Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/1 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • “Morena, re Rute ho Rapela”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • ’Muso oa Molimo o Phahametse Mebuso Eohle ka Litsela Tsohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/1 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ka linako tse ling re utloa barab’abo rōna ba bua kapa ba rapella hore ’Muso oa Molimo o tle lefatšeng. Na polelo ee e nepahetse?

Bonneteng, hase tsela ea Mangolo ea ho hlalosa lintho. ’Muso oa Molimo ke oa leholimo. Ke kahoo moapostola Pauluse a neng a ka ngola: “Morena o tla ntopolla mosebetsing o mong le o mong o khopo ’me o tla mpholosa bakeng sa ’muso oa hae oa leholimo. Ho eena e be khanya ka ho sa feleng le ka mehla. Amen.”—2 Timothea 4:18; Matheu 13:44; 1 Bakorinthe 15:50.

’Muso o ile oa hlongoa leholimong ka 1914, ’me le ka mohla o ke ke oa fetisetsoa Paradeiseng e tsosolositsoeng ea lefatšeng kapa sebakeng se seng. Jesu Kreste ke Morena oa ’Muso. Joaloka Morena, Jesu o na le matla a ho laela holim’a mangeloi. Kahoo, sebaka sa hae se loketseng sa ho busa ke letsohong le letona la Molimo maholimong. Bakreste ba tlotsitsoeng ba kopanela le eena e le marena le baprista leholimong.—Baefese 1:19-21; Tšenolo 5:9, 10; 20:6.

Na joale, see se bolela hore re se hlole re etsa kōpo ho Molimo ka mantsoe a fumanoang karolong ea Thapelo ea Morena a reng: “’Muso oa hao a o tle. Thato ea hao a e etsahale, joaloka leholimong, hape le lefatšeng”? (Matheu 6:10) E seng joalo, thapelo eo e loketse ’me e ntse e e-na le moelelo o feletseng.

’Muso oa Molimo o sa ntsane o tla nka khato ea makhaola-khang ka lefatše lena, ’me sena ke seo re nahanang ka sona ha re rapela ’me re sebelisa polelo e tšoanang le e Thapelong ea Morena. Ka mohlala, Daniele 2:44 e re bolella esale pele hore ’Muso o tla ‘tla’ o felisa lichaba kaofela ’me o nke bobusi ba lefatše. Tšenolo 21:2 e bua ka Jerusalema e Mocha a theoha a e-tsoa leholimong. Jerusalema e Mocha o entsoe ka Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 bao e tlang ho ba monyaluoa oa Kreste. E boetse ke majalefa hammoho le Jesu ’Musong. Kahoo Tšenolo 21:2 e hlalosa ka mahlohonolo a maholo a tlelang moloko oa batho o tšepahalang, ha ba lebisa tlhokomelo ea bona lefatšeng.—Tšenolo 21:3, 4.

Ho fihlela ha boprofeta bona le bo bong bo babatsehang bo phethahetse, ho tla lula ho ntse ho loketse ho rapela Jehova Molimo tumellanong le mantsoe a Jesu, “’Muso oa hao a o tle.” Empa re lokela ho hopola hore ’Muso o ke ke oa tla polaneteng e Lefatše ka kutloisiso ea sebele. Puso ea ’Muso e lula leholimong, e seng lefatšeng.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]

Earth: Based on NASA photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela