Pina ea 148
Ho Hōlisa Morena Molimo oa Rōna
1. A re bineleng Jehova!
Re mo hōliseng kamehla.
Re hōlise bitso la hae
’Me re le pake kae le kae.
O re fa tlhoko tsa rōna
Hore re se ke ra khopjoa.
A re tšepeheng ho eena;
Jehova ke Ntate’a mosa.
2. A re tšepeheng nthong tsohle,
Re’ipakeng re le ba ’nete.
Molim’o khabane ruri;
Re mo rokeng re sa phetse.
O lisitse ba mo ratang;
Ha ho moo ba nyolosetsang.
O re thusa ho mamella.
Re boka Moren’a rōna.
3. ’Musong oa Molim’o haufi
Hoa ba teng toka le ’nete.
O tumiseng le sa tšabe,
Lōna ba ntseng ba’o letetse.
Jehova o beile t’roneng
Morena ea sa hanyetsoeng.
O felisa balotsana
Ho rokoe borena ba Jah.