Sebeletsa ho Boloka Lelapa la Hao ho Kena Lefatšeng le Lecha la Molimo
“Uena, Jehova, o tla ba sireletsa; u tla boloka e mong le e mong oa bona ho tloha molokong ona ho isa ka ho sa feleng.”—PESALEME EA 12:7, NW.
1, 2. (a) Malapa a mang a tsoella joang tlas’a likhatello tsa mehla ee ea qetello? (b) Malapa a Bakreste a ka batla pholoho joang?
MOHOLO e mong oa Mokreste ea bitsoang John o ile a re: “Kajeno pelo ea ka e tletse thabo!” Sesosa sa nyakallo ee e ne e le sefe? Oa hlalosa: “Mora oa ka ea lilemo li 14 le morali ea lilemo li 12 ba kolobelitsoe.” Empa thabo ea hae ha ea ka ea fella moo. Oa phaella: “Mora oa ka ea lilemo li 17 le morali ea lilemo li 16 ba ile ba nka bopula-maliboho bo thusang hona selemong sena se fetileng.”
2 Malapa a mangata har’a rōna a thabela liphello tse tšoanang tse ntle ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Leha ho le joalo, ba bang ba ba le mathata. Banyalani ba bang ba Bakreste baa ngola: “Re na le bana ba bahlano, ’me ho ntse ho tsoela pele ho ba thata ho ba laola. Re se re lahlehetsoe ke ngoana a le mong tsamaisong ena ea khale. Bana ba rōna ba lilemong tsa bocha ho bonahala e le sebaka se ka sehloohong seo Satane a se hlaselang nakong ea joale.” Ho boetse ho na le banyalani ba nang le khatello e tebileng ea lenyalo, eo ka linako tse ling e fellang ka ho arohana kapa tlhalo. Leha ho le joalo, malapa a hlaolelang litšoaneleho tsa Bokreste a ka pholoha ‘mahlomola a maholo’ ’me a bolokoe ho kena lefatšeng le lecha la Molimo le tlang. (Mattheu 24:21; 2 Petrose 3:13) Joale, ke eng seo u ka se etsang ho tiisa hore lelapa la hao le tla bolokeha?
Ho Ntlafatsa Mokhoa oa Puisano
3, 4. (a) Puisano e bohlokoa hakae bophelong ba lelapa, hona ke hobane’ng ha hangata e e-ba le mathata? (b) Ke hobane’ng ha banna ba lokela ho loanela ho ba bamameli ba molemo?
3 Mokhoa o motle oa puisano ke karolo ea bohlokoa lelapeng le atlehileng; ha e haella, tsitsipano le khatello lia eketseha. Liproverbia 15:22 e re: “Moo ho eletsana ho leng sieo, merero ea qhalana.” Ka ho thahasellisang, moeletsi e mong mathateng a lenyalo o tlaleha hore: “Tletlebo e tloaelehileng eo ke e utloang ho basali bao ke ba fang likeletso ke hore ‘Haa mpuise,’ le ‘Haa ’mamele.’ ’Me ha ke bolella banna ba bona ka tletlebo ena, le ’na ha ba ’mamele.”
4 Ke eng se etsang hore puisano e be sieo? Lebaka le leng ke hore, banna le basali ba fapane, ’me hangata ba na le mekhoa ea puisano e fapaneng ka tsela e totobetseng. Sehlooho se seng se ile sa bolela hore monna “o sekamela ho ba ea tobileng le ea etsang litlhahiso tse sebetsang” moqoqong oa hae, ha “seo [mosali] a se batlang ho feta ntho leha e le efe e le momameli ea nang le kutloelo-bohloko.” Haeba sena se baka bothata lenyalong la lōna, sebeletsang ho ntlafatsa lintho. Ho ka hlokahala hore monna oa Mokreste a sebetse ka thata hore e be momameli ea molemo. Jakobo o re: “Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utloa, a liehe ho bua.” (Jakobo 1:19) Ithute ho hanela ho laela, ho laea, kapa ho bua ntho e telele ha mosali oa hao a mpa a batla ‘kutloelo-bohloko.’ (1 Petrose 3:8, NW) Liproverbia 17:27 e re: “Ea itšoarang lipuong o tseba hlalefo.”
5. Banna ba ka ntlafatsa mokhoa oa ho bolela mehopolo le maikutlo a bona ka litsela life tse ling?
5 Ka lehlakoreng le leng, ‘e teng nako ea ho bua,’ ’me ho ka ’na ha hlokahala hore u ithute ho hlalosa likhopolo tsa hao le maikutlo a hao haholoanyane. (Moeklesia 3:7) Ka mohlala, na u babatsa mosali oa hao ka seo a se finyelletseng u sa khanane? (Liproverbia 31:28) Na u bontša teboho bakeng sa mosebetsi ’ohle o boima oo a o etsang ho u tšehetsa le ho hlokomela lelapa? (Bapisa le Ba-Kolosse 3:15.) Kapa mohlomong ho hlokahala hore u ntlafatse mokhoeng oa ho bua “lipolelo tsa lerato.” (Sefela sa Lifela 1:2, NW) Qalong ho etsa joalo ho ka ’na ha bonahala ho le tšopholi, empa ho ka thusa ho etsa hore mosali oa hao a ikutloe a sireletsehile leratong leo u nang le lona ho eena.
6. Basali ba ka etsa eng ho ntlafatsa puisano ea lelapa?
6 Ho thoe’ng ka basali ba Bakreste? Ho ile ha qotsoa mantsoe a mosali e mong ea boletseng hore monna oa hae oa tseba hore oa mo ananela, kahoo ha ho hlokahale hore a ’molelle. Leha ho le joalo, le banna baa tlōkoma ke mantsoe a kananelo, pabatso, le thoriso. (Liproverbia 12:8) Na ho hlokahala hore u bue haholoanyane tabeng ee? Ka lehlakoreng le leng, mohlomong ho hlokahala hore u hlokomele haholo tsela eo u mamelang ka eona. Haeba monna oa hao a ho fumana ho le boima ho bua ka bolokolohi ka mathata a hae, lintho tseo a li tšohileng, kapa tseo a khathatsehileng ka tsona, na u ithutile ho mo etsa hore a bue a lokolohile le uena, o etsa joalo ka mosa le ka masene?
7. Ke eng se ka etsang hore liphapang tsa lenyalo li be teng, hona ke joang li ka thibeloang?
7 Ha e le hantle, esita le banyalani bao ka ho tloaelehileng ba sebelisanang hantle ka linako tse ling ba ka hlōleha ho buisana. Maikutlo a ka koahela mabaka, kapa puisano e khutsitseng ka potlako e ka fetoha khang e tukang. (Liproverbia 15:1) “Bohle re khopjoa nthong tse ngata”; leha ho le joalo, ho fapanyetsana mantsoe ho teng lenyalong ha ho bolele hore lenyalo le senyehile. (Jakobo 3:2) Empa “ho tlakoloha le puo ea mahlapa” ha lia lokela ’me li ka senya kamano leha e le efe. (Ba-Efese 4:31, NW) Potlakela ho bōpa khotso haeba le ile la fapanyetsana mantsoe a hlabang. (Mattheu 5:23, 24) Hangata liphapang li ka thibeloa ka hore esale qalong ka bobeli le sebelise mantsoe a Pauluse a ho Ba-Efese 4:26: “Letsatsi le se ke la phirimela bohale ba lōna.” E, buang mathata a lōna ha a sa fokola a bile a sa laoleha; le se ke la emela ha maikutlo a se a phahame. Ho qeta metsotso e seng mekae ka letsatsi le buisana ka litaba tseo le amehileng ka tsona ho ka thusa haholo ho hōlisa mokhoa oa puisano ’me ha thibela ho se utloisisane.
‘Kelello e Laoloang ke Jehova’
8. Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba ka suthela hōle le ’nete?
8 Ho bonahala eka batsoali ba bang ba khotsofalletse ho lumella bana ba bona hore ba hōle ba sa fumane tataiso e lekaneng. Bana ba ba teng libokeng ’me ba ba le karolo e itseng tšebeletsong ea tšimo, empa hangata ha baa haha kamano ea bona le Molimo. Ha metsotso e ntse e e-ja babeli “takatso ea nama, le takatso ea mahlo” li ka khelosa bacha ba joalo ’neteng. (1 Johanne 2:16) E tla ba ho soabisang hakaakang hore batsoali ba pholohe Harmagedone empa ebe ka baka la ho se tsotelle ba siea bana e le mahlatsipa!
9, 10. (a) Ho hōlisa bana “ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova” ho akarelletsa eng? (b) Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho lumella bana hore ba bolele maikutlo a bona ka bolokolohi?
9 Ka hona Pauluse o ile a ngola: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa tsoelang pele le ba hōlisa ka khalemelo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Ba-Efese 6:4, NW) Ho etsa joalo, u tlameha hore u tloaelane ka ho felletseng le litekanyetso tsa Jehova. U tlameha ho beha mohlala o loketseng ha ho tluoa linthong tse kang mofuta oa boithabiso oo u o khethang, boithuto ba botho, ho ba teng libokeng, le tšebeletsong ea tšimo. Mantsoe a Pauluse a boetse a bontša hore motsoali o tlameha ho (1) ba molebeli ea hloahloa oa bana ba hae le hore a (2) boloke mokhoa o motle oa puisano le bona. Ke feela ka ho etsa joalo u ka tsebang ha ba hloka ‘ho laoloa kelellong.’
10 Ke ntho ea tlhaho hore bana ba lilemong tsa bocha ba batle tekanyo e itseng ea bolokolohi. Leha ho le joalo, u tlameha ho falimehela lipontšo tse tobileng tse bontšang tšusumetso ea lefatše lipuong tsa bona, monahanong, mokhoeng oa moaparo le boitlhopho, le khethong ea metsoalle. Ntate ea bohlale o ile a bolela sena joalokaha ho tlalehiloe ho Liproverbia 23:26: “Ngoan’a ka, mphe pelo ea hao.” Na bana ba hao ba ikutloa ba lokolohile ho arolelana mehopolo le maikutlo a bona le uena? Ha bana ba sa ikutloe hore ba tla jajabetsoa ka bohale hang-hang, ba ka sekamela haholoanyane ho senola kamoo ba hlileng ba ikutloang ka teng ka litaba tse kang mesebetsi e etsoang ka mor’a nako ea sekolo, ho laetsana, thuto e phahameng, kapa ’nete ea Bibele ka boeona.
11, 12. (a) Linako tsa lijo li ka sebelisoa joang ho khothalletsa puisano ea lelapa? (b) Boiteko ba motsoali bo etsoang ka mamello ba ho leka ho khothalletsa puisano le bana ba hae bo ka ba le liphello life?
11 Linaheng tse ngata ho tloaelehile hore malapa a je a le ’moho. Ka hona nako ea lijo tsa motšehare e ka fana ka monyetla o motle oa hore litho tsohle tsa lelapa li kopanele moqoqong o hahang. Hangata nako ea hore lelapa lohle le kopanele lijong e nketsoe sebaka ke thelevishene le litšitiso tse ling. Leha ho le joalo, boholo ba nako bana ba hao ho joalokaha eka ba ne ba entsoe batšoaruoa sekolong ’me ba bulehetse menahano ea lefatše. Linako tsa lijo ke nako e loketseng ea ho buisana le bana ba hao. Motsoali e mong o re: “Re sebelisa nako ea lijo ho bua ka lintho tse ileng tsa re hlahela letsatsing leo.” Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore linako tsa lijo e be tsa khalemelo e soabisang kapa ho fata motho ka lipotso. Boloka nako eo e le ea bolokolohi ’me e le monate!
12 Ho etsa hore bana ba buisane le uena ka bolokolohi ke phephetso ’me ho ka hloka mamello e khōlō. Leha ho le joalo, khabareng u tla bona liphello tse futhumatsang pelo. ’Mè ea khathatsehileng o re: “Mora oa rōna ea lilemo li 14 o ne a tepelletse maikutlo ’me a itšehlile thajana. Ka baka la lithapelo tsa rōna le mamello, o qalile ho atameleha le ho bua!”
Thuto ea Lelapa e Hahang
13. Ke hobane’ng ha koetliso e etsoang bana ba sa le banyenyane e le ea bohlokoa hakaale, ’me e ka finyelloa joang?
13 ‘Ho laola kelello’ ho boetse ho akarelletsa taeo e hlophisitsoeng e tsoang Lentsoeng la Molimo. Joaloka Timothea, koetliso e joalo e lokela ho qala “bonyenyaneng.” (2 Timothea 3:15) Koetliso e etsoang bana ba sa le banyenyane e ba matlafaletsa liteko tsa tumelo tse ka hlahang lilemong tsa ha ba kena sekolo—mekete ea matsatsi a tsoalo, mekete e tlotlisang naha, kapa matsatsi a phomolo a bolumeli. Ha ngoana a sa lokisetsoa ho tobana le liteko tse joalo, tumelo ea hae e ka senngoa. Kahoo sebelisa monyetla oa likhatiso tseo Mokhatlo oa Watch Tower o li lokiselitseng bana ba banyenyane, libuka tse kang Ho Mamela Mosuoe e Moholo le Buka ea ka ea Lipale Tsa Bibele.a
14. Ke joang thuto ea lelapa e ka bolokoang e le ea ka mehla, hona u entse eng hore le be le thuto ea ka mehla ea lelapa?
14 Taba e ’ngoe e hlokang tlhokomelo ke thuto ea lelapa, eo habonolo feela e ka fetohang eo e seng ea ka mehla kapa ea ba ketsahalo e sa thabiseng, e etsoang ka tloaelo e khathatsang batsoali le bana. U ka ntlafatsa lintho joang? Pele, u tlameha ho ‘reka nako’ bakeng sa thuto, ho se e lumelle hore e senngoe ke mananeo a thelevishene kapa litšitiso tse ling. (Ba-Efese 5:15-17) Hlooho e ’ngoe ea lelapa e re: “Re ne re e-ba le bothata ba ho boloka thuto ea rōna ea lelapa hore e be ea ka mehla. Re lekile linako tse sa tšoaneng ho fihlela re fumana nako ea shoalane e neng e re loketse. Hona joale thuto ea rōna ea lelapa ke ea ka mehla.”
15. Ke joang u ka lokisang thuto ea lōna ea lelapa hore e lokele litlhoko tsa lelapa la hao?
15 Joale, nahana ka litlhoko tse khethehileng tsa lelapa la hao. Malapa a mangata a thabela ho lokisetsa thuto ea Molula-Qhooa a le ’moho. Leha ho le joalo, nako le nako lelapa la hao le ka ba le litokollo tse khethehileng tseo ho hlokahalang hore le bue ka tsona, ho kopanyelletsa mathata ao ba tobanang le ’ona sekolong. Buka Lipotso Bacha baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang le lihlooho tse ho Molula-Qhooa le Tsoha! li ka finyella tlhoko ena. Ntate e mong o re: “Haeba re hlokomela boikutlo leha e le bofe ho bashanyana ba rōna bo lokelang ho lokisoa, re bala khaolo e khethehileng bukeng ea Lipotso Bacha baa Botsa e sebetsanang le bona.” Mosali oa hae oa phaella: “Re leka ho ba ba tenyetsehang. Haeba ho na le ntho eo re e lokisellelitseng bakeng sa thuto ea rōna, joale ebe ho hlaha tlhokahalo ea hore re bue ka ntho e ’ngoe hape, re fetoha ho latela se hlokahalang.”
16. (a) U ka tiisa joang hore bana ba hao ba utloisisa seo ba ithutang sona? (b) Ke eng seo hangata se lokelang ho qojoa ha ho khannoa thuto ea lelapa?
16 U ka tiisa joang hore bana ba hao ba hlile ba utloisisa seo ba ithutang sona? Tichere e Khōlō, Jesu, e ile ea botsa lipotso tse fatang maikutlo tse kang, “U nahana joang?” (Mattheu 17:25, NW) Ka ho etsa se tšoanang, leka ho fumana seo bana ba hao ba hlileng ba se nahanang. Khothalletsa ngoana e mong le e mong hore a arabe ka mantsoe a hae. Ha e le hantle, haeba u halefisa kapa u tšosoa ke likarabelo tsa bona tse tšepahalang, ba ka ’na ba ipotsa hore na ebe hoa hlokahala hore ba boele ba bue le uena ka bolokolohi. Kahoo lula u khutsitse. Qoba ho fetola thuto ea lelapa ketsahalo ea ho laea. E tlameha ho thabisa, e hahe. Ntate e mong o re: “Haeba ke hlokomela hore e mong oa bana ba ka o na le bothata, ke tla sebetsana le bona ka nako e ’ngoe. Ha ho sebetsanoa le ngoana moo a leng mong, ha a be le lihlong ’me ho ka etsahala hore a bue ka bolokolohi haholoanyane ho feta ha a khalemeloa nakong ea thuto ea lelapa.”
17. Ke eng se ka etsoang ho etsa hore thuto ea lelapa e thahasellise, hona ke eng se sebelitseng hamolemo lelapeng la hao?
17 Ho etsa hore bana ba nke karolo thutong ea lelapa e ka ba phephetso, haholo-holo ha u sebetsana le bana ba lilemo tse sa tšoaneng. Bana ba banyenyane ba ka ’na ba tlala papali, ba sitoa ho lula ba khutsitse, kapa ba sitoa ho mamela ka nako e telele. U ka etsa joang? Leka ho boloka moea oa thuto e le o lokolohileng. Haeba bana ba hao ba sitoa ho mamela ka nako e telele, leka ho ba le linako tse khutšoaane tsa thuto empa e le tsa khafetsa. Ho boetse hoa thusa haeba u le mahlaha-hlaha. “Ea okametseng, a okamele ka mafōlōfōlō.” (Ba-Roma 12:8, BPN) Etsang hore e mong le e mong a kopanele. Bana ba banyenyane ba ka khona ho arabela ha ho e-na le litšoantšo kapa ba arabela lipotso tse bonolo. Bacha ba ka kōpuoa ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng kapa hore ba bontše hore na boitsebiso bo ithutoang bo ka sebelisoa joang.
18. Batsoali ba ka kenya Lentsoe la Molimo ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe joang, hona e le ka phello efe?
18 Leha ho le joalo, u se ke ua lekanyetsa taeo ea moea ho hora e le ’ngoe ka beke. Kenya Lentsoe la Molimo ho bana ba hao ka nako e ’ngoe le e ’ngoe. (Deuteronoma 6:7) Iphe nako ea ho ba mamela. Ba khothatse ’me u ba tšelise ha ho hlokahala. (Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 2:11.) Bontša kutloelo-bohloko le mohau. (Pesaleme ea 103:13; Malakia 3:17) Ha u etsa joalo, u tla ‘fumana thabo’ baneng ba hao ’me u be le karolo ho ba bolokeng ho kena lefatšeng le lecha la Molimo.—Liproverbia 29:17.
“Nako ea ho Tšèha”
19, 20. (a) Boithabiso bo phetha karolo efe bophelong ba lelapa? (b) Litsela tse ling tseo ka tsona batsoali ba ka lokisetsang boikhathollo bakeng sa lelapa la bona ke life?
19 Ho na le “nako ea ho tšèha . . . , le nako ea mohobelo.” (Moeklesia 3:4, BPN) Lentsoe la Seheberu bakeng sa “tšeha” le ka boetse la fetoleloa ka lipolelo tse kang “keteka,” “bapala,” “metlae,” kapa esita le “ho ba le nako e monate.” (2 Samuele 6:21, NW; Jobo 41:5; Baahloli 16:25, NW; Exoda 32:6; Genese 26:8) Papali e ka ba molemo, ’me e bohlokoa ho bana le ho bacha. Linakong tsa Bibele batsoali ba ne ba lokisetsa boithabiso le boikhathollo bakeng sa malapa a bona. (Bapisa le Luka 15:25.) Na u etsa se tšoanang?
20 Monna oa Mokreste o re: “Re sebelisa lirapa tsa boikhathollo tsa sechaba. Re mema baena ba bang ba bacha ebe re bapala bolo le ho etsa pikiniki. Ba ba le nako e monate ’me ba thabela botsoalle bo hahang.” Motsoali e mong oa phaella: “Re rera lintho tseo re tla li etsa le bashanyana ba rōna. Rea sesa, re bapala bolo, re ea matsatsing a phomolo. Empa re boloka boithabiso bo le sebakeng sa bona. Ke hatella tlhokahalo ea ho boloka ho leka-lekana.” Boithabiso bo hahang, bo kang ’moka e loketseng kapa maeto a ho ea lirapeng tsa liphoofolo le libakeng tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, bo ka thusa haholo ho thibela ngoana hore a se ke a hoheloa ke menyaka ea lefatše lena.
21. Batsoali ba ka thibela hore bana ba bona ba se ke ba ikutloa eka ba haelloa ke ho hong ka baka la ho se keteke matsatsi a phomolo a lefatše joang?
21 Ho boetse ke habohlokoa hore bana ba hao ba se ke ba ikutloa eka ba haelloa ke ho hong hobane ba sa keteke matsatsi a tsoalo kapa matsatsi a phomolo ao eseng a Bokreste. Ka tlhophiso eo u e etsang, ba ka lebella ka thabo liketsahalo tse ngata tse thabisang selemo ho pota. Motsoali ea molemo ha a hloke matsatsi a phomolo e le lebaka la ho bontša lerato ka tsela e bonahalang. Joaloka Ntate oa hae ea lerato, o ‘tseba ho fa bana ba hae limpho tse molemo’—ka boithatelo.—Mattheu 7:11.
Ho Tiisa Bokamoso bo sa Feleng Bakeng sa Lelapa la Hao
22, 23. (a) Ha mahlomola a maholo a ntse a atamela, malapa a tšabang Molimo a ka tiisetsoa eng? (b) Malapa a ka etsa eng ho sebeletsa hore a bolokehe ho kena lefatšeng le lecha la Molimo?
22 Mopesaleme o ile a rapela: “Uena, Jehova, o tla ba sireletsa; u tla boloka e mong le e mong oa bona ho tloha molokong ona ho isa ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 12:7, NW) Ka sebele khatello e tsoang ho Satane e tla eketseha—haholo-holo khahlanong le malapa a Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore re emellane le tlhaselo ena e ntseng e eketseha. Ka thuso ea Jehova le boikemisetso bo matla ba banna, basali, le bana, malapa—ho kopanyelletsa le lelapa la hao—a ka ba le tšepo ea ho bolokoa a phela nakong ea mahlomola a maholo.
23 Banna le basali, tlisang khotso le tšebelisano-’moho lenyalong la lōna ka ho phetha likarolo tseo le li abetsoeng ke Molimo. Batsoali, tsoelang pele ho beha mohlala o loketseng bakeng sa bana ba lōna, le reke nako ea ho ba fa koetliso le taeo tseo ba li hlokang e le kannete. Buisanang le bona. Ba mameleng. Bophelo ba bona bo tsietsing! Bana, mamelang ’me le utloe batsoali ba lōna. Ka thuso ea Jehova le tla atleha ’me le iketsetse bokamoso bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo le tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lik’hasete tse hlahisang mantsoe feela le tsona lia fumaneha ka lipuo tse ling.
Na U Sa Hopola?
◻ Banna le basali ba ka ntlafatsa mokhoa oa bona oa puisano joang?
◻ Batsoali ba ka hōlisa bana “ka kelello e laoloang ke Jehova” joang? (Ba-Efese 6:4, NW)
◻ Litsela tse ling tsa ho etsa hore thuto ea lelapa e be e hahang le e thahasellisang haholoanyane ke life?
◻ Ke eng seo batsoali ba ka se etsang ho lokisetsa boikhathollo le boithabiso bakeng sa malapa a bona?
[Lebokose le leqepheng la 16]
’Mino—Tšusumetso e Matla
Mongoli oa buka e buang ka ho hōlisa ngoana o itse: “Haeba nka tlameha ho ema ka pel’a bamameli . . . ebe ke buella botahoa bo fetelletseng, ho sebelisa sethethefatsi sa cocaine, matekoane, kapa lithethefatsi leha e le life tse robatsang kelello, ba ka ’makalla haholo. . . . [Leha ho le joalo] hangata batsoali ba fa bana ba bona chelete ho reka lirekoto kapa lik’hasete tse buellang lintho tsena pepenene.” (Raising Positive Kids in a Negative World, ea Zig Ziglar) Ka mohlala, United States, mantsoe a ’mino oa rap e pepesang likamano tsa botona le botšehali a phetoa ke bacha ba bangata. Na u thusa bana ba hao hore ba hloaee ha ba khetha ’mino e le hore ba ka qoba maraba a joalo a bodemona?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Linako tsa lijo e ka ba ketsahalo e thabisang e khothalletsang bonngoe ba lelapa le puisano