Ho Bontša Thahasello ea Botho ho ba Bang
1 Thahasello eo Jehova a nang le eona ho ba bang e bonahala ka ho hlakileng. Na ha a fana ka litlhoko tsa lintho tse bonahalang tsa pōpo ea hae ka seatla se bulehileng? (Gen. 1:29, 30; 2:16, 17; Matt. 5:45; bapisa le Luka 6:35.) Habohlokoahali, na ha a ka a bontša thahasello ea botho ho rōna ka ho etsa tokisetso ea hore re lopolloe sebeng le lefung?—Joh. 3:16.
2 Ha Jesu a sa le lefatšeng, o ile a etsisa mohlala o phethahetseng oa Ntate oa hae oa ho bontša thahasello ea botho ho ba bang. (Matt. 11:28-30; 1 Pet. 2:21) Ha monna e mong ea tletseng lepera a re ho Jesu, “Morena, ha u rata, u na le matla a ho ’ntlafatsa,” Jesu o ile a arabela, “Kea rata,” eaba o folisa monna eo. (Matt. 8:2, 3) Ha Jesu a atamela motse oa Naine, o ile a teana le mokoloko o eang mabitleng oa batho ba jereng mohlankana ea itseng, mora ea mong oa ’mè oa mohlolohali, ’me Jesu o ile a mo tsosa kaha o ne a susumetsoa ke qenehelo. (Luka 7:11-15) Jesu o ne a bontša thahasello ea botho ho ba bang ho sa hlokahale hore a susutlelloe ho etsa joalo. Esita le bana o ne a ba talima ba tšoaneloa ke hore a iphe nako ea bona le ho ba mosa ho bona, ’me ho ne ho se mohla a phathahanang haholo hore a ka tšelisa ba bang le ho ba khothatsa.—Matt. 20:31-34; Mar. 10:13-16.
LITHO TSA LELAPA LE METSOALLE
3 Re lokela ho leka ka matla ho ba joaloka Jehova le Jesu Kreste ka ho batla litsela tsa ho bontša thahasello ea botho ho ba bang. Ka hona, a re hlahlobeng menyetla e meng ea ho etsa joalo.
4 E ’ngoe ea litlhoko tse khōlōhali ke hore baena ba be le thahasello ea sebele ea botho ho litho tsa malapa a bona le hore ba se ke ba hlokomoloha bomoea ba malapa a bona. Sena se akarelletsa ho ithuta hammoho le lelapa ka mehla. Thutong ea lōna ea lelapa, na le buisana ka boitsebiso ka tsela e hapang thahasello le e hlahisang molemo o sebetsang? Na le boetse le ikitlaetsa ka ho sebetsa le setho ka seng sa lelapa la lōna ka mehla tšebeletsong ea tšimo? Haeba ho joalo, na eo e ba nako e thabisang? Na le haha takatso ea ho thusa ba bang ka ho bana ba lōna, e le hore ka ho etsa joalo ba bontše lerato la boahisani la Bokreste? Haeba le kene lenyalong ’me ho se na bana lapeng, ho ntse ho le joalo na le ba le thuto ea lelapa?
5 Re batla ho fana ka thuso ea moea ho e mong le e mong eo re ka khonang ho mo thusa. Empa bophelong ba rōna bo maphatha-phathe, na re lebala ho bontša thahasello ea botho ho litho tsa phutheho tse nang le litlhoko tse khethehileng? (Liprov. 3:27; Ba-Gal. 6:10) Ka phuthehong ea Bokreste, ho na le likhutsana, ba hōlileng, bahlolohali, ba fokolang ’meleng, ba tepelletseng maikutlo, ba holofetseng, le ba bang ba nang le litlhoko tse khethehileng. Re lokela ho etsisa Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste, ka ho se hlokomolohe ho bontša thahasello ea botho ho baena le bo-khaitseli ba rōna kaofela.—1 Ba-Kor. 10:24; Ba-Fil. 2:4; Ba-Heb. 13:16.
BA KANG LINKU BA LENG TŠIMONG
6 Re ka bontša thahasello ea botho joang ho batho ba khanneloang lithuto tsa lehae tsa Bibele? Ba bangata ho bona ba hlokometse tlhoko ea hore ba khaotse ho tloaelana le metsoalle ea lefatše. Le hoja re le maphatha-phathe, na re bontša thahasello ea botho ho liithuti tse joalo le ho etsa hore ba entseng liphetoho ba ikutloe hore rea ba amohela joaloka metsoalle e mecha? Na re mohloli oa khothatso ho bona le hoja re sa ithute le bona ka ho toba?—Bapisa le Mareka 10:28-30.
7 Na u ka kopanela haholoanyane ho bontšeng thahasello e tiileng ea botho ho batho ba ikemiselitseng ho mamela litaba tse molemo? Na u tla leka ka matla ho ba thusa ho finyella litlhoko tsa bona tsa moea? Uena ka bouena, u ka etsa eng hore u kopanele haholoanyane tšebeletsong ea tšimo? U se ke ua tsila-tsila haeba hona joale u le boemong ba hore u kopanele ka botlalo.—Luka 9:60-62.
8 Re tlameha ho etsisa Jehova le Jesu ka ho bontša thahasello ea botho ho ba bang. Ho hlokahala hore re be le kutloelo-bohloko ’me re ikitlaelletse ho thusa ba bang, joalokaha Jesu a ile a etsa tabeng ea monna ea neng a tletse lepera. E, ka mehla re tlameha ho falimehela litsela tseo ka tsona re ka bontšang thahasello ea botho ho ba bang.