Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Tsotella Mong’a Ntlo
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Jesu o ne a tsotella batho ka bomong. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng e ka ’na eaba Jesu o ne a hlokometse hore monna e mong ea sa utloeng litsebeng ha aa phutholoha, kahoo ha a mo phekola, o ile a mo tlosa mahlong a batho. (Mar. 7:31-35) O ne a nahanela barutuoa ba hae ka hore a hlokomele hore ho na le lintho tseo ba ke keng ba khona ho li etsa ’me o ne a sa ba imetse ka boitsebiso bo bongata. (Joh. 16:12) Jesu o ntse a bontša hore o tsotella batho leha a le leholimong. (2 Tim. 4:17) Kaha re balateli ba Kreste, re batla ho mo etsisa. (1 Pet. 2:21; 1 Joh. 3:16, 18) Ho feta moo, re tla atleha haholoanyane mosebetsing oa rōna oa boboleli haeba re nahanela mong’a ntlo ’me re ela hloko maemo a hae, lithahasello tsa hae le lintho tseo a amehileng ka tsona. Haeba a hlokomela hore rea mo tsotella, ha rea tlela ho fetisa molaetsa feela kapa ho siea sengoliloeng se itseng, a ka ’na a mamela.
Leka Sena Khoeling Ena:
Itlhakiseng nakong ea borapeli ba lelapa kapa ha le le tšebeletsong ea tšimo hore na ke joang mohoeletsi a ka fetolang moqoqo oa hae e le hore a bue ka seo mong’a ntlo a se thahasellang.
Ka linako tse ling, mor’abo rōna ea khannang seboka sa tšebeletso ea tšimo a ka ’na a bua ka litsela tsa ho bontša hore re tsotella mong’a ntlo kapa a re ho etsoe pontšo.