Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Bolela ka ’Muso ke Tokelo ea Bohlokoa
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | August
    • Ho Bolela ka ’Muso ke Tokelo ea Bohlokoa

      1 Letsatsi le chabang le le likelang, baahi ba lefatše ba libilione ba rua molemo litokisetsong tsa Jehova tse enneng le tse fanang ka bophelo. (Mat. 5:45) Leha ho le joalo, hase batho ba bangata ba nang le tokelo e ikhethang ea ho bontša kananelo ho ’Mōpi oa bona ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mat. 24:14) U ananela tokelo ee ea bohlokoa hakae?

      2 Ho bolela ka ’Muso ho tlotlisa Molimo ’me ho fana ka tšepo le khotso ho batho ba sithabelitsoeng ke linako tsa kajeno tse tletseng moferefere. (Baheb. 13:15) Ba amohelang molaetsa ba ba le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng. (Joh. 17:3) Na ho na le mosebetsi oa boipheliso o tlisang melemo e joalo? Moapostola Pauluse o ile a bontša hore o ananela tšebeletso ka tsela eo a neng a e phetha ka eona. O ne a e nka e le letlotlo.—Lik. 20:20, 21, 24; 2 Bakor. 4:1, 7.

      3 Ho Ananela Tokelo ea Rōna ea Bohlokoa: Ho hlahloba boleng ba tšebeletso ea rōna ke tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re ananela tokelo ea ho bolela. Na re ipha nako ea ho lokisetsa nehelano e tla susumetsa bamameli ba rōna? Na re ka ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho sebelisa Mangolo le ho behelana mabaka le batho? Na re sebetsa ka ho phethahetseng tšimong eo re e abetsoeng? Na re ka khona ho qalisa thuto ea Bibele le ho e khanna? Joaloka Bakreste ba tšepahalang, ba nakong e fetileng le ba hona joale, le rōna re nka mosebetsi ona ka tsela e loketseng, ’me re ananela tokelo ea rōna.—Mat. 25:14-23.

      4 Ha re tobane le mathata a botsofali, ho kula kapa mathata a mang, hoa khothatsa ho tseba hore boiteko ba rōna ba ho kopanela tšebeletsong ka cheseho bo ananeloa haholo. Lentsoe la Molimo le re tiisetsa hore Jehova o ananela boiteko bo joalo ba ho mo sebeletsa, esita le boiteko boo ba bang ba ka ’nang ba bo halala.—Luka 21:1-4.

      5 Ho bolela ka ’Muso ho tlisa khotsofalo e khōlō. Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 92 o ile a re: “Ke tokelo e kaakang ho hetla morao lilemong tse fetileng tse fetang 80 tsa tšebeletso e nehetsoeng ho Molimo—ke sa ikoahlaee! Haeba ke ne nka khutlela bocheng, ke ne nka phela ka tsela e tšoanang hobane, ka sebele, ‘mosa oa Molimo o lerato o molemo ho feta bophelo.’” (Pes. 63:3) E se eka le rōna re ka ananela tokelo ena ea bohlokoa eo re e filoeng ke Molimo—ea ho bolela ka ’Muso.

  • Karolo ea 12: Ho Thusa Liithuti ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele le ho li Khanna
    Tšebeletso ea ’Muso—2005 | August
    • Karolo ea 12: Ho Thusa Liithuti ho Qalisa Lithuto Tsa Bibele le ho li Khanna

      Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele

      1 Ha liithuti tsa rōna tsa Bibele li qala ho kopanela tšebeletsong ea tšimo, li ka ’na tsa tšoha ha li nahana ka ho qalisa lithuto tsa Bibele le ho li khanna. Re ka li thusa joang hore li be sebete ha li phetha karolo ee ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna?—Mat. 24:14; 28:19, 20.

      2 Hang ha seithuti sa Bibele se tšoaneleha hore e be mohoeletsi ea sa kolobetsoang, e ka ’na eaba se se se ntse se ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Koetliso eo se e fumanang ha se lokisetsa le ha se fana ka lipuo tsa seithuti e tla se thusa ho ntlafatsa tsebo ea ho ruta eo ho hlokahalang hore “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea tšoarang lentsoe la ’nete ka nepo” a be le eona.—2 Tim. 2:15.

      3 Ruta ka Mohlala oa Hao: Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae ka ho fana ka taelo e hlakileng le ka ho beha mohlala o motle. O itse: “E mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.” (Luka 6:40) Ke habohlokoa hore u etsise Jesu ka ho beha mohlala o motle tšebeletsong ea hao. Ha seithuti sa hao se bona mohlala oo u o behang tšebeletsong, se tla utloisisa hore sepheo sa ho etsa maeto a ho boela ke ho qalisa lithuto tsa Bibele.

      4 Hlalosa hore ha re buella thuto, hangata ha ho hlokahale hore re hlalose tokisetso ea thuto ka ho qaqileng. Ka tloaelo ho molemo ho bontša kamoo thuto e khannoang kateng u sebelisa serapa se le seng kapa tse peli ka har’a sengoliloeng se ithutoang. Litlhahiso tse molemo tsa ho etsa sena li ka fumanoa leqepheng la 8 la Tšebeletso ena ea Rōna ea ’Muso le leqepheng la 6 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea January 2002.

      5 Ha ho loketse, e-re seithuti se tsamaee le uena ha u e-ea lithutong tse ling tsa Bibele kapa se tsamaee le mohoeletsi e mong ea nang le phihlelo. Se ka ’na sa akhela ntlha serapeng kapa lengolong la sehlooho. Ka tsela eo, seithuti se ka shebella ’me sa ithuta ho hongata mabapi le ho khanna lithuto tsa Bibele tse tsoelang pele. (Liprov. 27:17; 2 Tim. 2:2) Se babatse, ’me le buisane hore na se ka ntlafatsa joang.

      6 Ho koetlisa bahoeletsi ba bacha hore e be mesuoe ea Lentsoe la Molimo ho tla ba hlomella bakeng sa ‘mosebetsi o molemo’ oa ho qalisa lithuto le ho li khanna. (2 Tim. 3:17) Ho khotsofatsa hakaakang ho sebetsa hammoho le bona ha re ntse re phatlalatsa memo e lerato e reng: “Mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo”!—Tšen. 22:17.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela