Thuto 50
Boiteko ba ho Finyella Pelo
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Nahanela tsela eo batho ba ikutloang ka eona ka litaba tse ntseng li tšohloa. Ba thuse ho ba le maikutlo le litšusumetso tse tla fella ka hore ba atamele haufi le Molimo le ho ba metsoalle ea hae.
Ke Hobane’ng ha e le ba Bohlokoa?
E le hore batho ba khahlise Jehova, Lentsoe la Molimo le lokela ho kenngoa ka botebo lipelong tsa bona.
HO PHAELLA ho pakeleng batho, u lokela ho etsa boiteko ba ho finyella lipelo tsa bona. Ka Bibeleng, hangata pelo e hlalosoa e fapane le seo motho a bonahalang a le sona ka ntle. Pelo ea tšoantšetso e emela seo motho a leng sona ka hare—kamoo a ikutloang kateng, sohle seo a se nahanang, lebaka leo a nahanang joalo ka lona le kamoo menahano eo e susumetsang liketso tsa hae kateng. Peō ea ’nete e jaloa ka pelong ena ea tšoantšetso. (Mat. 13:19) Ho utloa Molimo ho lokela ho tsoa pelong.—Liprov. 3:1; Bar. 6:17.
E le hore thuto ea hao e fihle botebong boo, lebisa tlhokomelo lipakaneng tsena: (1) Lemoha lintho tse seng li ntse li susumelitse pelo ea momameli oa hao. (2) Matlafatsa litšoaneleho tse molemo, tse kang lerato le tšabo ea bomolimo. (3) Khothalletsa momameli oa hao ho sekaseka maikutlo a hae a ka hare-hare e le hore a ka khahlisa Jehova ka ho feletseng.
Ho Sebelisa Temoho. Mabaka a hore na ke hobane’ng ha batho ba e-s’o amohele ’nete aa fapana. Ha u khanna thuto ea lehae ea Bibele, ho ka ’na ha hlokahala hore u hlōle leeme ’me u fane ka lintlha e le hore u tlose maikutlo a fosahetseng ao seithuti se nang le ’ona, kapa ho ka ’na ha hlokahala hore u fane ka bopaki feela. Ipotse: ‘Na motho eo oa hlokomela hore joaloka motho o na le litlhoko tsa moea? Ke boitsebiso bo bokae boo a seng a ntse a bo lumela? Ke lintho life tseo a sa li lumeleng? Ke hobane’ng ha a ile a fihla sephethong seo? Na o hloka thuso ea ho hlōla litakatso tse ka mo thibelang ho amohela boikarabelo bo tsamaisanang le ho tseba ’nete?’
Hase kamehla ho leng bonolo ho fumana hantle hore na ke hobane’ng ha batho ba lumela lintho tse itseng. Liproverbia 20:5 e re: “Morero ka pelong ea motho o joaloka metsi a tebileng, empa motho ea nang le temoho o tla o kha.” Temoho ke bokhoni ba ho utloisisa ntho e sa totobalang. Sena se hloka kelo-hloko e khōlō le boikutlo bo bontšang ho tsotella.
Puisano ha e etsoe ka molomo feela. Taba e itseng e ka fetola tšobotsi ea seithuti ea sefahleho kapa molumo oa sona oa lentsoe. Haeba u motsoali, ha ho pelaelo hore ua tseba hore ho fetoha ha boitšoaro ba ngoana oa hao ho ka ’na ha bontša hore ho na le tšusumetso e itseng e ncha e mo amang bophelong. U se ke ua hlokomoloha matšoao ana. Ke matšoao a bontšang se ka pelong ea motho.
Lipotso tse khethiloeng hantle li ka u thusa hore u khone ho tseba se ka pelong ea motho. U ka ’na ua botsa: “U ikutloa joang ka . . . ?” “U kholisitsoe ke eng hore . . . ?” “U ne u tla itšoara joang haeba . . . ?” Leha ho le joalo, hlokomela hore u se ke ua hlasela batho ka letoto la lipotso. Ka bohlale u ka ’na ua kenyelletsa lipotso tsa hao ka ho re, “E-re nke ke botse . . . ?” Ho tseba se ka pelong ke mosebetsi o hlokang tlhokomelo o sa lokelang ho etsoa ka lepotlapotla. Maemong a mangata ho lokela ho feta nako e itseng pele motho a ka u tšepa le ho ikemisetsa ho u phetlela sefuba. Ho ntse ho le joalo, u lokela ho ba hlokolosi e le hore motho eo a se ke a nahana hore u se u itšunya-tšunya linthong tseo u sa tšoanelang ho li tseba.—1 Pet. 4:15.
Tsela eo u itšoarang ka eona ka seo motho a se buileng le eona e hloka temoho. Hopola hore sepheo sa hao ke ho utloisisa batho e le hore u tsebe ho etsa qeto mabapi le hore na ke boitsebiso bofe bo thehiloeng Bibeleng bo ka ba susumetsang. Kapele-pele hanela tšusumetso leha e le efe ea ho batla ho pepesa ho fosahala ha maikutlo a bona. Ho e-na le hoo, e-ba ea falimehileng e le hore u tsebe ho lemoha maikutlo a susumetsang mantsoe a bona. Joale u tla tseba kamoo u lokelang ho arabela kateng; ’me seithuti sa hao, kahobane se ikutloa hore ua se utloisisa, se tla nahana ka ho teba ka seo u se buang.—Liprov. 16:23.
U ka khona ho susumetsa batho ka bomong ho isa bohōleng bo itseng, esita leha u bua le sehlopha se seholo. Haeba u sheba bamameli hantle, u hlokomela litšobotsi tsa sefahleho le ho botsa lipotso tse sa hlokeng karabo tse susumelletsang motho ho nahana, u tla khona ho bona hore na bamameli ba hao ba ikutloa joang ka seo u se buang. Haeba u tseba bamameli ba hao hantle, nahanela maemo a bona. Nahanela boikutlo ba phutheho ka kakaretso ha u ntse u behelana mabaka le eona ka Lentsoe la Molimo.—Bagal. 6:18.
Ho Tsosa Maikutlo a Molemo. Ha u se u tseba seo motho a se lumelang, le seo a sa se lumeleng le lebaka la seo, u tla tseba seo u lokelang ho se etsa. Ka mor’a tsoho ea hae, Jesu o ile a finyella lipelo tsa barutuoa ba hae ka ho ba “bulela Mangolo ka botlalo” mabapi le liketsahalo tse neng li sa tsoa etsahala haufinyane. (Luka 24:32) Le uena u lokela ho loanela ho etsa hore phihlelo eo motho a bileng le eona, seo a se lakatsang, se hokahane le seo a se hlokometseng ka Lentsoeng la Molimo. Pelo ea seithuti e tla ameha hamolemo ha se hlakeloa hantle hore: “Ka sebele ena KE ’NETE!”
Ha u hatisa molemo oa Jehova, lerato la hae, mosa oa hae o sa tšoanelang le ho loka ha litsela tsa hae, u thusa liithuti tsa hao ho tiisa lerato la tsona ho Molimo. Ha u ipha nako ea ho bontša bamameli ba hao litšoaneleho tse ntle tseo Molimo a li bonang ho bona ka bomong, u ba fa lebaka la ho lumela hore ba ka khona ho ba le kamano ea botho le eena. Sena se ka etsoa ka ho tšohla litemana tse kang Pesaleme ea 139:1-3, Luka 21:1-4 le Johanne 6:44 le ka ho thusa bamameli ba hao ho utloisisa botebo ba kamano e lerato eo Jehova a nang le eona le bahlanka ba hae ba tšepahalang. (Bar. 8:38, 39) Hlalosa hore Jehova ha a shebe liphoso tsa rōna feela empa o bona tsela eohle ea rōna ea bophelo, ho chesehela ha rōna borapeli bo hloekileng, ho rata ha rōna lebitso la hae. (2 Likron. 19:2, 3; Baheb. 6:10) O hopola esita le lintlha tse nyenyane ka ho fetisisa tsa ho bōptjoa ha rōna ’me ka tsela e tsotehang o tla tsosa “bohle ba mabitleng a khopotso.” (Joh. 5:28, 29; Luka 12:6, 7) Kaha batho ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo, ho bua ka litšoaneleho tsa hae hangata ho etsa hore motho a arabele hamolemo.—Gen. 1:27.
Hape pelo e ka ameha ha motho a ithuta ho talima batho ba bang kamoo Jehova a ba talimang kateng. Ho hlakile hore haeba Molimo oa rōna a bontša kameho e mofuthu ho rōna ka bomong, o boetse o nahanela le ba bang ka ho tšoanang, ho sa tsotellehe semelo sa bona, bochaba, kapa morabe. (Lik. 10:34, 35) Hang ha motho a se a e-na le kutloisiso e joalo, ho tla ba le motheo o tiileng oa Mangolo oa hore a ntše lehloeo le leeme pelong ea hae. Sena se tla mo thusa ho sebelisana le ba bang ka khotso ha a ntse a ithuta ho etsa thato ea Molimo.
