-
Na ho na le Bopaki ba Baepolli ba Lintho Tsa Khale ba Hore Jesu o Kile a ba Teng Lefatšeng?Molula-Qhooa—2003 | June 15
-
-
ling li lumela hore e tlameha ebe Jesu enoa e ne e le motho oa bohlokoa, e leng se etsang hore li nahane hore ke eena Jesu Kreste, mothehi oa Bokreste.
Na ho ka Tšeptjoa Bopaki ba Lekesana Lee?
Makesana aa a ne a etsa’ng? E ne e le makesana a neng a tšela masapo a mofu ka mor’a hore setopo se bole ka lehaheng leo a neng a patiloe ka ho lona. Makesana a mangata a mofuta ona a ne a utsuoa mabitleng a Jerusalema. Lekesana lena le ngotsoeng lebitso la Jakobo ha lea fumanoa sebakeng sa molao seo ho epolloang lintho tsa khale ho sona, le fumanoe ’marakeng oa lintho tsa khale. Ho boleloa hore mong’a lekesana lena o le rekile ka makholo a seng makae a lidolara ka bo-1970. Kahoo, ha ho mang ea tsebang hore na lekesana lena le tsoa hokae. Moprofesa Bruce Chilton oa Bard College, New York, o re: “Haeba u sa tsebe hore na ntho e itseng e entsoeng ka bokhabane e fumanoe hokae, le hore na e ne e ntse e le hokae ka lilemo tse ka bang 2 000, ho thata ho bolela hore batho ba ngotsoeng ho eona ehlile ke bona.”
E le ho tlosa khoao ea hore ha ho na bopaki ba baepolli ba lintho tsa khale, André Lemaire o ile a isa lekesana lena Lefapheng la Liphuputso la Jiology la Iseraele. Mono bafuputsi ba ile ba paka hore lekesana lena le entsoe ka mokoetla oa lekholong la pele kapa la bobeli la lilemo C.E. Ba tlalehile hore “ha ho bonahale ho e-na le moo ho sebelisitsoeng lisebelisoa tsa mehleng ena.” Leha ho le joalo, litsebi tsa Bibele tse ileng tsa botsoa ke bangoli ba The New York Times li fane ka maikutlo a hore “bopaki boo ho bonahalang eka bo tšehetsa hore lekesana lena le amana le Jesu bo ile ba bonahala bo le matla, le hoja e le bona feela bo teng.”
Makasine ea Time e hlalositse hore “mehleng ena ha ho sa na motho ea nang le tsebo ea belaelang hore Jesu o kile a phela lefatšeng.” Leha ho le joalo, ba bangata ba nahana hore ho lokela ho be le bopaki bo bong ntle ho ba Bibele bo tiisang hore Jesu o kile a ba teng lefatšeng. Na lintho tse epolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale ke tsona tseo e lokelang ho ba motheo oa ho lumela ho Jesu Kreste? Re na le bopaki bofe ba hore kannete ‘ho kile ha e-ba le motho a le mong feela oa bohlokoa ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng’?
-
-
Jesu Kreste Bopaki ba Hore o Kile a Phela LefatšengMolula-Qhooa—2003 | June 15
-
-
Jesu Kreste Bopaki ba Hore o Kile a Phela Lefatšeng
BATHO ba bangata ha baa ka ba tsebana ka ho toba le rasaense ea tummeng ea bitsoang Albert Einstein. Linaheng tse ling, batho ba bangata ha ba tsebe le hore na ke mang. Leha ho le joalo, litlaleho tse tšepahalang tsa mesebetsi ea hae li paka hore o kile a phela lefatšeng. Phello ea hore o kile a phela lefatšeng e bonahala ha bo-rasaense ba sebelisa lintho tseo a li sibolotseng. Ka mohlala, batho ba bangata ba sebelisa motlakase o atisang ho fehloa ka hore ho sebelisoe lintho tseo a li sibolotseng.
Ho ka behoa mabaka a tšoanang ka Jesu Kreste eo ho lumeloang hore ke motho ea nang le tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa historing. Se ngotsoeng ka eena le ka bopaki bo bonahalang ba tšusumetso eo a bileng le eona, se paka ka matla hore o kile a phela lefatšeng. Le hoja lekesana le sa tsoa fumanoa ke baepolli ba lintho tsa khale le ngotsoeng lebitso la Jakobo e le la bohlokoa, joalokaha ho hlalositsoe sehloohong se ka pele, ’nete ea hore Jesu o kile a phela lefatšeng ha ea itšetleha ka lona kapa ka ntho leha e le efe e entsoeng ka bokhabane. ’Nete ke hore, seo bo-rahistori ba se ngotseng ka eena le balateli ba hae se ka re fa bopaki ba hore Jesu o kile a phela lefatšeng.
Bopaki ba Bo-rahistori
Ka mohlala, nahana ka bopaki ba rahistori oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo ea bitsoang Flavius Josephus, eo e neng e le Mofarisi. O buile ka Jesu Kreste bukeng ea Jewish Antiquities. Le hoja batho ba bang ba belaella bonnete ba lekhetlo la pele leo ho lona Josephus a bolelang hore Jesu ke Mesia, Moprofesa Louis H. Feldman oa Univesithi ea Yeshiva o bolela hore ke ba seng ba kae ba kileng ba belaella bonnete ba seo a se buileng ka eena ka lekhetlo la bobeli. Ha a bua lekhetlong lena la bobeli, Josephus o re: “[Moprista e moholo Ananase] o ile a khobokanya baahloli ba [lekhotla la] Sanhedrine eaba o ba tlisetsa monna ea bitsoang Jakobo, eo e neng e le mor’abo Jesu ea neng a bitsoa Kreste.” (Jewish Antiquities, XX, 200) Ntle ho pelaelo, Mofarisi, eo e neng e le setho sa lequloana leo litho tsa lona tse ngata e neng e le lira tse totobetseng tsa Jesu, o ile a lumela hore ho kile ha e-ba le motho ea bitsoang “Jakobo mor’abo Jesu.”
Tšusumetso ea ho phela ha Jesu lefatšeng e ile ea bonahala ka mesebetsi ea balateli ba hae. Ha moapostola Pauluse a ne a le chankaneng Roma hoo e ka bang ka 59 C.E., banna ba ka sehloohong ba Bajuda ba ile ba re ho eena: “Mabapi le lequloana lena rea tseba hore hohle ho buuoa hampe ka lona.” (Liketso 28:17-22) Ba ne ba bitsa barutuoa ba Jesu “lequloana lena.” Ha ho pelaelo hore haeba ba ne ba buuoa hampe hohle, bo-rahistori ba lefatše ba ne ba tla ngola ka bona.
Tacitus, ea tsoetsoeng hoo e ka bang ka 55 C.E. le eo ho nahanoang hore ke e mong oa bo-rahistori ba baholo ka ho fetisisa ba lefatše, o ile a bua ka Bakreste ho Annals ea hae. Ha a ngola tlalehong e bolelang hore Nero o ile a ba jarisa molato oa mollo o moholo o ileng oa chesa Roma ka 64 C.E., o re: “Nero o ile a qosa ’me a hlokofatsa ka sehlōhō sehlopha se neng se hloiloe ka lebaka la mekhoa ea sona e mebe seo batho ba neng ba se bitsa Bakreste. Christus, eo se rehelletsoeng ka eena, o ile a ahloleloa lefu pusong ea Tiberiuse, a ahloloa ke e mong oa babusi ba rōna ea bitsoang Ponse Pilatuse.” Lintlha tsa tlaleho ena li lumellana le litaba tse amang Jesu eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng.
Mongoli e mong ea ileng a bua ka balateli ba Jesu ke ’musisi oa Bithynia ea bitsoang Pliny e Monyenyane. Hoo e ka bang ka selemo sa 111 C.E., Pliny o ile a ngolla Moemphera Trajan, a botsa hore na a tšoare Bakreste joang. Pliny o ile a ngola a bolela hore batho ba neng ba qosoa ka bohata ka hore ke Bakreste, ba ne ba etsa thapelo ea melimo ’me ba khumamela seemahale sa Trajan, e le feela ho bontša hore hase Bakreste. Pliny o ile a boela a re: “Ho boleloa hore bao e leng Bakreste ba sebele u ke ke ua ba qobella lintho tsena.” Sena ke bopaki ba hore Kreste, eo balateli ba hae ba neng ba ikemiselitse ho tela bophelo ba bona ka lebaka la ho lumela ho eena, o kile a phela lefatšeng.
