’Nete Mabapi le ho Bua Leshano
“U LESHANO!” Na mantsoe ao a hlabang a kile a lebisoa ho uena? Haeba ho joalo, ha ho pelaelo hore u hlokomela bohloko ba maikutlo bo tsamaeang le ’ona.
Feela joalokaha nkho e ratehang e ka ’na ea pshatleha ha e oela fatše, ka ho tšoanang botsoalle ba bohlokoa bo ka senngoa ke ho bua leshano. Ke ’nete hore ka mor’a nako e itseng, u ka ’na ua khona ho lokisa tšenyo eo, empa mohlomong botsoalle bo ke ke ba hlola bo tšoana le pele.
Buka Lying—Moral Choice in Public and Private Life e re: “Ba fumanang hore ba ’nile ba thetsoa ba ba hlokolosi boitekong ba ho tsosolosa botsoalle bocha. ’Me ba hetla morao linthong tsa nako e fetileng tseo ba neng ba li lumela le ho li etsa leseling le lecha la mashano a fumanehileng.” Ka mor’a hore leshano le talolehe, botsoalle bo kileng ba atleha ka puisano e bulehileng le ho tšepana bo ka ’na ba sitisoa ke ho belaellana le ho se tšepane.
Ka maikutlo ana ’ohle a sa rateheng mabapi le ho bua leshano, re lokela ho botsa, ‘Tloaelo ee e bolotsana e qalile joang?’
Leshano la Pele
Ha Jehova Molimo a ne a bōpa batho ba pele ba babeli, Adama le Eva, o ile a ba beha lehaeng le letle la serapa. Lehae la bona le ne le lokolohile mofuteng leha e le ofe oa thetso kapa bolotsana. Ka sebele e ne e le paradeise!
Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng Eva a bōpiloe, Satane Diabolose o ile a mo atamela ka tšepiso e lekang. Eva o ile a bolelloa hore haeba a e-ja “litholoana tsa sefate” seo Molimo a se hanetseng, o ne a ke ke a shoa joalokaha Molimo a ne a itse o tla shoa. Ho e-na le hoo, o ne a tla ‘ba joalo ka Molimo, a tsebe botle le bobe.’ (Genese 2:17; 3:1-5) Eva o ile a kholoa Satane. O ile a nka tholoana, a e ja, eaba e ’ngoe o e fa monna oa hae. Empa ho e-na le hore ba tšoane le Molimo joalokaha Satane a ne a tšepisitse, Adama le Eva ba ile ba fetoha baetsalibe ba sa mameleng, makhoba a tšenyeho. (2 Petrose 2:19) ’Me ka ho bua leshano leo la pele, Satane o ile a fetoha “ntate oa mashano ’ohle.” (Johanne 8:44, Today’s English Version) Qetellong, batho bana ba bararo ba baetsalibe ba ile ba hlokomela hore ha ho ea hlōlang ho ea buang leshano kapa ea behang tšepo ea hae leshanong.
Liphello Tse Bolaeang
Jehova o ne a batla hore pōpo eohle ea hae—e leholimong le e lefatšeng—e tsebe hore ho se mamele ha ka boomo ho ne ho tla tsamaea le kotlo. Ka potlako o ile a ahlolela sebōpuoa sena sa moea sa lerabele ho phela bophelo bohle ba sona ka ntle ho mokhatlo o hlophisitsoeng o halalelang oa Molimo. Ho feta moo, Jehova Molimo o tla qetella a bone hore Satane o felisoa ka ho feletseng. Sena se tla etsahala ha “peo” eo Molimo a tšepisitseng ho fana ka eona e mo ntša leqeba le bolaeang hloohong.—Genese 3:14, 15; Bagalata 3:16.
Ha e le Adama le Eva bona ba ile ba lelekoa serapeng sa Edene. Molimo o ile a ahlola Adama, ka ho re: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” Ka mor’a nako e itseng, eena hammoho le Eva ba ile ba shoa, feela joalokaha Molimo a ne a boletse esale pele.—Genese 3:19.
Joaloka litloholo tsa Adama, lelapa lohle la batho le “rekisitsoe tlas’a sebe.” Batho bohle ba futsitse ho se phethahale ho lebisang lefung. (Baroma 5:12; 6:23; 7:14) Liphello tsa leshano leo la pele e bile tse tšosang hakaakang!—Baroma 8:22.
Tloaelo e Metseng ka Metso
Kaha Satane le mangeloi a ileng a ikopanya le eena ho fetoheleng Molimo ha ba e-s’o timetsoe, ha rea lokela ho makatsoa ke hore ba susumelletsa batho ho ‘bua mashano.’ (1 Timothea 4:1-3) Ka lebaka leo, ho bua leshano ho metse ka metso bathong. Los Angeles Times e ile ea re: “Ho bua leshano ho keneletse sechabeng hoo hona joale sechaba se seng se thatafetse lipelo ke hona.” Ba bangata kajeno ba amahanya haufi lipolotiki le bo-ralipolotiki le ho bua leshano, empa na u ne u tseba hore baeta-pele ba bolumeli ba har’a ba tummeng hampe ka ho bua leshano?
Bahanyetsi ba Jesu ba bolumeli ba ile ba jala mashano ka eena nakong ea tšebeletso ea hae lefatšeng. (Johanne 8:48, 54, 55) O ile a ba nyatsa phatlalatsa, ka ho re: “Le tsoa ho ntate oa lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntate oa lōna. . . . Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane ke ea leshano le ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.
Na u hopola leshano le ileng la jaloa ha lebitla la Jesu le fumanoa le se na letho ka mor’a tsoho ea hae? Bibele e re baprista ba ka sehloohong ba ile ba “fana ka palo e lekaneng ea likotoana tsa silevera ho masole ’me ba re: ‘E reng, “Barutuoa ba hae ba ile ba tla bosiu ’me ba mo utsoa ha re ntse re robetse.”’” Leshano lena le ile la jaleha hohle, ’me ba bangata ba ile ba thetsoa ke lona. Baeta-pele bao ba bolumeli ba ne ba le khopo hakaakang!—Matheu 28:11-15.
Mashano a Bolumeli Kajeno
Ke leshano lefe le ka sehloohong leo baeta-pele ba bolumeli ba le buang kajeno? Le tšoana le leo Satane a ileng a le bua ho Eva: “Ha e le ho shoa, le ke ke la shoa.” (Genese 3:4, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Empa Eva o ile a shoa, ’me o ile a khutlela mobung, lerōleng leo a neng a entsoe ka lona.
Leha ho le joalo, na o ile a mpa a bonahala eka oa shoa eaba bonneteng o tsoela pele ho phela a le sebōpehong se seng? Na lefu e mpa e le monyako o lebisang bophelong bo bong? Bibele ha e fane ka pontšo ea hore karolo e ’ngoe e ikutloang ea Eva e ile ea tsoela pele e phela. Moea oa hae ha oa ka oa tsoela pele o phela. Ka ho se mamele Molimo, o ile a etsa sebe, ’me Bibele e re: “Moea o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Eva, ho tšoana le monna oa hae, o ne a bōpiloe e le moea o phelang, ’me bophelo ba hae e le moea o phelang bo ile ba khaotsa. (Genese 2:7) Ka boemo ba bafu, Bibele e re: “Bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moeklesia 9:5) Leha ho le joalo, ke’ng seo likereke li atisang ho se ruta?
Likereke li atisa ho ruta hore batho ba na le moea o sa shoeng le hore lefu le o lokolla hore o latsoe bophelo bo bong—ebang ke thabo e fetisisang kapa tlhokofatso. Ka mohlala, The Catholic Encyclopedia e re: “Kantle le ho qeaqea Kereke e ruta tlhokofatso ea ka ho sa feleng liheleng e le ’nete ea tumelo eo ho seng motho ea ka e latolang kapa a e belaella a sa bontše bokhelohi.”—Moqolo oa 7, leqepheng la 209, khatiso ea 1913.
Thuto eo e fapane hakaakang le seo Bibele e se bolelang ka ho hlaka! Bibele e ruta hore ha motho a e-shoa, ‘o khutlela lerōleng la hae; ka tsatsi lona leo, merero ea hae e felile.’ (Pesaleme ea 146:4) Kahoo, ho ea ka Bibele, bafu ba ke ke ba utloa bohloko ba letho, kaha ha ba sa utloa ntho leha e le efe. Ka lebaka leo, Bibele ea phehella: “Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu [lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero kapa tsebo, kapa bohlale.”—Moeklesia 9:10.
Ho Hlokahala ho Itebela
Feela joalokaha ba bangata ba ile ba khelosoa ke mashano a baprista mehleng ea Jesu, ho na le kotsi ea ho thetsoa ke lithuto tsa bohata tsa baeta-pele ba kajeno ba bolumeli. Batho bana ‘ba ile ba fapanyetsa ’nete ea Molimo ka leshano,’ ’me ba ntšetsa pele lithuto tsa bohata tse joaloka ho se shoe ha moea oa motho le khopolo ea hore meea ea batho e tla hlokofatsoa mollong oa lihele.—Baroma 1:25.
Ho phaella moo, malumeli a kajeno a atisa ho beha tloaelo le filosofi tsa batho boemong bo lekanang le ’nete ea Bibele. (Bakolose 2:8) Kahoo, melao ea Molimo mabapi le boitšoaro—ho akarelletsa melao e amang botšepehi le boitšoaro ba botona le botšehali—e talingoa e le e lekanyelitsoeng, eseng e tlamang ka ho feletseng. Phello e joalokaha e hlalositsoe makasineng ea Time: “Mashano a ata haholo ha sechaba se sa tsitsa, ha batho ba se ba sa hlole ba utloisisa kapa ba lumellana melaong e laolang boitšoaro ba bona e mong ho e mong.”—Bapisa le Esaia 59:14, 15; Jeremia 9:5.
Ho phela tikolohong eo ho eona ho bua ’nete ho nkoang e le tabanyana e fokolang ho etsa hore ho be thata ho mamela khalemelo ea Molimo ea ho se bue leshano. Ke’ng se ka re thusang ho ba ba nang le ’nete ka linako tsohle?
Ho Emela ’Nete
Takatso ea rōna ea ho tlotlisa ’Mōpi oa rōna e re susumetsa hamolemohali ho hlaoleleng ho bua ’nete. Ka ho hlokomelehang, Bibele e mo bitsa “Molimo oa ’nete.” (Pesaleme ea 31:5) Kahoo, haeba takatso ea rōna ke ho khahlisa ’Mōpi oa rōna, ea hloileng “leleme le mano,” re tla susumelletseha ho mo etsisa. (Liproverbia 6:17) Ke joang re ka etsang see?
Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka tieo ho ka re fa se hlokahalang bakeng sa ho ‘bua ’nete e mong le e mong le moahelani oa hae.’ (Baefese 4:25) Leha ho le joalo, ho tseba feela seo Molimo a se hlokang ho rōna ha hoa lekana. Haeba, ho tšoana le ba bangata lefatšeng kajeno, hase kamehla re neng re sekametse ho bueng ’nete, re tla hloka ho etsa boiteko ba sebele ho etsa joalo. Re ka ’na ra hloka ho latela mohlala oa moapostola Pauluse ’me re se iqenehele. Pauluse o ile a ngola: “Ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba.”—1 Bakorinthe 9:27.
Thuso e ’ngoe e tlatsetsang boitekong bo matla ba ho bua ’nete ka linako tsohle ke thapelo. Ka ho kōpa thuso ho Jehova, re ka ba le “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Ka sebele, ho boloka “molomo oa ’nete” le ho tlosa “leleme le bohata” e ka ’na ea e-ba ntoa ea sebele. (Liproverbia 12:19) Empa ka thuso ea Jehova e ka hlōloa.—Bafilippi 4:13.
Kamehla hopola hore ke Satane Diabolose ea etsang hore ho bua leshano ho bonahale eka ke ntho e tloaelehileng. O ile a thetsa mosali oa pele, Eva, ka ho bua leshano ka lonya. Leha ho le joalo, re tseba ka botlalo liphello tse kotsi tsa litsela tsa Satane tsa ho bua leshano. Mahlomola a ke keng a lekanngoa a ’nile a otla lelapa la batho ka lebaka la leshano le le leng la boithati le batho ba bararo ba baithati—Adama, Eva le Satane.
E, ’nete mabapi le ho bua leshano ke hore ho ka bapisoa le chefo e bolaeang. Leha ho le joalo, ka thabo re ka etsa ho hong ka hona. Re ka khaotsa tloaelo ea ho bua leshano ’me ra thabela kamohelo ea ka ho sa feleng ea Jehova, Molimo “o tletseng mohau le ’nete.”—Exoda 34:6.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Ho bua leshano ho ka bapisoa le chefo e bolaeang
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Liphello tsa ho bua leshano li tšoana le ho pshatleha ha nkho