Pono ea Bibele
Seo U Lokelang ho se Etsa ha U Khopisa ba Bang
TABA e teng. Ke seo u se hlokomelang. Ngoan’eno oa Mokreste ha a ka mahlong. Ha a bue hore na bothata ke eng empa o araba tumeliso ka monyebe—’me le teng haeba e le uena ea qalileng tumeliso! Na u lokela ho mo atamela e le hore u fumane hore na phoso e hokae?
Mohlomong u ka ’na ua nahana, ‘Ke bothata ba hae. Haeba ho na le ho hong hoo a ho nyatsang ho ’na, o lokela ho tla ho ’na ’me re buisane ka hona.’ Ke ’nete hore Bibele e khothaletsa motho ea khopisitsoeng ho nka khato pele ho bōpa khotso le ngoan’abo. (Bapisa le Mattheu 18:15-17.) Empa ho thoe’ng ka mokhopisi? Ke boikarabelo bofe, bo mahetleng a hae, haeba bo teng?
Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ka baka leo, ha u hlahisa kabelo ea hao aletareng, ’me teng u hopola hobane ngoan’eno o na le taba le uena, siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee ho boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.” (Mattheu 5:23, 24) Hlokomela hore mantsoe a Jesu mona a lebisitsoe ho mokhopisi. O na le boikarabelo bofe ho rarolleng bothata? Ho araba sena, a re ke re hlahlobisiseng seo mantsoe a Jesu a neng a se bolela ho bamameli ba hae ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo.
“Ha U Hlahisa Kabelo ea Hao Aletareng”
Mona Jesu o etsa setšoantšo se hlakileng: Morapeli oa Mojode o tlile Jerusalema ho o mong oa mekete ea selemo le selemo. O tlile le mpho—mohlomong phoofolo—bakeng sa ho etsetsa Jehova sehlabelo.a Ka sebele, ho etsa sehlabelo e ne e se tloaelo feela tjee e se nang sepheo. Buka ea Judaism—Practice and Belief ea hlalosa: “Ho khetha liphoofolo tsa sehlabelo tse nonneng, tse se nang sekoli, ho bona ha litsebi li li hlahlobisisa, ho tsamaella le tsona lijarete [limithara] li se kae haufi le aletare e tukang malakabe, ho nehelana ka tsona, ho li beha matsoho hloohong, ho bolela litšito le melato, kapa mohlomong ho etsa nyehelo ka phoofolo, ho e khaola qoqotho esita le ho e tšoara—tsena kaofela li ne li tiisa sepheo le tšabo e nang le tlhompho tse teng ka motsotso oo. . . . Ha ho motho ea neng a lumela hore Molimo o laetse tšebetso eo kaofela . . . ea neng a ka ba ho eona a sa nkehe maikutlong.”
Kahoo mantsoe a Jesu ho Mattheu 5:23, 24 a lebisa bamameli ba hae motsotsong o neng o tlala sepheo le tšabo e nang le tlhompho ho morapeli oa Mojode. Setsebi se seng sa Bibele se hlalosa boemo ka tsela ena: “Ha morapeli a kena Tempeleng; o ne a feta har’a letoto la mabala, Lebala la Balichaba, Lebala la Basali, Lebala la Banna. Ka ’nģane ho ’ona e ne e le Lebala la Baprista moo batho feela ba neng ba sa kene. Morapeli o ne a ema tselaneng e kenang lebaleng, a se a loketse ho nehelana ka phoofolo ea hae ea sehlabelo ho moprista; matsoho a hae a le holim’a [hlooho ea phoofolo] hore a tle a bolele litlōlo tsa hae.”
Nakong ena ea bohlokoa, morapeli o hopola hore ngoan’abo o na le taba khahlanong le eena. E ka ’na eaba mohlomong ke letsoalo la hae ka bolona le mo bolellang sena, kapa mohlomong o hlokometse boitšoarong ba ngoan’abo hore ho na le se mo khopisitseng. Ke eng seo a lokelang ho se etsa?
“Siea Kabelo ea Hao . . . , U ee”
Jesu oa hlalosa: “Siea kabelo ea hao moo, pel’a aletare, u ee.” Hobane’ng? Ke eng e ka bang bohlokoa ho feta ho chesetsa Jehova sehlabelo motsotsong oo? Jesu o tsoela pele ho hlalosa: “Boelana le ngoan’eno pele, u ntano tla hlahisa kabelo ea hao.” Kahoo morapeli o siea kabelo ea hae moo aletareng ea licheso e ntse e phela ’me oa tsamaea o il’o batla ngoan’abo ea khopisitsoeng.
