Thuto 49
Ho Fanoe ka Mabaka a Utloahalang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Fana ka bopaki bo khotsofatsang ho tšehetsa seo u se buang.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Bamameli ba hao ba ke ke ba lumela kapa ba sebelisa seo u se buang ntle leha ba kholisehile hore ke ’nete.
HA U bua ho itseng, bamameli ba hao ba na le mabaka a utloahalang a ho ipotsa potso ena: “Ke hobane’ng ha seo e le ’nete? Ho na le bopaki bofe ba hore seo sebui se se buang se lokela ho lumeloa?” Joaloka mosuoe, u na le boikarabelo ba ho araba lipotso tseo kapa ho thusa bamameli ba hao ho fumana likarabo tsa tsona. Haeba ntlha e itseng e le ea bohlokoa bakeng sa taba ea hao, tiisa hore u neha bamameli ba hao mabaka a utloahalang a ho e lumela. Sena se tla etsa hore nehelano ea hao e be e susumetsang.
Moapostola Pauluse o ile a sebelisa tšusumetso. Ka ho sebelisa mabaka a utloahalang, le ho nahana ka mokhoa o kholisang, le ka ho etsa boipiletso bo tiileng, o ne a batla ho fetola monahano oa bao a neng a bua le bona. O ile a re behela mohlala o motle. (Lik. 18:4; 19:8) Ke ’nete hore libui tse ling li sebelisa tšusumetso ho thetsa batho. (Mat. 27:20; Lik. 14:19; Bakol. 2:4) Li ka ’na tsa qala ka ho sebelisa khopolo e fosahetseng, tsa itšetleha ka mehloli e leeme, tsa sebelisa mabaka a sa utloahaleng, tsa hlokomoloha linnete tse sa lumellaneng le likhopolo tsa tsona, kapa tsa ipiletsa haholo maikutlong a batho ho e-na le ho behelana mabaka le bona. Re lokela ho ba seli hore re qobe mekhoa eo kaofela.
A Thehiloe ka Tieo Lentsoeng la Molimo. Ha rea lokela ho ruta lintho tseo re iqallang tsona. Re leka ho arolelana le ba bang seo re ithutileng sona ka Bibeleng. Likhatiso tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene li re thusitse haholo ho sena. Likhatiso tsena li re khothalletsa ho hlahloba Mangolo ka hloko. Ka lehlakoreng le leng, re lebisa ba bang Bibeleng, eseng ka sepheo sa ho paka hore re nepile, empa ka takatso e ikokobelitseng ea hore ba iponele seo e se buang. Re lumellana le Jesu Kreste, ea ileng a re ho Ntat’ae thapelong: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Joh. 17:17) Ha ho na bolaoli bo fetang ba Jehova Molimo, ’Mōpi oa leholimo le lefatše. Mabaka a rōna e tla ba a utloahalang haeba a thehiloe Lentsoeng la hae.
Ka linako tse ling u ka ’na ua bua le batho ba sa tloaelanang le Bibele kapa ba sa e amoheleng e le Lentsoe la Molimo. U lokela ho sebelisa kahlolo e molemo mabapi le hore na u kenyelletsa litemana tsa Bibele neng hona joang. Empa u lokela ho leka ho lebisa tlhokomelo ea bona mohloling oo o tšepahalang oa boitsebiso kapele kamoo ho khonehang.
Na u lokela ho phetha ka hore ho qotsa feela lengolo le loketseng ho fana ka lebaka le utloahalang? Che. Ho ka ’na ha hlokahala hore u lebise tlhokomelo litemaneng tse potolohileng ho bontša hore ka sebele lengolo leo le hlile le tšehetsa seo u se buang. Haeba u sebelisa molao-motheo oa lengolo feela ’me litemana tse potolohileng li sa bue ka taba eo, ho ka ’na ha hlokahala hore u fane ka bopaki bo eketsehileng. Ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise mangolo a mang a amanang le taba eo e le hore u kholise bamameli ba hao hore ka sebele seo u se buang se thehiloe ka tieo Mangolong.
Qoba ho fetelletsa seo lengolo le se bontšang. Le bale ka hloko. Mohlomong temana eo e akaretsa taba eo u e tšohlang. Leha ho le joalo, hore lebaka la hao le susumetse, momameli oa hao o lokela ho bona bopaki ba seo u se buang.
A Tšehelitsoe ke Bopaki bo Tlatsetsang. Maemong a mang, ho ka ’na ha thusa ho sebelisa bopaki bo tsoang mohloling o mong o tšepahalang ntle ho Bibele ho thusa batho ho utloisisa bohlale ba Mangolo.
Ka mohlala, u ka supa bokahohle bo bonahalang e le bopaki ba hore ’Mōpi o teng. U ka lebisa tlhokomelo melaong ea tlhaho, e kang matla a khoheli le ho bontša ka mabaka hore melao e joalo e totobatsa hore ho na le Monehi-molao. Mokhoa oa hao oa ho beha mabaka o tla utloahala haeba o lumellana le se boletsoeng Lentsoeng la Molimo. (Jobo 38:31-33; Pes. 19:1; 104:24; Bar. 1:20) Bopaki bo joalo boa thusa hobane bo bontša hore seo Bibele e se buang se lumellana le linnete tse bonahalang.
Na u leka ho thusa motho e mong ho hlokomela hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo? U ka ’na ua qotsa litsebi tse lumelang joalo, empa na seo se fana ka bopaki? Mantsoe a joalo a qotsitsoeng a mpa feela a thusa batho ba hlomphang litsebi tseo. Na u ka sebelisa saense ho paka hore Bibele ke ’nete? Haeba u ne u ka sebelisa mehopolo ea bo-rasaense ba sa phethahalang e le mohloli oa hao o tšepahalang oa boitsebiso, u ne u tla be u haha holim’a motheo o sa tieang. Ka lehlakoreng le leng, haeba u qala ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo ’me u ntan’o lebisa tlhokomelo litšibollong tsa saense tse totobatsang ho nepahala ha Bibele, mabaka a hao a tla be a thehiloe holim’a motheo o tiileng.
Ho sa tsotellehe hore na u leka ho paka eng, fana ka bopaki bo lekaneng. Ho tla itšetleha ka bamameli ba hao hore na ho hlokahala bopaki bo bokae. Ka mohlala, haeba u tšohla taba ea matsatsi a ho qetela e hlalositsoeng ho 2 Timothea 3:1-5, u ka ’na ua lebisa tlhokomelo ea bamameli ba hao tlalehong e tsebahalang ea litaba e bontšang hore batho ‘ha ba na lerato la tlhaho.’ Mohlala oo feela o lekane ho paka hore tšobotsi ena ea pontšo ea matsatsi a ho qetela e ntse e phethahala hona joale.
Papiso—e leng ho bapisa lintho tse peli tse nang le litšobotsi tsa bohlokoa tse tšoanang—hangata e ka thusa. Papiso ka boeona ha e fane ka bopaki ba taba; ho nepahala ha eona ho lokela ho bapisoa le seo Bibele ka boeona e se bolelang. Empa papiso e ka thusa motho ho utloisisa bohlale ba khopolo e itseng. Ka mohlala, ho ka ’na ha sebelisoa papiso e joalo ha ho hlalosoa hore ’Muso oa Molimo ke puso. U ka ’na ua bontša hore joaloka mebuso ea batho, ’Muso oa Molimo o na le babusi, bafo, melao, tsamaiso ea boahloli le tsamaiso ea thuto.
Ho ka ’na ha sebelisoa liphihlelo tsa sebele ho bontša bohlale ba ho sebelisa keletso ea Bibele. Liphihlelo tsa botho le tsona li ka sebelisoa ho tšehetsa lipolelo tse boletsoeng. Ka mohlala, ha u bontša motho bohlokoa ba ho bala le ho ithuta Bibele, u ka ’na ua hlalosa kamoo ho etsa joalo ho ntlafalitseng bophelo ba hao kateng. E le hore a khothatse barab’abo, moapostola Petrose o ile a bua ka ho fetoha sebōpeho, hoo a ileng a ho bona ka mahlo. (2 Pet. 1:16-18) Pauluse le eena o ile a bua ka liphihlelo tsa hae. (2 Bakor. 1:8-10; 12:7-9) Ho hlakile hore u lokela ho sebelisa liphihlelo tsa hao tsa botho ka mokhoa o lekanyelitsoeng e le hore u se ke ua ikhapela tlhokomelo e sa hlokahaleng.
Kaha batho ba fapana ka limelo le ka menahano, bopaki bo kholisang motho e mong bo ka ’na ba se ke ba khotsofatsa motho e mong. Ka hona, nahanela maikutlo a bamameli ba hao ha u etsa qeto mabapi le hore na ke mabaka afe ao u tla a sebelisa le hore na u tla nehelana ka ’ona joang. Liproverbia 16:23 e re: “Pelo ea ea bohlale e etsa hore molomo oa hae o bontše temohisiso, ’me e eketsa tšusumetso molomong oa hae.”
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Ho e-na le ho bua feela, fana ka bopaki bo khotsofatsang ho tšehetsa lintlha tsa bohlokoa.
Theha mabaka ka ho tiea Mangolong.
Sebelisa bopaki bo tlatsetsang bo tšoanelang lipakane tsa hao le litlhoko tsa bamameli ba hao.
BOITLHAKISO: (1) Phetla sehloohong se seholo se reng “Jesu Kreste” bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Hlokomela kamoo lipotso li arajoang kateng ka ho lebisa tlhokomelo e khōlō Bibeleng. (2) Hlahloba letoto la lihlooho tsa selelekela tsa Molula-Qhooa kapa Tsoha! Khetha lintlha tse ’maloa tsa sehlooho tse hōlisitsoeng. Thalla mola tlas’a mangolo a sehlooho ’me u tšoaee bopaki bo tlatsetsang.