Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Thapelo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • buileng ka hore na ho ka rapeloa neng hona joang hoo mohlomong ho leng hocha ho uena. Na u ne u tseba hore o boleletse barutuoa ba hae hore ba se ke ba rapela pontšeng ka maikutlo a hore ba bang ba ba bone hore ke batho ba inehetseng le ba rapelang? . . . (Matt. 6:5)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Hlokomela seo a ileng a tsoela pele hore re lokela ho ameha haholo ka sona le hore na re ka etelletsa eng pele lithapelong tsa rōna. Ke sona seo ke tlileng ho tla se kopanela le uena. (Matt. 6:9, 10)’

      Kapa u ka re: ‘Kea tseba hore baemeli ba lihlopha tse ling tsa bolumeli baa ho etsa. Empa Lipaki tsa Jehova ha li ho etse, hobane Jesu o laetse barutuoa ba hae hore ba etse mosebetsi oa bona oa ho bolela ka mokhoa o mong. Ho e-na le ho re, “Ha le kena ka tlung, le qale ka ho rapela,” hlokomela seo a se boletseng, joalokaha se fumanoa mona ho Mattheu 10:12, 13. . . . ’Me mona temaneng ea 7 bona hore na ba ne ba lokela ho bua ka’ng . . . ’Muso oo o ka thusa batho ba tšoanang le ’na le uena joang? (Tšen. 21:4)’

  • Tlhahlamano ea Baapostola
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Tlhahlamano ea Baapostola

      Tlhaloso: Thuto ea hore baapostola ba 12 ba na le bahlahlami ba nehelelitsoeng matla ka ho thonngoa ke Molimo. Kerekeng ea Roma e K’hatholike, babishopo haele sehlopha ho boleloa hore ke bahlahlami ba baapostola, ’me ho boleloa hore mopapa ke mohlahlami oa Petrose. Ho boleloa hore bo-papa ba Roma ba hlahlama Petrose hantle ’me ba nkile sebaka sa hae le ho etsa mesebetsi ea hae, eena eo ho boleloang hore Kreste o ile a mo nea matla a mantlha holim’a Kereke eohle. Hase thuto ea Bibele.

      Na Petrose e ne e le “lejoe” leo kereke e hahiloeng holim’a lona?

      Matt. 16:18: “Ke re ho uena, u Petrose, ’me ka holim’a lejoe leo, ke tla haha kereke ea ka, ’me likhoro tsa ng̀alo ea bafu ha li ka ke tsa e hlōla.” (Hlokomela tabeng eo ho buuoang ka eona [litem. 13, 20] hore puisano e likoloha ho hore na Jesu ke mang.)

      Baapostola Petrose le Pauluse ba ne ba utloisisa hore “lejoe,” “lejoe la ntlha” ke mang?

      Lik. 4:8-11: “Eaba Petrose, a tletse Moea o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a sechaba, le lōna baholo . . . motho enoa ea emeng pel’a lōna, o folisitsoe ka lebitso la Jesu Kreste oa Nazaretha, eo lōna le mo thakhisitseng, eo Molimo o mpang o mo tsositse bafung. Ke eena e leng lejoe le nyatsitsoeng ke lōna lihahi, le entsoeng lejoe la ntlha la motheo [“lejoe la sekhutlo,” NAB].”

      1 Pet. 2:4-7: “Le tle ho eena [Morena Jesu Kreste], . . . le lōna, le ke le hahuoe le le majoe a phelang, ho etsa ntlo ea Moea, . . . Hobane ho itsoe lengolong: Bonang, ke bea Sione lejoe la ntlha, le khethiloeng, la bohlokoa; ’me ea lumelang ho lona a ke ke a soaba. Efela e le la bohlokoa ho lōna ba lumetseng; empa, ha e le ho ba sa lumelang, lejoe le lahliloeng ke bahahi le fetohile ntlha ea motheo, le lejoe le khothometsang, le lefika le khopang.”

      Ba-Ef. 2:20: “Le mohaho o theiloeng holim’a motheo oa baapostola le oa baprofeta, oo Jesu Kreste e leng eena lejoe la ntlha la oona.”

      Augustine (ea neng a talingoa e le mohalaleli ke Kereke e K’hatholike) o ne a lumela eng?

      “Nakong eona ena ea boprista ba ka, ke bile ka ngola le buka e tsoang lengolo la Donatus . . . Serapeng se seng bukeng ena, ke buile tjena ka Moapostola Petrose: ‘Holim’a hae, joalokaha eka ke holim’a lejoe, ho hahiloe Kereke,’ . . . Empa kea tseba hore hangata haholo hamorao, ke boetse ke hlalositse seo Morena a se buileng tjena: ‘Uena u Petrose, ’me holim’a lejoe lena ke tla haha Kereke ea ka,’ ho utloisisoe hore e hahiloe holim’a Eena eo Petrose a neng a mo bolela ha a re: ‘Uena u Kreste, Mora oa Molimo o phelang,’ ’me kahoo Petrose, ea rehelletsoeng ka lejoe lena, o ne a emela boleng ba Kereke e hahiloeng holim’a lejoe lena, ’me o amohetse ‘linotlolo tsa ’muso oa leholimo.’ Hobane, ho eena ho itsoe, ‘Uena u Petrose’ ha hoa thoe ‘uena u lejoe.’ Empa ‘lejoe e ne e le Kreste,’ eo a mo boletseng joalokaha Kereke eohle e mo bolela, Simone o ne a bitsoa Petrose.”—The Fathers of the Church—Saint Augustine, the Retractations (Washington, D.C.; 1968), e fetoletsoeng ke Mary I. Bogan, Buka I, leq. 90.

      Na baapostola ba bang ba ne ba talima Petrose a ba phahametse?

      Luka 22:24-26: “Khang le eona ea e-ba teng har’a bona [baapostola] ea ho tseba hore na ke ofe oa bona ea ka lekanngoang hoba ke e moholo. Empa a re ho bona: Marena a lichaba a li busa, ’me ba li busang ho thoe, ke bababalli ba tsona. Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna.” (Haeba Petrose e ne e le “lejoe,” na ho ne ho tla ba le khoao ea hore na ea nkoang a le “moholo” ho bona ke ofe?)

      Kaha Jesu Kreste, hlooho ea phutheho, o-oa phela, na o hloka bahlahlami?

      Ba-Heb. 7:23-25: “Hape, ha e le baprista ba pele [Iseraeleng], ba ’nile ba hlahlamana ba le bangata, ka hobane lefu le ne le ba sitisa ho lula ka mehla bopristeng. Empa eena [Jesu Kreste], kahobane ke oa ka mehla, o na le boprista bo sa abuoeng. Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena, kahobane o ntse a phela ka mehla ho ba rapella.”

      Ba-Roma 6:9: “Re tsoe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a e-shoa.”

      Ba-Ef. 5:23: “Kreste . . . hloho ea Kereke.”

      “Linotlolo” tse neng li beiloe tlhokomelong ea Petrose ke life?

      Matt. 16:19, JB: “Ke tla u nea linotlolo tsa ’muso oa leholimo: eng le eng eo u e tlamang lefatšeng e tla nkoa e tlanngoe leholimong; eng le eng eo u e tlamollang lefatšeng e tla nkoa e tlamolotsoe leholimong.”

      Ho Tšenolo, Jesu o buile ka senotlolo sa tšoantšetso seo a se sebelisetsang ho notlollela batho litokelo le menyetla

      Tšen. 3:7, 8: “Ea halalelang, Oa ’nete, ea tšoereng senotlolo sa Davida, ea bulang, ’me ho se ea ka koalang, ea koalang, ’me ho se ea ka bulang, o bolela tsena, . . . ke butse monyako pel’a hao, o ke keng oa koaloa ke motho.”

      Petrose o sebelisitse “linotlolo” tse neng li beiloe matleng a hae ho bulela (Bajode, Basamaria, Balichaba)

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela