-
Ho Tsoaloa la BobeliHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Na ho ka etsahala hore motho a be le moea oa Molimo empa a se ke a ‘tsoaloa la bobeli’?
Ka Johanne mokolobetsi, lengeloi la Jehova le itse: “O tla tlala moea o halalelang a sa le popelong ea ’m’ae.” (Luka 1:15) ’Me hamorao Jesu a re: “Har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena [Hobane’ng? Hobane Johanne a ke ke a ba maholimong ’me kahoo ho ne ho sa hlokahale hore a “tsoaloe la bobeli”]. Ho tloha mehleng ea Johanne Mokolobetsi, ho fihlela joale [ha Jesu a bua sena], ’muso oa maholimo o kenoa ka matla.”—Matt. 11:11, 12.
Moea oa Jehova o ne o ‘tšoere’ Davida ’me o “bua” ka eena (1 Sam. 16:13; 2 Sam. 23:2), empa ha ho moo Bibele e reng o ne a ‘tsoetsoe la bobeli.’ Ho ne ho sa hlokahale hore a “tsoaloe la bobeli,” hobane, joalokaha Liketso 2:34 e bolela: “Davida ha a ka a nyolohela maholimong.”
Ke eng e tsebahatsang batho ba nang le moea oa Molimo kajeno?
Bona maqephe 318, 319, tlas’a sehlooho se seholo “Moea (Spirit).”
Haeba e Mong a Re—
‘Ke tsoetsoe la bobeli’
U ka ’na ua arabela: ‘Hoo ho bolela hore ka letsatsi le leng u lebelletse ho ba le Kreste leholimong, na ha ho joalo? . . . Na u kile ua ipotsa hore na ba eang leholimong ba il’o etsa joang teng?’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Etlaba marena le baprista, ba busa le Kreste. (Tšen. 20:6; 5:9, 10) Jesu o itse bana etlaba “mohlatsoana” feela. (Luka 12:32)’ (2) ‘Haeba e le marena, ho tlameha ho be le bafo bao ba tla ba busa. Bafo baa etlaba bo-mang? . . . Lintlha tse ling tseo ke ileng ka fumana e le tsa bohlokoa ha ke li hlokomelisoa ke tsena. (Pes. 37:11, 29; Liprov. 2:21, 22)’
‘Na u tsoetsoe la bobeli?’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke fumane hore seo batho ba se bolelang ka ho “tsoaloa la bobeli” ha se kamehla se tšoanang. Na u ka mpolella hore na ho uena ho bolela eng?’
Kapa u ka re: ‘U batla ho tseba hore na ke amohetse Jesu e le ’Moloki oa ka le hore na ke amohetse moea o halalelang, ho joalo? Ke u tiisetsa hore karabelo ke E; ho seng joalo nka be ke sa bue le uena ka Jesu.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Empa ha ke nahana ka ho ba le moea o halalelang, ke fumana hore bopaki ba moea oo bo haella ka ho soabisang ho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste. (Ba-Gal. 5:22, 23)’ (2) ‘Na u ne u ka thabela ho phela lefatšeng lee haeba e mong le e mong a bonahatsa litšobotsi tseo tsa bomolimo? (Pes. 37:10, 11)’
Monyetla o mong: ‘Haeba ka hoo u bolela hore, “Na ke amohetse Kreste e le ’Moloki oa ka?” karabelo ke E. Lipaki tsa Jehova kaofela li entse joalo. Empa, ho rōna, ho tsoaloa la bobeli ho ama ho fetang moo.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ha Jesu a ne a bua ka ho tsoaloa la bobeli o boletse hore hoa hlokahala hore motho a kene ’Musong oa Molimo, ke hore, ho ba karolo ea ’Muso oa Molimo, puso ea oona ea leholimo. (Joh. 3:5)’ (2) ‘Bibele e boetse e bontša hore batho ba bangata ba etsang thato ea Molimo ba tla phela mona lefatšeng, e le bafo ba thabileng ba ’Muso oo. (Matt. 6:10; Pes. 37:29)’
Tlhahiso e eketsehileng: Bao e leng ba sehlopha sa leholimo ba ka arabela: ‘E, ke tsoetsoe la bobeli. Empa Bibele e re hlokomelisa kaofela hore re se ke ra itšepisa haholo ka boemo ba rōna. Ho hlokahala re ’ne re itlhahlobe ho tiisa hore re hlile re etsa seo Molimo le Kreste ba se hlokang ho rōna. (1 Ba-Kor. 10:12)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Jesu o jarisitse barutuoa ba hae ba ’nete boikarabelo bofe? (Matt. 28:19, 20; 1 Ba-Kor. 9:16)’
-
-
JehovaHo Bea Mabaka ka Mangolo
-
-
Jehova
Tlhaloso: Lebitso la botho la Molimo o le mong feela oa ’nete. Lebitso leo o ikhethetseng lona. Jehova ke ’Mōpi ’me, ka nepo, ke Morena ’Musi oa bokahohle. “Jehova” e fetoletsoe litlhakung tse ’nè tsa Seheberu, יהוה, tse bolelang “O Etsa hore Ho Be.” Litlhaku tsena tse ’nè tsa Seheberu li emeloa ke litlhaku JHVH kapa YHWH lipuong tse ngata.
-