Kaha ke mokete, ngoan’abo ea khopisitsoeng o tšoanela hore a be a le teng har’a baeti ba bangata ba tlileng Jerusalema. Ka literata tse patisaneng le ka matlo a teteaneng hammoho, Jerusalema e na le palo e khōlo ea baahi. Empa kaha ke mokete, motse o tletse le ho feta ke baeti.b
Esita le haeba batho ba tsoang motseng o le mong ba ne ba tsamaea ’moho ’me ba lula liahelong li le ling, ho fohla motse o teteaneng e le hore a fumane motho e mong ho ne ho hloka boiteko bo itseng. Ka mohlala, nakong ea Mokete oa Metlotloane, baeti ba ne ba hloma metlotloane ea bona kae le kae motseng le litseleng le lirapeng tse pota-potileng Jerusalema. (Levitike 23:34, 42, 43) Leha ho le joalo, morapeli oa Mojode o ne a lokela ho batla ngoan’abo ea khopisitsoeng ho fihlela a mo fumane. Joale ebe?
Jesu o re: “Boelana le ngoan’eno.” Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boelana” le tsoa ho leetsi (di·al·lasʹso) le bolelang “‘ho etsa phetoho, ho fapanyetsana,’ ’me kahoo ‘ho boelanya.’” Hoba a etse boiteko bo boholo ba ho fumana ngoan’abo ea khopisitsoeng, morapeli oa Mojode o leka ho bōpa khotso le eena. Joale, Jesu o re, a ka khutlela tempeleng ’me a nyehela kabelo ea hae, hobane joale Molimo a ka e amohela.
Kahoo mantsoe a Jesu ho Mattheu 5:23, 24 a ruta thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa: Poelano, kapa khotso, e tla pele ho sehlabelo. Tsela eo re tšoarang barapeli-’moho le rōna ka eona e ama ka ho toba kamano ea rōna le Molimo.—1 Johanne 4:20.
Seo U Lokelang ho se Etsa ha U Khopisa ba Bang
Ho thoe’ng, joale, haeba u iphumana u le boemong bo hlalositsoeng qalong ea sehlooho see—u hlokomela hore u khopisitse morapeli-’moho le uena? U lokela ho etsa joang?
Sebelisa keletso ea Jesu, nka khato pele ho atamela ngoan’eno. Ka sepheo sefe? Ho mo kholisa hore ha a na lebaka la ho khopeha? Ka sebele e seng joalo! Mohlomong bothata hase ho se utloisisane ho fokolang feela. Jesu o itse: “Boelana le ngoan’eno.” Haeba ho khoneha, tlosa lehloeo pelong ea hae. (Ba-Roma 14:19) Ho finyella seo, ho ka ’na ha hlokahala hore u amohele maikutlo a hae a utloileng bohloko, e seng hore u a latole. Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore u botse, ‘Nka etsa eng ho lokisa boemo?’ Hangata, sohle se hlokahalang ke ho kōpa tšoarelo e se nang boikaketsi. Leha ho le joalo, maemong a mang, motho ea khopisitsoeng a ka ’na a hloka nako e itseng ho lokisa maikutlo a hae.
Ho thoe’ng, haeba le ka mor’a ho etsa boiteko bo bongata ba ho bōpa poelano u ntse u hlōleha? Ba-Roma 12:18 e re: “Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Kahoo u ka kholiseha hore hang ha u sebelelitse ho bōpa khotso, Jehova o tla khahloa ho amohela borapeli ba hao.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nako e tloaelehileng ea ho tlisa mahlabelo a nyehelo e ne e le nakong ea mekete e meraro ea selemo—Paseka, Pentekonta le Metlotloane.—Deuteronoma 16:16, 17.
b Likhakanyo lia fapana mabapi le palo ea baeti ba neng ba e-tla Jerusalema ea boholo-holo bakeng sa mekete. Rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo, Josephus, o hakanya hore Bajode ba ka bang limilione tse tharo ba ne ba e-ba teng moketeng oa Paseka.—The Jewish War, II, 280 (xiv, 3); VI, 425 (ix, 3).