Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g97 6/8 maq. 11-13
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Laola Khalefo ea Hao?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Laola Khalefo ea Hao?
  • Tsoha!—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Batho ba sa Phethahalang ba Halefa
  • Bakreste Baa Ikarabella
  • Na ho Halefa ho Fosahetse ka Mehla?
    Tsoha!—1994
  • Ho Laola Bohale—Ba Hao le Ba Ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Nka Laola Bohale ba ka Joang?
    Tsoha!—1987
  • Bothata ba ho Halefa
    Tsoha!—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—1997
g97 6/8 maq. 11-13

Pono Ea Bibele

Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Laola Khalefo ea Hao?

E NE e le qalo ea tšokelo. John o ile a omanya mosali oa hae eo ba sa tsoa nyalana le eena, Ginger:a “Kaha joale ke ’na hlooho ea lelapa lena, u ke ke ua hlola u ntšoabisa ka ho fihla ka mor’a nako.” O ile a mo tlatsetsa lerata ka metsotso e fetang 45, a batla hore a lule setulong a sa sisinyehe. Puo e hlabang e ile ea fetoha tloaelo lenyalong la bona. Ka masoabi, bohale ba John bo ile ba e-hloa mekoalaba. O ne a se a khahlela menyako, a tula holim’a tafole ea kichine, ’me a khanna hampe a ntse a otla lebili la ho khanna, ’me kahoo a beha bophelo ba ba bang kotsing.

Ka bomalimabe, ntle ho pelaelo ua tseba hore liketsahalo tse joalo li etsahala khafetsa. Na bohale ba monna eo bo ne bo loketse kapa o ne a hlōleha ho bo laola? Na ke kamehla khalefo e fosahetseng? Ke neng ho ka thoeng bohale bo tsoile taolong? Ke neng ho ka thoeng bo se bo feteletse?

Khalefo e laolehileng e ka ’na ea lokafatsoa. Ka mohlala, khalefo ea Molimo e ile ea tukela metse ea boholo-holo e boitšoaro bo bobe ea Sodoma le Gomora. (Genese 19:24) Hobane’ng? Hobane baahi ba metse eo ba ne ba kopanela pefong le mekhoeng e litšila ea boitšoaro ba botona le botšehali, joalokaha hoo ho ne ho tsejoa hohle sebakeng seo. Ka mohlala, ha mangeloi a neng a ronngoe a etetse monna ea lokileng Lota, sekhakhatha sa mahoohoo a bahlankana hammoho le banna ba hōlileng se ile sa leka ho beta baeti ba Lota. Khalefo ea Jehova Molimo ho bona e ne e loketse ka lebaka la boitšoaro ba bona bo feteletseng.—Genese 18:20; 19:4, 5, 9.

Joaloka Ntate oa hae, motho ea phethahetseng Jesu Kreste o ile a halefa ka linako tse ling. Tempele e Jerusalema e ne e lokela ho ba setsi sa borapeli ba batho ba Molimo ba khethiloeng. E ne e lokela ho ba “ntlo ea thapelo,” moo batho ka bomong ba neng ba ka hlahisa mahlabelo le linyehelo tsa bona ho Molimo le moo ba neng ba ka rupeloa ka litsela tsa hae le ho tšoareloa libe teng. Kamoo ho neng ho ka boleloa kateng, tempeleng ke moo ba neng ba ka buisana le Jehova teng. Ho e-na le hoo, baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Jesu ba ile ba fetola tempele “ntlo ea thekiso” le “lehaha la masholu.” (Matheu 21:12, 13; Johanne 2:14-17) Ba ne ba iphumanela phaello thekisong ea liphoofolo tse neng li sebelisetsoa ho etsa mahlabelo. Ha e le hantle, ba ne ba tlatlapa mohlape. Kahoo, Mora oa Molimo ka ho loketseng o ne a e-na le tokelo ea ho leleka masholu ao ka ntlong ea Ntate oa hae. Jesu o ne a halefile ka ho loketseng!

Ha Batho ba sa Phethahalang ba Halefa

Batho ba sa phethahalang le bona ka linako tse ling ba ka halefa ka ho loketseng. Nahana ka se ileng sa etsahalla Moshe. Sechaba sa Iseraele se ne se sa tsoa lopolloa ka mohlolo Egepeta. Jehova o ne a bontšitse matla a hae holim’a melimo ea bohata ea Egepeta ka tsela e tsotehang ka ho otla Baegepeta ka likotlo tse leshome. Eaba joale o bula tsela hore Baiseraele ba balehe, ka ho arola Leoatle le Lefubelu. Ka mor’a moo, ba ile ba isoa mosikong oa Thaba ea Sinai, moo ba ileng ba hlophisoa ho ba sechaba. A sebeletsa e le mokena-lipakeng, Moshe o ile a nyolohela thabeng ho ea amohela melao ea Molimo. Hammoho le melao e meng kaofela, Jehova o ile a fa Moshe Melao e Leshome, e ngotsoeng ka “monoana oa Molimo” matlapeng a lejoe ao Molimo ka boeena a a betlileng thabeng. Leha ho le joalo, Moshe o ile a fumana eng ha a theoha thabeng? Batho ba ne ba retelehetse borapeling ba setšoantšo sa namane ea khauta! Ba ne ba lebetse kapele hakaakang! Ho ne ho fetile libeke tse seng kae feela. Ka ho loketseng, ‘bohale ba Moshe bo ile ba tuka.’ O ile a pshatla matlapa a lejoe ’me a tsoela pele ho senya setšoantšo sa namane.—Exoda 31:18; 32:16, 19, 20.

Ketsahalong e ’ngoe hamorao, Moshe o ile a felloa ke mamello ha batho ba ne ba tletleba ka khaello ea metsi. A tenehile, ka nakoana o ile a lahleheloa ke bonolo boo a neng a tsejoa ka bona kapa boikutlo ba ho ba ea bonolo. Sena se ile sa lebisa phosong e tebileng. Ho e-na le ho phahamisa Jehova e le Mohlokomeli oa Iseraele, Moshe o ile a bua ka thata le batho ’me a lebisa tlhokomelo ho eena le ho moholoane oa hae Arone. Kahoo, Molimo o ile a bona ho loketse hore a khalemele Moshe. O ne a sa tl’o mo lumella hore a kene naheng e tšepisitsoeng. Ka mor’a ketsahalo ena Meriba, ha ho tlaleho e ’ngoe ea hore Moshe o ile a felloa ke mamello hape. Kamoo ho bonahalang kateng, o ile a ithuta ho hong phihlelong eo.—Numere 20:1-12; Deuteronoma 34:4; Pesaleme ea 106:32, 33.

Kahoo, Molimo ha a tšoane le motho. Jehova a ka ‘lieha ho hlahisa khalefo ea hae’ ’me ka nepo o hlalosoa e le ea “liehang ho halefa” kaha lerato, eseng bohale, ke tšobotsi ea hae ea sehlooho. Kamehla bohale ba hae bo lokile, kamehla bo loketse, kamehla boa laoleha. (Exoda 34:6; Esaia 48:9; 1 Johanne 4:8) Kamehla motho ea phethahetseng Jesu Kreste o ne a khona ho laola khalefo ea hae; o hlalositsoe e le ea “maikutlo a bonolo.” (Matheu 11:29) Ka lehlakoreng le leng, batho ba sa phethahalang, esita le banna ba tumelo ba kang Moshe, ba ’nile ba thatafalloa ke ho laola khalefo ea bona.

Hape, batho ka kakaretso ba sitoa ho nahanela liphello tsa khalefo. Ho ka ba le liphello tse bohloko tse tlisoang ke ho hlōleha ho laola khalefo. Ka mohlala, liphello tse totobetseng eba life haeba monna a fella mosali oa hae pelo ho isa bohōleng boo a phunyang lesoba leboteng ka setebele? Thepa ea senyeha. Letsoho la hae le ka ’na la lemala. Empa ho feta moo, ho khopeha ha hae ho tla ama lerato le tlhompho tsa mosali oa hae ho eena joang? Lebota le ka ’na la lokisoa ka mor’a matsatsi a seng makae, ’me letsoho la hae le ka ’na la fola ka mor’a libeke li se kae; empa ho tla mo nka nako e kae hore mosali oa hae a boele a mo tšepe le ho mo hlompha?

Ha e le hantle, Bibele e tletse ka mehlala ea batho ba ileng ba hlōleha ho laola khalefo ea bona ’me ba latsoa liphello tse bohloko. Nahana ka e seng mekae. Kaine o ile a lelekoa ka mor’a hore a bolaee ngoan’abo Abele. Simeone le Levi ba ile ba fuoa thohako ke ntate oa bona ka lebaka la ho bolaea banna ba Shekeme. Jehova o ile a otla Uzia ka lepera ka mor’a hore Uzia a halefele baprista ba neng ba leka ho mo khalemela. Ha Jonase a ne a “hlonama haholo,” Jehova o ile a mo khalemela. Kaofela ha bona ba ile ba tlameha ho ikarabella bakeng sa khalefo ea bona.—Genese 4:5, 8-16; 34:25-30; 49:5-7; 2 Likronike 26:19; Jonase 4:1-11.

Bakreste Baa Ikarabella

Ka ho tšoanang, Bakreste kajeno ba tlameha ho ikarabella ka liketso tsa bona ho Molimo ’me, ho isa bohōleng bo itseng, le ho balumeli-’moho le bona. Sena se ka bonoa ka ho hlaka mokhoeng oo Bibele e sebelisang lentsoe la Segerike le bolelang khalefo. Le leng la mantsoe a mabeli a sebelisoang khafetsa ke or·geʹ. Ka tloaelo le fetoleloa e le “khalefo” ’me le na le moelelo oa ho elelloa le ho rera, hangata e le ka khopolo ea ho iphetetsa. Kahoo, Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste ba Roma: “Le se ke la ipheteletsa, baratuoa, empa le fe khalefo [or·geʹ] sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ka sebele ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’” Ho e-na le ho koetla bora ka barab’abo bona, ba ile ba khothalletsoa ho “[hlōla] bobe ka molemo.”—Baroma 12:19, 21.

Lentsoe le leng le sebelisoang hangata ke thy·mosʹ. Motso oa lentsoe leo “qalong o bolela ho tsukutleha ho mabifi ha moea, metsi, lefatše, liphoofolo kapa batho.” Kahoo, lentsoe leo le hlalositsoe ka litsela tse sa tšoaneng e le “ho phatloha ha maikutlo a tletseng bora,” “ho phatloha ke khalefo,” kapa “ho befeloa ho lerata, ho ferekanyang bonngoe ba kelello, ’me ho baka lerata le pherekano lapeng le sechabeng.” Joaloka thaba e ka ’nang ea phatloha ntle ho temoso ’me ea foqoha molora, majoe le seretse tse chesang, tse ka ’nang tsa ntša likotsi, tsa holofatsa le ho bolaea, ho joalo le ka monna kapa mosali ea sitoang ho laola khalefo ea hae. Lentsoe le ka bongateng la thy·mosʹ le sebelisitsoe ho Bagalata 5:20, moo Pauluse a thathamisitseng “ho tlakoloha ka bohale” hammoho le ‘mesebetsi e meng ea nama’ (temaneng ea 19), e kang bohlola, boitšoaro bo hlephileng le linako tsa ho ikemisetsa ho noa ka ho feteletseng. Ka sebele, boitšoaro ba John—ea hlalositsoeng qalong—bo totobatsa hantle “ho tlakoloha ka bohale.”

Ka hona, phutheho ea Bokreste e lokela ho talima joang batho ba kopanelang le eona empa ba lula ba etsa liketso tsa pefo ho motho e mong kapa thepeng? Bohale bo sa laoleheng bo kotsi ’me bo ka lebisa pefong habonolo. Ka ho utloahalang, Jesu o ile a re: “Ke re ho lōna e mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse mor’abo o tla ikarabella lekhotleng la toka.” (Matheu 5:21, 22) Banna baa eletsoa: “Le ’ne le tsoele pele le rata basali ba lōna ’me le se ke la ba halefela ka matla.” Motho ea “nang le tšekamelo ea ho halefa” ha a tšoanelehe ho ba molebeli ka phuthehong. Kahoo, batho ba sitoang ho laola bohale ba bona ha baa lokela ho nkoa e le mehlala ka phuthehong. (Bakolose 3:19; Tite 1:7; 1 Timothea 2:8) Ha e le hantle, ka mor’a hore ho hlahlojoe boikutlo, boitšoaro le boholo ba tšenyo bophelong ba ba bang, motho ea inehelang ho tlakoloheng ho sa laoleheng ka khalefo a ka ’na a lelekoa ka phuthehong—phello e bohloko ka sebele.

Na John, eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a khona ho laola maikutlo a hae? Na o ne a kile a hlahloba boitšoaro ba hae, bo mo lebisang kotsing ka potlako? Ka masoabi, ho tlakoloha ho ile ha e-hloa mekoalaba ha lebisa ho sutumetseng le ho khahlapetseng. Ho tšoaea-tšoaea liphoso ho ile ha lebisa matetetsong a bohloko a ho khotla-khotla ka monoana. John o ne a le hlokolosi ho qoba ho mo ntša matetetso libakeng tse ka bonahalang habonolo ’me a leka ho pata boitšoaro ba hae. Leha ho le joalo, hamorao o ile a mo raha, a mo tebela, a mo hula ka moriri le ho etsa tse ling tse mpe le ho feta. Hona joale Ginger o arohane le John.

Sena se ne se sa lokela ho etsahala. Ba bangata ba boemong bo tšoanang ba ’nile ba khona ho laola khalefo ea bona. Ka hona, ke habohlokoa hakaakang ho etsisa mohlala o phethahetseng oa Jesu Kreste. Ha ho mohla a kileng a ba molato oa ho tlakoloha ka bohale bo sa laoleheng. Kamehla khalefo ea hae e ne e lokile; ha ho mohla a kileng a sitoa ho e laola. Ka bohlale, Pauluse o re fa keletso kaofela ha rōna: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.” (Baefese 4:26) Ka ho hlokomela ka boikokobetso hore re batho ba fokolang le hore re kotula seo re se jalang, re ba le lebaka le letle la ho ikhina khalefong.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Saul Attempts the Life of David/The Doré

Bible Illustrations/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela