Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 30 leq. 186-leq. 189 ser. 4
  • Ho Bontšitsoe Thahasello ho Motho e Mong

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bontšitsoe Thahasello ho Motho e Mong
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Bontša Thahasello ea Botho ho ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Bontša Thahasello ea Botho ho ba Bang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Kamoo U ka Ntlafatsang Tsebo ea ho Qoqa Kateng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Boiteko ba ho Finyella Pelo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 30 leq. 186-leq. 189 ser. 4

Thuto 30

Ho Bontšitsoe Thahasello ho Motho e Mong

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bontša hore u tsotella seo ba bang ba se nahanang le hore u amehile ka boiketlo ba bona.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ena ke tsela e ’ngoe eo ka eona re etsisang lerato leo Jehova a le bontšitseng, ’me e ka re nolofalletsa ho finyella pelo ea motho.

HA RE abela ba bang linnete tsa Bibele, ha rea lokela ho fetisetsa boitsebiso kelellong feela. Re lokela ho finyella pelo. Tsela e ’ngoe ea ho etsa sena ke ka ho bontša thahasello ea sebele ho bamameli ba rōna. Thahasello e joalo e ka bontšoa ka litsela tse sa tšoaneng.

Nahanela Maikutlo a Bamameli ba Hao. Moapostola Pauluse o ile a nahanela semelo le monahano oa bamameli ba hae. O ile a hlalosa: “Ho Bajuda ke ile ka ba joaloka Mojuda, e le hore nka rua Bajuda; ho ba tlas’a molao ka ba joaloka ea tlas’a molao, le hoja ke se tlas’a molao, e le hore nka rua ba tlas’a molao. Ho ba hlokang molao ka ba joaloka ea hlokang molao, le hoja ke se ea hlokang molao mabapi le Molimo empa ke le tlas’a molao mabapi le Kreste, e le hore nka rua ba hlokang molao. Ho ba fokolang ka ba ea fokolang, e le hore nka rua ba fokolang. Ke fetohile lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle, e le hore ka sebele nka pholosa ba bang. Empa ke etsa lintho tsohle ka lebaka la litaba tse molemo, e le hore nka li arolelana le ba bang.” (1 Bakor. 9:20-23) Kajeno re ka ‘fetoha lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle’ joang?

Haeba u ka ba le monyetla oa ho shebella ba bang, esita le ka nako e khutšoanyane feela, pele u bua le bona, u ka ’na ua hlokomela matšoao a bontšang lintho tseo ba li thahasellang le maemo a bona. Na u ka khona ho bona hore na ba etsa mosebetsi ofe? Na u bona bopaki ba litumelo tsa bona tsa bolumeli? Na ho na le letšoao le bontšang hore na boemo ba bona ba lelapa ke bofe? Motheong oa seo u se bonang, na u ka fetola nehelano ea hao ho etsa hore e ipiletse haholoanyane ho batho ba u mametseng?

Ho etsa hore nehelano ea hao e ipiletse haholoanyane ho hloka hore u nahane esale pele mabapi le kamoo u tla atamela batho ba leng tšimong ea lōna kateng. Libakeng tse ling, sena se akarelletsa ba falletseng sebakeng seo ho tsoa linaheng lisele. Haeba ho e-na le batho ba joalo tšimong ea lōna, na u fumane tsela e atlehang ea ho ba pakela? Kaha thato ea Molimo ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete,” iketsetse pakane ea ho nehelana ka molaetsa oa ’Muso ka tsela e tla ipiletsa ho bohle bao u kopanang le bona.—1 Tim. 2:4.

Mamelisisa. Le hoja Jehova a tseba lintho tsohle, o mamela ba bang. Moprofeta Mikaia o ile a amohela pono eo ho eona a ileng a bona Jehova a khothalletsa mangeloi ho ntša maikutlo a ’ona mabapi le ho sebetsa taba e itseng. Joale Molimo a lumella le leng la mangeloi ho phethahatsa tlhahiso e neng e entsoe ke lengeloi leo. (1 Mar. 22:19-22) Ha Abrahama a ne a bontša ho ameha ka kahlolo e neng e tla lihuoa holim’a Sodoma, ka mosa Jehova o ile a mo lumella ho ntša maikutlo a hae. (Gen. 18:23-33) Tšebeletsong ea rōna, re ka etsisa mohlala oa Jehova oa ho mamela joang?

Khothalletsa ba bang ho ntša maikutlo a bona. Botsa potso e loketseng ’me u ba fe nako e lekaneng ea hore ba arabe. Mamela ka hloko. Tlhokomelo ea hao e nahanelang e tla ba khothalletsa ho bua ka bolokolohi. Haeba karabelo ea bona e senola ho hong ka lithahasello tsa bona, ka masene botsisisa ho tsoela pele. Batla ho ba tseba hamolemonyana empa u se ke ua fetola puisano hore e be joalokaha eka u ba hloma lipotso. Ba babatse ka maikutlo a bona haeba u ka khona ho etsa joalo ho tsoa pelong. Esita le haeba u sa lumellane le pono ea bona, e-ba mosa ho amohela litlhaloso tsa bona.—Bakol. 4:6.

Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore thahasello ea rōna ho batho e se ke ea tlōla meeli e loketseng. Ho ameha ka batho ba bang ha ho re nehe bolokolohi ba ho ba bo-ntšunye-khare litabeng tsa bona. (1 Pet. 4:15) Re lokela ho ela hloko hore motho oa bong bo fapaneng a se ke a utloisisa hampe thahasello e mosa eo re e bontšang. Kaha se nkoang e le thahasello e loketseng e bontšoang ho ba bang se fapana ho ea ka linaha, esita le ho ea ka batho, ho hlokahala kahlolo e molemo.—Luka 6:31.

Tokisetso ea thusa bakeng sa ho ba momameli ea molemo. Ha molaetsa oa rōna o hlakile ka likelellong tsa rōna, o re thusa ho phutholoha le ho lebisa tlhokomelo ho ba bang ka tsela ea tlhaho. Sena se etsa hore ba phutholohe ’me se ka ’na sa etsa hore ba rate ho qoqa le rōna.

Re bontša tlhompho ho batho ba bang ka ho ba mamela. (Bar. 12:10) Sena se fana ka bopaki ba hore re nka mehopolo ea bona le maikutlo a bona e le tsa bohlokoa. Se ka ba sa etsa hore ba mamelisise haholoanyane seo re se buang. Kahoo, ka lebaka le letle Lentsoe la Molimo le re eletsa hore re ‘potlakele ho utloa, re liehe ho bua.’—Jak. 1:19.

Thusa ba Bang ho Hatela Pele. Ho ameha ka ba bang ho tla etsa hore re ’ne re nahane ka ba bontšang thahasello le ho ba etela hape hore re arolelane le bona linnete tsa Bibele tse khotsofatsang litlhoko tsa bona ka ho tobileng. Ha u nahana ka leeto le latelang, nahana ka seo u ithutileng sona ka bona maetong a fetileng. Lokisetsa boitsebiso bo itseng ka taba eo ba amehileng ka eona. Hatisa molemo o sebetsang oa boitsebiso boo, u ba thuse ho bona kamoo ba ka ruang molemo kateng ho seo ba ithutang sona.—Esa. 48:17.

Haeba motho ea u mametseng a senola boemo kapa bothata bo ntseng bo mo khathatsa, talima sena e le monyetla o khethehileng oa ho arolelana litaba tse molemo le eena. Latela mohlala oa Jesu, eo kamehla a neng a loketse ho tšelisa ba mahlomoleng. (Mar. 6:31-34) Hanela moleko oa ho fana ka tharollo ka lepotlapotla kapa ho fana ka keletso e sa khotsofatseng. Sena se ka etsa hore motho a nahane hore ha u na thahasello ea sebele. Ho e-na le hoo, bontša kutloelo-bohloko. (1 Pet. 3:8) Ka mor’a moo u etse lipatlisiso likhatisong tse thehiloeng Bibeleng ’me u arolelane le motho eo boitsebiso bo matlafatsang ho mo thusa ho sebetsana le boemo ba hae. Ho hlakile hore ho ba le kameho e lerato ka motho ea u mametseng ho tla u thibela hore u se ke ua senola makunutu ao a u bolellang ’ona ntle le haeba ho e-na le lebaka le utloahalang la ho etsa joalo.—Liprov. 25:9.

Re lokela ho bontša thahasello ea botho haholo-holo ho bao re ba khannelang lithuto tsa Bibele. Nahanela litlhoko tsa seithuti ka seng ka thapelo ’me u lokisetse thuto u nahanne ka litlhoko tseo. Ipotse, ‘Ke ntho efe e latelang eo se lokelang ho e etsa hore se ’ne se hatele pele moeeng?’ Ka lerato thusa seithuti ho utloisisa seo Bibele le likhatiso tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene” li se bolelang ka taba eo. (Mat. 24:45) Maemong a mang, ho fana ka tlhaloso feela ha hoa lekana. Ho ka ’na ha hlokahala hore u bontše seithuti kamoo se ka sebelisang molao-motheo o itseng oa Bibele kateng, le hle le etse ntho e itseng le le ’moho ho bontša kamoo molao-motheo oo o sebetsang kateng.—Joh. 13:1-15.

