Tsela ea ho Fumana Thabo ka ho Etsa Barutuoa
MOHLOLI o mong oa thabo e tebileng eo motho a ka bang le eona ke ho ba mosebetsi-’moho le Molimo. Kajeno, mosebetsi oa Molimo o akarelletsa ho bokellela batho ba sekametseng ho lokeng ka phuthehong ea Bokreste le ho ba koetlisetsa bophelo ba ho ba Bakreste hona joale le ho pholohela lefatšeng le lecha.—Mikea 4:1-4; Mattheu 28:19, 20; 2 Petrose 3:13.
Ha Lipaki tsa Jehova tsa Latin America li bona batho ba milione e e-ba barutuoa ba Jesu Kreste ho tloha ka 1980 li ile tsa thaba haholo. Tšimong ena e behang haholo, moo ba bangata ba hlomphang Bibele le ho lumela ho eona, basebeletsi ba bang ba nako e tletseng ba khonne ho thusa batho ba bangata haholo ho nehela bophelo ba bona ho Jehova. Kaha ba na le phihlelo e ngata haholo, mohlomong ba ka re bolella ho hong ka thabo ea ho etsa barutuoa. Litlhahiso tse ling tsa bona li ka ’na tsa u thusa ho fumana thabo mosebetsing oa ho etsa barutuoa moo u lulang teng.
Ho Hlokomela Bao e ka Bang “Linku”
Ha Jesu a roma baapostola ba hae ho ea bolela o ile a re: “Ha le kena motseng, kapa motsaneng ofe le ofe, le botse hore na ke ofe oa teng ea nang le tšoanelo.” (Mattheu 10:11) Ha u etela batho, u ka hlokomela joang ba ka thusoang moeeng? Edward, eo e bileng mosebeletsi oa nako e tletseng ka lilemo tse fetang 50, o re: “Ba bonahala ka lipotso tsa bona tse nang le morero le ka ho khotsofala ha ba arajoa ka Mangolo.” Carol oa eketsa: “Haeba motho a bontša ho ntšepa ’me a mpolella bothata ba botho kapa se mo tšoenyang, ka sebele o kōpa thuso ka tieo. Ke leka ho fumana boitsebiso bo molemo libukeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Thahasello e joalo ea botho hangata e lebisa thutong ea Bibele.” Empa, hase kamehla batho ba nang le thahasello ea sebele ba hlokomelehang habonolo. Luis oa pheta: “Ba bang ba neng ba bonahala ba thahasella haholo qetellong ba ile ba ipaka ba sa thahaselle ho hang, empa ba bang ba neng ba bonahala ba hanyetsa qalong ba ile ba fetoha ha ba utloa seo Bibele e hlileng e se buang.” Kaha batho ba bangata ba Latin America ba hlompha Bibele, oa phaella, “Ke hlokomela ba ka thusoang moeeng ha ba sa tsila-tsile ho amohela seo Bibele e se rutang ka mor’a hore ke ba bontše sona.” Ho thusa ba joalo ba “nang le tšoanelo” hore ba tsoele pele moeeng ho tlisa thabo ea ’nete le khotsofalo. U ka etsa see joang?
Ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele
Ho sebelisa lithuso tsa ho ithuta Bibele tse hatisoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” hangata ke mokhoa o molemohali oa ho thusa batho ho utloisisa ’nete ea Bibele. (Mattheu 24:45) U ka hōlisa kananelo ea bona bakeng sa bohlokoa ba lithuso tse joalo tsa ho ithuta Bibele joang? Edward o re: “Kaha maemo a batho, botho ba bona le lipono tsa bona li fapane haholo, ke leka ho tenyetseha ha ke qalisa lithuto.” U ke ke ua sebelisa mokhoa o le mong ho e mong le e mong.
Ho ba bang, ho ka ’na ha hlokahala hore ho buisanoe le bona ka Mangolo hangata ka mokhoa o sa reroang, pele buka ea ho ithuta Bibele e kenyeletsoa. Leha ho le joalo, banyalani bao e leng baromuoa baa tlaleha: “Hangata re buella thuto ketelong ea pele.” Ka ho tšoanang, Paki e thusitseng batho ba 55 ho fihlela ba inehela e re: “Mokhoa o ka sehloohong oo ke o sebelisang ho qalisa lithuto tsa Bibele e ’nile ea e-ba ho kena hang-hang bukeng ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.” Le hoja ba bang ba sa rate ho ithuta eng kapa eng, ba bang ba thahasella ho ithuta eng kapa eng eo ba lumelang hore e tla ba thusa bophelong. Ho buella thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng hangata ho utloahala ho ipiletsa ho bona. Baromuoa ba bang ba buella mpho ena ebe ba re: “Ke rata ho u bontša hore na re e etsa joang. Haeba ua e rata, u ka tsoela pele. Haeba u sa e rate, ho tsoa ho uena.” Ha e buelloa ka tsela e joalo, batho ha ba ikutloe ba tšaba ho e amohela.
Paki e ’ngoe e thusitseng ba bangata ba futsanehileng le ba sa rutehang e re: “Ke hlokometse hore lipampitšana li molemo ka ho khethehileng bakeng sa ho qalisa lithuto tsa Bibele.” Ho sa tsotellehe hore na ba sebelisa buka efe, matichere a nako e tletseng a leka ho beha khatiso e ka sehloohong Bibeleng. Carola o re: “Ha ke khanna thuto ka lekhetlo la pele, ke sebelisa litšoantšo feela le mangolo a ka bang mahlano, e le hore lintlha tsa sehlooho li totobale le Bibele e se bonahale e le thata.”
Ho Boloka Thahasello e Phela
Batho ba thabela ho ba le boikutlo ba hore ba tsoela pele, ka hona Jennifer oa eletsa: “Etsa hore thuto e phele. E ntšetse pele.” Ho khanna thuto kamehla ntle le ho tlōlisa libeke le hona ho thusa liithuti hore li ikutloe hore li tsoela pele. Pula-maliboho ea khethehileng ea hōletseng mahaeng o hlalosa bohlokoa ba ho nolofatsa litlhaloso le ho lebisa tlhokomelo lintlheng tsa sehlooho, e le hore esita le ba sa rutehang hakaalo ba ka tsoela pele. O re: “Motseng oa heso, re ne re tlameha ho nosetsa ka mor’a ho jala lipeō. Haeba re ne re ka tšela metsi a mangata haholo masimong, mobu o ne o setleleha hoo lipeō tse melang li neng li sitoa ho phunyeletsa, ’me li ne li e-shoa. Ka ho tšoanang, haeba u ruta ba sa tsoa thahasella lintlha tse ngata haholo, ba ka ’na ba thatafalloa haholo ebe baa tela.” Esita le batho ba nang le likelello tse batlisisang ba tlameha ho ithuta ho lebisa tlhokomelo tabeng e le ’ngoe ka nako e le hore ba ka tsoela pele kutloisisong. Jesu o ile a re ho baapostola ba hae: “Ke sa na le litaba tse ngata tsee nka beng ke le bolella tsona; empa ha e le joale, li ka le imela.”—Johanne 16:12.
Tsela e ’ngoe ea ho boloka thahasello e phela ke ea ho khothaletsa bao u ba etelang hore ba tsoele pele ho nahana ka Lentsoe la Molimo ha u se u tsamaile. Yolanda oa eletsa: “Siea potso e sa arajoang. Ba fe mosebetsi oo ba tla sala ba o etsa, o kang ho bala karolo e itseng ea Bibele kapa ho batlisisa taba e itseng e ba amang.”
Ho Hōlisa Lerato Bakeng sa Jehova
Thabo ea hao e tla hōla ha u thusa liithuti tsa hao ho ba “baetsi ba lentsoe, e seng bautloi feela.” (Jakobo 1:22) U ka etsa seo joang? Bakreste ba ’nete ba susumetsoa ke lerato bakeng sa Jehova. Pedro, oa Mexico, oa hlalosa: “Batho ba ke ke ba rata motho eo ba sa mo tsebeng, ka hona ho tloha qalong feela ea thuto, ke ba ruta lebitso la Molimo ka Bibeleng, ’me ke batla menyetla ea ho hatisa litšoaneleho tsa Jehova.” Moqoqong, u ka hōlisa kananelo bakeng sa Jehova ka ho ntša maikutlo a hao ka eena. Elizabeth o re: “Kamehla ke leka ho bua ka molemo oa Jehova. Lithutong tsa ka, haeba ke bona palesa e ntle, nonyana e ntle, kapa lelinyane la katse le ratang ho bapala, kamehla ke ba bolella hore ke mosebetsi oa Jehova.” Jennifer oa eletsa: “Bua ka lefatše le lecha leo Molimo a le tšepisitseng e le ntho eo u tsebang hore ke ea sebele. Botsa hore na ba ne ba ka rata ho etsa’ng lefatšeng le lecha.”
Ha ka kananelo motho a thuisa seo a ithutang sona ka Jehova, se tebela pelong ea hae ’me se mo susumelletsa ketsong. Empa a ke ke a thuisa ntle leha ho na le seo a se hopolang. Tlhahlobo e khutšoanyane ea lintlha tsa sehlooho tse tharo kapa tse ’nè ka mor’a thuto ka ’ngoe ke thuso bakeng sa ho hopola. Matichere a mangata a Bibele a etsa hore ba sa tsoa thahasella ba ngole fatše mangolo a sehlooho le lintlha qetellong ea Libibele tsa bona. Moromuoa e mong ea tsoang Engelane o hlalosa molemo o mong oa ho hlahloba: “Ke botsa kamoo boitsebiso bo ba tsoetseng molemo. Sena se etsa hore ka kananelo ba thuise ka litsela tsa Jehova le melao ea hae.”
Paki e tšepahalang e bileng sehlopheng sa boraro sa Gileade e re: “Re tlameha ho cheseha. Liithuti tsa rōna li tlameha ho hlokomela hore re lumela seo re se rutang.” Tumelo e entseng hore u be “moetsi oa mosebetsi” ea thabileng e fetela ho ba bang haeba u e bontša.—Jakobo 1:25, NW.
Paki e thusitseng ba bangata ho ba barapeli ba Jehova e re: “Ke hlokomela hore batho ba ikutloa ba le haufinyane le Molimo haeba ke ba thusa hore ba lemohe likarabo tsa lithapelo tsa bona. Ke ba etsetsa mehlala ka phihlelo ea ka ka bonna, e kang ena: Ha ’na le molekane oa ka oa pula-maliboho re fihla kabelong e ncha, re ne re e-na le meroho e seng mekae feela, pakete ea majarine, ’me re se na chelete. Re ile ra qeta lijo tsa mantsiboea ’me ra re, ‘Joale ha re na letho bakeng sa hosasane.’ Re ile ra rapella taba ena, ’me ra robala. Esale hoseng letsatsing le latelang Paki ea sebakeng seo e ile ea re etela ’me ea itsebisa rōna, ea re, ‘Ke ile ka rapela hore Jehova a romele bo-pula-maliboho. Joale nka tsamaea le lōna boholo ba nako letsatsing lena, empa kaha ke lula mahaeng, ke tla tlameha ho ja lijo tsa motšehare le lōna, ka hona ke tlile le lijo tsena bakeng sa rōna kaofela.’ E ne e le nama ea khomo e ngata le meroho. Kamehla ke bolella liithuti tsa ka hore le ka mohla Jehova ha a re lahle haeba re batla ’Muso oa hae pele.”—Mattheu 6:33.
Fana ka Thuso e Sebetsang
Ho etsa barutuoa ba Kreste ho akarelletsa ho hongata ho feta ho khanna thuto ea Bibele. Moromuoa ea sebelelitseng e le molebeli ea tsamaeang ka lilemo tse ngata o re: “Ba fe nako. U se ke ua potlakela ho tsamaea ha le qeta ho bala. Haeba ho loketse, lula u qoqe ka nakoana.” Elizabeth o re: “Kea ba thahasella hobane bophelo boa ameha. Hangata ke tšoenyeha ka bona joalokaha eka ke bana ba ka.” Lipaki tse ling li entse litlhahiso tsena: “Ba etele ha ba kula.” “Ha u le haufi le lehae la bona, ka mohlala ha u le tšebeletsong ea tšimo, ba etele hakhutšoanyane u ba tsebise Lipaki tse ling.” Eva o re: “Mamela ka hloko e le hore u ka utloisisa semelo sa motho eo le boemo ba hae bophelong. Lintho tsena li ama tsela eo batho ba arabelang ka eona ’neteng ’me li ka sitisa tsoelo-pele ea bona. E-ba motsoalle oa bona, e le hore ba tle ba be le sebete sa ho u bolella mathata a bona.” Carol oa eketsa: “Ho ba le thahasello ea sebele mothong ke habohlokoa kaha ka linako tse ling liphetoho tseo ’nete e tla li tlisa bophelong ba hae li tla etsa hore a lahleheloe ke lelapa le metsoalle. Hangata ho molemo hore seithuti se tsebe moo re lulang teng ’me se be sebete ho tla ho rōna neng kapa neng.” Se thuse ho talima litho tsa phutheho e le litho tse ncha tsa lelapa la sona.—Mattheu 10:35; Mareka 10:29, 30.
