Karolo ea ’Mino Borapeling ba Kajeno
HO BINA ke mpho e tsoang ho Molimo. Ho phahamisa mantsoe a rōna pineng ho ka re thabisa ha ba ha thabisa le ’Mōpi oa rōna. Ka hona, re ka hlalosa maikutlo a rōna, masoabi le nyakallo. Ho fetang hoo, re ka bolela lerato la rōna, tlhompho le thoriso bakeng sa Moqapi oa pina, Jehova.
Boholo ba litšupiso tse ka bang makholo a mararo tsa ’mino ka Bibeleng bo amana le borapeli ba Jehova. Ho bina ho boetse ho amahanngoa le thabo—eseng feela thabo ea ba binang empa hape le thabo ka lehlakoreng la Jehova. Mopesaleme o ile a ngola: “Ba mo rorise ka molumo oa meropa le oa liharepa! Hobane Jehova o thabela sechaba sa hae.”—Pesaleme ea 149:3, 4.
Empa ho bina ho bohlokoa hakae borapeling ba kajeno? Ke joang batho ba Jehova kajeno ba ka mo thabisang ka ho phahamisa mantsoe a bona pineng? ’Mino o lokela ho nka karolo efe borapeling ba ’nete? Ho hlahloba histori ea ’mino borapeling ho tla re thusa ho araba lipotso tsena.
Karolo e Tummeng ea ’Mino Borapeling
Tšupiso ea pele ea Bibele ka ’mino hase hore ka ho khetheha e tlalehiloe kamanong le borapeli ba Jehova. Ho Genese 4:21, Jubale o tlotloa ka seo e ka ’nang ea e-ba boqapi ba liletsa tsa pele tsa ’mino kapa mohlomong ka ho theha botsebi bo itseng ’minong. Leha ho le joalo, ’mino e ne e le karolo ea borapeli ba Jehova esita le pele ho bōptjoa batho. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li hlalosa mangeloi ha a bina. Jobo 38:7 (NW), e re bolella ka mangeloi a hooang ka thabo ’me a ‘hoeletsa lithoriso.’ Ka hona, ho na le lebaka la Mangolo la ho lumela hore ho bina borapeling ba Jehova esale e le tloaelo nako e telele pele motho a ka ba teng.
Bo-rahistori ba bang ba phehile khang ea hore ’mino oa boholo-holo oa Baheberu e ne e le molumo feela o monate, e le sehou feela. Leha ho le joalo, ho ne ho ka bapaloa linoto tse fetang e le ’ngoe harepeng ka nako e le ’ngoe, e leng seletsa seo ho buuoeng ka sona ka ho hlaheletseng ka Bibeleng. E tlameha ebe baletsi ba harepa ba ne ba hlokometse tumellano e ka hlahisoang ke ho tsoaka melumo e teng seletseng seo. Ho e-na le ho ba o fetiloeng ke nako, kantle ho pelaelo ’mino oa bona e ne e le o tsoetseng pele haholo. ’Me ha re ahlola ho latela lithoko le mantsoe a tloaelehileng tse leng Mangolong a Seheberu, re ka etsa qeto ea hore ’mino oa Baiseraele e ne e le oa boleng bo phahameng. Ka sebele, tšusumetso ea ho hlophisa ’mino e ne e phahame ho feta hōle ea lichaba tsa boahelani.
Tlhophiso ea boholo-holo ea tempele e ne e nehelana ka litokisetso tsa ’mino oa liletsa le oa mantsoe borapeling ba tempele. (2 Likronike 29:27, 28) Ho ne ho e-na le “batsamaisi,” “litsebi,” “liithuti” le “lihlooho tsa libini.” (1 Likronike 15:21, NW; 25:7, 8, NW; Nehemia 12:46, NW) Rahistori Curt Sachs ha a hlalosa tsebo ea bona e tsoetseng pele ea ’mino, o ngotse: “Lihlopha tsa ’mino le tlhophiso ea ’mino tse neng li amana le Tempele e Jerusalema li bontša boemo bo phahameng ba thuto ea ’mino, bohlale le tsebo. . . . Le hoja re sa tsebe hore na ’mino oo oa boholo-holo o ne o utloahala joang, re na le bopaki bo lekaneng ba matla a ’ona, boitlhompho le botsebi.” (The Rise of Music in the Ancient World: East and West, 1943, leqepheng la 48, 101-2) Sefela sa Lifela ke mohlala oa bokhoni ba ho qapa le boleng ba ’mino o hlophisitsoeng ke Baheberu. Ke pale e boleloang pineng, e tšoanang le libretto, kapa temana ea opera. Ka Seheberu pina eo e bitsoa “Sefela sa Lifela,” ke hore, pina e monate ka ho fetisisa. Ho Baheberu ba boholo-holo, ho bina e ne e le karolo ea bohlokoa ea borapeli. ’Me ho ne ho lumella ho hlalosa maikutlo a bona a nepahetseng thorisong ea bona ho Jehova.
Ho Bina ha Bakreste Lekholong la Pele la Lilemo
’Mino o ile oa tsoela pele ho ba karolo e tloaelehileng ea borapeli har’a Bakreste ba pele. Ho phaella ho beng le Lipesaleme tse bululetsoeng, ho bonahala eka ba ile ba iqapela ’mino le mantsoe a oona bakeng sa borapeli, ba beha mohlala bakeng sa tlhopiso ea kajeno ea lipina tsa Bokreste. (Baefese 5:19) Buka ea The History of Music, ea Waldo Selden Pratt, ea hlalosa: “Ho bina phatlalatsa le borapeli ba botho e ne e le tloaelo ho Bakreste ba pele. Ho basokolohi ba Bajuda, hona e ne e le ho ntšetsa pele tloaelo ea lisynagogeng . . . Ho phaella ho Lipesaleme tsa Seheberu . . . , tumelo e ncha e ile ea sekamela ho qapeng lifela tse ncha, kamoo ho bonahalang kateng, qalong e ne e le ka mokhoa oa lithoko.”a
A totobatsa bohlokoa ba ho bina, nakong eo Jesu a neng a theha Lijo tsa Morena tsa Shoalane, ntle le pelaelo eena le baapostola ba hae ba ile ba bina li-Hallel. (Matheu 26:26-30) Tsena e ne e le lipina tsa lithoriso ho Jehova tse tlalehiloeng Lipesalemeng ’me li binoa ka mokete oa Paseka.—Pesaleme ea 113-118.
Tšusumetso ea Borapeli ba Bohata
Nakong eo ho neng ho thoe ke Mehla ea Lefifi, ’mino oa bolumeli o ile oa theoleloa ho bineng ka tlhomoho. Hoo e ka bang ka 200 C.E., Clement oa Alexandria o ile a re: “Re hloka seletsa se le seng: lentsoe le tletseng khotso la ho rapela ka tlhompho, eseng liharepa kapa meropa kapa liphala kapa literompeta.” Ho ile ha behoa lithibelo, ’mino oa bolumeli oa seheloa moeli oa hore o binoe ka mantsoe. Mokhoa ona o ile oa tsejoa e le ho tsanyaola kapa pina feela. Buka ea Our Musical Heritage e re: “Lilemong tse ka tlaase ho mashome a mane ka mor’a ho phahama ha Constantinople, Lekhotla la Laodisia (A.D. 367) le ile la thibela ho kopanela ha liletsa tsa ’mino le ha liphutheho tšebeletsong ea kamohelo ea sakaramente. ’Mino o tloaelehileng e ’nile ea e-ba oa mantsoe feela.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Lithibelo tsena li ne li se na motheo Bokresteng ba pele.
Nakong ea Mehla ea Lefifi, Bibele e ne e le buka e sa fumaneheng ho batho ba tloaelehileng. Bakreste ba neng ba iteta sefuba bakeng sa ho ba le Bibele kapa ho e bala ba ne ba hlorisoa esita le hona ho bolaoa. Kahoo, ha ho makatse hore ebe tloaelo ea ho binela Molimo lithoriso e ile ea nyamela ka ho pharaletseng nakong eo ea lefifi. Ha e le hantle, haeba batho ba tloaelehileng ba ne ba se na tumello ea Mangolo, ke joang ba neng ba ka tseba hore karolo ea leshome ea Bibele eohle ke pina? Ke mang ea neng a ka ba tsebisa hore Molimo o laetse barapeli ba hae ho ‘binela Jehova sefela se secha, thoko ea hae phuthehong ea bakhethoa ba hae’?—Pesaleme ea 149:1.
Ho Khutlisetsa ’Mino Sebakeng sa Oona se Loketseng Borapeling
Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o entse ho hongata ho khutlisetsa ’mino le ho bina libakeng tsa oona tse nepahetseng borapeling. Ka mohlala, tokollo ea February 1, 1896, ea Zion’s Watch Tower e ne e e-na le lipina feela. E ne e e-na le sehlooho se reng “Lipina Tse Qalang Tsa Thabo Tsa Sione.”
Ka 1938, ho bina libokeng tsa phutheho ho ne ho hlile ho le sieo. Leha ho le joalo, bohlale ba ho latela mohlala le tataiso ea baapostola bo ile ba eketseha ka potlako. Kopanong ea setereke ea 1944, F. W. Franz o ile a nehelana ka puo e reng “Lipina Tsa Tšebeletso ea ’Muso.” O ile a bontša hore lipina tsa ho rorisa Jehova li ile tsa binoa ke libōpuoa tsa Molimo tsa leholimo nako e telele pele ho pōpo ea motho ’me a re: “Ho loketse ho bile ho khahlisa Molimo hore bahlanka ba Hae ba lefatšeng ba phahamise mantsoe a bona pineng.” Ka mor’a ho hōlisa taba ea ho bina borapeling, o ile a phatlalatsa ho lokolloa ha Kingdom Service Song Book bakeng sa ho sebelisoa libokeng tsa tšebeletso tsa beke le beke.b Joale Informant (eo hona joale e bitsoang Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso) ea December 1944 e ile ea tsebisa hore liboka tse ling le tsona li tla akarelletsa pina e bulang le e koalang. Ho bina e ile ea boela ea e-ba karolo ea borapeli ba Jehova.
‘Ho Binela Jehova ka Lipelong Tsa Rōna’
Bohlokoa ba ho bina ho tsoa pelong bo bontšoa ke barab’abo rōna ba Europe Bochabela le Afrika, ba nang le phihlelo ea lilemo tsa mahlomola le tlhoriso. Lothar Wagner o ile a qeta lilemo tse supileng a koaletsoe a le mong chankaneng. O ile a mamella joang? “Ka libeke tse ’maloa ke ile ka tsepamisa monahano oa ka ho qeteleng mohopolo oa ka oa lipina tsa ’Muso. Ha ke ne ke sa tsebe hantle temana e itseng, habonolo feela ke ne ke iqapela serapa kapa kapa tse peli. . . . Lipina tsa rōna tsa ’Muso li tletse ka maikutlo a khothatsang le a hahang hakaakang!”—1974 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, leqepheng la 226-8.
Ka lebaka la botšepehi ba hae, nakong ea lilemo tse hlano tsa ho koalloa a le mong chankaneng Harold King o ile a fumana matšeliso ka ho iqapela lipina tsa thoriso ho Jehova le ho li bina. Tse ’maloa ho tseo a li qapileng li sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova borapeling ba tsona hona joale. Thabo e tsamaisanang le ho bina ke e matlafatsang. Empa hase hore ho hlokahala tlhoriso e le hore re ka kholiseha ka bohlokoa ba ho binela Molimo lithoriso.
Batho bohle ba Jehova ba ka fumana thabo ’minong. Le hoja re ka ’na ra ba le ho re thibelang ho itlhalosa ka mantsoe, maikutlo a rōna ka Jehova a ka lokoloha ha re a hlahisa pineng. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore na re ka fumana thabo joang ho bineng lithoriso ha a ne a khothalletsa Bakreste hore ba lule ba ‘buisana ka lipesaleme le lithoriso ho Molimo le lipina tsa moea, ba bina ’me ba tsamaisana le ’mino lipelong tsa bona ho ea ho Jehova.’ (Baefese 5:19) Ha lipelo tsa rōna li tletse ka lintho tsa moea, re fumana lipolelo tse matla pineng. Ka hona, senotlolo sa ho ntlafatsa ’mino ke boikutlo bo nepahetseng ba pelo.
Ho ba le kamano e ntle le Jehova ho tlatsetsa moeeng o thabileng, o re susumelletsang ho bua, ho bina le ho hooa lithoriso tsa Jehova. (Pesaleme ea 146:2, 5) Re bina ka pelo eohle ka lintho tseo re li thabelang. ’Me haeba re rata pina e itseng kapa mohopolo oa pina eo, ho ka lebelloa hore re tla e bina ka boikutlo ba sebele bo mofuthu.
Ha ho hlokahale hore motho a binele holimo e le hore a bine ka boikutlo bo mofuthu. Ho binela holimo hase hona hakaalo-kaalo ho etsang hore ’mino o be monate; leha e le hona ho tsetsela. Mantsoe a mang a phahameng ka tlhaho a ka ’na a hlahella le hoja ho bineloa tlaase. Phephetso e teng bakeng sa ho bina hantle sehlopheng ke ea ho ithuta ho tenyetseha. Ebang le bina mantsoe a fapaneng a lumellanang, kapa le bina lentsoe le le leng kaofela, ho lumellanya molumo oa lentsoe la hao le ba pel’a hao ho tla tlatsetsa pineng e monate le e kopaneng. Boinyenyefatso ba Bokreste le ho ba ea mamelang ho thusa motho hore a hlaolele ho leka-lekana ha a bina ka mafolo-folo empa a sa koahele mantsoe a ba bang. Leha ho le joalo, bao e leng likheleke kapa bao ka ho khetheha mantsoe a bona a ntšang litsoanya le ka mohla ha baa lokela ho nyahamisoa ho bineng. Lentsoe le monate le ka fana ka tšehetso e matla ho phutheho ha e binela Jehova lithoriso.
Ho bina libokeng tsa rōna ho boetse ho fana ka kemiso e loketseng bakeng sa ho bina likarolo tse lumellanang tsa ’mino. Ba tsebang ’mino kapa ba ka khonang ho lumellanya mela ea mantsoe a pina le linoto tse bukeng ea lipina, ba khothalletsoa hore ba tenyetsehe le ’mino ’me ba tlatsetse monateng oa ’mino.c
Ba bang ba ka ’na ba tletleba, ‘Kea tlaila’ kapa ‘Lentsoe la ka le lebe; lea cha ha linoto li phahame.’ Ka hona, ba ba lihlong ha ho binoa, esita leha e le Holong ea ’Muso. ’Nete ke hore ha ho lentsoe le binelang Jehova lithoriso le leng “lebe” ponong ea hae. Joalokaha feela lentsoe la motho ha a bua le ka ntlafatsoa ka ho le sebelisa le ka ho latela litlhahiso tse sebetsang tse fanoang Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, kahoo mokhoa oa ho bina oa motho o ka ntlafatsoa. Ba bang ba ntlafalitse mantsoe a bona ka hore habonolo feela ba binele ka marameng ha ba ntse ba sebetsa. Ho binela ka marameng ho thusa ho hlakisa lentsoe. ’Me ka linako tse loketseng ha re le bang kapa re sebetsa moo re ke keng ra tšoenya ba bang, ho bina lipina tsa ’Muso ke koetliso e ntle haholo bakeng sa lentsoe hape ke mokhoa oa ho nyakallisa le ho khatholla boemo ba motho ba kelello.
Re ka boela ra khothalletsa hore ho binoe lipina tse seng kae tsa ’Muso ’mokeng. Ho bina ho joalo, ha ho tsamaisana le seletsa se kang katara kapa piano kapa lirekoto tsa Mokhatlo tsa piano, ho fana ka tikoloho ea bomoea ’mokeng ea rōna. Ho boetse ho thusa ho ithuta lipina le ho li bina hantle libokeng tsa phutheho.
E le ho thusa liphutheho hore li thahaselle ho bina libokeng, Mokhatlo o lokiselitse ’mino o rekotiloeng oo ho ka binoang le oona. Ha o letsoa, ea sebetsanang le mechine e hōlisang lentsoe o lokela ho ba seli ka molumo. Haeba ’mino o sa utloahale hantle, phutheho e ka ’na ea e-ba leqe ho binela holimo. Ha mor’abo rōna ea laolang mechine e hōlisang lentsoe a bina hammoho le phutheho, o tla khona ho lekanyetsa hore na ’mino oa tataisa kapa che.
Binelang Jehova
Ho bina ho re fa monyetla oa ho ntšetsa ’Mōpi oa rōna maikutlo a rōna. (Pesaleme ea 149:1, 3) Hase ho phasoloha feela tjee, empa ke pontšo e laolehileng, e utloahalang le e thabisang ea thoriso ea rōna. Ho tšollela lipelo tsa rōna ’minong oa phutheho ho ka re beha boemong bo loketseng ba kelello le pelo bakeng sa lenaneo le latelang ’me ho ka re susumelletsa haholoanyane ho kopanela borapeling ba Jehova. Le hoja ho bina ho susumetsa maikutlo, mantsoe le ’ona a ka boetse a re ruta. Ka hona, ka ho itlhalosa ka ho bina lentsoe le le leng le momahaneng le ka ho bina mantsoe a fapaneng a lumellanang, ka bonolo le ka boikokobetso re lokisetsa lipelo tsa rōna ho ithuta hammoho joaloka batho ba bokaneng.—Bapisa le Pesaleme ea 10:17.
’Mino e tla ’ne e be karolo ea borapeli ba Jehova kamehla. Ka hona, re na le monyetla oa ho kopanela ka ho sa feleng maikutlong a mopesaleme: “Ke tla rorisa Jehova, ha ke sa ntse ke phela; ke tla binela Molimo oa ka, ha ke sa ntse ke le teng!”—Pesaleme ea 146:2.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Thoko ke sekotoana sa ’mino se khethollehang ka boikutlo ba tokoloho likarolong tse sa tšoaneng. Hangata lithoko li tlotlisa liketso tsa bonatla kapa batho ba itseng.
b Bakorinthe ba Pele 14:15 e bonahala e bontša hore ho bina e ne e le tšobotsi ea kamehla ea borapeli ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo.
c Tse ling tsa lipina tse bukeng ea rōna ea lipina ea hona joale, Binelang Jehova Lithoriso, li na le likarolo tse ’nè tsa mantsoe a ’mino molemong oa ba thabelang ho bina lentsoe la pele, sekene, tinoro le bese. Leha ho le joalo, tse ngata tsa lipina tsena li hlophiselitsoe hore ho binoe hammoho le piano ’me li ngotsoe ka mokhoa o lekang ho boloka semelo sa tsona sa ’mino oa machaba. Ho ikenyetsa linoto tse lumellanang bakeng sa lipina tse ngotsoeng ho sa khomareloa ka thata-thata likarolo tse ’nè tse nyallanang tsa mantsoe ho ka eketsa thabo ho bineng ha rōna libokeng.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Litlhahiso Tse Ling Tsa Ho Bina Hamolemo
1. Phahamisa buka ea lipina ha u bina. Sena se thusa motho ho hema ka mokhoa oa tlhaho haholoanyane.
2. Hula moea o mongata qalong ea polelo ka ’ngoe.
3. Ho bula molomo haholoanyane hoo ka lekhetlo la pele motho a ikutloang a sa phutholoha hantle ho hlakile hore ho tla eketsa molumo le ho utloahala ha lentsoe.
4. Ka holimo ho tsohle, tsepamisa mohopolo oa hao maikutlong a pina e binoang.