Boikutlo bo bong boo u lokelang ho thusa ba bang ho bo hlaolela ke tšabo ea bomolimo. (Pes. 111:10; Tšen. 14:6, 7) Tlhompho e joalo e tebileng, kapa ho tšaba Molimo, e ka susumelletsa motho hore a finyelle seo a neng a ke ke a se finyella ka matla a hae. Ka ho tšohla mesebetsi ea Jehova e susumetsang tšabo le mosa oa hae o lerato o tsotehang, u ka thusa ba bang ho ba le tšabo e molemo ea ho etsa se sa mo thabiseng.—Pes. 66:5; Jer. 32:40.
Tiisa hore bamameli ba hao baa utloisisa hore boitšoaro ba bona ke ba bohlokoa ho Jehova. O na le maikutlo ’me tsela eo re latelang tataiso ea hae ka eona e etsa hore a soabe kapa a thabe. (Pes. 78:40-42) Bontša batho hore na ke hobane’ng ha boitšoaro ba bona e le ba bohlokoa ho arabeleng phephetso eo Satane a e lebisang ho Molimo.—Liprov. 27:11.
Thusa bamameli ba hao ho utloisisa hore ho finyella se hlokoang ke Molimo ho molemo ho bona. (Esa. 48:17) Tsela e ’ngoe eo sena se ka etsoang ka eona ke ka ho bontša liphello tseo ho qhela bohlale ba Molimo, esita le ka motsotsoana feela, ho bang le tsona ’meleng le maikutlong. Hlalosa kamoo sebe se re arohanyang le Molimo kateng, kamoo se amohang ba bang monyetla oa ho ithuta ’nete ho rōna le kamoo se hlokomolohang litokelo tsa bona kateng. (1 Bathes. 4:6) Thusa bamameli ba hao ho ananela litlhohonolofatso tseo ba seng ba ntse ba li thabela ka lebaka la ho boloka melao ea Molimo. Matlafatsa kananelo ea bona tabeng ea hore ho tsamaea litseleng tse lokileng tsa Jehova ho re sireletsa mahlomoleng a mangata. Hang feela ha motho a se a e-na le tumelo bohlaleng ba litsela tsa Molimo, o tla nyonya tsela e ’ngoe le e ’ngoe e khahlanong le tsona. (Pes. 119:104) A ke ke a nka ho utloa e le moroalo, empa o tla ho nka e le tsela ea ho bontša boinehelo bo lerato ho Jehova joaloka motho.
Ho Thusa ba Bang ho Itlhahloba. E le hore batho ba tsoele pele ho hōla moeeng, ba lokela ho ameha ka se ka lipelong tsa bona. Hlalosa kamoo Bibele e ka ba thusang ho etsa sena kateng.
Thusa bamameli ba hao ho hlokomela hore Bibele hase tlaleho feela ea melao, keletso, liketsahalo tsa histori le boprofeta. E boetse e senola monahano oa Molimo. Ho Jakobo 1:22-25, Lentsoe la Molimo le bapisoa le seipone. Molaetsa oa Bibele o senola se ka lipelong tsa rōna ha re arabela ho seo o se buang le ha re arabela tseleng eo Jehova a phethahatsang morero oa hae ka eona. Kahoo o senola kamoo Molimo, ea “hlahlobang lipelo,” a re talimang kateng. (Liprov. 17:3) Khothalletsa bamameli ba hao ho hopola sena. Ba phehelle hore ba thuise ka seo Molimo a re boloketseng sona tlalehong ea Bibele le ka hore na ke liphetoho life tseo ba lokelang ho li etsa bophelong ba bona e le hore ba mo khahlise haholoanyane. Ba thuse hore ba talime ho bala Bibele e le mokhoa oa ho tseba kamoo Jehova a lekanyetsang “menahano le boikemisetso ba pelo” kateng e le hore ba ka sebelisana le Molimo ho etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang.—Baheb. 4:12; Bar. 15:4.
Liithuti tse ling tsa Bibele li ka batla ho nka khato ka seo li ithutang sona; empa li tšoenyeha ka hore na batho ba bang ba tla re’ng. Mohlomong li loantša litakatso tse itseng tse matla tsa nama. Kapa e ka ’na eaba li ikemela ka hore li tla fumana tsela e itseng ea ho sebeletsa Molimo ha ka nako e tšoanang li ntse li khomaretse mekhoa ea lefatše. Bontša likotsi tse ka tlisoang ke ho qeaqea ho joalo. (1 Mar. 18:21) Li phehelle hore li rapele Molimo hore a hlahlobe lipelo tsa tsona le ho li hloekisa.—Pes. 26:2; 139:23, 24.
Li bontše hore Jehova o utloisisa boikitlaetso boo li bo etsang le hore Bibele e hlalosa se ntseng se etsahala. (Bar. 7:22, 23) Li thuse hore li be hlokolosi e le hore li se ke tsa hatelloa ke litšekamelo tsa pelo e sa phethahalang.—Liprov. 3:5, 6; 28:26; Jer. 17:9, 10.
Khothalletsa e mong le e mong hore a hlahlobe sepheo sa hae sa ho etsa lintho. Mo rute hore a ipotse: ‘Ke hobane’ng ha ke batla ho etsa see? Na se tla bontša Jehova hore ke hlile ke ananela sohle seo a nketselitseng sona?’ Sebeletsa ho matlafatsa kholiseho ea hore ho ba le kamano e ntle le Jehova ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho leha e le ofe a ka bang le eona.
Thusa bamameli ba hao ho utloisisa bohlokoa ba ho sebeletsa Jehova ka ‘lipelo tsohle’ tsa bona. (Luka 10:27) Sena se bolela hore maikutlo ’ohle a bona, litakatso tsa bona le sepheo sa bona li lokela ho lumellana le litsela tsa Jehova. Kahoo ruta bamameli ba hao hore ba se ke ba hlahloba feela seo ba se etsang empa ba hlahlobe le kamoo ba ikutloang kateng ka se hlokoang ke Molimo le hore na ba mo sebeletsa ka sepheo sefe. (Pes. 37:4) Ha liithuti tsa hao li ntse li hlokomela moo ho hlokahalang hore li ntlafatse teng, li khothalletse hore li rapele Jehova: “Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”—Pes. 86:11.
Ha seithuti se hōlisa kamano e haufi le Jehova, se tla mamela Molimo ka lebaka la tumelo eseng hobane feela u se khothalletsa ho etsa joalo. Joale sona ka bosona ‘se tla tsoela pele ho nepisisa hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.’ (Baef. 5:10; Bafil. 2:12) Kutlo e joalo e tlohang pelong e thabisa Jehova.—Liprov. 23:15.
Hopola hore Jehova ke eena ea lekanyang lipelo le ho hula batho hore ba be le kamano le eena. (Liprov. 21:2; Joh. 6:44) Karolo ea rōna ke ho ba le tšebelisano-’moho. (1 Bakor. 3:9) Ho “joalokaha eka Molimo o ne a etsa kōpo e tiileng ka rōna.” (2 Bakor. 5:20; Lik. 16:14) Jehova ha a qobelle leha e le mang hore a amohele ’nete, empa ha re ntse re sebelisa Mangolo, a ka etsa hore bamameli ba rōna ba hlokomele hore seo ba se utloang ke karabo ea lipotso tsa bona—kapa ea lithapelo tsa bona. Neng kapa neng ha u e-ba le monyetla oa ho ruta ba bang, u hopole taba ena ’me u kōpe Jehova ka tieo hore a u tataise le ho u thusa.—1 Likron. 29:18, 19; Baef. 1:16-18.
KAMOO U KA NTLAFATSANG KATENG
Bontša lerato la sebele.
Hlokomela se susumelitseng pelo ea momameli oa hao.
Totobatsa litšoaneleho tse babatsehang tsa Jehova.
Thusa bamameli ho utloisisa kamoo ba ka hlahlobang sepheo sa bona le ho se hloekisa kateng.
BOITLHAKISO: (1) Bala Matheu 6:21 ’me u hlahlobe kamoo temana ena e sebetsang kateng bophelong ba hao. Hape bala Mt 6 temana ea 19 le ea 20 ’me u hlokomele hore na pelo ea hao e u susumelletsa hore u etse liphetoho life. (2) Hlahloba hore na ke eng se ileng sa u susumelletsa hore u qale ho sebeletsa Jehova. Ke eng se u susumetsang hona joale? Ke litšusumetso life tse tla khahlisa Jehova tseo u batlang ho li matlafatsa?