Yolanda o re: “Falimehela ho fana ka thuso e sebetsang. Lula le bona libokeng, ’me u ba thuse ka bana ba bona.” Ho bontša ba bacha ’neteng kamoo ba ka koetlisang bana ba bona, ba ka ntlafatsang litekanyetso tsa bona tsa bohloeki, ba ka lokisetsang litlhaloso bakeng sa liboka le ho fana ka lipuo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kaofela ke karolo ea mosebetsi oa ho etsa barutuoa. Khaitseli e mong oa eketsa: “Ke habohlokoa ho koetlisetsa ba bacha tšebeletso. Ha karolo ena ea koetliso e hlokomolohuoa, ba bang ba lula ba tšaba mosebetsi oa boboleli, thabo ea bona ea ho sebeletsa Jehova ea fela ’me ba hlōleha ho mamella.” Ka hona koetlisa ka hloko mosebetsing oa ntlo le ntlo, maetong a ho boela, le ho qaliseng lithuto tsa Bibele. Thabo ea hao e tla ba khōlō ha u bona seithuti sa hao se tsoela pele ka thuso ea hao le tataiso.
Li Matlafaletse ho Mamella
Moetsi oa barutuoa ea nang le phihlelo oa lemosa: “Ho na le tšekamelo ea ho hlokomoloha ho ithuta hang ha seithuti se kolobelitsoe.” Tichere le seithuti ba tlameha ho hopola hore Mokreste ea sa tsoa kolobetsoa o hōle le ho ba ea hōlileng tsebong. O sa ntse a lokela ho hōla haholoanyane tumelong, kananelong ea hae ea molao oa Molimo le leratong la hae ho Jehova. Ke habohlokoa ho mo khothaletsa ho hlaolela mekhoa e metle ea thuto ea botho e le hore a ka ’na a tsoela pele.—1 Timothea 4:15.
Motho e mocha ’neteng a ka ’na a hloka thuso e le hore a ka tsoela pele le ho ba setho sa mokhatlo oa baena se amohelang baeti ka mofuthu. A ka ’na a hloka tataiso ha a sebetsana le ho se phethahale ha baena ha a ntse a atamela haufinyane le bona. (Mattheu 18:15-35) A ka ’na a hloka thuso e le hore e ka ba tichere e nang le tsebo, e khonang ho iketsetsa lipatlisiso. Moromuoa e mong oa pheta: “Seithuti se seng ka mor’a hore se kolobetsoe se ne se batla ho ntlafatsa tsebo ea sona joaloka tichere, ka hona se ile sa re ho ’na, ‘Ke tlameha ho khanna thuto e ncha bekeng e tlang, empa ho hlokahala hore ke ikhopotse likhaolo tse qalang tseo ke ileng ka ithuta tsona. Na u ka bala likhaolo tsee le ’na hape, ka bonngoe, e le hore nka hlokomela litlhaloso tsa mangolo le litšoantšo, ke tle ke khone ho li sebelisa ha ke khanna thuto ea ka?’ O fetohile tichere e ntle haholo, liithuti tsa hae tse ’nè li ile tsa kolobetsoa kopanong e le ’ngoe.”
Lebaka Leo ka Lona ho Etsa Barutuoa ho Tšoaneloang ke Boiteko
Pamela o re: “Ho etsa barutuoa ho hlahisa barorisi ba Jehova ba eketsehileng. Ho tlisetsa ba amohelang ’nete bophelo. Ke rata haholo ho ruta ba bang ’nete—e rateha hakaakang! Motho o bona ha liithuti li hōla hanyane ka hanyane, li etsa liphetoho bophelong ba tsona li bile li hlōla litšitiso tse neng li ka bonahala li ke ke tsa hlōloa ha e ne e se ka moea oa Jehova. Ba bangata ho ba seng ba rata Jehova ba fetohile metsoalle ea ka e ratehang.”
Moromuoa e mong ea tsoang Jeremane oa pheta: “Ha ke nahana ka bao ke ba thusitseng ho ba barutuoa, ke bona batho ba bang ba neng ba le lihlong ba entseng tsoelo-pele e ngata haholo joaloka basebeletsi ba Molimo hoo ho leng thata hore ke lumele. Ke bona batho ba hlōlang litšitiso tse tšosang, ka ho totobetseng e le ka thuso ea Jehova. Ke bona malapa a kileng a qhalana empa ao hona joale a kopaneng—bana ba thabileng ba nang le batsoali ba nang le boikarabelo. Ke bona batho ba thabelang bophelo bo nang le morero, ba rorisang Jehova. Ena ke thabo ea ho etsa barutuoa.”
E, ho ba mosebetsi-’moho le Jehova Molimo mosebetsing oa ho etsa barutuoa ke mohloli oa thabo e ke keng ea lekanngoa. Liphihlelo tsa baromuoa le bo-pula-maliboho li pakile sena. U ka ba le thabo le khotsofalo e tšoanang haeba u sebelisa litlhahiso tsena ’me u ho etsa ka soule eohle. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, thabo ea hao e tla phetheha.—Liproverbia 10:22; 1 Ba-Korinthe 15:58.