Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/08 leq. 1
  • ‘U Lokele Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘U Lokele Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bontša Hore U Thahasella ba Bang—Ka ho Lokisetsa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Lokisetsa Kenyelletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 5/08 leq. 1

‘U Lokele Mosebetsi o Mong le o Mong o Molemo’

1 Ha Jesu a qala mosebetsi oa hae oa boboleli, o ile a nka nako a thusa barutuoa ba hae hore ba lokele mosebetsi oo. (Mat. 10:5-14) Le hoja kaofela ha rōna re phathahane, ho nka nako e itseng leha e ka ba metsotso e fokolang feela re lokisetsa pele re kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo ho tla re thusa ho kotula litholoana tse molemo.—2 Bakor. 9:6.

2 Kamoo U ka Lokisetsang Kateng: Tokisetso e ntle e qala ka ho tseba se ka har’a lingoliloeng tseo re rerang ho li tsamaisa. Hape re lokela ho nahana ka batho ba tšimong ea rōna. Ke mathata afe a ba tšoenyang? Batho ba sebakeng seo ba lumela lithuto life tsa bolumeli? Re ka sheba Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso le buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo moo re ka fumanang mohlala oa seo re ka se buang.

3 Ho mamela ka hloko ha ho etsoa lipontšo Sebokeng sa Tšebeletso le hona ho tla re thusa. Re ke ke ra hloka nako e ngata ea ho lokisetsa haeba re se re tloaetse molaetsa oa rōna. Leha ho le joalo, kamehla pele re ea tšimong, haeba re nahana ka seo re tla se bua ebe re tsoela pele ho se ntlafatsa, re tla atleha haholoanyane. Hape re lokela ho nka nako e itseng re sheba hore na re na le lingoliloeng tsohle tseo re tla li sebelisa.

4 Ke’ng e tla re thusa ho hopola seo re batlang ho se bua? Tsela e ’ngoe e tla re thusa ke ho itlhakisa ka ho bua ka lentsoe le phahameng. Ba bang ba rata ho itlhakisa nakong ea thuto ea lelapa. Ba bang ba bona ho le molemo hore ba ngole lintlha tse seng kae tsa seo ba batlang ho se bua sekhechaneng sa pampiri ebe baa se qekotsa ha ba atamela ntlong.

5 Ke Hobane’ng ha ho le Molemo?: Ho lokisetsa hantle ho etsa hore re atlehe haholoanyane tšebeletsong ’me re e thabele. Ho re thusa ho phutholoha le hore re se ke ra tšoha haholo ha re le ntlong. Re khona ho tsepamisa mohopolo ho mong’a ntlo ho e-na le ho nahana ka seo re tla se bua. Ho phaella moo, ho tseba se ka har’a lingoliloeng ho tla re thusa ho cheseha haholoanyane ha re li tsamaisa.

6 Mangolo a re khothalletsa hore re ‘lokele mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (Tite 3:1) Na ho na le mosebetsi o molemo ho feta oa ho bolela litaba tse molemo? Ha re lokisetsa hantle re bontša hore re hlompha mong’a ntlo ea lumelang ho mamela, ebile re hlompha Jehova, Molimo eo re leng baemeli ba hae.—Esa. 43:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela