Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • rs leq. 408-leq. 415
  • Tlhahlamano ea Baapostola

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhahlamano ea Baapostola
  • Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Litšoantšo
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Mopapa—Na ke “Mohlahlami oa Mohalaleli Petrose”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho se Fose le Bakreste ba Pele
    Tsoha!—1989
  • Na Petrose ke Mopapa oa Pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Ho Bea Mabaka ka Mangolo
rs leq. 408-leq. 415

Tlhahlamano ea Baapostola

Tlhaloso: Thuto ea hore baapostola ba 12 ba na le bahlahlami ba nehelelitsoeng matla ka ho thonngoa ke Molimo. Kerekeng ea Roma e K’hatholike, babishopo haele sehlopha ho boleloa hore ke bahlahlami ba baapostola, ’me ho boleloa hore mopapa ke mohlahlami oa Petrose. Ho boleloa hore bo-papa ba Roma ba hlahlama Petrose hantle ’me ba nkile sebaka sa hae le ho etsa mesebetsi ea hae, eena eo ho boleloang hore Kreste o ile a mo nea matla a mantlha holim’a Kereke eohle. Hase thuto ea Bibele.

Na Petrose e ne e le “lejoe” leo kereke e hahiloeng holim’a lona?

Matt. 16:18: “Ke re ho uena, u Petrose, ’me ka holim’a lejoe leo, ke tla haha kereke ea ka, ’me likhoro tsa ng̀alo ea bafu ha li ka ke tsa e hlōla.” (Hlokomela tabeng eo ho buuoang ka eona [litem. 13, 20] hore puisano e likoloha ho hore na Jesu ke mang.)

Baapostola Petrose le Pauluse ba ne ba utloisisa hore “lejoe,” “lejoe la ntlha” ke mang?

Lik. 4:8-11: “Eaba Petrose, a tletse Moea o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a sechaba, le lōna baholo . . . motho enoa ea emeng pel’a lōna, o folisitsoe ka lebitso la Jesu Kreste oa Nazaretha, eo lōna le mo thakhisitseng, eo Molimo o mpang o mo tsositse bafung. Ke eena e leng lejoe le nyatsitsoeng ke lōna lihahi, le entsoeng lejoe la ntlha la motheo [“lejoe la sekhutlo,” NAB].”

1 Pet. 2:4-7: “Le tle ho eena [Morena Jesu Kreste], . . . le lōna, le ke le hahuoe le le majoe a phelang, ho etsa ntlo ea Moea, . . . Hobane ho itsoe lengolong: Bonang, ke bea Sione lejoe la ntlha, le khethiloeng, la bohlokoa; ’me ea lumelang ho lona a ke ke a soaba. Efela e le la bohlokoa ho lōna ba lumetseng; empa, ha e le ho ba sa lumelang, lejoe le lahliloeng ke bahahi le fetohile ntlha ea motheo, le lejoe le khothometsang, le lefika le khopang.”

Ba-Ef. 2:20: “Le mohaho o theiloeng holim’a motheo oa baapostola le oa baprofeta, oo Jesu Kreste e leng eena lejoe la ntlha la oona.”

Augustine (ea neng a talingoa e le mohalaleli ke Kereke e K’hatholike) o ne a lumela eng?

“Nakong eona ena ea boprista ba ka, ke bile ka ngola le buka e tsoang lengolo la Donatus . . . Serapeng se seng bukeng ena, ke buile tjena ka Moapostola Petrose: ‘Holim’a hae, joalokaha eka ke holim’a lejoe, ho hahiloe Kereke,’ . . . Empa kea tseba hore hangata haholo hamorao, ke boetse ke hlalositse seo Morena a se buileng tjena: ‘Uena u Petrose, ’me holim’a lejoe lena ke tla haha Kereke ea ka,’ ho utloisisoe hore e hahiloe holim’a Eena eo Petrose a neng a mo bolela ha a re: ‘Uena u Kreste, Mora oa Molimo o phelang,’ ’me kahoo Petrose, ea rehelletsoeng ka lejoe lena, o ne a emela boleng ba Kereke e hahiloeng holim’a lejoe lena, ’me o amohetse ‘linotlolo tsa ’muso oa leholimo.’ Hobane, ho eena ho itsoe, ‘Uena u Petrose’ ha hoa thoe ‘uena u lejoe.’ Empa ‘lejoe e ne e le Kreste,’ eo a mo boletseng joalokaha Kereke eohle e mo bolela, Simone o ne a bitsoa Petrose.”—The Fathers of the Church—Saint Augustine, the Retractations (Washington, D.C.; 1968), e fetoletsoeng ke Mary I. Bogan, Buka I, leq. 90.

Na baapostola ba bang ba ne ba talima Petrose a ba phahametse?

Luka 22:24-26: “Khang le eona ea e-ba teng har’a bona [baapostola] ea ho tseba hore na ke ofe oa bona ea ka lekanngoang hoba ke e moholo. Empa a re ho bona: Marena a lichaba a li busa, ’me ba li busang ho thoe, ke bababalli ba tsona. Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna.” (Haeba Petrose e ne e le “lejoe,” na ho ne ho tla ba le khoao ea hore na ea nkoang a le “moholo” ho bona ke ofe?)

Kaha Jesu Kreste, hlooho ea phutheho, o-oa phela, na o hloka bahlahlami?

Ba-Heb. 7:23-25: “Hape, ha e le baprista ba pele [Iseraeleng], ba ’nile ba hlahlamana ba le bangata, ka hobane lefu le ne le ba sitisa ho lula ka mehla bopristeng. Empa eena [Jesu Kreste], kahobane ke oa ka mehla, o na le boprista bo sa abuoeng. Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Molimo ka eena, kahobane o ntse a phela ka mehla ho ba rapella.”

Ba-Roma 6:9: “Re tsoe re tseba hoba Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a e-shoa.”

Ba-Ef. 5:23: “Kreste . . . hloho ea Kereke.”

“Linotlolo” tse neng li beiloe tlhokomelong ea Petrose ke life?

Matt. 16:19, JB: “Ke tla u nea linotlolo tsa ’muso oa leholimo: eng le eng eo u e tlamang lefatšeng e tla nkoa e tlanngoe leholimong; eng le eng eo u e tlamollang lefatšeng e tla nkoa e tlamolotsoe leholimong.”

Ho Tšenolo, Jesu o buile ka senotlolo sa tšoantšetso seo a se sebelisetsang ho notlollela batho litokelo le menyetla

Tšen. 3:7, 8: “Ea halalelang, Oa ’nete, ea tšoereng senotlolo sa Davida, ea bulang, ’me ho se ea ka koalang, ea koalang, ’me ho se ea ka bulang, o bolela tsena, . . . ke butse monyako pel’a hao, o ke keng oa koaloa ke motho.”

Petrose o sebelisitse “linotlolo” tse neng li beiloe matleng a hae ho bulela (Bajode, Basamaria, Balichaba) monyetla oa ho amohela moea oa Molimo ka pono ea hore ba kene ’Musong oa Molimo

Lik. 2:14-39: “Eaba Petrose o ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentsoe, a bua, a re: Banna ba Judea, le lōna bohle ba aheletseng Jerusalema, . . . Jesu eo le mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste. Eitse ha ba utloa hoo, ba hlajoa lipelo, ’me ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa joang? Petrose a re ho bona: Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a kolobeletsoe ka lebitso la Jesu Kreste tšoarelong ea libe, ’me le tla nka neo ea Moea o Halalelang. Hobane pallo eo e etselitsoe lōna, le bana ba lōna, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitsoa ke Morena, Molimo oa rōna.”

Lik. 8:14-17: “Baapostola ba setseng Jerusalema, eare ha ba utloa hobane ba-Samaria ba amohetse lentsoe la Molimo, ba roma Petrose le Johanne ho bona. Bao, eitse hobane ba fihle, ba ba rapella hore ba neoe Moea o Halalelang. Hobane o no o e-so ho theohele le ho ea mong ho bona; empa ba ne ba sa kolobelitsoe feela ka lebitso la Morena Jesu. Eaba ba ba bea matsoho, ’me ba neoa Moea o Halalelang.” (Temana ea 20 e bontša hore ke Petrose ea neng a etelletse pele nakong ena.)

Lik. 10:24-48: “Eare ka hosasane, ba kena Cesarea. Kornele [Molichaba ea sa bollang] o na a ba lebeletse, . . . Eaba Petrose o ahlamisa molomo, . . . Eare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moea o Halalelang oa theohela holim’a bohle ba utloang lentsoe.”

Na leholimo le ne le emela Petrose hore a etse liqeto ebe le latela ketello pele ea hae?

Lik. 2:4, 14: “Bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea o ba buisang kateng. Eaba [kamor’a hore Kreste hlooho ea phutheho, a ba susumetse ka moea o halalelang] Petrose o ema le ba leshome le motso o mong, a phahamisa lentsoe, a bua.” (Bona temana ea 33.)

Lik. 10:19, 20: “Moea oa re ho eena [Petrose]: Banna ke bao ba bararo, ba u batla. Hlo u theohe, ’me u ee le bona [lapeng ha Molichaba Kornele], u se khanane, hobane ke ’na ke ba romileng.”

Bapisa Mattheu 18:18, 19.

Na Petrose ke eena moahloli oa hore na ke mang ea tšoaneloang ke ho kena ’Musong?

2 Tim. 4:1: “[Ke] Morena Jesu Kreste, ea tlang ho ahlola ba phelang le ba shoeleng.”

2 Tim. 4:8: “Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka oa ho loka oo ke o behetsoeng, oo Morena [Jesu Kreste], moahloli ea lokileng, a tlang ho ’nea oona ka letsatsi lela, e seng ’na feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.”

Na Petrose o ne a le Roma?

Roma e boletsoe litemaneng tse robong tsa Mangolo a Halalelang; ha ho le e ’ngoe ho tsona e reng Petrose o ne a le moo. Petrose oa Pele 5:13 e bontša hore o ne a le Babylona. Na hoo e ne e le ho bua ka Roma ka lebitso la lekunutu? Ho ba hoa hae Babylona ho ne ho le tumellanong le kabelo ea hae ea ho bolela ho Bajode (joalokaha ho bontšitsoe ho Ba-Galata 2:9), kaha baahi ba Bajode ba ne ba le bangata Babylona. Encyclopaedia Judaica (Jerusalema, 1971, Moq. 15, kar. 755), ha e bua ka ho hlahisoa hoa mekhoa le meetlo ea Bajode Babylona, e bua ka ‘likolo tse phahameng tsa thuto tsa Bajode Babylona’ Mehleng e Tloaelehileng.

Na ho na le letoto le sa khaotseng la bahlahlami ho tloha ho Petrose ho tla fihla ho bo-papa ba kajeno?

Mojesuti John McKenzie, ha e ne e le moprofesa oa thuto ea bolumeli Notre Dame, o ile a ngola: “Ha ho na bopaki ba histori bakeng sa letoto lohle la tlhahlamano ea baholo ba kereke.”—The Roman Catholic Church (New York, 1969), leq. 4.

New Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “ . . . khaello ea litokomane e siea ho hongata ho sa hlaka ka tsoelopele ea pejana ea babishopo . . . ”—(1967), Moq. I, leq. 696.

Ho ipolela hore motho o thontsoe ke Molimo ha ho bolele letho haeba ba ipolelang joalo ba sa utloe Molimo le Kreste

Matt. 7:21-23: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea ntate ea maholimong. Tsatsing leo, ba bangata ba tla re ho ’na: Morena, Morena, na ha rea ka ra profeta ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra leleka bademona ka lebitso la hao na? Na ha rea ka ra etsa mehlolo e mengata ka lebitso la hao na? Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha kea ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lōna ba sebetsang bokhopo.”

Bona le Jeremia 7:9-15.

Na ba ipolelang hore ke bahlahlami ba baapostola ba tšoarelletse lithutong le mekhoeng ea Jesu Kreste le baapostola ba hae?

A Catholic Dictionary e re: “Kereke ea Roma ke ea Boapostola, hobane thuto ea eona ke tumelo e kileng ea senoleloa Baapostola, e leng tumelo eo e e sireletsang le ho e hlalosa, e sa eketse kapa hona ho tlosa letho ho eona.” (London, 1957, W. E. Addis le T. Arnold, leq. 176) Na linnete lia lumela?

Ho khetholla Molimo

“Boraro-bo-bong ke lentsoe le sebelisetsoang ho hlalosa thuto ea sehlooho ea bolumeli ba Bokreste.”—The Catholic Encyclopedia (1912), Moq. XV, leq. 47.

“Lentsoe Boraro-bo-bong, kapa eona thuto eo ho thoeng e hlakile, ha li hlahe ka Testamenteng e Ncha . . . Thuto e ’nile ea ntlafatsoa butle-butle ka makholo a lilemo le ka likhang tse ngata-ngata.”—The New Encyclopædia Britannica (1976), Micropædia, Moq. X, leq. 126.

“Bahlalosi ba Bibele le baruti ba bolumeli, ho akarelletsa le Baroma ba K’hatholike ba ntseng ba eketseha ba ntse ba hlokomela hore motho a ke ke a bua ka Boraro-bo-bong ka Testamenteng e Ncha ntle le hore a bo tšehetse ka tlhaloso e matla. Bo-rahistori ba thuto le baruti ba tsamaiso ea bolumeli le bona ba hlokomela ka ho tšoanang hore ha motho a bua ka Boraro-bo-bong boo ho thoeng bo hlakile ha bo hloke ho hlalosoa, o khutletse ho hoo re ka reng ke lilemong tse mashome a mabeli a metso e mehlano tse qetellang lekholo la bo4 la lilemo, e seng tšimolohong ea Bokreste.”—New Catholic Encyclopedia (1967), Moq. XIV, leq. 295.

Ho se nyale hoa baruti

Mopapa Pauluse VI, lengolong la hae le potolohang le eang ho babishopo Sacerdotalis Caelibatus (Ho se Nyale hoa Baprista, 1967), o tiisitse ho se nyale e le tlamo bakeng sa baruti, empa o ile a lumela hore “Testamente e Ncha e bolokileng thuto ea Kreste le ea Baapostola . . . ha e hloke ka mokhoa o pepenene hore basebeletsi ba halalelang ba se ke ba nyala . . . Jesu ka Boeena ha a ka a ho fetola tlamo ha A khetha ba Leshome le Metso e ’Meli, leha e le hore Baapostola ba kile ba etsa joalo bakeng sa ba neng ba lebela metse ea pele ea Bakreste.”—The Papal Encyclicals 1958-1981 (Falls Church, Va.; 1981), leq. 204.

1 Ba-Kor. 9:5, NAB: “Na ha re na tokelo ea ho nyala mosali ea lumelang, joale ka baapostola ba bang, le banab’abo Morena, le Kefase?” (“Kefase,” ke lebitso la Searame leo Petrose a le reiloeng; bona Johanne 1:43. Bona le Mareka 1:29-31, moo ho buuoang ka mohoehali oa Simone, kapa Petrose.)

1 Tim. 3:2: “E ka khona molebeli [“mobishopo,” Dy] . . . e be monna oa mosali a le mong [“ea nyetseng ka lekhetlo le le leng feela,” NAB].”

Pele ho mehla ea Bokreste, Bobuddha bo ne bo hloka hore baprista le baitlami ba bona ba se ke ba nyala. (History of Sacerdotal Celibacy in the Christian Church, London, 1932, khat. ea bone, e ntlafalitsoeng, Henry C. Lea, leq. 6) Le pejana, lihlopha tse phaha-phahameng tsa boprista ba Babylona li ne li hlokoa ho se nyale, ho ea ka The Two Babylons ea A. Hislop.—(New York, 1943), leq. 219.

1 Tim. 4:1-3: ‘Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang le lithuto tsa bademona; ba tla hana ha batho ba nyala.’

Ho aroha lefatšeng

Mopapa Pauluse VI, ha a ne a bua le Machaba a Kopaneng ka 1965, o itse: “Batho ba lefatše ba retelehela ho Machaba a Kopaneng e le oona tšepo ea ho qetela ea tumellano le khotso; mona, Re rera ho hlahisa le bona tlotla ea hlompho le tšepo ea bona le ea Rōna.”—The Pope’s Visit (New York, 1965), Time-Life Special Report, leq. 26.

Joh. 15:19: “[Jesu Kreste o itse:] Hojane le le ba lefatše, lefatše le ka be le rata se sa lona; ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo lefatše le le hloile.”

Jak. 4:4: “Hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatše ke ho loantša Molimo [“ho etsa Molimo sera,” JB] na?”

Ho retelehela lihlomong tsa ntoa

Rahistori oa K’hatholike E. I. Watkin o-oa ngola: “Leha ho tla ba bohloko hakaalo ho lumela, rea sitoa hore ka baka la thahasello ea boitšoaro ba boikaketsi kapa ba bomene-mene re latole kapa re hlokomolohe ’nete ea histori ea hore Babishopo nako le nako ba tšehelitse lintoa tsohle tse loannoeng ke mebuso ea linaha tsa habo bona. Ha e le hantle, ha ke tsebe lekhetlo le le leng leo ho lona baruti ba sechaba ba kileng ba nyatsa ntoa leha e le efe hore ha e-ea loka . . . Ho sa tsotellehe hore na polelo ea molao e re’ng, ketsong, Babishopo ba K’hatholike ba ’nile ba latela molao oa hore ‘naha ea heso ha e ke be e fose.’”—Morals and Missiles (London, 1959), e hlophisitsoeng ke Charles S. Thompson, maq. 57, 58.

Matt. 26:52: “Eaba Jesu o re ho eena: Busetsa sabole ea hao selateng sa eona, hobane bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”

1 Joh. 3:10-12: ‘Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Molimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ea sa rateng ngoan’abo hase oa Molimo. Re ratane, ’me re se ke ra ba joale ka Kaine, e neng e le oa e mobe, ’me a bolaile ngoana’bo.’

Leseling la sena sohle, na bao ba ipolelang hore ke bahlahlami ba baapostola ba hlile ba rutile le ho itloaetsa se entsoeng ke Kreste le baapostola ba hae?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela