Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/05 leq. 1
  • Phehella ho Bolela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phehella ho Bolela
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsoelang Pele Le Bolela ka ’Muso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • “E-eang ’me le Etse Batho ba Lichaba Tsohle Barutuoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Tsoelang Pele le Bolela!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Tlaleho ea Lefatše ka Bophara—Lipalo-kakaretso Tsa 2004
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
km 4/05 leq. 1

Phehella ho Bolela

1 Linako tse mahlonoko li fihlile. Liqhoebeshano tsa sechaba, lintoa tsa morabe, likoluoa tsa tlhaho le liketsahalo tse ling tse tšosang li jele setsi. Ho feta leha e le neng pele, hona joale moloko oa batho o hloka litaba tse molemo. Leha ho le joalo, ho se thahaselle lintho tsa moea ho atile. Libakeng tse ling, e ka ’na eaba ho thata ho fumana batho lapeng kapa ho thata haholo ho fumana batho ba tla re mamela kapa ba batlang ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore re phehelle ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng.—Mat. 24:14.

2 Ho Rata Batho: Boboleli ba rōna bo totobatsa hore Jehova o rata batho. “Ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Pet. 3:9; Ezek. 33:11) Kahoo, joalokaha Jesu a boletse, o laetse hore “litaba tse molemo li lokela ho boleloa lichabeng tsohle pele.” (Mar. 13:10) Molimo o ipiletsa ho batho hore ba khutlele ho eena ’me ba qobe kahlolo e tlelang lefatše la Satane. (Joele 2:28, 29, 32; Sof. 2:2, 3) Na ha re lebohe hore ebe Jehova o ile a re fa monyetla oo?—1 Tim. 1:12, 13.

3 Tlaleho ea lefatše ka bophara e bontša hore selemong sa tšebeletso sa 2004, ka karolelano ho ile ha khannoa lithuto tsa Bibele tse 6 085 387 khoeli ka ’ngoe, ’me ka karolelano ha kolobetsoa barutuoa ba bacha ba ka bang 5 000 beke ka ’ngoe! Ba bang ho bana ba sa tsoa inehela ba ile ba fumanoa ka lebaka la hore Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bahoeletsi ba ho phehella ho bua le motho e mong le e mong masimong ao ba a abetsoeng. Seo se entse hore ho be le thabo e kaakang ka liphuthehong, ’me ke tokelo e kaakang ho ba basebetsi-’moho le Molimo mosebetsing oo o pholosang bophelo!—1 Bakor. 3:5, 6, 9.

4 Ho Rorisa Lebitso la Molimo: Re phehella ho bolela e le hore re rorise Jehova phatlalatsa ’me re halaletse lebitso la hae ka pel’a batho bohle. (Baheb. 13:15) Satane o thetsitse “lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona” hore le lumele hore Molimo ha a na matla a ho rarolla mathata a batho, hore ha a tsotelle mahlomola a batho kapa hore ho hang ha a eo. (Tšen. 12:9) Ka boboleli ba rōna, re tšehetsa ’nete e mabapi le Ntate oa rōna oa leholimo ea khanyang. E se eka re ka tsoela pele ho rorisa lebitso la hae—hona joale le ka ho sa feleng.—Pes. 145:1, 2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela