Ho Tšepahala Lefatšeng le sa Phethahalang
“MOLEMO oo ke o lakatsang ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo lakatseng ke bona boo ke tloaetseng ho bo etsa.” Na u fumana see e le ’nete ka uena? Khothatsoa ke ho tseba hore moapostola Pauluse o ne a e-na le bothata bo tšoanang; empa e ne e le monna oa botšepehi ba Bokreste bo hlaheletseng. Na see ha se ikhanyetse? Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma, Pauluse o ile a sekaseka bothata bona: “Haeba, joale, seo ke sa se lakatseng ke sona seo ke se etsang, ea se hlahisang ha e sa le ’na, empa ke sebe se lutseng ho ’na.” Ke sebe sefe seo a buang ka sona, ’me o ile a se hlōla joang e le hore e ka ba monna ea tšepahalang?—Baroma 7:19, 20.
Pejana lengolong la hae, Pauluse o ile a ngola: “Ka motho a le mong sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” “Motho a le mong” e ne e le Adama. (Baroma 5:12, 14) Sebe sa Adama—sebe sa motho oa pele, Adama—ke sesosa sa ho se phethahale ho futsitsoeng ha moloko oa batho le lebaka la motheo le etsang hore ho boloka botšepehi e be phephetso ea sebele.
Pono ea Pauluse ka “sebe sa tlhaho,” joalokaha se ne se bitsoa joalo pele, ha e amoheloe ke bohle kajeno kaha litsi tsa bolumeli li latola tlaleho ea Bibele ea pōpo ha li emela likhopolo tsa ho iphetola ha lintho. Tlhaloso e ’ngoe ea morao tjena ea Baroma 5:12-14 e boletse hore “liithuti li qheletse temana ena eohle ka thōko.” Leha ho le joalo, lilemong tse lekholo tse fetileng, litlhaloso tsa Bibele li ile tsa hlalosa ka ho lumellana hore “ha Adama a etsa sebe . . . o ile a silafatsa bana bohle ba hae ka sebe seo le liphello tsohle tsa sona.”a
Mohloli oa ho Lahleheloa ke Botšepehi
Feela joalokaha batho ba bangata kajeno ba latola boteng ba Adama, motho oa pele, ka ho tšoanang, Satane Diabolose o qheleloa ka thōko e le tšōmo e iqapetsoeng.b Empa molaoli e moholo, Jesu Kreste o re bolella hore enoa “ha aa ka a ema a tiile ’neteng,” ka mantsoe a mang, o ne a sa tšepahale. (Johanne 8:44) ’Me e bile ka tlhohlelletso ea Satane Adama le mosali oa hae, Eva, ba ileng ba fetohela Jehova ’me ba se ke ba tšepahala ha ba lekoa.—Genese 3:1-19.
Kaha kaofela re tsoa ho Adama, kaofela re futsitse tloaelo ea ho etsa sebe. Monna ea bohlale Solomone o ile a re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea ntseng a etsa hantle, a sa tšohe a etsa sebe.” (Moeklesia 7:20) Ho ntse ho le joalo, motho leha e le ofe a ka tšepahala. See se ka khoneha joang? Kahobane ho boloka botšepehi ha ho hloke motho ea phethahetseng.
Motheo oa Botšepehi
Morena Davida oa Iseraele o ile a etsa liphoso tse ngata, ho kopanyelletsa le bofebe ba hae bo tlalehiloeng ka ho hlaka le Bathe-Sheba. (2 Samuele 11:1-27) Liphoso tse ngata tsa Davida li totobatsa hore o ne a sa phethahala ho hang. Leha ho le joalo, Jehova o ile a bona eng ho monna eo? Ha a bua le mora oa Davida, Solomone, Jehova o ile a re: “Tsamaea pel’a ka ka pelo e tšepahalang le e lokileng joalokaha ntat’ao Davida a tsamaile.” (1 Marena 9:4, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ho sa tsotellehe liphoso tse ngata tsa hae, Jehova o ile a hlokomela ho tšepahala ha motheo ha Davida. Hobane’ng?
Davida o ile a fana ka karabo ha a ne a bolella Solomone: “Jehova o botsisisa lipelo tsohle, ’me o lekola merero eohle le mehopolo eohle.” (1 Likronike 28:9) Davida o ile a etsa liphoso, empa o ne a ikokobelitse ’me a batla ho etsa se lokileng. O ile a amohela taeo le khalemelo ka linako tsohle—ha e le hantle, o ile a ikōpela tsona. Kōpo ea hae e ne e le ena: “Ntlhahlobe, Uena Jehova, ’me u nteke; u hloekise liphio tsa ka le pelo ea ka.” (Pesaleme ea 26:2, NW) ’Me Davida o ile a fela a hloekisoa. Ka mohlala, litšitiso tseo e leng liphello tsa sebe sa hae le Bathe-Sheba li ile tsa e-ba teng ho isa qetellong ea bophelo ba hae. Leha ho le joalo, ha ho mohla Davida a kileng a leka ho lokafatsa liphoso tsa hae. (2 Samuele 12:1-12) Habohlokoa ka ho fetisisa, ha aa ka a kheloha borapeli ba ’nete. Ka lebaka leo, le ka lebaka la ho soaba ha sebele ha Davida ho tsoang pelong, le pako ea hae, Jehova o ile a ikemisetsa ho mo tšoarela libe le ho mo amohela e le monna ea tšepahalang.—Bona hape le Pesaleme ea 51.
Ho Tšepahala Tlas’a Teko
Jesu o ile a lekoa ke Satane Diabolose ha a leka ho senya botšepehi ba hae. O ne a lokela ho boloka botšepehi ba hae har’a mathata le mahlomola, ho fapana le Adama eo kutlo ea hae e le motho ea phethahetseng e ileng ea lekoa feela ka ho laeloa hore a mamele molao oa Molimo. Ho phaella moo, Jesu o ne a hateletsoe ke ho tseba hore topollo ea lelapa la motho e ne e itšetlehile ka ho tšepahala ha hae.—Baheberu 5:8, 9.
Satane, a ikemiselitse ho senya botšepehi ba Jesu, o ile a mo atamela nakong eo Jesu a neng a fokola ka ho fetisisa—ka mor’a hore a qete matsatsi a 40 a nahanisisa le ho itima lijo lefeelleng. O ile a leka Jesu ka makhetlo a mararo—hore a fetole majoe bohobe; hore a itihele toreng ea tempele, a mo tiisetsa hore o tla pholosoa ke mangeloi ’me ka hona a fane ka pontšo ea Bomesia ba hae; le hore a amohele borena ba mebuso eohle ea lefatše lena ka hore a etse “ketso [e le ’ngoe feela] ea borapeli” ho Satane. Empa Jesu o ile a hana teko ka ’ngoe, a boloka botšepehi ba hae ho Jehova.—Matheu 4:1-11; Luka 4:1-13.
Botšepehi ba Jobo
Boemo ba Jobo, ho boloka ha hae botšepehi ha a lekoa, bo tsebahala hohle. Ho thahasellisang, Jobo o ne a sa utloisise hore na ke hobane’ng ha a oeloa ke tlokotsi. O ne a sa tsebe hore Satane o mo etselelitse ka hore o na le merero e fosahetseng, a qosa Jobo ka bohata hore o sebeletsa Molimo ka mabaka a boithati ’me a bolela hore e le hore a pholose bophelo ba hae, Jobo o tla ikhethela ho se tšepahale. Molimo o ile a lumella Jobo hore a fete maemong a sithabetsang haholo e le hore a bontše Satane hore o ne a fositse.—Jobo 1:6-12; 2:1-8.
Metsoalle ea bohata e meraro e ile ea kenella tabeng. Ka boomo, e ile ea emela hampe litekanyetso tsa Molimo le merero ea hae. Mosali oa Jobo le eena a sa utloisise boemo, o ile a hlōleha ho khothatsa monna oa hae nakong eo a neng a imetsoe ka ho fetisisa. (Jobo 2:9-13) Empa Jobo o ile a ema a tiile. ‘Ke tla tiea, ke bolele ho hloka molato ha ka, ke be ke shoe. Ke itšoareletse ka ho loka ha ka, nke ke ka ho latola; pelo ea ka ha e nkahlole holim’a matsatsi leha e le afe a ho phela ha ka.’—Jobo 27:5, 6.
Mohlala o ikhethang oa Jobo, hammoho le botšepehi ba banna le basali ba bang ba bangata ba tumelo, joalokaha ba tlalehiloe ka Bibeleng, o pakile Satane a le leshano.
Botšepehi le Tšebeletso ea Bokreste
Na Jehova o ananela tšobotsi ea botšepehi feela molemong oa ho ikhotsofatsa? Che. Botšepehi ke ba bohlokoa ka sebele ho rōna batho. E ne e le molemong oa rōna Jesu a ileng a re khothalletsa hore re ‘rate Jehova Molimo oa rōna ka lipelo tsa rōna tsohle le ka lisoule tsa rōna tsohle le ka likelello tsa rōna tsohle.’ Ka sebele, ena ke “taelo e khōlō ka ho fetisisa le ea pele,” ’me ho e boloka ho hloka monna, mosali kapa ngoana ea tšepahalang. (Matheu 22:36-38) Ho ameha eng, ’me moputso ke ofe?
Motho ea tšepahalang a ka tšeptjoa, eseng feela ke batho ba bang empa habohlokoa ka ho fetisisa, ke Molimo. Ho hloeka ha pelo ea hae ho bonoa liketsong tsa hae; ha a na boikaketsi. Hase molotsana kapa ea senyehileng. Moapostola Pauluse o buile tjena: “Re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo, empa ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong le leng le le leng la motho mahlong a Molimo.”—2 Bakorinthe 4:2.
Hlokomela hore Pauluse o bua ka boitšoaro bo amang tšebeletso ea Bokreste. Ke joang mosebeletsi oa Mokreste a ka sebeletsang ba bang haeba matsoho a hae a sa hloeka, haeba e se motho ea tšepahalang? Mookameli oa tsamaiso e ’ngoe ea bolumeli ea Ireland ea sa tsoa itokolla mosebetsing, ke mohlala o motle tabeng ena. Ho latela koranta ea The Independent, o ile a lumela hore o ile a “lumella moprista ea neng a hlekahleka bana ka likamano tsa botona le botšehali hore a tsoele pele a sebetsana le bana ka nako e telele ka mor’a hore ho tsejoe hore o hlekahleka bana.” Tlaleho eo e bontša hore tlhekatlheko eo e ile ea tsoela pele ka lilemo tse 24. Moprista eo o ile a koalloa chankaneng lilemo tse ’nè, empa nahana ka bohloko bo jarisitsoeng bana bao a ba hlasetseng ka lilemo tseo kahobane mookameli oa hae a ne a sa tšepahalle ho nka khato!
Moputso oa Botšepehi
Moapostola Johanne e ne e le monna ea sebete. Ka lebaka la cheseho ea bona e mafolofolo, Jesu o ile a bitsa eena le mor’abo Jakobo “Bara ba Sea-luma.” (Mareka 3:17) Johanne, monna oa botšepehi bo hlaheletseng, a e-na le Petrose, o ile a hlalosetsa babusi ba Bajuda hore a ‘ke ke a khaotsa ho bua’ ka lintho tseo a li boneng le tseo a li utloileng ha a ne a e-na le Jesu. Hape, Johanne ke e mong oa baapostola ba ileng ba re: “Re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 4:19, 20; 5:27-32.
Ho bonahala hore ha Johanne a ne a le lilemong tsa hae tse qetellang tsa bo-90, o ile a ba botlamuoeng Sehlekehlekeng sa Patmose “ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.” (Tšenolo 1:9) Lilemong tsa hae, o ne a ka ’na a nahana hore mosebetsi oa hae o felile. Empa ke motho ea tšepahalang joaloka eena feela ea neng a ka tšepeloa mosebetsi oa ho ngola pono e hlollang ea Tšenolo. Johanne o ile a tšepahala ho oona. Eo e ne e le tokelo e kaakang ho eena! ’Me e ne e le hona lihōlō li sa tla. Hamorao, ka ho hlakileng ha a ne a le tikolohong ea Efese, o ile a ngola tlaleho ea hae ea Kosepele le mangolo a mararo. Litokelo tse hlollang joalo e ne e le moqhaka oa lilemo tse 70 tsa tšebetso e khabane, e tšepahalang!
Ho tšepahala ho etsa hore motho a khotsofale. Ho tšepahala mahlong a Molimo ho tlisa moputso oa ka ho sa feleng. Kajeno, “bongata bo boholo” ba barapeli ba ’nete bo hlophisetsoa ho kena lefatšeng le lecha la khotso le kutloano, ka tebello ea bophelo bo sa feleng. (Tšenolo 7:9) Botšepehi bo lokela ho bolokoa litabeng tsa bohlokoa tsa boitšoaro le tsa borapeli, ho sa tsotellehe liteko tsa tsamaiso ena ea lintho le liphephetso tse ngata tseo Satane a ka ’nang a re tlisetsa tsona. Kholiseha hore ka matla ao Jehova a fanang ka ’ona, u ka atleha!—Bafilippi 4:13.
Ha a bua ka nako ea hona joale le ka bokamoso, mopesaleme Davida o re tiisetsa kaofela ka thapelo ea hae ea liteboho ho Jehova, ha a re: “U ntšehelitse ka baka la botšepehi ba ka‚ ’me u tla mpeha pel’a sefahleho sa hao ho fihlela ka nako e sa feleng. Ho rorisoe Jehova . . . Amen, e, Amen.”—Pesaleme ea 41:12, 13, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlhaloso e hlahang ho The New Testament of Our Lord and Saviour Jesus Christ, according to the Authorised Version, with a brief commentary by various authors.
b Lebitso Satane le bolela “Mohanyetsi.” La “Diabolose” le bolela “Moetselletsi.”
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Ho sa tsotellehe liphoso tsa hae, Davida o ile a ipaka a tšoanelehela ho tšeptjoa
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Jesu o re sietse mohlala o motle haholo oa botšepehi
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho tšepahala ho khotsofatsa haholo