Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 6/1 maq. 24-27
  • Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebetsana ka Katleho le Liteko
  • Ho Sebetsana ka Katleho le ho se Phethahale
  • Matla a ho Bolela
  • Ho Loana le “Moutloa Nameng”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Na U Na Le “Moutloa Nameng”?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • “Moutloa Nameng” ho Pauluse
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 6/1 maq. 24-27

Bofokoli ba Botho bo Phahamisa Matla a Jehova

“E mong le e mong o ne a nahana hore ke mosebeletsi ea thabileng le ea mahlahahlaha oa nako e tletseng. Kamehla ke ne ke thusa ba bang ka mathata a bona. Leha ho le joalo, ka hare-hare ho ’na ke ne ke utloa eka kea shoa. Ke ne ke lematsoa ke mehopolo e tšoenyang le ho sithabela kelellong. Ke ile ka qala ho ikutloa ke le hōle le batho. Ke ne ke ipatlela feela ho lula hae ke robetse. Ka likhoeli tse ngata, ke ile ka rapela Jehova hore a ntlohelle ke shoe.”—Vanessa.

JOALOKA mohlala o boletsoeng ka holimo, ke ho ka lebelloang hore ka linako tse ling, bahlanka ba Jehova ba tla utloa liphello tsa ho phela ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Ba bang ba ka ba ba nyahama lipelo. (Bafilippi 2:25-27) Haeba ho nyahama ho nka nako e telele, ho ka re qeta matla, kaha Bibele e re: “Ha u tepella mohl’a tsietsi, matla a hao a manyenyane.” (Liproverbia 24:10) E, ho hlokahala matla ha re nyahame—esita le ao mohlomong moapostola Pauluse a ileng a a bitsa “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.”—2 Bakorinthe 4:7.

Jehova Molimo ke mohloli oa matla a se nang moeli. Sena se hlaka ha re hlahloba pōpo ea hae. (Baroma 1:20) Ka mohlala, nahana ka letsatsi. Lefatše le fumana matla a phallang a sa fetohe a tsoang letsatsing a litekanyo tse libilione li 240. Leha ho le joalo, palo ena e bontša hoo e ka bang feela halofo ea karolo e le ’ngoe ho tse limilione tse sekete ea matla a fanoang ke letsatsi. ’Me letsatsi le lenyenyane ha le bapisoa le linaleli tse tsejoang e le tse khōlōhali. Har’a tsona ho na le Rigel, naleli e khōlō ho letsatsi la rōna ka makhetlo a 50, e ka hare ho sehlopha sa Orion sa linaleli, ’me e ntša matla a fetang a letsatsi ka makhetlo a 150 000!

E tlameha ebe Moetsi oa mehloli ea matla a leholimo e mekaalo ka boeena o na le “matla a . . . maholo.” (Esaia 40:26; Pesaleme ea 8:3, 4) Ka sebele, moprofeta Esaia o ile a bolela hore Jehova “ha a khathale, ha a fokole.” ’Me Molimo o ikemiselitse ho fana ka matla a hae ho batho leha e le bafe bao, ka lebaka la bofokoli ba botho, ba utloang hore baa khathala. (Esaia 40:28, 29) Taba ea moapostola Pauluse oa Mokreste e bontša kamoo a etsang sena kateng.

Ho Sebetsana ka Katleho le Liteko

Pauluse o ile a bolella Bakorinthe ka bothata boo a neng a lokela ho bo mamella. O ile a bo bitsa “moutloa nameng.” (2 Bakorinthe 12:7) “Moutloa” ona e ka ’na eaba e ne e le ho se phele hantle, mohlomong ho se bone hantle. (Bagalata 4:15; 6:11) Kapa e ka ’na eaba Pauluse o ne a bua ka baapostola ba bohata le baferekanyi ba bang ba neng ba phephetsa boapostola ba hae le mosebetsi oa hae. (2 Bakorinthe 11:5, 6, 12-15; Bagalata 1:6-9; 5:12) Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, ‘moutloa ona o nameng’ o ile oa sithabetsa Pauluse haholo, ’me o ile a rapela ka makhetlo hore o suthisoe.—2 Bakorinthe 12:8.

Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a neha Pauluse seo a se kōpang. Ho e-na le hoo, o ile a re ho Pauluse: “Mosa o sa tšoanelang oa ka o u lekane.” (2 Bakorinthe 12:9) Jehova o ne a bolela eng ka see? Bonneteng, ha re nahana ka tsela ea Pauluse ea pele ea ho hlorisa Bakreste, e bile feela ka mosa o sa tšoanelang hore ebe o ile a hla a fumana botsoalle le Molimo—re se re sa re letho ka ho sebeletsa e le moapostola!a (Bapisa le Zakaria 2:8; Tšenolo 16:5, 6.) E ka ’na eaba Jehova o ne a hlile a bolella Pauluse hore tokelo ea borutuoa e ne e “lekane.” E ne e ke ke ea tsamaea le ho tlosa ka mohlolo mathata a motho a bophelo. Bonneteng, mathata a mang a ka bakoa ke ho eketseha ha litokelo. (2 Bakorinthe 11:24-27; 2 Timothea 3:12) Ka sebele, Pauluse o ne a tla lokela feela hore a mamelle ‘moutloa o nameng ea hae.’

Leha ho le joalo, ho hang Jehova o ne a sa lahle Pauluse ka sehlōhō. Ho e-na le hoo, o ile a re ho eena: “Matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.” (2 Bakorinthe 12:9) E, ka lerato Jehova o ne a tla fa Pauluse matla a ho sebetsa boemo ba hae ka katleho. Ka hona, ‘moutloa o nameng’ ea Pauluse e ile ea e-ba mohlala oa sebele o mo rutang. O ile oa mo ruta hore a itšetlehe ka matla a Jehova, eseng a hae. Ho hlakile hore Pauluse o ile a ithuta sena hantle kaha lilemo hamorao o ile a ngolla Bafilippi: “Ke ithutile, maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ho khotsofala. Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilippi 4:11, 13.

Ho thoe’ng ka uena? Na u mameletse mofuta o itseng oa “moutloa nameng,” mohlomong ho kula kapa maemo a bophelo a u tšoenyang haholo? Haeba ho joalo, khothala. Le hoja Jehova a ke ke a tlosa bothata boo ka mohlolo, a ka u neha bohlale le matla a ho bo sebetsa ka katleho ha u ntse u tsoela pele ho beha lithahasello tsa ’Muso pele bophelong.—Matheu 6:33.

Haeba bokuli kapa ho tsofala ho u thibela ho finyella ho hongata kamoo u neng u ka rata tšebeletsong ea Bokreste, u se ke ua felloa ke tšepo. Ho e-na le hore u talime teko ea hao e le e u behelang meeli tšebeletsong ea hao ho Jehova, e talime e le monyetla o etsang hore u itšetlehe ka eena haholoanyane. Hape, hopola hore, hore na Mokreste ke oa bohlokoa hakae, ha ho kaloe ka hore na o sebetsa hakae, empa ka tumelo ea hae le botebo ba lerato la hae. (Bapisa le Mareka 12:41-44.) Ho rata Jehova ka moea oa hao oohle ho bolela ho mo sebeletsa ka matla ’ohle a hao—eseng ka a motho e mong.—Matheu 22:37; Bagalata 6:4, 5.

Haeba ‘moutloa o nameng’ ea hao o ama boemo bo sithabetsang bophelong, joaloka ho shoa ha ea ratoang, latela keletso ea Bibele: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa; a ke ke a lumela hore ea lokileng a ’ne a sisinngoe.” (Pesaleme ea 55:22) Mosali oa Mokreste ea bitsoang Sylvia o ile a etsa sena. Ka lilemo tse seng kae tse latellanang, o ile a shoeloa ke monna ka mor’a lilemo tse 50 ba nyalane, ’me a boela a shoeloa ke litho tse ling tsa lelapa tse robong—ho kopanyelletsa le litloholo tse nyenyane tse peli. Sylvia o re: “Hoja e ne e se ka Jehova, ke ne ke tla sareloa ka tsela e sa laoleheng. Empa ke fumana matšeliso a maholo ka thapelo. Ha ke khaotse ho bua le Jehova. Kea tseba hore o mpha matla a ho mamella.”

Ho khothatsa hakaakang ho tseba hore “Molimo oa matšeliso ’ohle” a ka neha ba saretsoeng matla a ho mamella! (2 Bakorinthe 1:3; 1 Bathesalonika 4:13) Re ananela sena, re ka utloisisa sephetho sa Pauluse tabeng ena. O ngotse: “Ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.”—2 Bakorinthe 12:10.

Ho Sebetsana ka Katleho le ho se Phethahale

Kaofela ha rōna re futsitse ho se phethahale ho batsoali ba rōna ba pele ba batho. (Baroma 5:12) Ka lebaka leo, re loantšana le litakatso tsa nama ea boetsalibe. Ho ka nyahamisa hakaakang ho hlokomela hore litšekamelo tsa “botho ba khale” li re khomaretse haholoanyane ho feta kamoo re neng re nahana kateng! (Baefese 4:22-24) Ka linako tse joalo re ka ikutloa joaloka moapostola Pauluse ea ileng a ngola: “Ka sebele ke thabela molao oa Molimo ho ea ka motho eo ke leng eena ka hare, empa lithong tsa ka ke bona molao o mong o loanang khahlanong le molao oa kelello ea ka le o nkisang ke holehiloe molaong oa sebe o lithong tsa ka.”—Baroma 7:22, 23.

Mona le teng re ka iphumantša matla a Jehova. Ha u loantša bofokoli ba botho, le ka mohla u se ke ua khaotsa ho retelehela ho eena ka thapelo, u mo kōpa ka tieo hore a u tšoarele ho sa tsotellehe hore na u mo atamela hangata hakae ka bothata bo le bong. Ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa hae, Jehova ea “lekanyang lipelo” le ea ka bonang botebo ba ho tiea ha hao, o tla u neha letsoalo le hloekileng. (Liproverbia 21:2) Ka thuso ea moea oa hae o halalelang, Jehova a ka u fa matla a ho boela u loantša bofokoli ba nama.—Luka 11:13.

Re boetse re hloka matla a tsoang ho Jehova ha re sebetsana le ho se phethahale ha ba bang. Ka mohlala, Mokreste-’moho le rōna a ka ’na a bua le rōna ka mokhoa o ‘hlabang joaloka tsenene.’ (Liproverbia 12:18) Sena se ka re utloisa bohloko bo tebileng, haholo-holo ha se buuoa ke eo re nahanang hore o lokela a be a tseba hore se fosahetse. Re ka tšoenyeha haholo. Ba bang ba bile ba sebelisitse likhopiso tse kang tseo hore e be lebaka la ho furalla Jehova—phoso e khōlō ka ho fetisisa!

Leha ho le joalo, boikutlo bo leka-lekaneng bo tla re thusa ho talima mefokolo ea ba bang ka tsela e nepahetseng. Re ke ke ra lebella phetheho bathong ba sa phethahalang. Monna ea bohlale Solomone o re hopotsa hore “ha ho motho ea sa sitoeng.” (1 Marena 8:46, BPN) Arthur, Mokreste ea tlotsitsoeng ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse mashome a supileng, o ile a hlokomela: “Bofokoli ba bahlanka-’moho le rōna bo re fa monyetla oa ho bontša botšepehi, bo sisinya matla a rōna a moea a Bokreste. Haeba re lumella hore seo batho ba se buang kapa ba se etsang se re sitise ho sebeletsa Jehova, re sebeletsa batho. Ntle ho moo, e tlamehile ebe barab’abo rōna le bona ba rata Jehova. Haeba re sheba se molemo ho bona, ka potlako re hlokomela hore ha ba hlile ha ba babe.”

Matla a ho Bolela

Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema hammoho le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”—Liketso 1:8.

Phethahatsong ea mantsoe ao a Jesu, mosebetsi ona hona joale o phethoa ke Lipaki tsa Jehova linaheng tse 233 ho pota lefatše. Ka kakaretso, li qeta lihora tse fetang limilione tse sekete selemo le selemo li thusa ba bang ho finyella tsebo ea Jehova. Ha ho bonolo kamehla ho phetha mosebetsi ona. Linaheng tse ling mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o thibetsoe kapa o lekanyelitsoe. Hape, nahana hore na ke bo-mang ba etsang mosebetsi—batho ba fokolang, ba sa phethahalang, bao e mong le e mong oa bona a nang le bothata le matšoenyeho a hae. Leha ho le joalo, mosebetsi o tsoela pele, ’me ka lebaka leo, lilemong tse tharo tse fetileng batho ba fetang milione ba ile ba nehela bophelo ba bona ho Jehova ’me ba bonahatsa boinehelo boo ka kolobetso ea metsing. (Matheu 28:18-20) Ka sebele, mosebetsi ona o phethoa feela ka matla a Molimo. Jehova o ile a re ka moprofeta Zakaria: “Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka.”—Zakaria 4:6.

Haeba u mohoeletsi oa litaba tse molemo, u na le karolo—ho sa tsotellehe hore na e bonahala e le nyenyane hakae—mosebetsing oo o moholo o finyeletsoeng. Ho sa tsotellehe ‘meutloa’ eo u lokelang ho e mamella, u ka kholiseha ka hore Jehova a ke ke a lebala ‘mosebetsi oa hao le lerato leo u ileng ua le bontša bakeng sa lebitso la hae.’ (Baheberu 6:10) Kahoo, bakeng sa tšehetso, tsoela pele ho itšetleha ka Mohloli oa matla ’ohle a maholo. Hopola, re ka mamella feela ka matla a Jehova; matla a hae a phethahatsoa mefokolong ea rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ho hlakile hore kaha “bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo,” ha e le hantle ke pontšo ea mosa oa Molimo hore ebe motho leha e le ofe a ka ba le botsoalle le eena.—Baroma 3:23.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Mosebetsi oa boboleli o phethoa feela ka matla a Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela