Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho Ikamahanya le Maemo
1 Moapostola Pauluse o ile a beha mohlala o motle oa hore ka linako tsohle a fetole nehelano ea hae ea litaba tse molemo hore e lumellane le semelo le monahano oa bamameli ba hae. (1 Bakor. 9:19-23) Re lokela ho leka ka matla ho etsa se tšoanang. Ka ho nahana esale pele, hangata re ka fetola linehelano tse fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso hore li lumellane le litlhoko tsa batho tšimong ea rōna. Ha re atamela monyako, re ka ’na ra elelloa lintho tse bontšang hore na mong’a ntlo o thahasella eng ebe re li kenyelletsa nehelanong ea rōna. Leha ho le joalo, ho na le tsela e ’ngoe hape eo re ka ikamahanyang le maemo ka eona tšebeletsong ea rōna.
2 Ikamahanye le Seo ba Bang ba se Buang: Ha re bolela litaba tse molemo, re atisa ho botsa beng ba matlo potso ebe re letela hore ba arabe. U ikutloa joang ka karabo eo? Na u tloaetse ho se e nkele hloohong hakaalo ebe u itsoella pele ka nehelano eo u e lokiselitseng? Kapa na seo u se buang se bontša hore u nahanne ka seo beng ba matlo ba se buang? Haeba u thahasella seo ba bang ba se buang e le kannete, u ka ’na ua khona ho botsa lipotso tse eketsehileng ka bohlale ho fumana seo ba hlileng ba se nahanang. (Liprov. 20:5) Kahoo, u ka tsepamisa molaetsa lintlheng tsa ’Muso tse amanang ka ho toba le seo motho eo u buang le eena a amehileng ka sona.
3 Sena se hloka hore re ikemisetse ho bua ka litaba tse ling ntle le tseo re neng re rerile ho bua ka tsona. Haeba re qala ka ho bua ka bothata bo hlahileng litabeng empa joale mong’a ntlo a bua ka taba ea sebakeng seo kapa e mo amang, ho ameha ka botebo ka ho thusa mong’a ntlo ka seo a se hlokang ho tla re susumelletsa ho tsepamisa molaetsa oa Bibele linthong tseo a hlileng a amehileng ka tsona.—Bafil. 2:4.
4 Ho Feto-fetola Mokhoa oa Rōna: Ha mong’a ntlo a botsa potso, re ka ’na ra fumana ho le molemo ho ntšetsa pele puisano hamorao ha re se re fumane boitsebiso bo eketsehileng tabeng eo. Hape re ka tsamaisa lingoliloeng tse hlalosang taba eo ka mokhoa o batsi. Sena sohle se bontša hore ka sebele re thahasella ho thusa ba bang ho tseba Jehova.—2 Bakor. 2:17.