšoaro bo ka hlaoleloa.—Bagalata 5:22, 23.
Ka pono e loketseng ea bohlooho, ka bobeli monna le mosali ba batlela lelapa se molemohali.—Baefese 5:22-25, 28-33; 6:4.
Puisano e akarelletsa ho mamela.—Jakobo 1:19.
Lerato ho Jehova le tla tiisa lenyalo.—1 Johanne 5:3.
Ho etsa thato ea Molimo ke pakane ea bohlokoahali bakeng sa lelapa.—Pesaleme ea 143:10; 1 Timothea 4:8.
[Lebokose le leqepheng la 188]
MPHO EA BOSOHA
Hase e mong le e mong ea kenang lenyalong. Hape hase banyalani bohle ba khethang ho ba le bana. Jesu e ne e le lesoha, ’me o ile a bua ka bosoha e le mpho ha bo etsoa “ka lebaka la ’muso oa maholimo.” (Matheu 19:11, 12) Moapostola Pauluse le eena o ile a khetha hore a se ke a nyala. O ile a bua ka boemo ba bosoha le ba lenyalo e le ‘limpho.’ (1 Bakorinthe 7:7, 8, 25-28) Kahoo, le hoja buka ena boholo ba eona e ile ea tšohla litaba tse amanang le lenyalo le ho hōlisoa ha bana, ha rea lokela ho lahleheloa ke pono ea mahlohonolo a ka ’nang a e-ba teng le meputso ea ho lula motho e le lesoha kapa u le lenyalong empa u se na bana.