Re ka Susumetsa Batho Bao re Ithutang le Bona Joang?
1. Lithuto tsa Jesu li ile tsa susumetsa lipelo tsa bamameli ba hae joang?
1 Jesu Kreste o ne a susumetsa bamameli ba hae. Ka lekhetlo le leng, lipelo tsa barutuoa ba hae li ile tsa ‘chesa’ ka mor’a hore a ba qaqisetse Mangolo. (Luka 24:32) Kaha re lokela ho mamela Molimo ho tloha pelong, re ka thusa batho bao re ithutang le bona joang hore ba etse liphetoho bophelong ba bona?—Bar. 6:17.
2. Re ka thusa motho eo re ithutang le eena ka bohlale joang hore a etse liphetoho?
2 E-ba Masene: Batho ba bangata ba ke ke ba etsa liphetoho ha re ba bolella feela hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng. Ha e le hantle, ho balla motho mangolo a mangata ka sepheo sa ho mo bontša hore lintho tseo a li lumelang li fosahetse, ho ka etsa hore a se ke a hlola a batla ho ithuta. Re lokela ho hlokomela pele hore na ke hobane’ng ha motho a lumela le ho etsa lintho ka tsela e itseng, e le hore re tle re mo thuse hore a etse liphetoho. Ha re le masene ’me re botsa lipotso ka bohlale re ka etsa hore a ntše maikutlo a hae. (Liprov. 20:5) Ka mor’a moo, ke hona re ka tsebang hore na ke mangolo afe a ka mo thusang. Re lokela ho tsotella motho eo ’me re se ke ra mo fella pelo. (Liprov. 25:15) Re hopole hore batho ha ba tšoane. Kahoo, lumella moea o halalelang oa Jehova hore o susumetse menahano le liketso tsa bona.—Mar. 4:26-29.
3. Re ka thusa batho bao re ithutang le bona joang hore ba be le maikutlo a nepahetseng?
3 Ba Thuse Hore ba be le Maikutlo a Nepahetseng: Mangolo a Bibele a re rutang ka molemo oa Jehova le lerato la hae a ka thusa batho bao re ithutang le bona hore ba be le maikutlo a nepahetseng. Re ka bala mangolo a kang Pesaleme ea 139:1-4 kapa Luka 12:6, 7 ho bontša motho eo re ithutang le eena hore Molimo o tsotella motho e mong le e mong. Ha motho eo a ananela mosa oo Jehova a re bontšitseng ona, o tla mo rata le ho feta ’me o tla batla ho mo sebeletsa. (Bar. 5:6-8; 1 Joh. 4:19) Hape, ha a hlokomela hore na Jehova o ikutloa joang ka tsela eo a itšoarang ka eona, o tla susumelletseha hore a mo thabise a be a mo tlotlise.—Pes. 78:40, 41; Liprov. 23:15.
4. Re ka etsisa Jehova joang ha re ruta batho?
4 Jehova ha a qobelle batho hore ba mamele melao ea hae. Ho e-na le hoo, o ipiletsa ho bona ka hore a ba bontše hore ba ka rua molemo haeba ba mamela keletso ea hae. (Esa. 48:17, 18) Re tla be re etsisa Jehova haeba re ruta batho ka tsela e tla ba thusa hore ba iketsetse liqeto. Ha e le bona ba hlokomelang hore ba lokela ho etsa liphetoho bophelong ba bona, ba tla rua molemo o moholo. (Bar. 12:2) Hape, seo se tla ba thusa hore ba be le kamano e haufi le Jehova, “ea hlahlobang lipelo.”—Liprov. 17:3.