Ka mor’a ho akaretsa boitsebiso ba bo-rahistori ba makholong a mabeli a pele a lilemo bo buang ka Jesu Kreste le balateli ba hae, The Encyclopædia Britannica (khatiso ea 2002) e phetha ka ho re: “Litlaleho tsena tse ngotsoeng ke batho ba sa tšoaneng li tiisa hore mehleng ea boholo-holo bahanyetsi ba Bokreste ha baa ka ba belaela ’nete ea hore Jesu o kile a phela lefatšeng, empa e ile ea hanyetsoa ka lekhetlo la pele le hona ntle ho mabaka a utloahalang qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo le lekholong la bo19 la lilemo le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo.”
Bopaki ba Balateli ba Jesu
The Encyclopedia Americana e re: “Testamente e Ncha e fana ka hoo e ka bang bopaki bo feletseng bakeng sa ho lokolisa histori ea bophelo ba Jesu le ba lefu la hae le ba litlhaloso tsa pele tsa Bakreste tsa hore e ne e le motho oa bohlokoa.” Babelaeli ba ka ’na ba latola hore Bibele e paka hore Jesu o kile a phela lefatšeng. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a mabeli litlalehong tsa Bibele a pakang ka ho khetheha hore Jesu o kile a phela lefatšeng.
Joalokaha re hlokometse, lintho tse hloahloa tseo Einstein a li sibolotseng li paka hore o kile a phela. Ka ho tšoanang, lithuto tsa Jesu li paka hore ka sebele o kile a phela lefatšeng. Ka mohlala, nahana ka puo e tsebahalang eo Jesu a ileng a fana ka eona e bitsoang Thuto ea Thabeng. (Matheu, khaolo ea 5-7) Moapostola Matheu o ngotse ka phello e matla ea thuto eo, a re: “Bongata bo ile ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta; kaha o ne a ba ruta joaloka motho ea nang le matla.” (Matheu 7:28, 29) Mabapi le tšusumetso eo thuto ena e bileng le eona bathong ka makholo a lilemo, Moprofesa Hans Dieter Betz o ile a re: “Tšusumetso e akaretsang eo Thuto ea Thabeng e bileng le eona e molemo hoo e hlōlang lekhalo le arohanyang Bajuda le Bakreste, ’me e hlōla le meetlo ea Linaha tsa Bophirimela.” O boetse a re thuto ena “e ratoa ka ho khethehileng lefatšeng lohle.”
Nahana ka mantsoe ana a latelang a tobang taba le a thusang a Thuto ea Thabeng a bohlale, a reng: “Mang kapa mang ea u jabelang lerameng la hao le letona, u mo reteletse le le leng.” “Hlokomelang hore le se ke la bontša ho loka ha lōna ka pel’a batho.” “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona.” “Le se ke . . . la lahlela liperela tsa lōna ka pel’a likolobe.” “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa.” “Lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” “Kenang ka heke e moqotetsane.” “Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.” “Sefate se seng le se seng se setle se hlahisa litholoana tse ntle.”—Matheu 5:39; 6:1, 34; 7:6, 7, 12, 13, 16, 17.
Ha ho pelaelo hore u kile ua utloa tse ling tsa lipolelo tsena kapa moko-taba oa tsona. Mohlomong e se e le maele puong ea heno. Kaofela li tsoa Thutong ea Thabeng. Tšusumetso eo thuto ena e nang le eona bathong ba bangata le meetlong e mengata e paka ka ho hlaka hore “mosuoe e moholo” o kile a phela lefatšeng.
A re nkeng hore ho na le motho ea ileng a qapa taba ea hore ho kile ha e-ba le motho oa bohlokoa ea bitsoang Jesu Kreste. A re re motho eo o ne a le bohlale hoo a ileng a qapa lithuto tseo Bibele e reng ke tsa Jesu. Na o ne a sa tl’o etsa hore Jesu le lithuto tsa hae a amohelehe ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng ho bohle? Ho sa tsotellehe seo, moapostola Pauluse o ile a re: “Bajuda ba kōpa lipontšo ’me Bagerike ba batla bohlale; empa re bolela Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng, ho Bajuda ke sesosa sa ho khoptjoa empa ho lichaba ke booatla.” (1 Bakorinthe 1:22, 23) Bajuda le batho ba lichaba ba ne ba sa rate molaetsa oa Kreste ea ileng a khokhotheloa thupeng. Leha ho le joalo, ke eena Kreste ea neng a boleloa ke Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. Ke hobane’ng ha ho thoe Kreste o khokhothetsoe thupeng? Tlhaloso e le ’ngoe feela e khotsofatsang ke hore bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ngotse ’nete ka bophelo ba Jesu le ka lefu la hae.
Lebaka le leng le tšehetsang ’nete ea hore Jesu o kile a phela lefatšeng ke mokoka oo balateli ba hae ba bolelang lithuto tsa hae ka oona. Hoo e ka bang lilemo tse 30 feela ka mor’a hore Jesu a qale tšebeletso ea hae, Pauluse o ne a ka re litaba tse molemo ‘li boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo.’ (Bakolose 1:23) E, lithuto tsa Jesu li ile tsa tlala lefatše la boholo-holo ho sa tsotellehe khanyetso. Pauluse, eo le eena a ileng a hlorisoa e le Mokreste, o ile a ngola a re: “Haeba Kreste ha aa tsosoa, ka sebele boboleli ba rōna ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela.” (1 Bakorinthe 15:12-17) Haeba ho bolela ka Kreste ea sa kang a tsosoa e ne e tla ba lefeela, ho bolela ka Kreste ea sa kang a phela lefatšeng e ne e tla ba lefeela le fetang leo. Joalokaha re bala tlalehong ea Pliny e Monyenyane, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikemiselitse ho shoela tumelo ea bona ho Kreste Jesu. Ba ile ba ipeha kotsing ka lebaka la Kreste hobane e ne e le motho oa sebele; o ne a phetse lefatšeng joalokaha litlaleho tsa Kosepele li bolela.
U Bone Bopaki
Bakreste ba ne ba lokela ho lumela tsoho ea Jesu Kreste pele e e-ba baboleli. Ka kelellong ea hao, le uena u ka bona Jesu ea tsositsoeng ka ho sheba tšusumetso eo a nang le eona kajeno.
Pele Jesu a khokhotheloa thupeng, o ile a bolela boprofeta bo bongata ba ho ba teng ha hae ka moso. Hape o ile a bolela hore o tla tsosoa le hore o tla lula ka letsohong le letona la Molimo a letetse nako ea ho loantša lira tsa hae. (Pesaleme ea 110:1; Johanne 6:62; Liketso 2:34, 35; Baroma 8:34) Ka mor’a moo, o ne a tla nka bohato ’me a ntše Satane le bademona ba hae leholimong.—Tšenolo 12:7-9.
Lintho tsee tsohle li ne li tla etsahala neng? Jesu o ile a fa barutuoa ba hae ‘pontšo ea ho ba teng ha hae le ea qetello ea tsamaiso ea lintho.’ Pontšo e tšoaeang ho ba teng ha hae ho sa bonahaleng e ne e tla akarelletsa lintoa tse khōlō, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, ho hlaha ha baprofeta ba bohata, ho eketseha ha tlōlo ea molao le mafu a seoa a tšabehang. Litlokotsi tsena li ne li ka lebelloa, hobane ho ntšoa ha Satane Diabolose leholimong ho ne ho tla baka ‘bomalimabe lefatšeng.’ Diabolose o theohetse lefatšeng “a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.” Ho hong hape, pontšo ena e akarelletsa ho boleloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.”—Matheu 24:3-14; Tšenolo 12:12; Luka 21:7-19.
Seo Jesu a se profetileng se etsahetse hantle feela joalokaha a se profetile. Esale ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, re bone bopaki bo rarahaneng ba ho ba teng ha Jesu Kreste ho sa bonahaleng. O busa e le Morena oa ’Muso oa Molimo ’me o na le tšusumetso e matla. Hore ebe u nkile makasine ena, ke bopaki ba hore mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso oa etsoa kajeno.
Ho hlokahala hore u ithute Bibele e le hore u utloisise ka ho eketsehileng phello ea hore Jesu o kile a ba teng lefatšeng. Ke hobane’ng ha u sa re Lipaki Tsa Jehova li u bolelle lintlha tse eketsehileng ka ho ba teng ha Jesu?
[Litšoantšo tse leqepheng la 5]
Josephus, Tacitus le Pliny e Monyenyane ba buile ka Jesu Kreste le balateli ba hae
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
All three images: © Bettmann/CORBIS
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bakreste ba pele ba ne ba kholisehile hore Jesu ke motho oa sebele
-