-
Re Hloka Thuso ea HaoTšebeletso ea ’Muso—2004 | December
-
-
Re Hloka Thuso ea Hao
1 “Rea u leboha ka sohle seo u se etsang molemong oa rōna bohle. Ka sebele re rua molemo.” Polelo ena e hlalosa hantle kananelo eo re nang le eona ka baholo ba rōna le bahlanka ba sebeletsang. Joalokaha mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o ntse o hōla, ho na le tlhokahalo e ntseng e eketseha ea banna ba hōlileng tsebong ba ka sebeletsang liphuthehong tse ka bang 100 000 lefatšeng ka bophara. Haeba u mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, re hloka thuso ea hao.
2 ‘Ho Hahamalla Litokelo’: U ka hahamalla litokelo tsa tšebeletso tse eketsehileng joang? (1 Tim. 3:1) Ha e le hantle, ke ka ho beha mohlala o motle likarolong tsohle tsa bophelo ba hao. (1 Tim. 4:12; Tite 2:6-8; 1 Pet. 5:3) Kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli, ’me u thuse ba bang ho etsa se tšoanang. (2 Tim. 4:5) E-ba le thahasello ea sebele boiketlong ba balumeli-’moho le uena. (Bar. 12:13) E-ba seithuti se khothetseng sa Lentsoe la Molimo, ’me u ntlafatse ‘tsebo ea ho ruta.’ (Tite 1:9; 1 Tim. 4:13) Ka mafolofolo, hlokomela likabelo tseo baholo ba u fileng tsona. (1 Tim. 3:10) Haeba u hlooho ea lelapa, ‘okamela ba ntlo ea hao ka mokhoa o motle.’—1 Tim. 3:4, 5, 12.
3 Ho sebeletsa boemong boo u bo khethetsoeng ho akarelletsa ho sebetsa ka mafolofolo ’me ho hloka moea oa boitelo. (1 Tim. 5:17) Ka lebaka leo, ha u hahamalla litokelo, lebisa tlhokomelo ho sebeletseng ba bang ka boikokobetso. (Mat. 20:25-28; Joh. 13:3-5, 12-17) Thuisa ka boikutlo boo Timothea a neng a e-na le bona, ’me u leke ho mo etsisa. (Bafil. 2:20-22) Joaloka eena, etsa hore boitšoaro ba hao bo botle bo u buelle. (Lik. 16:1, 2) Ha u hlaolela litšobotsi tsa moea tse hlokahalang hore u jare litokelo tse eketsehileng ’me u sebelisa keletso leha e le efe ea ho ntlafatsa eo u e fuoang, “tsoelo-pele ea hao e [tla] bonahala ho batho bohle.”—1 Tim. 4:15.
4 Batsoali, Koetlisang Bana Hore ba Thuse: Bana ba ka qala ho ithuta ho thusa ba sa le banyenyane. Ba koetliseng hore ba mamele libokeng, hore ba bolele, le hore ba behe mohlala ka boitšoaro Holong ea ’Muso le sekolong. Ba ruteng ho sebeletsa ba bang, ka ho thusa ha ho hloekisoa Holo ea ’Muso, ka ho thusa ba hōlileng, le ka ho etsa lintho tse ling tse joalo. Ba lumelleng ho fumana thabo e tlisoang ke ho fana. (Lik. 20:35) Koetliso e joalo e ka ba thusa hore e be bo-pula-maliboho, bahlanka ba sebeletsang le baholo ba ka moso.
-
-
Karolo ea 4: Ho Koetlisetsa Liithuti ho LokisetsaTšebeletso ea ’Muso—2004 | December
-
-
Karolo ea 4: Ho Koetlisetsa Liithuti ho Lokisetsa
Ho Khanna Lithuto Tsa Bibele Tse Tsoelang Pele
1 Hangata seithuti se lokisetsang esale pele, se tšoaeang likarabo, ’me se nahana kamoo se tla araba kateng ka mantsoe a sona, se hatela pele ka potlako moeeng. Kahoo, ka mor’a ho qalisa thuto, lokisetsa sehlooho se itseng le seithuti ka morero oa ho se bontša kamoo thuto e lokisetsoang kateng. Ho liithuti tse ngata, ho ka ba molemo hore le lokisetse khaolo kapa thuto eohle hammoho.
2 Ho Tšoaea Likarabo le ho Ngola Lintlha: Hlalosa mokhoa oa ho fumana likarabo tse tobileng tsa lipotso tse bukeng. Bontša seithuti buka ea hao e tšoailoeng mantsoe kapa lipolelo tsa sehlooho feela. Ha thuto e ntse e tsoela pele, se ka ’na sa rata ho latela mohlala oa hao, sa tšoaea lintho tse hlokahalang feela tse tla se thusa ho hopola karabo bukeng ea sona. (Luka 6:40) Ka mor’a moo, se kōpe ho araba ka mantsoe a sona. Sena se tla u nolofalletsa ho bona hore se utloisisa boitsebiso boo hantle hakae.
3 Ho hlahloba ka hloko mangolo a sa qotsoang ke karolo ea bohlokoa ha seithuti se lokisetsa thuto. (Lik. 17:11) Se thuse ho bona hore lengolo ka leng le hlahang le tšehetsa ntlha e serapeng. Se bontše kamoo se ka ngolang lintlha tse khutšoanyane ka lehlakoreng la leqephe la buka. Totobatsa hore seo se ithutang sona se thehiloe Bibeleng. Se khothalletse hore nako le nako se qotse mangolo a hlahang ha se araba nakong ea thuto.
4 Ho Lekola le ho Hlahloba: Pele seithuti se qala ho lokisetsa thuto, ho tla ba molemo hore se tsebe hore na thuto e tla bua ka eng ka ho hlahloba sehlooho ka bokhutšoanyane. Se hlalosetse hore se ka etsa joalo ka ho hlahloba ka bokhutšoanyane sehlooho sa khaolo, lihlohoana le litšoantšo. Se hlalosetse hore pele se qeta ho lokisetsa, e ka ba bohlale hore se nke nako e itseng se hlahloba lintlha tse khōlō tse khaolong eo, mohlomong se sebelisa lebokose la tlhahlobo haeba le le teng. Ho pheta-pheta ho joalo ho tla se thusa ho hopola boitsebiso boo.
5 Ho koetlisa seithuti ho lokisetsa hantle ho tla se thusa ho fana ka litlhaloso tse utloahalang libokeng tsa phutheho. Ho tla boela ho se thuse ho hlaolela mekhoa ea ho ithuta e tla se ruisa molemo le ka mor’a hore thuto ea sona ea Bibele e fele.
-