Pina ea 124
Tholoana ea Boitšoaro
1. Mokreste, loana nto’a moea;
Emela ho loka.
Itšoare hantle kamehla
U tle u hlōle ntoa.
2. Ho bontša rato la ’nete
Le eona hlalefo,
Re ke re etsiseng ’Mōpi,
Re beng le boitšoaro.
3. Re buse ’mele ea rōna;
Re hlōle takatso.
Ha re batla ho pholoha,
Re bontše boitšoaro.
4. Re se bontšeng ho tšoenyeha
Ha re ntse re lekoa;
Re khomarele Jehova
Re etse ho loka.