Khaolo ea 4
U ka Khona ho Tsamaisa Lelapa Joang?
1. Ke hobane’ng ha ho tsamaisa lelapa ho ka ba thata hakaale kajeno?
“PONO ea lefatše lena ea fetoha.” (1 Bakorinthe 7:31) Mantsoe ao a ile a ngoloa lilemo tse fetang 1 900 tse fetileng, ’me ke ’nete hakaakang kajeno! Lintho lia fetoha, haholo-holo mabapi le bophelo ba lelapa. Se neng se talingoa e le ntho e tloaelehileng lilemo tse 40 kapa tse 50 tse fetileng hangata kajeno hase amohelehe. Ka lebaka la sena, ho tsamaisa lelapa ka katleho ho ka hlahisa liphephetso tse khōlō. Leha ho le joalo, haeba ho mameloa keletso ea Mangolo, u ka khahlametsa liphephetso tseo.
HO PHELA KA SEO U NANG LE SONA
2. Ke maemo afe a moruo a bakang khatello kelellong ka lapeng?
2 Kajeno batho ba bangata ha ba sa khotsofalla bophelo bo bonolo, bo sekametseng lelapeng. Ha lefatše la khoebo le ntse le hlahisa lihlahisoa tse eketsehileng ’me le sebelisa tsebo ea lona ea ho phatlalatsa ho leka ho hohela sechaba, bo-ntate le bo-’mè ba limilione ba qeta lihora tse telele ba sebetsa e le hore ba ka reka lihlahisoa tsena. Ba bang ba limilione ba tobane le ntoa ea letsatsi le letsatsi hore feela ba fumane ho eang ka maleng. Ba tlameha ho qeta nako e eketsehileng haholo mosebetsing ho feta kamoo ho kileng ha e-ba kateng, mohlomong ba sebetsa mesebetsi e ’meli, hore feela ba tsebe ho lefella lintho tse hlokahalang. Empa ba bang ba tla thabela ho fumana mosebetsi, kaha ho se fumane mosebetsi ke bothata bo aparetseng. E, bophelo hase kamehla bo leng bonolo bakeng sa lelapa kajeno, empa melao-motheo ea Bibele e ka thusa malapa hore a etse sohle seo a ka se khonang ho latela maemo a ’ona.
3. Ke molao-motheo ofe oo moapostola Pauluse a ileng a o hlalosa, hona ho o sebelisa ho ka thusa joang hore motho e be ea atlehang ho tsamaiseng lelapa?
3 Moapostola Pauluse o ile a ba le khatello ea moruo. Ha a sebetsana le eona, o ile a ithuta thuto ea bohlokoa, eo a e hlalosang lengolong la hae le eang ho motsoalle oa hae Timothea. Pauluse oa ngola: “Ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le ntho leha e le efe. Kahoo, ha re e-na le tsa ho phela le liaparo le tšireletso, re tla khotsofalla lintho tsena.” (1 Timothea 6:7, 8) Ke ’nete hore lelapa le hloka ho fetang lijo le liaparo feela. Le boetse le hloka moo le lulang. Bana ba hloka thuto. Hape ho na le mekoloto ea ho ea ngakeng le litšenyehelo tse ling. Ho ntse ho le joalo, molao-motheo oa mantsoe a Pauluse oa sebetsa. Haeba re thabela ho khotsofatsa litlhoko tsa rōna ho e-na le ho inehela linthong tseo re li batlang, bophelo e tla ba bo bonojoana.
4, 5. Ho nahana esale pele le ho rera ho ka thusa joang ho tsamaiseng lelapa?
4 Molao-motheo o mong o thusang o fumanoa ho e ’ngoe ea lipapiso tsa Jesu. O itse: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Mona Jesu o bua ka ho nahanela le ho rera esale pele. Re bone khaolong e fetileng kamoo sena se ka thusang balekane ba bacha ba nahanang ka ho kena lenyalong. ’Me ka mor’a lenyalo, ho boetse ho molemo ho tsamaiseng lelapa. Ho nahana esale pele karolong ena ho akarelletsa ho ba le moralo oa tšebeliso ea chelete, ho rera esale pele mabapi le ho sebelisa chelete eo u nang le eona ka bohlale. Ka tsela ena lelapa le ka laola litšenyehelo, ho behella chelete ka thōko bakeng sa ho e sebelisa linthong tse hlokahalang letsatsi le letsatsi kapa beke le beke, ’me le sa phele ka ’nģane ho matla a lona.
5 Linaheng tse ling, moralo o joalo oa tšebeliso ea chelete o ka ’na oa bolela ho hanela tšusumetso ea ho alima ka tsoala e phahameng bakeng sa ho reka lintho tse sa hlokahaleng. Ho tse ling, ho ka ’na ha bolela ho itšoara ka thata tšebelisong ea li-credit card. (Liproverbia 22:7) Ho ka boetse ha bolela ho hanela boikutlo ba ho reka ntho u sa ikemisetsa—ho reka ntho u susumetsoa ke boikutlo bo bang teng ka tšohanyetso ka ntle le ho hlahloba litlhoko le maemo. Ho feta moo, moralo oa tšebeliso ea chelete o tla totobatsa hore chelete e sebelisitsoeng hampe ka boithati papaling ea chelete, ho tsubeng koae le ho noeng ho tlōlisa ho nonyetsa boemo ba moruo oa lelapa, hammoho le hore ho hanana le melao-motheo ea Bibele.—Liproverbia 23:20, 21, 29-35; Baroma 6:19; Baefese 5:3-5.
6. Ke linnete life tsa Mangolo tse thusang ba tlamehang ho phela bofumeng?
6 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ba qobellehang ho phela bofumeng? Taba ea pele, ba ka tšelisoa ke ho tseba hore bothata bona ba lefatše ka bophara ke ba nakoana feela. Lefatšeng le lecha le atamelang ka potlako, Jehova o tla tlosa bofuma hammoho le lintho tsohle tse mpe tse bakelang moloko oa batho masoabi. (Pesaleme ea 72:1, 12-16) Ho sa le joalo, Bakreste ba ’nete, esita le haeba ba futsanehile haholo, ha ba ikutloe ba feletsoe ke tšepo ka ho feletseng, hobane ba na le tšepo tšepisong ea Jehova: “Ho hang ha nka ke ka u tlohela leha e le hore ka mokhoa leha e le ofe nka u furalla.” Kahoo, molumeli ka tšepo a ka re: “Jehova ke mothusi oa ka; ha nka ke ka tšaba.” (Baheberu 13:5, 6) Matsatsing ana a boima, Jehova o tšehelitse barapeli ba hae ka litsela tse ngata ha ba phela ka melao-motheo ea hae ’me ba beha ’Muso oa hae pele bophelong ba bona. (Matheu 6:33) Palo e khōlō ea bona e ka paka, ka ho re, ka mantsoe a moapostola Pauluse: “Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ka bobeli ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.”—Bafilippi 4:12, 13.
HO AROLELANA MOJARO
7. Ke mantsoe afe a Jesu ao haeba a sebelisoa, a tlang ho thusa tsamaisong e atlehileng ea lelapa?
7 Ho ea qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, Jesu o ile a re: “U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.” (Matheu 22:39) Ho sebelisa keletso ena ka lapeng ho thusa haholo tsamaisong ea lelapa. Ho phaella moo, na ba ka lapeng hase bona baahelani ba rōna ba haufi-ufi le ba ratehang ka ho fetisisa—banna le basali, batsoali le bana? Litho tsa lelapa li ka bontšana lerato joang?
8. Lerato le ka bontšoa joang ka lapeng?
8 Tsela e ’ngoe ke hore setho se seng le se seng sa lelapa se etse karolo ea sona ea mesebetsi ea lelapa. Kahoo, ho hlokahala hore bana ba rutoe ho phutha lintho ka mor’a hore ba li sebelise, ebang ke liphahlo kapa lintho tseo ba bapalang ka tsona. Ho ka ’na ha hloka nako le boiteko ho alola bethe hoseng ho hong le ho hong, empa ke thuso e khōlō tsamaisong ea lelapa. Leha ho le joalo, ho se hlophisehe ho itseng ho honyenyane le ha nakoana ho ke ke ha qojoa, empa bohle ba ka sebetsa hammoho ho boloka lehae e le le makhethe, hammoho le ho hloekisa ka mor’a lijo. Botsoa, ho ikhotsofatsa ho feteletseng, le moea oa ho ngongoreha le oa ho ba leqe o ba le phello e mpe ho e mong le e mong. (Liproverbia 26:14-16) Ka lehlakoreng le leng, moea oa ho thaba le oa ho ikemisetsa o matlafatsa bophelo ba lelapa bo thabileng. “Molimo o rata mofani ea nyakaletseng.”—2 Bakorinthe 9:7.
9, 10. (a) Hangata ke moroalo ofe o bang holim’a mosali oa lelapa, hona o ka bebofatsoa joang? (b) Ke pono efe e leka-lekaneng e etsoang e le tlhahiso ka mosebetsi oa ntlo?
9 Ho nahanela le lerato li tla thusa ho thibela boemo boo e leng bothata bo tebileng malapeng a mang. Ka tloaelo bo-’mè e ’nile ea e-ba batšehetsi ba ka sehloohong ba bophelo ba lelapa. Ba hlokometse bana, ba hloekisitse ntlo, ba hlatsoelitse lelapa, ba reka le ho pheha lijo. Linaheng tse ling, basali ka tloaelo ba boetse ba sebetsa masimong, ba rekisa lihlahisoa ’marakeng, kapa ba tlatselitse ka litsela tse ling moralong oa lelapa oa tšebeliso ea chelete. Esita le moo sena e neng e se tloaelo pejana, ho hloka ho qobelletse basali ba nyetsoeng ba limilione hore ba batle mosebetsi kantle ho lelapa. Mosali le ’mè ea sebetsang ka thata libakeng tsena tse sa tšoaneng o lokeloa ke pabatso. Joaloka “mosali ea khabane” ea hlalositsoeng ka Bibeleng, o khothetse mosebetsing oa hae. “Ha a je bohobe ba botsoa.” (Liproverbia 31:10, 27) Leha ho le joalo, sena hase bolele hore mosali ke eena feela ea ka sebetsang ka lapeng. Ka mor’a hore monna le mosali ka bobeli ba sebetse letsatsi lohle kantle ho lelapa, na ke mosali feela ea lokelang ho jara boima ba mosebetsi oa ka tlung ha monna le ba bang ba lelapa kaofela ba phomotse? Le hanyenyane. (Bapisa le 2 Bakorinthe 8:13, 14.) Kahoo, ka mohlala, haeba ’mè a pheha lijo, a ka thaba haholo haeba litho tse ling tsa lelapa li ka mo thusa ka ho lokisetsa ho teka tafole, ho ea reka tse ling tsa lintho, kapa ho hloekisa mona le mane ka tlung. E, kaofela ba ka arolelana boikarabelo.—Bapisa le Bagalata 6:2.
10 Ba bang ba ka ’na ba re: “Moo ke phelang teng hase mosebetsi oa monna ho etsa lintho tse joalo.” Seo e ka ’na eaba ke ’nete, empa na e ne e ke ke ea e-ba ho hotle ho nahanela taba ee? Ha Jehova Molimo a ne a qapa lelapa, ha aa ka a fana ka taelo ea hore mosebetsi o itseng o ne o tla etsoa ke basali feela. Ketsahalong e ’ngoe, ha monna ea tšepahalang Abrahama a ne a etetsoe ke manģosa a khethehileng a tsoang ho Jehova, ka seqo o ile a kopanela ho lokisetseng le ho fepeng baeti lijo. (Genese 18:1-8) Bibele ea eletsa: “Banna ba tšoanela ho ba ba ratang basali ba bona joaloka ’mele ea bona.” (Baefese 5:28) Haeba, qetellong ea letsatsi, monna o khathetse ’me o batla ho phomola, na ho ke ke ha etsahala hore ebe mosali le eena o ikutloa ka tsela e tšoanang, mohlomong le ho feta? (1 Petrose 3:7) Joale, na e ne e ke ke ea e-ba ho loketseng le ho bontšang lerato hore monna a thuse ka lapeng?—Bafilippi 2:3, 4.
11. Jesu o ile a beha mohlala o motle ka tsela efe bakeng sa setho se seng le se seng sa lelapa?
11 Jesu ke mohlala o motle ka ho fetisisa oa ea ileng a khahlisa Molimo le ho tlisetsa metsoalle ea hae thabo. Le hoja ho se mohla a kileng a nyala, Jesu ke mohlala o motle bakeng sa banna, hammoho le basali le bana. O ile a itlhalosa tjena: “Mora oa motho [o] ile a tla, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa,” ke hore, ho sebeletsa ba bang. (Matheu 20:28) Malapa ao litho tsohle tsa ’ona li hlaolelang boikutlo bo joalo ke a thabileng hakaakang!
BOHLOEKI—KE HOBANE’NG HA E LE BA BOHLOKOA HAKAALE?
12. Jehova o hloka eng ho ba mo sebeletsang?
12 Molao-motheo o mong oa Bibele o ka thusang tsamaisong ea lelapa o fumanoa ho 2 Bakorinthe 7:1. Mono rea bala: “A re itlhoekiseng tšilafatso e ’ngoe le e ’ngoe ea nama le moea.” Ba mamelang mantsoe ana a bululetsoeng baa amoheleha ho Jehova, ea hlokang ‘borapeli bo hloekileng le bo sa silafalang.’ (Jakobo 1:27) ’Me malapa a bona a fumana melemo e amanang le bona.
13. Ke hobane’ng ha bohloeki e le ba bohlokoa tsamaisong ea lelapa?
13 Ka mohlala, Bibele e re tiisetsa hore ho tla tla letsatsi leo boloetse le ho kula li ke keng tsa hlola li e-ba teng. Ka nako eo, ‘ha ho motho ea ahileng ea tla re: Ke bohloko.’ (Esaia 33:24; Tšenolo 21:4, 5) Leha ho le joalo, ho fihlela ka nako eo, lelapa le leng le le leng le tla tlameha ho sebetsana le ho kula nako le nako. Esita le Pauluse le Timothea ba ile ba kula. (Bagalata 4:13; 1 Timothea 5:23) Ho ntse ho le joalo, litsebi tsa bongaka li bolela hore boholo ba maloetse a ka thibeloa. Malapa a bohlale a pholoha maloetse a mang a ka thibeloang haeba a qoba litšila tsa nama le tsa moea. A re hlahlobeng hore na joang.—Bapisa le Liproverbia 22:3.
14. Ho hloeka boitšoarong ho ka sireletsa lelapa ho kuleng ka tsela efe?
14 Ho hloeka moeeng ho akarelletsa ho hloeka boitšoarong. Joalokaha ho tsebahala, Bibele e buella litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro ’me e nyatsa mofuta ofe kapa ofe oa katamelano e haufi-ufi ea botona le botšehali kantle ho lenyalo. “Leha e le lihlola, . . . kapa bafebi, kapa banna ba boloketsoeng merero eo e seng ea tlhaho, kapa banna ba robalang le banna . . . ha ba na ho rua ’muso oa Molimo.” (1 Bakorinthe 6:9, 10) Ho boloka litekanyetso tsena tse tiileng ke habohlokoa haholo ho Bakreste ba phelang lefatšeng la kajeno la boitšoaro bo hlephileng. Ho etsa joalo ho thabisa Molimo ’me hape ho thusa ho sireletsa lelapa mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali a kang AIDS, mokaola, qhoshola le chlamydia.—Liproverbia 7:10-23.
15. Fana ka mohlala o bontšang hore ho se hloeke ’meleng ho ka baka ho kula ho sa hlokahaleng.
15 ‘Ho itlhoekisa ha motho tšilafalo e ’ngoe le e ’ngoe ea nama’ ho thusa ho sireletsa lelapa maloetseng a mang. Mafu a mangata a bakoa ke ho se hloeke ’meleng. Mohlala o ka sehloohong ke tloaelo ea ho tsuba. Hase feela hore ho tsuba ho silafatsa matšoafo, liaparo, le oona moea empa hape ho kulisa batho. Selemo le selemo ho shoa batho ba limilione kahobane ba ile ba tsuba koae. Nahana feela; selemo le selemo, batho ba limilione ba ka be ba sa kula ’me ba shoa pele ho nako hoja ba ne ba ile ba qoba ‘tšilafatso eo ea nama’!
16, 17. (a) Ke molao ofe o fanoeng ke Jehova o ileng oa sireletsa Baiseraele maloetseng a itseng? (b) Molao-motheo o ho Deuteronoma 23:12, 13 o ka sebelisoa malapeng ’ohle joang?
16 Nahana ka mohlala o mong. Lilemo tse ka bang 3 500 tse fetileng, Molimo o ile a fa sechaba sa Iseraele Molao oa hae e le hore ba hlophise borapeli ba bona le bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi ho isa bohōleng bo itseng. Molao oo o ile oa thusa ho sireletsa sechaba mafung ka ho ba le melao e itseng ea motheo ea bohloeki ba ’mele. Molao o mong o joalo o ne o amana le ho lahloa ha mantle a batho, a neng a lokela ho chekeloa hōle le kampo e le hore sebaka seo batho ba phelang ho sona se se ke sa silafatsoa. (Deuteronoma 23:12, 13) Molao oo oa boholo-holo e ntse e le keletso e ntle. Esita le kajeno batho baa kula ’me baa shoa hobane ha ba o latele.a
17 Tumellanong le molao-motheo oa molao oo oa Iseraele, sebaka sa kamore ea ho itlhatsoetsa le sa ntloana—ebang se ka hare kapa kantle ho mohaho—se lokela ho bolokoa se hloekile ebile se se na likokoana-hloko. Haeba sebaka sa ntloana se sa bolokoe se hloekile ’me se sa koaheloe, lintsintsi li tla bokana moo ’me li jale mafu libakeng tse ling ka lapeng—le lijong tseo re li jang! Ho feta moo, bana le batho ba baholo ba lokela ho hlapa matsoho ka mor’a hore ba etele libaka tsena. Ho seng joalo, ba khutla le likokoana-hloko letlalong la bona. Ho latela ngaka e ’ngoe ea Lefora, ho hlapa matsoho “ke e ’ngoe ea litiisetso tse molemohali bakeng sa ho thibela ho tšoaetsoa tšilong ea lijo, matšoafong, kapa letlalong.”
18, 19. Ke litlhahiso life tse fanoang mabapi le ho boloka ntlo e hloekileng esita le tikolohong ea batho ba futsanehileng?
18 Ke ’nete, bohloeki ke phephetso tikolohong ea batho ba futsanehileng. E mong ea tloaelaneng le libaka tse joalo o ile a hlalosa: “Mocheso o sa mamelleheng o etsa hore mosebetsi oa ho hloekisa o be thata ka makhetlo a imenneng habeli. Lifefo li koahela mapatso ’ohle a ntlo ka lerole le lesesaane. . . . Sepenya sa baahi metseng e meholo, hammoho le libakeng tse ling tsa mahaeng, le tsona li baka likotsi bophelong bo botle ba ’mele. Tsamaiso ea likhoere-khoere e bulehileng, liqubu-qubu tsa lithōle tse sa hlekoeng, matloana a litšila a sechaba, litali tse tsamaisang mafu, maphele le lintsintsi ke lintho tse bonoang hohle.”
19 Ho boloka bohloeki tlas’a maemo ana ho thata. Ho ntse ho le joalo, ho tšoaneloa ho etsoa boiteko. Sesepa le metsi le mosebetsinyana o eketsehileng li theko e tlaase ho feta meriana le mekoloto ea sepetlele. Haeba u phela tikolohong e joalo, kahohle kamoo ho ka khonehang, boloka ntlo ea hao le jarete li hloekile li se na bolokoe ba liphoofolo. Haeba tsela e eang ha hao e atisa ho ba seretse linakong tsa lipula, na u ka tšela karabole kapa majoe ho thusa ho thibela seretse hore se se ke sa kena ka tlung? Haeba ho sebelisoa lieta kapa meqathatso, na li ka roloa pele ea li roetseng a kena ka lapeng? Hape, u tlameha ho boloka metsi a hao a hloekile. Ho hakanngoa hore bonyane ho shoa batho ba limilione tse peli ka selemo ka lebaka la maloetse a amanang le metsi a litšila le maemo a bohloeki a mabe.
20. Hore ntlo e tle e be e hloekileng, ke bo-mang ba tlamehang ho arolelana boikarabelo?
20 Lehae le hloekileng le itšetlehile ka e mong le e mong—’mè, ntate, bana le baeti. ’Mè e mong oa bana ba robeli Kenya o itse: “Bohle ba ithutile ho etsa karolo ea bona.” Lehae le hloekileng le le makhethe le hlahisa lelapa lohle hantle. Maele a Sepanishe a re: “Ha ho na khohlano pakeng tsa bofutsana le bohloeki.” Ho sa tsotellehe hore na motho o phela ntlong e khōlō, foleteng, ntlong ea boemo bo tlaase, kapa mok’huk’hung, bohloeki ke senotlolo lelapeng le phetseng hantle.
KHOTHATSO EA RE ATLEHISA
21. Tumellanong le Liproverbia 31:28, ke eng e tla thusa ho tlisa thabo ka lapeng?
21 Ha e bua ka mosali ea khabane, buka ea Liproverbia e re: “Bara ba hae ba tsoha, ’me ba ’mitsa ea lehlohonolo. Monna oa hae le eena oa mo rorisa.” (Liproverbia 31:28) U qetelletse neng ho babatsa setho se seng sa lelapa? Ka sebele, re tšoana le limela nakong ea selemo tse loketseng ho thunya ha li fumana mofuthu le mongobo. Boemong ba rōna, re hloka mofuthu oa pabatso. Hoa thusa ha mosali a tseba hore monna oa hae o ananela mosebetsi oa hae o thata le tlhokomelo e lerato le hore ha a mo khelle fatše. (Liproverbia 15:23; 25:11) ’Me hoa thabisa ha mosali a babatsa monna oa hae bakeng sa mosebetsi oa hae ka ntle le ka hare ho lelapa. Bana le bona baa nyakalla ha batsoali ba bona ba ba rorisa ka boiteko ba bona lapeng, sekolong kapa phuthehong ea Bokreste. Teboho e nyenyane e finyella ho hokaakang! Ke bokae ho re: “Kea leboha”? Ho honyenyane haholo, empa moputso oo u tla u fumana ka mokhoa oa boitšoaro o ka ba moholo.
22. Ho hlokahala eng hore lelapa le ‘thehoe ka ho tiea,’ hona see se ka fumanoa joang?
22 Ka mabaka a mangata, ho tsamaisa lelapa ha ho bonolo. Ho ntse ho le joalo, ho ka etsoa ka katleho. Maele a Bibele a re: “Ntlo e hahuoa ka bohlale, e tiisoa ka masene.” (Liproverbia 24:3) Ho ka fumanoa bohlale le masene haeba bohle ka lapeng ba loanela ho ithuta thato ea Molimo ’me ba e sebelisa bophelong ba bona. Ka sebele lelapa le thabileng le lokeloa ke boiteko!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bukaneng e fanang ka keletso mabapi le ho qoba letšollo—lefu le tloaelehileng le bolaeang masea a mangata—World Health Organization e re: “Haeba ho se na ntloana: ithusetse hōle le ntlo, le libaka tseo bana ba bapallang ho tsona, hape bonyane e be limithara tse 10 ho tloha phepelong ea metsi; koahela mantle ka mobu.”
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . LELAPA HO TSAMAISA LELAPA LA LONA JOANG?
Ke bohlale ho khotsofala ka litlhoko tsa bophelo.—1 Timothea 6:7, 8.
Jehova a ke ke a lahla ba mo sebeletsang.—Baheberu 13:5, 6.
Ho rata ba bang ke tšoaneleho e ikhethang ea Bokreste.—Matheu 22:39.
Bakreste ba ipoloka ba hloekile ’meleng le moeeng.—2 Bakorinthe 7:1.
[Lebokose le leqepheng la 45]
METSI A HLOEKILENG, BOPHELO BO BOTLE BA ’MELE
World Health Organization e fana ka litlhahiso tse sebetsang ho batho ba linaheng tseo ho tsona metsi a hloekileng a fumanehang ka thata le maemo a bohloeki e leng a khale-khale.
“Kha metsi a nooang ’me u a tšele ka linkhong tse hloekileng. Boloka nkho e a tšetseng e koahetsoe ’me u se ke ua lumella bana kapa liphoofolo li noelle ka teng. . . . Kha metsi ka sekhelello se mohoele o molelele se sebelisetsoang morero oo ka ho khetheha. Ntša metsi le ho tsokotsa nkho eo letsatsi le leng le le leng.
“Belisa metsi a tlang ho sebelisetsoa ho etsa lijo kapa lino tsa bana ba banyenyane. . . . Ho hlokahala hore metsi a bele metsotsoana e seng mekae feela.”
[Litšoantšo tse leqepheng la 42]
Ho hlokomela lelapa ke mosebetsi oa lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 47]
Ho boloka lintho li hloekile ho theko e tlaase ho feta ho reka moriana