Ho hlokahala ho leka-lekana le kahlolo e molemo ha re thusa ba bang hore ba lumellanye bophelo ba bona le litekanyetso tsa Jehova. Batho ba na le limelo le bokhoni bo sa tšoaneng ’me ba hatela pele ka lebelo le sa tšoaneng. E-ba ea nahanelang maemo ka seo u se lebeletseng ho ba bang. (Bafil. 4:5) U se ke ua ba hatella ho etsa liphetoho bophelong ba bona. Lumella Lentsoe la Molimo le moea oa hae hore li ba susumetse. Jehova o batla hore batho ba mo sebeletse ka lipelo tse ratang, eseng ka ho qobelloa. (Pes. 110:3) Qoba ho fana ka maikutlo a hao ka liqeto tsa botho tseo ba talimaneng le tsona, esita le haeba ba bang ba u kōpa hore u etse joalo, e-ba hlokolosi hore u se ke ua ba etsetsa liqeto.—Bagal. 6:5.

Fana ka Thuso e Sebetsang. Le hoja Jesu a ne a amehile haholo ka boiketlo ba moea ba batho ba neng ba mo mamela, o ne a amehile le ka litlhoko tse ling. (Mat. 15:32) Esita le haeba re se na lintho tse ngata tse bonahalang, ho na le litsela tse ngata tse sebetsang tseo re ka thusang ka tsona.

Ho bontša thahasello ho ba bang ho tla re susumelletsa ho ba ba nahanelang. Ka mohlala, haeba maemo a leholimo a se matle bakeng sa motho ea u mametseng, e-ea sebakeng se loketseng kapa u etse litokisetso tsa ho ntšetsa pele puisano ka nako e ’ngoe. Haeba u tlile ka nako e sa lokelang, ithaopele ho khutla hamorao. Haeba moahelani kapa motho e mong ea bontšitseng thahasello a kula kapa a le sepetlele, bontša kameho ea hao ka ho mo romella karete kapa lengolo le lekhutšoanyane kapa ka ho mo etela. Haeba ho loketse, u ka ’na ua lokisetsa le lijo tse bonolo kapa ua bontša mosa ka tsela e itseng.

Ha liithuti tsa Bibele li ntse li hatela pele, li ka ’na tsa ikutloa li jeoa ke bolutu kahobane li sa qete nako e ngata haholo li e-na le metsoalle ea tsona ea pele. E-ba motsoalle oa tsona. Qeta nako u bua le tsona ka mor’a thuto ea tsona ea Bibele le ka linako tse ling. Li khothalletse ho fumana metsoalle e molemo. (Liprov. 13:20) Li thuse ho ba teng libokeng tsa Bokreste. Lula le tsona libokeng tse joalo ’me u li thuse ka bana e le hore bohle ba rue molemo haholo lenaneong.

Bontša Thahasello e Tsoang Pelong. Ho bontša thahasello ho batho hase bokhoni boo motho a ithutang bona, empa ke tšoaneleho ea pelo. Tekanyo eo re bontšang thahasello ho ba bang ka eona e bonahala ka litsela tse ngata. E bonahala mokhoeng oo re mamelang ka oona le ho seo re se buang. E bonahatsoa ke mosa le ho nahanela hoo re ho bontšang ho ba bang. Esita leha re sa bue letho kapa re sa etse letho, e bonahala boikutlong ba rōna le ponahalong ea rōna ea sefahleho. Haeba re hlile re tsotella batho ba bang, ntle ho pelaelo ba tla khona ho bona seo.

Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la ho bontša thahasello ea sebele ho ba bang ke hore ka ho etsa joalo, re etsisa lerato le mosa oa Ntate oa rōna oa leholimo. Sena se thusa ho hulela batho ba re mametseng ho Jehova le ho ba hulela molaetseng oo a re fileng oona hore re o phatlalatse. Kahoo, ha u ntse u bolela litaba tse molemo, loanela hore u se ke ua hlokomela ‘lithahasello tsa hao feela, empa hape u hlokomele le lithahasello tsa ba bang.’—Bafil. 2:4.

KAMOO U KA BONTŠANG THAHASELLO EA SEBELE KATENG

Mamela ha motho e mong a bua. Mo lebohe ha a ntša maikutlo a hae. Botsa lipotso e le hore u utloisise monahano oa hae hantle.

Nahana ka motho eo ka mor’a hore le buisane. Iteanye le eena hape kapele.

Mo bolelle linnete tsa Bibele tse khotsofatsang litlhoko tsa hae ka ho tobileng.

Etsa lintho bakeng sa ho mo thusa. Nahanela litlhoko tse teng nakong eo le tse tla ba teng ka nako e telele.

BOITLHAKISO: (1) Pele seboka sa phutheho se qala, bontša thahasello ea botho ho motho e mong ea leng teng. U se ke ua re, Lumela feela. Leka ho tseba motho eo hamolemonyana. Bontša hore ua mo tsotella. Itloaetse ho etsa sena kamehla. (2) Tšebeletsong ea tšimo, bontša thahasello ea botho ho motho eo u kopanang le eena. U se ke ua fana ka bopaki feela. Leka ho tseba motho eo. Etsa hore seo u se buang le seo u se etsang se lumellane le seo u ithutang sona ka motho eo. Tsoela pele ho batla menyetla ea ho etsa sena.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela