Thuto 31
Ho Bontšitsoe Tlhompho ho ba Bang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Nahanela ba bang, ba hlomphe.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ho bontša tlhompho ke tlhokahalo ea Bokreste e thusang hore ho be le boemo boo ho bona ba bang ba ka nolofalloang ho amohela seo u ba bolellang sona ho tsoa Bibeleng.
MANGOLO a re bolella hore re ‘hlomphe batho ba mefuta eohle,’ le hore ‘ho se be eo re mo buang hampe.’ (1 Pet. 2:17; Tite 3:2) Ha e le hantle, motho e mong le e mong eo re kopanang le eena o ‘bile teng ka “setšoantšo sa Molimo.”’ (Jak. 3:9) Kreste o shoetse motho e mong le e mong. (Joh. 3:16) ’Me bohle ba lokela ho utloa litaba tse molemo e le hore ba ka nka khato ka tsona ’me ba bolokehe. (2 Pet. 3:9) Batho ba bang ba na le litšoaneleho kapa bolaoli tse hlokang tlhompho e khethehileng.
Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka ’na ba leka ho ikemela hore ba se ke ba bontša mofuta oa tlhompho e khothalletsoang ke Bibele? Tloaelo ea sebaka se itseng e ka ’na ea lekanyetsa hore na ke mang ea tšoaneloang ke tlhompho ho ea ka maemo, ’mala, bong, bophelo bo botle ba ’mele, lilemo, leruo kapa botumo sechabeng. Bobolu bo atileng har’a bahlanka ba ’muso bo felisitse tlhompho bakeng sa ba boholong. Linaheng tse ling batho ha baa khotsofala ho hang ka boemo ba bona bophelong, mohlomong ba sebetsa lihora tse telele hore feela ba be le litlhoko tsa motheo bakeng sa ho iphelisa ’me ba pota-potiloe ke batho ba se nang tlhompho. Bacha ba hatelloa ke lithaka hore ba kopanele ho fetoheleng matichere a sa ratoeng le batho ba bang ba boholong. Ba bangata ba susumetsoa ke seo thelevishene e se bontšang ka bana ba hlalefileng ho feta batsoali ba bona le ba laolang batsoali ba bona. Ho hloka boiteko ho thibela maikutlo a joalo a lefatše hore a se ke a fetola tsela eo re talimang batho ba bang ka eona. Leha ho le joalo, ha re fa batho ba bang seriti, sena se hlahisa tikoloho eo ho eona ho leng bonolo haholoanyane ho fapanyetsana mehopolo.
Katamelo e Nang le Tlhompho. Motho ea etsang mosebetsi oa bolumeli o lebeletsoe hore a bontše tlhompho ka ho apara le ho itšoara ka mokhoa o loketseng. Se nkoang e le boitšoaro bo loketseng se fapana ho ea ka libaka. Ba bang ba ho nka e le ho hloka tlhompho ho atamela motho e mong u roetse katiba kapa u kentse letsoho le leng ka pokothong. Libakeng tse ling, batho ba ka ’na ba amohela boitšoaro bo joalo. Nahanela maikutlo a batho ba sebaka seo e le hore u se ke ua ba khopisa. Ho etsa joalo ho ka u thusa ho phema lintho tse ka u sitisang ho tsebahatsa litaba tse molemo ka katleho.
Ho joalo le ka mokhoa oa rōna oa ho bua le batho ba bang, haholo-holo ba hōlileng. Ka tloaelo ho nkoa e le ho hloka mekhoa e metle ha bacha ba bitsolla batho ba baholo ka mabitso ntle leha bacha bao ba fuoe tumello ea ho etsa joalo. Libakeng tse ling ho lebeletsoe hore batho ba baholo le bona ba se ke ba bitsolla batho bao ba sa ba tsebeng ka mabitso. Hape, lipuo tse ngata li sebelisa mofuta o ka bongateng oa lentsoe “uena” kapa mokhoa o mong oa ho bontša tlhompho ho motho e mong e moholo kapa ea boholong.
Kelo-hloko e Bontšang Tlhompho. Metseng e menyenyane ho lebeletsoe hore u bontše hore u ela hloko ho ba teng ha motho eo u kopanang le eena ebang ke ha u tsamaea tseleng kapa ha u kena ka tlung. Sena se etsoa ka tumeliso e bonolo, ho bososela, ho ōma ka hlooho, kapa esita le ka ho tsamaisa lintši. Ho hlokomoloha motho e mong ho nkoa e le ho hloka tlhompho.
Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba hlokomolohiloe esita leha u bontša hore u ela hloko ho ba teng ha bona. Joang? Kahobane ba nahana hore ha u ba nke e le batho ba ikemetseng. Ke ntho e tloaelehileng hore batho ba khetholloe ka tšobotsi e itseng ea ’mele. Hangata batho ba holofetseng le ba nang le mathata a bophelo baa hlokomolohuoa. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le re bontša kamoo re ka tšoarang batho ba joalo ka lerato le ka tlhompho kateng. (Mat. 8:2, 3) Kaofela ha rōna re angoa ka tsela e itseng ke sebe sa Adama seo re se futsitseng. Na u ne u ka ikutloa u le motho ea hlomphuoang haeba kamehla batho ba u khetholla ka bofokoli boo u nang le bona? Ho e-na le hoo, na u ne u ke ke ua batla ho tsejoa ka litšoaneleho tse ngata tse ntle tseo u nang le tsona?
Tlhompho e boetse e akarelletsa ho amohela bohlooho. Libakeng tse ling ho hlokahala hore u bue le hlooho ea lelapa pele u ka pakela ba bang lelapeng leo. Le hoja thōmo ea rōna ea ho bolela le ho ruta e tsoa ho Jehova, re lumela hore Molimo o file batsoali matla a ho koetlisa bana ba bona, ho ba laea le ho ba tataisa. (Baef. 6:1-4) Kahoo, ha u fihla lelapeng le itseng, hangata ho hotle hore u bue le batsoali pele u kenyelletsa bana moqoqong leha e le ofe o molelele.
Ho ba le phihlelo bophelong ho tsamaea le lilemo ’me ho lokela ho hlomphuoa. (Jobo 32:6, 7) Ho amohela sena ho thusitse morali’abo rōna e monyenyane oa pula-maliboho Sri Lanka ea ileng a etela monna-moholo e mong. Qalong monna-moholo eo o ile a hanyetsa ketelo ea hae, a re: “Ngoananyana ea kang uena tjee a ka nthuta’ng ka Bibele?” Empa morali’abo rōna o ile a araba: “Ha e le hantle, ha kea tlela ho tla u ruta empa ke tletse ho arolelana le uena ntho e itseng eo ke ithutileng eona e nthabisitseng haholo hoo ke ikutloang ke tlameha ho e bolella ba bang.” Karabelo ea pula-maliboho e bontšang tlhompho e ile ea tsosa thahasello ea monna eo. O ile a botsa: “Mpolelle he, u ithutile’ng?” Morali’abo rōna o ile a re: “Ke ithutile kamoo nka phelang ka ho sa feleng kateng.” Monna-moholo eo o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Hase batho bohle ba hōlileng ba tla bolela hore ba lakatsa ho hlomphuoa joalo, empa ba bangata ba bona ba tla ananela seo.
Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore re bontše tlhompho ka mokhoa o feteletseng. Lihlekehlekeng tsa Pacific le libakeng tse ling, ho sebelisa mekhoa e tloaelehileng ea ho bontša tlhompho ha u atamela marena a motsana kapa a leloko le itseng ho ka thusa Lipaki hore li mameloe le hore li fuoe monyetla oa ho bua le marena le batho ba ka tlas’a taolo ea ’ona. Leha ho le joalo, thoriso ea boikaketsi ha e hlokahale ebile ha ea lokela. (Liprov. 29:5) Ka ho tšoanang, puo e ka ’na ea akarelletsa mantsoe a bontšang tlhompho e le karolo ea sebōpeho-puo sa eona, empa tlhompho ea Bokreste ha e hloke hore mantsoe a joalo a sebelisoe ka mokhoa o feteletseng.
Ho Bua ka Tlhompho. Bibele e re khothalletsa hore re hlalose lebaka bakeng sa tšepo ea rōna “ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Kahoo, le hoja re ka khona ho potlakela ho senola maikutlo a fosahetseng a motho e mong, na ho bohlale hore re etse joalo ka mokhoa o mo theolang seriti? Na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho mamela ka ho se fele pelo, mohlomong re botse hore na ke hobane’ng ha a ikutloa ka tsela eo ’me re nahanele maikutlo a hae ha re ntse re behelana mabaka le eena ka Mangolo?
Tlhompho eo re e bontšang ha re buisana le batho ka bomong e lokela ho bonahala leha re bua le bamameli re le sethaleng. Sebui se hlomphang bamameli ba sona se ke ke sa ba nyatsa ka thata kapa ho fana ka maikutlo a kang: “Haeba le hlile le rata ho etsa sena le ka khona.” Ho bua ka mokhoa oo ho mpa feela ho nyahamisa ba bang. Ho molemo hakaakang ho talima bamameli e le sehlopha sa batho ba ratang Jehova le ba batlang ho mo sebeletsa! Re etsisa Jesu, re lokela ho bontša kutloisiso ha re sebetsana le batho bao mohlomong ba fokolang moeeng, ba se nang phihlelo kapa ba liehang ho sebelisa keletso ea Bibele.
Bamameli ba tla lemoha hore sebui sea ba hlompha ha se ikopanyelletsa har’a ba lokelang ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka botlalo. Kahoo, ho bohlale ho qoba ho sebelisa haholo lentsoe “u/le” ha u bontša kamoo mangolo a sebetsang kateng. Ka mohlala, hlokomela phapang pakeng tsa potso e reng “Na u/le etsa sohle se matleng a hao/lōna?” le polelo e reng “E mong le e mong oa rōna o lokela ho ipotsa: ‘Na ke etsa sohle se matleng a ka?’” Ntlha e fetisoang ke potso ka ’ngoe ea tšoana, empa potso ea pele e fana ka maikutlo a hore sebui ha se ipehe boemong bo lekanang le ba bamameli ba sona. Ea bobeli e khothalletsa motho ka mong, ho akarelletsa le sebui, ho hlahlobisisa boemo ba hae le sepheo sa hae.
Qoba ho bua lintho tse qabolang ka sepheo feela sa ho tšehisa bamameli. Sena se tlosa molaetsa oa Bibele seriti. Ke ’nete hore re lokela ho thabela ho sebeletsa Molimo. Ho ka ’na ha e-ba le likarolo tse ling tse batlang li tšehisa boitsebisong boo re bo abetsoeng. Leha ho le joalo, ho tšeha lintho tse tebileng ho bontša ho se hlomphe bamameli le Molimo.
E se eka katamelo ea rōna, boitšoaro ba rōna le puo ea rōna kamehla li ka bontša hore re talima batho ba bang ka tsela eo Jehova a re rutileng hore re ba talime ka eona.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Hlokomela kamoo Jehova a talimang batho kateng.
Ela hloko bohlooho, lilemo le bolaoli.
Lumella batho ho ntša maikutlo a bona.
Utloisisa bamameli ba hao.
BOITLHAKISO: Nahana ka motho e moholo haholo ho uena kapa e monyenyane haholo ho uena. Nahana kamoo u neng u ka atamela motho eo kateng, seo u neng u ka se bua bakeng sa ho qalisa moqoqo le seo u neng u ka se etsa ho bontša tlhompho ea sebele ho motho eo le ho seo a se buang. Nka bohato ka seo u rerang ho se etsa.
Litsela tseo ka tsona nka bontšang tlhompho haholoanyane
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․
․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․